Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 10/15 maq. 4-7
  • Tsoho—Bakeng sa Bo-mang Hona Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoho—Bakeng sa Bo-mang Hona Neng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokela ho Shoa?
  • Boemo ba Bafu ke Bofe?
  • Tsoho ea Lefatšeng
  • Tsoho—Mohloli oa Matšeliso
  • Tsoho—Neng?
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ntho Feela e ka Felisang Lefu!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tšepo e Tiileng
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Bafu ba Tla Tsoha
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 10/15 maq. 4-7

Tsoho—Bakeng sa Bo-mang Hona Neng?

HO ETSAHETSE ka 32 C.E. Bethania, moo Lazaro a neng a phela teng le bo-khaitseliee ba babeli, Maretha le Maria. Bo-khaitseliee ba ne ba ile ba romela molaetsa ho Jesu hore Lazaro oa kula. Jesu o ne a rata Lazaro le bo-khaitseliee, kahoo, A leba Bethania. Ha ba le tseleng, Jesu o ile a tsebisa barutuoa ba hae: “Lasaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong.” Barutuoa ba ile ba nahana hore Jesu o bolela hore o hlile o robetse boroko ba sebele. Kahoo Jesu a bolela ka ho hlaka: “Lasaro o shoele.”—Johanne 11:1-15.

Baeti ba ile ba fihla matsatsi a mane ka morao ho lefu la Lazaro. Eitse ha Jesu a bona Maria le ba bang ba lla, a “lla,” a bontša lerato la hae le tebileng le kutloelo-bohloko. (Johanne 11:17, 35) Setopo sa Lazaro se ne se patiloe ka lehaheng. Jesu a laela hore ho tlosoe lejoe le koetseng monyako oa lebitla. A rapela Ntat’ae eaba o hoa ka lentsoe le phahameng: “Lasaro, tsoa moo!” Lazaro a tsoa. Hona e tlameha e be ho ile ha tlisetsa likhaitseli tsa hae thabo e kaakang!—Johanne 11:38-45.

Ketsahalo ena e fana ka tšepo ea sebele ea tsoho. Leha ho le joalo, ka kakaretso, lefu ke sera se tšabehang se nkang baratuoa ba rōna ntle ho tebello ea hore Jesu a ba tsose hang-hang. Joalokaha re tsebisisa, ba bangata ho batho bana ba ratoang ke ba molemo le ba mosa haholo. Kahoo, potso e totobetseng ea hlaha . . . 

Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokela ho Shoa?

Haeba re batla karabelo e nepahetseng le e tšepahalang, re lokela ho hetla morao qalehong ea batho tšimong ea Edene. Ha Molimo o ne o leka kutlo ea Adama moo, o ile oa mo laela hore a se ke a ja tholoana ea sefate se itseng. Haeba eena le Eva ba ne ba ka ja tholoana eo, Molimo o ile oa re ba ne ba tla “shoa.” (Genese 2:17) Ha ba lekoa ke Satane, ba ile ba hlompholla Molimo ’me ba hlōleha tekong eo ea bohlokoahali. Eaba phello e ba lefu.

Ke hobane’ng ha ho bile le kotlo e joalo bakeng sa seo ho neng ho bonahala e le tlōlo ea molao e fokolang hakaalo? Ketso ea bona e ne e fokola, empa tlōlo ea molao e ne e tebile hoo e bolaeang—e ne e le bofetoheli ba batho ba phethahetseng, Adama le Eva, khahlanong le ’Mōpi oa bona. Ba ne ba se ba sa phethahala, ’me Molimo o ile oa liha kahlolo ea lefu. Leha ho le joalo, Molimo o lokiselitse hore kahlolo eo e lokileng e etsolloe bakeng sa bana ba Adama. Joang? Pauluse o ile a ngola hore “Jesu Kreste . . . o ineetse ho ba topollo ea bohle.”—1 Timothea 2:5, 6; Ba-Roma 5:17.

Boemo ba Bafu ke Bofe?

E ne e le matsatsi a mane Lazaro a shoele. Haeba u ne u ile ua shoa empa u ne u ntse u phela sebakeng sa moea ka matsatsi a mane eaba joale ua tsosoa, na u ne u ke ke ua rata ho phetela ba bang ka seo? Empa ha ho letho leo Lazaro a ileng a le bua ka hore o ne a phela sebakeng se seng se itseng. Bibele e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5; Pesaleme ea 146:3, 4.

