Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/1 maq. 21-22
  • Ho Sebeletsa Moetsi oa Litšoantšo e Moholo ho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa Moetsi oa Litšoantšo e Moholo ho Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane ke Eng?
    Tsoha!—1995
  • Moetsi oa Mesebetsi e Entsoeng ka Bokhabane ea Hlokomolohuoang ka ho Fetisisa oa Mehleng ea Rōna
    Tsoha!—1995
  • Ke Khethile Mosebetsi o Molemo
    Tsoha!—2010
  • Ntho e Tšoarellang ho Feta ho Etsa Litšoantšo
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/1 maq. 21-22

Ho Sebeletsa Moetsi oa Litšoantšo e Moholo ho Bohle

HA KE sa le ngoananyana ea lilemo li supileng, ke ile ka qala ho ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke tla lokela ho shoa? Na ho qoba lefu ho ka khoneha?’ Ke ne ke bolelletsoe hore Molimo o nka batho ba lokileng hobane o batla hore ba e’o ba le oona leholimong. Ke sa ntsane ke hopola e mong oa bana bao re neng re le sehlopheng se le seng le bona a khotsa: “Ho molemo ho ba motho e mobe hobane ba lokileng ba shoa pele!”

Ke ne ke rata ho etsa litšoantšo, kahoo ke ile ka qala ho ithutela ho etsa litšoantšo. Sekolong, ke ne ke se na monyetla oa ho hlahloba litaba tsa bolumeli, kapa eona nako ea ho li thahasella. Ha e le hantle, ke ne ke atisa ho bolella metsoalle ea ka hore ho ba molumeli, ho ne ho hlokahala hore motho a be le tekanyo e tlaase ea bohlale. Ha ke qeta lithuto tsa ka tsa ho etsa litšoantšo, ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho ba tichere ea ho etsa litšoantšo sekolong se phahameng.

Ke ne ke rata mosebetsi oa ka ’me hape ke ne ke thahasella lingoliloeng tsa Setaliana le tsa lipuo tse ling, ’mino oa liletsa o bineloang liholong tse nyenyane le o bineloang liholong tse khōlō, le litšoantšiso tse bapaloang ka mokhoa oa ’mino. Ntho e le ’ngoe feela ea bolumeli eo ke ileng ka ithuta eona ka nako eo e ne e le litšoantšo tsa bolumeli tsa batho ba ferefang litšoantšo tse fapa-fapaneng tsa liketsahalo tsa bohlokoa historing. Joale ke ile ka ithuta hore na ho ba motho eo ho lebisitsoeng tlhokomelo ho eena ho joang, hore na ho etsa lipontšo tsa mosebetsi oa motho ho joang, le hore na ho bolela’ng ho nkeloa holimo, ho rorisoa, le ho babatsoa joaloka moetsi oa litšoantšo.

Ka nako eo, mosebetsi oa ho etsa litšoantšo o ne o bolela ho hoholo ho ’na, kaha ke hona moo ke neng ke fumana lebaka la karolo e khōlō ea bophelo ba ka. Empa lipotso tseo ke ileng ka li botsa ha ke le lilemo li supileng li ne li sa ntsane li le teng kelellong ea ka. Ke ile ka ’na ka batla ke sa khaotse ke leka ho fumana ho hong ho tebileng haholoanyane, ntho e ’ngoe eo ke neng ke e-s’o khone ho e hlalosa. Ke ne ke le ’mali ea hloahloa ’me ke ile ka kōpa litlhaloso ho bo-rafilosofi. Ka mekhoa eohle, ke ne ke batla karabelo e tebileng lipelaelong tsa ka.

Ke ne ke ntse ke e-na le pherekano ena ha ke nyaloa. Ka mor’a ho hlaha ha morali oa ka, ho batla ha ka ’nete ho ile ha e-ba matla haholoanyane. Ke ile ka leka ho e fumana ka ho etsa litšoantšo, ho ngola lithothokiso, ho mamela ’mino, ho bala libuka. Neng le neng ha ke ne ke ea k’honseteng ’me ke mamela lehlaso le qalang la ’mino oa selelekela, hang-hang kelello ea ka e ne e retelehela ho Molimo, Boleng bo Phahameng ka ho Fetisisa boo ke neng ke sa bo tsebe, ’me ke ne ke bo leboha. Nakong eo, ke ne ke atisa ho rorisa Molimo bakeng sa lintho tse ntle tseo ke li bohileng—lesea la ka le robetseng, mebala-bala ea naha. Ke ne ke atisa ho khotsa: “Ke ho soabisang hakaakang hore e be mosebetsi oa ho etsa litšoantšo, o neng o ka hlalosa lintho tse ngata hakana tse ntle, o sebelisoa haholo hakana ho hlalosa lefu ho e-na le bophelo!” Tse ling tsa lithothokiso tse babatsehang ka ho fetisisa le lingoliloeng tsa litšoantšiso ke lifela tse buang ka tebello e bohloko kapa mahlomola; tse ling tsa litšoantšo tse ferefiloeng tse ntle ka ho fetisisa tse entsoeng ke litsebi li phahamisa lefu ho fapana le bophelo hammoho le botle ba bona. Hobane’ng?

Maikutlo ana a loantšanang a ile a ntlhokisa tšepo haholo, ’me butle-butle ka qala ho retelehela boiphapanyong. Ke mothating oo moo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa tla monyakong oa ka. Ha ke ntse ke li mametse, ho ile ha bonahala eka li buisana le ’na ka puo e ncha. Tšepiso ea Molimo ea ho etsa lefatše paradeise e ne e utloahala joaloka ’mino o monate litsebeng tsa ka. Ke ile ka qala ho bala Bibele. Ke hona moo ke ileng ka qetella ke fumane likarabelo lipotsong tseo ke neng ke sa ka ka khaotsa ho li botsa ho tloha ha ke le lilemo li supileng. Molimo ha o batle hore motho a shoe empa o rerile ho hlohonolofatsa bahlanka ba oona ba tšepahalang ka ho ba fa bophelo bo sa feleng lefatšeng!

Hoo ho etsahetse ka 1973. Selemong se latelang ke ile ka etsa boinehelo ho Jehova ’me ka kolobetsoa. Ho ne ho se bonolo ho nkela sebopeho sa ka sa ho ba sefutho le ho laoloa ke maikutlo sebaka ka moea oa lerato la ’nete la boena, ho nkela boikhabi ba ka sebaka ka boitelo, le boiketlo ba botho ka moea oa ho intša sehlabelo! Ke ne ke lokela ho itatola bonna. Lipaki tsa Jehova li fane ka thuso e khōlō haholo, hammoho le liboka tse tšoareloang Holong ea ’Muso.

Moetsi oa Litšoantšo e Moholo o tlositse lipelaelo tsa ka le lintho tse neng li ntsielitse. Ke mo leboha hakaakang! Ke ka baka leo, ho tloha ka Loetse 1984, ke ileng ka nka tšebeletso ea bopula-maliboho ba ka mehla, ke qeta lihora tse 90 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Ho sebeletsa Moetsi oa Litšoantšo e Moholo le ’Mōpi, Jehova, hammoho le lelapa la ka kannete hoa khotsofatsa. Ka cheseho re lebelletse nako eo ka eona a tla ferefa setšoantšo se khethehileng ka ho fetisisa se kileng sa e-ba teng; ha qetellong a tlosa tsamaiso ea khale, e khopo e silafatsang le ho koahela lefatše lena. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ka nako eo mosebetsi oa ho etsa litšoantšo o tla neheloa bophelong ka ho khethehileng. Joale, ke botle feela bo tla tšoantšoa, hobane ka tsamaiso e ncha e lokileng ea Molimo, masoabi le bohloko li tla be li felisitsoe ka ho sa feleng.—E fanoe e le monehelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela