Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 1/1 maq. 16-17
  • Phula ea Ela—Moo Davida a Neng a Bolaele Senatla Teng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phula ea Ela—Moo Davida a Neng a Bolaele Senatla Teng!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ntoa ke ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Tlaleho ea Davida le Goliathe ke ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • “Ntoa ke ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lula Phuleng ea Jehova ea Tšireletso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 1/1 maq. 16-17

Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng le Tšepisitsoeng

Phula ea Ela—Moo Davida a Neng a Bolaele Senatla Teng!

HASE litlaleho tse ngata tsa Bibele tse susumetsang joaloka e hlalosang kamoo ‘ka letjeketjane le lejoe Davida a ileng a hlōla senatla sa mo-Filista,’ Goliathe. (1 Samuele 17:50) Sena se etsahetse Phuleng ea Ela.

Empa phula eo e hokae, ’me e joang? Ho tseba sena ho tla u thusa ho bona ka mahlo a kelello tlhōlo ena e tummeng ea mohlankana ea neng a tlotselitsoe ho ba morena oa ka moso oa Iseraele. Hamorao Molimo o ile oa etsa selekane sa ’muso le Davida se ka re tlisetsang melemo e sa feleng, ’me sena se lokela ho re fa lebaka le leng la ho ithuta se ileng sa etsahala Phuleng ea Ela.

Bafilista ba ne ba phela moeling oa Kanana. Baiseraele ba ne ba hapile lithaba tsa Judea (ka boroa ho Jerusalema). Kahoo ua bona joale—lira li sebakeng se ka tlaase ho ea ka bophirimela, bahlanka ba Molimo ba karolong e phahameng ea naha ho ea ka bochabela. Pakeng tsa bona ho ne ho e-na le tikoloho e ba arotseng e neng e tsekoa, maralla a tlaase a bitsoang Shephela. Bafilista ba ne ba ka hlasela Iseraele joang? Ke ho utloahalang hore ba ne ba ka tla ka tsela e nyolohang ka khohlo e ka bochabela-bophirimela, kapa lekhalo, le leholo e le Phula ea Ela. Lekhalo lena le ne le tloha mahoatateng a pel’a metse ea bona ea Gathe le Ekrone, le nyoloha ka Shephela, ho ea lithabeng tse ka bang lik’hilomithara tse 24 ka boroa-bophirimela ho Jerusalema le Bethlehema. Setšoantšo seo (ha se talingoa ho ea ka boroa-bochabela) se bontša karolo e ka holimo ea phula ena. Thōko mane moo e kang lefatše le kopana le leholimo teng u bona lithaba tsa Judea.a

Ha u talima foto ena, nahana ka Bafilista ha ba se ba nyolohile ka phula ena e bataletseng ho leba lithabeng. Ho ba thiba, Baiseraele ba ile ba tla ba hlaha ka boroa-bophirimela ho tsoa Judea. Mona ba ile ba ema eaba ha ho ba atamelang ba bang. Hobane’ng? “Ba-Filista ba ema thabeng e ’ngoe, ba-Iseraele le bona ba ema thabeng e maloka le eona, thota [“phula,” NW] e le teng mahareng a bona.”—1 Samuele 17:3.

Le hoja re sa tsebe hantle-ntle hore na ke hokae phuleng eo moo seo se etsahetseng, talima ka mahlo a kelello ha Bafilista ba le holim’a leralla ka tlaase ka letsohong le letona. E ka ’na eaba lebotho la Saule le ne le le ka mose holim’a leralla ka ’nģane ho tšimo e sootho. Ho mabotho ao ka bobeli ho ne ho se le ka theohang, la tšela phula, ’me la hlasela lebotho la lireng boemong ba lona bo phahameng, bo sireletsehileng joaloka qhobosheane. Ho ema ha ’ona a sa atamelane ho ileng ha latela ho ile ha tsoela pele ka nako e fetang khoeli. Ke eng e neng e tla ho felisa?