Nahana ka hore na ho ameha eng moo. Batho ba limillione ba lumela hore ho na le pelekatori, le hoja lentsoe leo le sa hlahe ka Bibeleng. Ba bang ba bangata haholoanyane ba lumela hore ho na le lihele tse nang le mollo. Leha ho le joalo, le sona sera u ke ke ua se chesa ka ho sa feleng mollong. Haeba u ne u ka hana ho etsa ntho e sehlōhō joalo, na ’Mōpi oa rōna ea lerato o ne a ka etsa joalo ka ho etsa hore batho ba itseng ba hlokofatsoe mollong oa lihele? Empa, hle, ak’u nahane ka tiiso e tšelisang ea Bibele e boletsoeng ka holimo—“bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”

Ho latela Mangolo, palo ea ba tla busa le Kreste leholimong e nyenyane ha ho bapisoa. Jesu o ile a ba hlalosa e le “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Moapostola Johanne o ile a bona “Konyana [Jesu Kreste] e eme thabeng ea Sione [ea leholimo], e e-na le ba . . . likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene . . . ba lopolotsoeng lefatšeng.” (Tšenolo 14:1-3) Kahoo, hona ho bolela hore batho ba joalo e ne e ile ea e-ba batho ba lefatše, ba e-shoa, ’me hamorao ba tsosetsoa ho ea phela leholimong le Kreste.

Joalokaha u ka nahana, batho ba ’nile ba thuseha ke ho utloisisa linnete tsena tsa Bibele—hore ha ho na pelekatori kapa tsona lihele tse tukang kapa hona hore ho na le tšepo ea hore batho ba shoeleng ba ka tsosetsoa leholimong. Leha ho le joalo, haeba ba tsosetsoang leholimong ba fokola hakaalo ka palo, ho na le tšepo efe bakeng sa ba bang?

Tsoho ea Lefatšeng

Jesu Kreste o ile a bula, kapa a qalisa, tsela ea ho tsosetsoa bophelong ba leholimo. (Ba-Heberu 9:24; 10:19, 20) Ka baka leo, Johanne Mokolobetsi a ke ke a kopanela tsohong ea leholimo hobane o ile a bolaoa pele Jesu a e-shoa le ho bula tsela ea bophelo ba leholimong. Jesu o itse: “Ka ’nete, har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Mattheu 11:11) Ke moputso ofe oo Molimo o o tšoaretseng monna enoa ea tšepahalang le ba bang ba kang eena ba shoeleng?

Phetla Bibele ea hao ho Luka 23 ’me u bale litemana tsa 39 ho ea ho 43. Se seng sa lisenyi tse neng li khokhothetsoe ka thōko ho Jesu se ile sa re: “Morena, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Jesu a se tiisetsa hore se tla ba teng Paradeiseng. Mono hase leholimong, empa ke paradeiseng ea lefatše, joalokaha ho ne ho le joalo ka Paradeise ea pele.

Tsoho—Mohloli oa Matšeliso

Tebello eo e utloahalang ea Bibele e lokela ho re tšelisa haholo, kaha re na le lebaka la ho lebella. Hobane’ng? Hobane Jehova ke lerato. (1 Johanne 4:8, TLP) Ha o ne o lumella hore Mora oa oona a shoe lefu le hlabisang lihlong, Molimo o ne o hlile o bontša tšobotsi ea oona e babatsehang ea lerato. Nakoana pele ho moo, Jesu o ne a ile a re: “Molimo o ratile lefatše [batho] hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Jesu le eena o ile a bontša lerato le ikhethang ha a fana ka bophelo ba hae e le topollo bakeng sa batho ba lumelang. Eena ka boeena o itse: “Joalo ka Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.”—Mattheu 20:28.

Carolann, ea boletsoeng sehloohong sa pele a lahlehetsoe ke baratuoa ba hae ba ’maloa kotsing e tšabehang, o ile a ikutloa a shoele litho ka morao ho moo. Empa o ile a tšelisoa ke ho tseba hore baratuoa bao ba shoeleng ha ba utloe bohloko. Ke eng hape e ileng ea mo thusa hore a mamelle? Lerato le matšeliso a sebele tse ileng tsa bontšoa ke banab’abo moeeng, Lipaki tsa Jehova, li ile tsa ipaka li thusa haholo.—Pesaleme ea 34:18.

Thapelo ho Jehova le eona e ile ea thusa haholo. Ka masiu a mangata o ne a ee a phaphame e be o nahana hore o ne a mpa a phofa feela, empa joale a hlokomele hore ka sebele ke ’nete. Kōpo e tebileng ho Jehova e ne e ee e mo tšelise, ’me a ananele haholoanyane seo Pauluse a se ngotseng: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:6, 7.

Shirley o fana ka mohlala o mong oa kamoo tšepo ea tsoho e tšelisang kateng. Mora oa hae e monyenyane Riccardo o ile a shoa hang-hang ha pitla ea konkoreiti e mo oela sefubeng, e tamolla pelo ea hae e nyenyane. Ka morao ho kotsi ena, ka Pherekhong 1986, Shirley o ile a bolella metsoalle: “E ne eka ke lora toro e tšosang.” Kerekeng ea K’hatholike o ile a utloa mantsoe ana: “Molimo o tla ahlola ba phelang le ba shoeleng.” Shirley a qala ho nahana, ‘Haeba Molimo o tla ahlola ba phelang le ba shoeleng, e be joale motho a ka tseba joang moo batho ba eang teng ka morao ho lefu? ’Me haeba ba le leholimong, ke hobane’ng ha etlare hamorao o ba tsose hore ba ahloloe? Ho feta moo, ba ka tsosoa joang haeba ba ntse ba phela leholimong?’ Ha ho kae kapa kae moo Bibele e buang ka tsoho ea ba phelang empa e bua ka ea bafu feela.

Shirley o ile a botsa monna oa hae ka bothata bona, kaha o ne a tloaelane le Bibele. Eitse hang ha a utloisisa karolo e ’ngoe ea seo Mangolo a se bolelang tabeng ena, ha ho mohla Shirley a ileng a khutlela kerekeng. Mong ka eena eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a qala ho ithuta Bibele le Shirley le monna oa hae ka Tlhakubele 1986, ’me ka morao ho nakoana ba ile ba kolobetsoa. Joale qeto ea hae ke hore: “Ke ho babatsehang haholo ho tseba ’nete, ho tseba ka tsoho, le ho tseba hore na Jehova ke motho ea babatsehang hakaakang.”

Tsoho—Neng?

Ponong, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a konyana.” (Tšenolo 7:9) Tumellanong le ho ‘ema ha bongata bo boholo pel’a terone ea Molimo’ ho lumellana le ’nete ea hore bo lokela ho phela lefatšeng. (Esaia 66:1) Haeba ba bang ho bona ba e-shoa hona joale, ba tla tsosoa neng? Bibele ha e fane ka letsatsi, empa e tla ba ka morao ho ntoa e atamelang eo ho eona Molimo o tla felisa lefatšeng bohle ba sa utloisiseng ho phela ka litekanyetso tsa oona tse lokileng. (2 Ba-Thessalonika 1:6-9) Hoo ho tla bula tsela bakeng sa Letsatsi la Kahlolo le tsoho ea bohle bao Molimo o ba talimang ba letetsoe ke tsoho ea lefatšeng. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Phethahatso ea boprofeta ba Bibele e paka hore liketsahalo tsena tse thabisang le tse hlollang li tla tloha li etsahala!—Tšenolo 16:14-16.

Barutuoa ba Jesu ba kile ba mo botsa ka lekhetlo le leng: “Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao le ea ho fela ha mehla ea kajeno?” Jesu ha a arabela o ile a bolela lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, le ho bolela ho etsoang lefatšeng ka bophara ha litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mattheu 24:3-14, TLP; Luka 21:7-11.

Boprofeta bona bo tsotehang bo ’nile ba phethahala ho tloha ka 1914, ha Ntoa ea I ea Lefatše e qala. E ile ea bolaea ba limillione ’me ea hlahisa tlala ea sekoboto le likhaello tsa lijo linaheng tse ngata. Boemo ba lefatše nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le ka morao ho eona bo ne bo le bobe le ho feta.

Ka mafu a seoa, ba bangata ba ikutloa hore AIDS ke mohlala o mobe ka ho fetisisa. “Seoa sena se tletse hohle ’me se bolaea hoo litsebi li se tšoantšang le Lefu le Letšo le ileng la bolaea kotara ea baahi ba Europe lekholong la leshome le metso e mene la lilemo.”—Reader’s Digest, June 1987.

Ha ho talingoa lintho tsena tse tšosang tse teng, tsoho e tla ba ketsahalo e babatsehang hakaakang! E tla ba nako ea thabo e se nang letho le e thibang ha malapa a neng a arohantsoe ke lefu, a kang labo Carolann le la Shirley, a tla kopanngoa hape! Ka ho hlakileng, tsela e nang le kelello bakeng sa e mong le e mong ho rōna ke hore re laole bophelo ba rōna hona joale tumellanong le thato ea Molimo ’me kahoo re tšoanelehele ho ba teng ha tsoho e etsahala.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bibele e bolela hore feela joalokaha sefate se ee se rengoe e be se hlomela hape, Molimo o ka tsosa ba khopolong ea oona bafung.—Jobo 14:7-9, 14, 15

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela