Thuso e Molemohali ea ho Tseba Bokamoso
Ka e Mong ea Fumaneng Tsela ea Bophelo
BOLUMELI bo phethahalitse karolo ea bohlokoa bophelong ba lelapa la rōna. Ntate e ne e le Mojode, esita le hoja a ile a fetohela Bok’hatholikeng hore a nyale ’mè, o ne a ntse a na le tlhompho e khōlō bakeng sa Bibele. ’Mè o ne a tsoa lapeng le tšoarehile haholo lineanong tsa K’hatholike—bana bab’o ba babeli e ne e le baitlami, mochana oa hae e le “father” oa Roma, ’me bachana ba hae ba babeli e ne e le bamonke.
Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, lipelaelo, letšoho, le tšabo e khōlō ea ho isoa likampong tsa mahloriso ka lebaka la ho ba Mojode li ile tsa bolaea ntate esale pele. Ka lebaka la ho lumela ka tieo thutong ea hore moea ha o shoe, ’mè o ile a nka karolo libokeng tsa meea ho leka ho ikopanya le ntate.
Ha ke fihla lilemong tsa bocha, bolumeli ba lineano bo ile ba tsoela pele ho ba karolo ea bophelo ba ka. Ke ile ka lula ke le “Mok’hatholike ea molemo.” Leha ho le joalo, Bok’hatholike bo ne bo sa tsebe ho hlalosa seo bokamoso bo ntšoaretseng bona. Ke ne ke tla retelehela ho mang bakeng sa thuso ea ho fumana tsebo tabeng ee?
Joalokaha ’mè a ile a etsa hanngoe, le ’na ke ile ka batla thuso ea meea. Kaha ba ne ba qalisa seboka se seng le se seng ka pontšo ea sefapano le lithapelo, ke ne ke kholisehile hore liketsahalo tse makatsang tseo ke ileng ka li bona li ne li tsoa ho Molimo. Ke nakong ena moo ke neng ke batla ho etsa ntho e ’ngoe ho felisa matšoenyeho a batho ba bang ke ileng ka kopanela le mokhatlo oa K’hatholike o hlophisang maeto a ho ea tempeleng ea Maria e Lourdes, moo batho ba kulang ba neng ba tšepa ho phekoloa ka mohlolo.
Ke ne ke e-s’o utloele ka Lipaki tsa Jehova ho fihlela letsatsing leo monna oa ka a ileng a amohela limakasine tse peli tseo ke ileng ka li fumana li thahasellisa haholo. Se ileng sa nkhahla haholo ke hore li ne li qotsa Bibele haholo bakeng sa ho tšehetsa litlhaloso tse leng limakasineng. Ka lekhetlo le leng ke ile ka hlokomela hore limakasine tsena li ne li tla ba molemo haholo bakeng sa ho bokella tsebo ea Lentsoe la Molimo. Ke ile ka ngola ke kōpa peeletso ea limakasine tsena tse peli. Lipaki tsa Jehova li ile tsa nketela, ’me ke ile ka qala ho ithuta Bibele.
Ke ne ke cheseha haholo ka linnete tsa Bibele tseo ke neng ke ithuta tsona ’me ka qala ho buisana le metsoalle ka tsona. Ke ile ka tšosoa ke karabelo ea motsoalle ea neng a hlophisa maeto a bolumeli ha ke mo bolella hore ke ne ke ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a halefa haholo ’me a bua lintho tse mpe haholo ka tsona ho fihlela ke tsamaea. Joale ke ne ke tlameha ho talimana le khanyetso ea monna oa ka. (Mattheu 10:36) Pele ho ne ho le boima, empa ha ke ntse ke eketsa ho sebelisa lintho tseo ke ithutileng tsona bophelo ba lelapa la ka bo ile ba fetoha haholoanyane. Ke ile ka kolobetsoa ka 1977.
Ke hlokomela hore nkabe ke sa fumana tsela ea bophelo haeba Lipaki tsa Jehova li ne li sa ka tsa bontša thahasello ka ho leka ho nthusa ho tseba linnete tse babatsehang tsa Bibele. Ke ile ka tseba le hore le ’na ke tlamehile ho etsa sohle se matleng a ka ho thusa ba bang ho tseba Jehova le litšepiso tsa hae tse hlollang tsa bokamoso. Ke ne ke tla etsa sena joang? Tsela e molemohali ea ho etsa sena ebile ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Kaha ke ne ke lula lelapeng le arohaneng ka bolumeli, sena se ne se se bonolo. Empa ke ile ka tšepa tšehetso ea Jehova le tataiso le ho tšabela ho eena. Hona joale ke phela lilemo tse thabileng ka ho fetisisa tsa bophelo ba ka ke le pula-maliboho oa ka mehla. Ho feta leha e le neng pele ke ne ke kholisehile hore “Jehova o molemo” le hore “motho ea tšabelang ho eena,” ke eena ea thabileng.—Pesaleme ea 34:8.