Molao oa Gauda—Ke Hobane’ng ha e Ntse e le oa Bohlokoa?
GAUDA e hloekileng e ke ke ea tsofala le ka mohla, kahoo mabenyane a entsoeng ka gauda a nkoa e le letlotlo e bile e le a bohlokoa. Ho fapana le ho lahla lintho tsa gauda tse senyehileng, batei ba gauda ba sebelisa thepa eo ea bohlokoahali hape ho etsa mosebetsi o mocha oa botsebi hobane gauda ha e lahleheloe ke bohlokoa ba eona.
Ka ho tšoanang, le hoja Jesu a phatlalalitse Molao oa Gauda hoo e ka bang lilemong tse likete li peli tse fetileng, bohlokoa ba oona ha bo e-s’o fele. Ka ho hlahloba, kapa ho lekanya, mabaka a bohlokoa ba oona re ka ananela hamolemo bohlokoa ba oona ho rōna kajeno.
Ha Jesu a re fa Molao oa Gauda, “ka baka leo, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le tlameha ho ba etsa tsona,” o ile a phaella: “Ha e le hantle, sena ke seo Molao le Baprofeta ba se bolelang.” (Mattheu 7:12, NW) Barutuoa ba Jesu le ba bang ba neng ba mo mametse ba ile ba utloisisa see joang?
“Seo Molao le Baprofeta ba se Bolelang”
“Molao” o ne o bolela lingoliloeng tsa pele tse neng li bōpa libuka tse hlano tsa Bibele, Genese ho fihlela ho Deuteronoma. Libuka tsena li senola morero oa Jehova oa ho hlahisa peō e neng e tla felisa bobe. (Genese 3:15) Se neng se akarellelitsoe libukeng tseo tsa pele tsa Bibele e ne e le Molao, kapa lethathamo la litaelo, oo ka 1513 B.C.E. Jehova a ileng a o fa sechaba sa Iseraele ka Moshe e le mokena-lipakeng Thabeng ea Sinai.
Molao oa bomolimo o ne o behella Iseraele ka thoko ho lichaba tsa bahedene tse e potolohileng, ’me Baiseraele ba ne ba sa lokela ho etsa eng kapa eng e neng e tla sekisetsa boemo ba bona bo hlomphehang pel’a Jehova. E ne e le letlotlo la hae le khethehileng ’me ba ne ba lokela ho lula ba le joalo hore ba amohele mahlohonolo a tsoang ho eena. (Exoda 19:5; Deuteronoma 10:12, 13) Empa ho phaella ho seo ba neng ba tlameha ho se etsetsa Molimo, Molao oa Moshe o ne o hlalosa boikarabelo ba Baiseraele ba ho etsa balichaba ba jakileng Iseraeleng hantle. Ka mohlala, o ne o re: “Le etse molichaba joale ka ha le etsa ea tsoaletsoeng ha habo lōna, ’me le mo rate joale ka ha le ithata, hobane le ne le le balichaba naheng ea Egepeta. Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna.” (Levitike 19:34) Mehleng ea marena Iseraeleng, balichaba ba jakileng ba ne ba thabela litokelo tse ngata, tse kang ho kopanela khahong ea tempele ea Molimo Jerusalema.—1 Likronike 22:2, NW.
Molao o neng o fuoe Iseraele o ne o thibela bofebe, polao, bosholu le ho lakatsa lintho tsa e mong. Litaelo tsena, hammoho le “melao efe le efe e sa leng teng,” li ne li ka akaretsoa ke molao o reng, “Rata oa heno, joale ka ha u ithata.” Moapostola Pauluse o ile a phaella: “Lerato ha le etse oa habo motho hampe; ke moo lerato e leng phetho ea molao.”—Ba-Roma 13:9, 10.
Haeba Molao o ne o hlakisa oona motheo oa Molao oa Gauda, ho thoe’ng ka “Baprofeta”?
Libuka tsa boprofeta tsa Mangolo a Seheberu ka ho tšoanang li tiisa bohlokoa ba Molao oa Gauda. Li bontša Jehova e le Molimo oo ka botšepehi o phethahatsang morero oa oona. O hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, bao le hoja ba sa phethahala, ba lekang ho etsa thato ea hae le ho bontša pako ea ’nete liketsong tsa bona tse tsoileng tseleng. “Itlhatsoeng, le itlhoekise; tlosang bolotsana ba liketso tsa lōna pel’a mahlo a ka, lesang ho etsa hampe; ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motšoenyehi, le lokisetse likhutsana, le emele nyeoe ea mohlolohali.”—Esaia 1:16, 17.
Ha batho ba Molimo ba ne ba etsa se nepahetseng ho ba bang le ho Molimo, joale Jehova o ne a fana ka tiiso ea hore o ba tšehelitse. “Jehova oa bua, o re: Bolokang molao, le etse ho lokileng . . . Ho lehlohonolo motho ea etsang hoo, le ngoan’a motho ea tiisetsang teng.”—Esaia 56:1, 2.
Kreste o Tsamaisa Phutheho ea Hae
Kreste o ile a tla ho tla phetha Molao le Baprofeta, ’me ho tloha mehleng ea hae, morero oa Jehova oa ka ho sa feleng o ’nile oa tsoela pele. (Mattheu 5:17, TLP; Ba-Efese 3:10, 11, 17-19, NW) Molao oa khale oa Moshe o nketsoe sebaka ke selekane se secha, se kopanyelletsang Bakreste ba tlotsitsoeng ba Bajode le ba Balichaba. (Jeremia 31:31-34) Leha ho le joalo, phutheho ea Bokreste ea mehleng ea rōna e ntse e latela Molao oa Gauda. ’Me lena ke lebaka le leng la ho amohela bohlokoa ba molao oo: Kreste ke Hlooho e mafolo-folo ea phutheho ea kajeno ea Bokreste. Ha aa fetola litaelo tsa hae. Keletso ea hae e bululetsoeng e sa ntsane e e-na le molemo.
Pele a tloha lefatšeng lena, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa ’me ba ba rute ho “boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Taelo eo e ne e akarelletsa Molao oa Gauda. Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae: “Bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Mattheu 28:19, 20.
Joalokaha ho tlalehiloe ho Luka 6:31, Jesu o ile a laela: “Joale ka ha le rata ho etsoa ke batho, ba etseng joalo le lōna.” Jesu o behile mohlala o motle hakaakang ka ho nka bohato ba ho etsa ba bang hantle!
Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a talima ka hloko seo batho ba neng ba lokela ho se mamella, ’me o ile a ba utloela bohloko. Ho le leng la maeto a hae a ho bolela, o ile a bona matšoele ’me a a utloela bohloko. Empa ho feta moo, o ile a etsa litokisetso tsa ho a thusa. Joang? Ka ho hlophisa phutuho e pharalletseng ea ho bolela e ileng ea isa barutuoa ba hae malapeng a batho. Joalokaha a laetse: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo; le lule ha hae le be le tlohe.” Hore o ne a tšehelitse mosebetsi ona le hore o ne o hlohonolofatsoa ke Ntat’ae ho bonoa mantsoeng a Jesu a tsoelang pele: “Ea le amohelang oa nkamohela; ’me ea nkamohelang o amohela ea nthomileng. . . . E mong le e mong ea nosang e mong oa ba banyenyane bana mohope feela oa metsi a batang, kahoba a e-na le lebitso la morutuoa oa ka, ka ’nete ke re ho lōna: A ke ke a timelloa ke moputso oa hae.”—Mattheu 9:36–10:42.
