Ho Phatlalatsoa ha Litaba Tse Molemo Lefatšeng Lohle
’MUSO oa Molimo oa busa! Tsena ke tsona litaba tse molemohali. Ke ka lebaka leo ka 1989 Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho 3 700 000 ho pota lefatše ka mafolo-folo li ileng tsa bolela “litaba tse molemo” tse profetiloeng ke Jesu le “litaba tse thabisang” tse phatlalalitsoeng ke lengeloi ponong ea Johanne. (Mattheu 24:14, NW; Tšenolo 14:6, NW) Joalokaha moapostola Pauluse a boletse: “Lentsoe la bona le utloahetse lefatšeng lohle, ’me lipolelo tsa bona li fihlile pheletsong ea lona.” (Ba-Roma 10:18, TLP) ’Me hoo e batlang e le batho ka bomong ba lichaba tsohle le ba mefuta eohle le ba lipuo tsohle le batho bohle ba ile ba arabela ka ho thabisang pitsong ea bona ea ho ‘tšaba Molimo le ho o neha khanya.’—Tšenolo 14:7, NW.
Ha ho sa na Insurance ea Bophelo
E mong oa ba joalo e ne e le monna e mong Engelane ea neng a iphelisa ka lintho tsa bophelo tse sa tsitsang. Ken e ne e le morekisi oa insurance, ’me ha a etetse lelapeng le leng la Lipaki tsa Jehova, li ile tsa ’motsa: “Na u ka rata ho phela lefatšeng leo ho lona ho sa hlokahaleng insurance ea bophelo?” Li ne li bolela eng? Hore ho latela Bibele, tlas’a ’Muso oa Molimo lintho tse ngata tseo hona joale li etsang hore bophelo e be bo sa tsitsang hakana, ho akarelletsa ho kula le lefu, li ke ke tsa hlola li e-ba teng.
Na ntho e joalo e ka etsahala? E, Molimo ka booona o e tšepisitse. Ka mohlala, Bibele e re: “Molimo o tla ba le bona [batho] ka sebele sa oona . . . Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Ke eng e tla tlisa phetoho e joalo? ’Muso oa Molimo. Ho latela Lentsoe la Molimo, ona o tla tloha o ‘robaka o felisa mebuso ena [ea kajeno ea lipolotiki] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.’—Daniele 2:44.
Mangolo a kang ana a ile a hlokomelisoa batho ba makholo a limillione ke Lipaki tsa Jehova nakong ea phutuho ea tsona ea ho bolela lefatšeng lohle. Ba bangata, joaloka Ken ba ile ba hlokomela hore hona ha se feela lintho tseo ho laba-labeloang hore hoja li ka etsahala. Ho na le bopaki bo sa sieeng khoao. Litšepiso tsena tsa bomolimo lia tšepahala ’me li tla phethahala haufinyane.
Pokello e Fetotsoeng ea Lintho tsa Bohlokoa
Ba mamelang Lipaki tsa Jehova ha li pheta boboleli bo thabisang ba lengeloi baa hlokomela hore ho tšaba Molimo le ho o neha khanya ho akarelletsa ho fetang feela ho lumela litšepisong tsa Bibele. Ho fetola pono ea bona eohle ’me ho imolla matšoenyehong a mangata a bophelo.
Rafael le mosali oa hae ba ile ba fumana hore hona ke ’nete. Ba phela Argentina, ’me ha ba ne ba nyalana lilemong tse fetang 40 tse fetileng, ba ile ba etsa hore ho sebetsa ka thata e be sepheo sa bona se ka sehloohong le ho bolokela bokamoso bo sireletsehileng. Leha ho le joalo, lilemo tse 21 hamorao, sohle seo ba neng ba e-na le sona hore ba ka se bontša bakeng sa mosebetsi oa bona o thata e ne e le lehae le lenyenyane le neng le hloka ho lokisoa nako le nako. Ha baa ka ba hlola ba ikutloa ba sireletsehile ho feta ha ba ne ba qala ho nyalana.
Joale ba utloa litaba tse molemo tse tsoang ho Lipaki tsa Jehova ’me ba ithuta ka mofuta o molemo oa leruo le mofuta o molemo oa tšireletseho. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o buile ka sena ha a re: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome a jang teng, le moo masholu a fatang teng, a utsoang. Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo tšoèlè le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng masholu a fatang, a utsoang.”—Mattheu 6:19, 20.
Le hoja Bibele e sa re rute hore re be ba hlokang tsebo tšebelisong ea maruo, leha ho le joalo e hlile e re khothalletsa hore tšepo ea rōna e se be linthong tse joalo. (Moeklesia 7:12) Ho e-na le hoo, re lokela ho sebeletsa ho fumana maruo a moea ka ho ithuta Bibele, ho ithuta thato ea Molimo, le ho etsa hore ho etsoa ha thato eo e be ntho ea pele bophelong ba rōna. (Mattheu 6:33) Rafael le mosali oa hae ba ile ba qala ho bokella leruo lena la moea, ’me hona joale ba ikutloa ba ruile e le ka ’nete, e seng ka baka la boemo ba bona ba lichelete, empa ka baka la kamano ea bona le Molimo. (Tšenolo 3:17, 18) Molaetsa oa ’Muso oa Molimo e ne e le litaba tse molemo ka ho fetisisa ho bona.
Lenyalo le Lokisitsoeng
Litaba tse molemo li na le matla a sebele a ho finyella se molemo. Ka mohlala, John, ea phelang Engelane, o ne a sa thahaselle Bibele, empa mosali oa hae le bana ba ne ba e thahasella. Kahoo ba qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ha John eena a tsamaea ho ea noa le metsoalle ea hae. Ka baka leo, o ile a kenella ho noeng ho tlōlisang, ho tsuba, ’me qetellong, boitšoarong bo bobe. Qetellong, o ile a siea mosali oa hae a ea phela le mosali e mong.
Mehato e isang tlhalanong e ile ea qaleha. Empa John o ile a makalla ho bona hore mosali oa hae—ea neng a ithutile boitšoaro ba Bokreste ho ithuteng ha hae litaba tse molemo—o ne a ntse a mo tšoere ka tsela e bontšang ho nahanela. John o ne a sa utloisise lebaka. Libeke tse tharo pele ho hlalana ho fihla sephethong, boitšoaro ba Bokreste ba mosali oa John bo ile ba ba le tšusumetso ea bona. O ile a bontša pako ea ’nete bakeng sa boitšoaro ba hae, ’me mehato e isang tlhalanong e ile ea khaotsoa. John joale o ile a nyarela ka litabeng tse molemo ka boeena ’me a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Hona joale ke Mokreste, ’me eena le mosali oa hae ba bolella ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso.
Mehleng ena eo litekanyetso tsa lelapa li senyehang, ba bangata ba hloka thuto eo litaba tse molemo tse theiloeng ka Bibeleng li fanang ka eona. E mong oa Lipaki tsa Jehova Peru o ne a lutse pel’a mokoronele oa sesole nakong ea ha ba fofa ka sefofane. Ba ile ba kena moqoqong ’me mokoronele eo a qala ho tšolla likhathatso tsa lelapa la hae, ho akarelletsa le ’nete ea hore mosali oa hae o ne a lemaletse lithethefatsi le hore mosali o ne a se a le mothating oa ho mo lahla ho ea lula le monna e mong e monyenyane. Ka masene Paki eo e ile ea ’montša hore Bibele e fana ka keletso e molemo, e tiileng litabeng tsa lelapa le hore e ne e thusitse Paki eo ka boeona ho rarolla mathata a eona a lelapa.—Ba-Efese 5:21–6:4.
Mokoronele eo o ile a leboha Paki eo ka mantsoe a eona a tšelisang ’me a etsa peeletso ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! e le hore a ka ntšetsa pele tsebo ea hae ea litaba tse molemo. Joale, ha Paki eo e theoha sefofaneng, banyalani ba babeli ba bacha ba ile ba potlakela ho ea teana le eona ’me ba kōpa ho bua le eona. Ba re: “Re ne re lutse hantle feela ka pel’a lōna, ’me re utloile moqoqo oa hao le monna eo. Le rōna re rata ho etsa peeletso ea limakasine tseo.” Le bona ba ne ba batla ho ithuta litaba tse molemo tse ka ntlafatsang bophelo.