Letsatsi le leng le le leng hoseng le mantsiboea Goliathe, ’mampoli oa Bafilista ea neng a le bolelele bo fetang limithara tse 2,7, o ne a ema ka hare ho phula a phephetsa kampo ea Saule hore ho etsoe qeto ea taba ka hore ho loane batho ba babeli ba tsoang mabothong ao ka bobeli. Empa ho ne ho se Moiseraele ea itetang sefuba ho mo arabela. Qetellong, molisana e monyenyane ea bitsoang Davida o ile a tla a hlaha Bethlehema a tliselitse banab’abo ba kampong lijo. O ile a arabela joang phephetsong ee e nyelisang? “Mo Filista eo oa leqai ke motho ea joang, ha a nyelisa makhotla a Molimo o utloang?” (1 Samuele 17:4-30) Ka ho hlakileng Davida o ne a e-na le pono e senoloang temaneng ea sehlooho eo Lipaki tsa Jehova li nang le eona bakeng sa 1990: “E-bang sebete ka ho felletseng ’me le re: ‘Jehova ke mothusi oa ka.’”—Ba-Heberu 13:6, NW; Pesaleme ea 56:11; 118:6.

Ha Morena Saule a utloa hore mohlankana enoa, le hoja a sa hlomela a bile a sa koetlisetsoa ho ba mohlabani, o ne a tla thulana le Goliathe ea tšabehang, o ile a ithaopela hore a sebelise lihlomo tsa hae. Davida o ile a hana, a ikemiselitse ho ea loantša senatla seo ka lere la hae la molisana, letjeketjane la letlalo, le majoe a mahlano ao a ileng a a fumana ka phuleng. Majoe ao a ne a le joang? Ho ke ke ha etsahala hore e ne e le majoana feela a boholo ba merara kapa mehloare. Ho fumanoe majoe a letjeketjane a bophara ba lisentimethara tse 5 ho ea ho tse 8, a boholo ba lamuni e nyenyane. Motho ea betsang letjeketjane o ne a ka betsa lejoe le joalo ka lebelo la lik’hilomithara tse 160 ho ea ho tse 240 ka hora.

Ha ho pelaelo hore u ile ua bala se ileng sa etsahala ka phuleng eo, moo mabotho ao ka bobeli a neng a ntse a bona ka ho feletseng. Davida o ile a phatlalatsa: “U tlile ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; ’na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng.” Joale Jehova o ile a fana ka tlhōlo. Mohlankana eo o ile a betsa lejoe ka matla hoo le ileng la nyamela phatleng ea Goliathe, la ’molaea. Joale molisana eo o ile a matha ’me ka sabole ea senatla seo ka bosona eaba o se khaola hlooho.—1 Samuele 17:31-51.

Ba khothalitsoe ke tumelo ea Davida le tšepo ea hae ho Molimo, Baiseraele ba phalalisa lira tsa bona tse neng li se li nyahame, ba li lelekisa ho theosa le Shephela ho khutlela Filistia.—1 Samuele 17:52, 53.

Nahana ka nyakallo eo e tlamehang e be e ile ea utluoa Juda! Batho ba Molimo ba lithabeng ba ne ba ka talima tlaase ka bophirimela Phuleng ea Ela le Shephela, joaloka ponong ena ea kajeno e tlaase haufi le tikoloho ea Hebrone. Lithunthung tse tšoeu tsa sefate sa amanda li na le botle bo bohehang, empa botle ba tlhōlo holim’a lira tsa Molimo e ne e le ntho e ntle le ho feta. Ke ka nepo mosali oa Moiseraele a khotsa: “Saule o bolaile likete tsa hae, Davida eena o bolaile mashome a likete tsa hae,” ho akarelletsa senatla seo a ileng a se bolaela ka Phuleng ea Ela.—1 Samuele 18:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Setšoantšo se tšoanang se seholoanyane se teng ho 1990 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova, eo hape e bontšang sebaka sena ’mapeng o leng sekoahelong.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela