Khotso—Ho na le Menyetla Efe?
HO SA tsotellehe lihlooho tsa litaba tsa likoranta, ’nete ke hore, joalokaha boholo ba rōna re hlokomela, batho ba sa ntsane ba le hōle le khotso ea sebele. Ho ntšoa ha mabotho a naha esele Afghanistan ha hoa ka ha tlisetsa naha eo khotso. ’Me ho sa ntsane ho e-na le khohlano ea mofuta o mong o itseng Philippines, Sudan, Iseraele, Ireland Leboea, Lebanon, le Sri Lanka, ha re bolela tse seng kae feela.
Kaha batho ba bangata ba phelang hantle kelellong ba thabela khotso ho fapana le ntoa, ke hobane’ng ha khotso e fumaneha ka thata hakaale? Ho theosa le makholo a mangata a lilemo bo-ralipolotiki ba lekile ka litsela tse ngata ho tlisa khotso, empa ka mehla boiteko ba bona bo ’nile ba hlōleha. Hobane’ng? A re ke re talimeng mehlala e seng mekae feela ’me re bone.
Khotso e Tlisoang ke Bolumeli le Molao
Batho ba bang ba talima ’Muso oa Roma e le boiteko bo atlehileng ba ho bōpa khotso. Tlas’a oona, ho kopanngoa ha molao o hlomamisitsoeng, tsamaiso e fetoloang ho latela maemo, mabotho a mangata ka mokhoa o tšosang, le litsela tse raliloeng hantle ka makholo a itseng a lilemo li ile tsa boloka botsitso bo tsejoang e le Pax Romana (Khotso ea Roma) pakeng tsa lichaba libakeng tse khōlō tsa Asia Bophirimela, Afrika, le Europe. Leha ho le joalo, qetellong ’Muso oa Roma o ile oa fokolisoa ke tšenyeho ea batho ka hare ho naha le litlhaselo tse hlahang ka ntle ho naha, eaba Khotso ea Roma ea fela.
Sena se bontša ’nete e bohloko mabapi le boikemisetso ba batho. Ka mor’a ho qala ka mokhoa o tšepisang, hangata boa senyeha. Molimo ka booona o itse: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae,” ’me tšekamelo ena e mpe hangata e ba eona e hlōlang qetellong. (Genese 8:21, NW) Ho feta moo, moprofeta Jeremia o itse: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?” (Jeremia 17:9) Ho ke ke ha boleloa esale pele seo batho ba tla ba sona. Boikemisetso bo botle ba motho e mong bo ka ’na ba senngoa ke mohono kapa lipakane tsa boikhabi tsa ba bang. Kapa ’musi ea nang le melao-motheo e phahameng ka boeena a ka ’na a senyeha. Ha re talima sena, ke joang batho ba ka tlisang khotso?
Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., ho ile ha tlalehoa boiteko bo tsotehang ba ho bōpa khotso k’hontinenteng e nyenyane ea India. Mono, ’musi e mong ea matla ea bitsoang Aśoka o ile a haha ’muso o moholo ka ho sebelisa ntoa le tšollo ea mali. Joale, ho latela tlaleho, o ile a sokolohela melao-motheong ea Bobuddha. O ile a khaotsa ho loana, a emisa liemahale ho pholletsa le sebaka seo a se busang tse ngotsoeng lipolelo tse thusang bafo ba hae ho phela bophelo bo molemonyana. ’Me ho bonahala ’muso oa hae e ne e le oa khotso le o atlehileng.
Na tsela ea Aśoka ke eona e lebisang khotsong? Ka masoabi, ha ho joalo. Ha moemphera eo a e-shoa, khotso ea hae e ile ea shoa le eena, eaba ’muso oa hae oa heleha. Sena se bontša hore esita le boiteko ba ’musi ea nang le boikemisetso bo botle ea bileng a nang le matla qetellong boa senyeha hobane o tlameha ho shoa. Sengoli sa Moeklesia se ile sa bolela bothata bona ha se ngola: “Ke ila le mesebetsi eohle eo ke neng ke ikhathatsa ka eona . . . eo ke tšoanetseng ho e siela motho ea tla ntlhahlama. ’Me o tsejoa ke mang hore e tla ba mohlalefi, kapa sethoto? Athe ke eena e tla ba mong a mesebetsi eohle ea ka eo ke ikhathalelitseng eona, eo ke e entseng ka bohlale tlas’a letsatsi. Hoo le hona ke lefeela.”—Moeklesia 2:18, 19.
E, ho shoa ha motho ke qaka e ke keng ea hlōloa e mo sitisang ho tlisa khotso e sa feleng. Ka sebele keletso ea mopesaleme ke e bohlale ntlheng ena: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”—Pesaleme ea 146:3, 4.
Boiteko bo Eketsehileng ba ho Tlisa Khotso
Boiteko bo bong ba batho ka ho tšoanang bo bontša hore na ke hobane’ng ha motho a hlōleha boikemisetsong ba hae ba ho tlisa khotso. Ka mohlala, lekholong la leshome la lilemo, morero o bitsoang Khotso ea Molimo o ile oa theoa Europe. O reretsoe ho sireletsa thepa ea kereke, o ile oa hōla ho fetoha ntho e kang tumellano ea ho se sebelise pefo eo bohareng ba lekholo la bo12 la lilemo e neng e se e hasane ho pholletsa le karolo e khōlō ea Europe.
Khopolo e ’ngoe e bitsoa “ho lekanngoa ha matla.” Ho latela leano lena, lichaba tse ikopantseng—tse kang tsa Europe—li thibela ntoa ka ho boloka hoo e batlang e le kabo e leka-lekaneng ea matla har’a linaha. Haeba sechaba se matla se hlasela se fokolang, sechaba se seng se matla ka nakoana se kena selekaneng le sechaba se fokolang ho thibela sechaba seo e neng e tla ba moqholotsi. Leano lena le ’nile la tataisa likamano Europe ho tloha qetellong ea Lintoa tsa Napoleon ho fihlela ha ho qhoma ntoa ea pele ea lefatše ka 1914.
Ka mor’a ntoa eo, Selekane sa Lichaba se ile sa theoa e le sona setsi seo ho sona lichaba li ka buisanang ka likhohlano tsa tsona ho fapana le ho loantšana ka baka la tsona. Selekane se ile sa khaotsa ho sebetsa ha ntoa ea bobeli ea lefatše e qhoma, empa ka morao ho ntoa, moea oa sona o ile oa tsosolosoa ho Machaba a Kopaneng, a sa ntsaneng a le teng.
Leha ho le joalo, boiteko bona kaofela bo hlōlehile ho tlisa khotso ea ’nete kapa e sa feleng. Ha morero oa Khotso ea Molimo o sa ntsane o le teng Europe, Maeurope a ile a loana le Mamosleme Lintoeng tsa Bokreste tse mahlo-mafubelu. Hape, le hoja bo-ralipolotiki ba ne ba ntse ba leka ho boloka khotso Europe ka ho leka-lekanya matla, ba ne ba ntse ba ntšetsa ntoa pele ’me ba haha mebuso linaheng tse ka ntle ho Europe. Selekane sa Lichaba se ile sa sitoa ho thibela ntoa ea bobeli ea lefatše, ’me Machaba a Kopaneng ha aa ka a thibela thipitlo e sehlōhō Kampuchea kapa likhohlano libakeng tse kang Korea, Nigeria, Vietnam, le Zaire.
E, ho fihlela hona joale boiteko bo molemo ka ho fetisisa ba bo-ralipolotiki ba ho bōpa khotso bo hlōlehile. Babusi ha ba tsebe kamoo ba ka bōpang khotso e sa feleng, kaha ba khinoa ke ho shoa le mefokolo ea botho ea bona ka bobona le ea ba bang. Leha ho le joalo, esita le haeba ho ne ho se joalo, bo-ralipolotiki ba ne ba ntse ba ke ke ba tlisa khotso. Hobane’ng? Ka baka la tšitiso e ’ngoe eo kannete ba ke keng ba e hlōla.
Matla a Ipatileng a Thibelang Khotso
Bibele e bua ka tšitiso ena ha e re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) E mobe ke Satane Diabolose, sebopuoa sa moea se phahametseng batho se matla haholo ho re feta. Ho tloha qalong, Satane o ’nile a kenella bofetoheling, leshanong, le polaong. (Genese 3:1-6; Johanne 8:44) Tšusumetso ea hae e matla, le hoja e le e ipatileng, litabeng tsa lefatše e pakoa ke bahlalosi ba bang ba bululetsoeng. Pauluse o ’mitsitse “molimo oa lefatše lena,” “morena ea busang matla a sebaka.” (2 Ba-Korinthe 4:4; Ba-Efese 2:2) Ka makhetlo a fetang le le leng Jesu o ’mitsitse “’musi oa lefatše lena.”—Johanne 12:31, TLP; 14:30, TLP; 16:11, TLP.
Kaha lefatše le rapaletse tlas’a matla a Satane, ho hang ha ho na monyetla oa hore bo-ralipolotiki ba batho ba tla tlisa khotso e sa feleng. Na seo se bolela hore ha ho mohla khotso e tla tla? Na ho na le ea ka isang batho khotsong?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Ho sa tsotellehe hore na ’musi o bohlale kapa o na le melao-motheo e phahameng hakae, qetellong oa shoa ’me hangata ba bang ba se nang matla kapa ba se nang melao-motheo e phahameng joaloka eena ba nka marapo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Tšitiso e le ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa ea hore khotso e be teng ke Satane Diabolose
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
U.S. National Archives photo