Bophelo bo Fetohileng
Ho feta moo, litaba tse molemo tse theiloeng Bibeleng li fetola batho. Joalokaha moapostola Pauluse a itse: “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heberu 4:12) Sena e bile ’nete tabeng ea mohlankana e mong oa Macedonia, Greece. O ile a hlolloa ke ho ithuta hore, ho latela Bibele, lebitso la Molimo ke Jehova. Ka hona a kōpa motsoalle oa hae ho mo teanya le Lipaki tsa Jehova kapele kamoo ho ka khonehang. Ho ile ha lokisetsoa lipuisano tse peli le Lipaki, puisano ka ’ngoe ho tsona ea nka hoo e ka bang lihora tse ’ne. Eaba mohlankana eo o qalisa thuto ea ka mehla ea Bibele, ea pele ea tsoela pele ho fihlela hoseng ha nako e le hora ea bobeli!
Ho qala ka thuto eo ea pele, mohlankana eo o ile a fetola bophelo ba hae ka potlako hore bo lumellane le litekanyetso tsa Bibele. O ile a ba teng libokeng tsa borapeli le Lipaki tsa Jehova ’me a qala ho rata ’Mōpi haholo. ’Me Jehova eena a mo hlohonolofatsa. Ka beke ea pele ea thuto ea hae ea Bibele, o ile a kuta moriri oa hae o molelele. Bekeng ea bobeli a khaotsa ho ea libareng le li-disco ho ea batla metsoalle e thabisang. Bekeng ea boraro, o ile a lahla sakerete ea hae ea ho qetela. Ka mor’a ho ithuta ka likhoeli tse peli, o ile a qala ho kopanela le Lipaki ho bolelleng ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso. E, o ne a thabetse hore e be Lipaki tsa Jehova li ne li tlisitse litaba tse molemo karolong ea hae ea lefatše.
Litaba tse Molemo Chankaneng
Esita le litšepe tsa chankana hase mokoallo oa litaba tse molemo. Spain mohlankana ea bitsoang José o sebeletsa kahlolo ea nako e telele chankaneng ka baka la bosholu ba boqhobane le liketso tse ling tsa tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa khona ho ’molella litaba tse molemo, ’me molaetsa oa Bibele o ile oa fetola pono ea hae ka ho feletseng. Jehova o ile a mo ‘fa matla.’—Ba-Filippi 4:13.
José o re a ka ’na a qeta bophelo bohle ba hae hamolemo tsamaisong ena ea lintho a le chankaneng ka baka la boitšoaro ba hae ba pele. Empa o kolobelitsoe ’me hona joale ke Mokreste. Mosali oa hae o mo tšehetsa ka tieo, ’me o leka ho hōlisa mor’a oa bona ea mocha ka tsela ea Bokreste. Nakong ena, José o arolelana litaba tse molemo le batšoaruoa ’moho le eena, e leng batho bao ho leng thata hore batho ba ka ntle ho marako a chankana ba ba finyelle. Hona joale e mong ea nang le eena ka seleng le eena ke Mokreste ea kolobelitsoeng.
Ena e mpa e le mehlala e seng mekae e bontšang liphello tsa phutuho ea ho bolela ha Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle. Ka ’nete, litaba tse molemo tse phatlalalitsoeng ke lengeloi le sa bonahaleng li phetiloe ke Lipaki tsa Jehova “joaloka litaba tse thabisang ho ba ahileng lefatšeng, le ho lichaba tsohle le mefuta eohle le lipuo tsohle le batho bohle.”
Ke litaba tse molemo ka ho fetisisa, ’me ke eona tšepo feela ea batho. Re u khothalletsa hore u li ele hloko. Joaloka Ken le John ba Engelane, joaloka Rafael le mosali oa hae ba Argentina, joaloka José oa Spain, le joaloka ba bang ba likete-kete, re kopanela le lengeloi ho khothalletseng bohle hore ba ‘tšabe Molimo ’me ba o nehe khanya, hobane nako ea kahlolo ea oona e fihlile, ’me kahoo ba ise borapeli ho Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.’—Tšenolo 14:7, NW.