Hore Molao oa Gauda o bolela ho nka bohato ba pele molemong oa ba bang ho bonoa polelong ea Jesu ketsahalong e ’ngoe: “Ekare ha le rata ba le ratang, ho bokoa ha lōna ke hofe na? Athe baetsalibe le bona ba rata ba ba ratang. Ekare ha le etsa hantle ba le etsang hantle, ho bokoa ha lōna ke hofe na? Athe baetsalibe le bona ba etsa joalo. Empa lōna, ratang bao e leng lira ho lōna, le etse . . . hantle . . . ’me moputso oa lōna o tla ba moholo.” (Luka 6:32, 33, 35) Ka baka leo, ho boloka Molao oa Gauda oo e ntseng e le oa bohlokoa ho tla re susumelletsa ho nka bohato ba ho etsa hantle esita le bona batho bao rōna ka borōna re sa ba tsebeng.
E sa Ntsane e le oa Bohlokoa, o sa Ntsane o Sebetsa
Mohlomong bopaki bo khaolang khang ka ho felletseng ba hore Molao oa Gauda e sa ntsane e le oa bohlokoa bo hlaha liphihlelong tsa sebele tsa ba phelang ka oona. Bakreste bao letsatsi ka leng ba itšoarang ka mokhoa o lumellanang le melao ea Molimo ba fumana thabo e khōlō ’me hangata, esita le mahlohonolo a sa lebelloang. Ka ho hlompha le ho ba mosa ho basebetsi ba tleleniking ea meriana eo a neng a e sebelisa, mosali e mong oa Mokreste o ile a fumana hore o ne a rua molemo ka tsela eo baoki le lingaka ba neng ba ithaopela ho etsa ho eketsehileng ho mo hlokomela.
Lipaki tsa Jehova tse kenelletseng mesebetsing ea Liholo tsa ’Muso tse hahoang ka potlako le tsona li ka paka bohlokoa ba Molao oa Gauda. Ho etela ka mosa batho ba phelang haufi le setša sa khaho ho ba tsebisa hore na ho reriloe eng hangata ho tlisa karabelo e molemo. Ka ho etsa joalo, batho bao pele ba neng ba hanyetsa Lipaki ba hlokomela hore li etsa baahisani ba tsona hantle, ’me ba bona ka ho toba tsela eo batho ba Molimo ba sebelisanang ’moho ka eona mosebetsing oa bona. Ka baka leo, ba bang ba ’nile ba ithaopela ho thusa khahong, e-bang ke ka ho toba kapa ka ho tlisa thepa.—Bapisa le Zakaria 8:23.
Ha Leirane le leng la Paki le phelang London, Engelane, le reka lijo lebenkeleng le leng, mong’a lebenkele leo o ile a le rohaka kahobane le ne le tsoa naheng esele. Ka ntle le ho nyahama, ka mosa le ka tlhompho Paki eo e ile ea hlalosa hore eona, joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, e ne e se na maikutlo a mabe ka batho ba lichaba tse ling. Ho fapana le hoo, e ne e chakela baahisani bohle ka molaetsa oa Bibele. Phello? Mong’a lebenkele o ile a phaella ka limenyemenye tse eketsehileng lijong tseo Paki eo e neng e li batlile.
Ho hlakile hore Molao oa Gauda ha oa lekanyetsoa liketsong tse mosa tse nyenyane joalo feela. Ha e le hantle, pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea oona ke molemo oo Lipaki tsa Jehova li o etsang lefatšeng ka bophara ka ho etela baahisani ba tsona ka mehla malapeng ka molaetsa oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Ho Phela ka Molao oa Gauda
Ho sebelisa Molao oa Gauda ho bolela ho lebisa tlhokomelo ho ba bang. Ke molao-motheo o khothalletsang ho nka bohato ba pele. Ho tla hlokahala hore u batle menyetla ea ho etsa ba u potileng hantle. E ba le botsoalle le kameho, u be le thahasello ea botho ho bona! (Ba-Filippi 2:4, NW) Ka ho etsa joalo, u tla kotula mahlohonolo a enneng. U tla be u latela keletso ea Jesu: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:16) Ka baka leo, Jehova e tla ba Moputsi oa hao ha u ’matla ka tieo ’me u phela ka Molao oa Gauda letsatsi ka leng.—Ba-Heberu 11:6.