Washington Codex ea Melaetsa e Molemo
KA TŠITOE 1906, Charles L. Freer, ramesebetsi e meholo oa Leamerika ea ruileng le ’mokelli oa litšoantšo tse ferefiloeng, o ile a reka libuka tse ling tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho ho morekisi e mong oa Learabia ea bitsoang Ali, Giza, Egepeta. Ali o ile a bolela hore li ne li tsoa tlung ea Baitlami ba ba Basoeu haufi le Sohâg, empa ho bonahala hore mohlomong li ne li fumanoe lithakong tsa Ntlo ea Baitlami ea Molemi e mong oa merara, haufi le seemahale sa boraro sa Giza se Molomong oa Nōka ea Nile.
Freer o ile a nehoa libuka tse tharo tse ngotsoeng ka letsoho le “pokello ea buka e ’ngoe ea letlalo e ntšofetseng le e senyehileng e neng e le thata ’me ka ntle e taboha habonolo joaloka sekhomaretsi.” E ne e le bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 17, e le bophara ba lisenthimithara tse 11, ’me e le botenya ba lisenthimithara tse 4 ’me e ile ea rekisoa le libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho hobane feela e ne e amahanngoa le tsona, eseng kahobane ho thoe ke ea bohlokoa bo itseng. E ile ea e-ba mosebetsi o matla le o hlokang tlhokomelo e khōlō ho arohanya pokello e entseng sengangata ea maqephe a saletseng, empa qetellong a 84 a ’ona a ile a senoloa, kaofela ha ’ona a tsoa ho codex ea mangolo a Pauluse ea lekholong la bohlano kapa la botšelela la lilemo C.E.
E ’ngoe ea libuka tse hlano tse ngotsoeng ka letsoho e saletseng e ne e le ea libuka tsa Deuteronoma le Joshua. E ’ngoe e ne e le ea Lipesaleme, ho tloha phetolelong ea Greek Septuagint. Leha ho le joalo, ea boraro ’me e le ea bohlokoahali ho feta tsohle, e ne e le buka e ngotsoeng ka letsoho ea Melaetsa e Molemo e mene.
Buka ena e ngotsoeng ka letsoho ea ho qetela e na le maqephe a 187 a letlalo le boreleli, haholo-holo a letlalo la nku, a ngotsoeng ka mongolo o motenya o hariloeng o tšekaletseng oa Segerike. Matšoao a behiloe mona le mane, empa khafetsa ho na le libaka tse nyenyane pakeng tsa lipoleloana. Bokathoko ba buka eo e ngotsoeng ka letsoho kaofela bo ne bo senyehile hampe, empa boholo ba taba e ngotsoeng bo bolokehile. Hamorao e ile ea nehelanoa Ntlong ea Pontšo ea Litšoantšo ea Freer Setsing sa Smithsonian, Washington, D.C. E ile ea bitsoa Washington Codex ea Melaetsa e Molemo, e ile ea fuoa tlhaku e e khethollang “W.”
Ho ’nile ha thoe buka eo ea letlalo ke ea ho ea qetellong ea lekholo la bone la lilemo kapa ho ea qalong ea lekholo la bohlano la lilemo C.E., hoo e sa hlaheng ka morao haholo ho letoto la sehlopha sa bohlokoa sa libuka tse tharo tse ngotsoeng ka letsoho tsa Sinaitic, Vatican, le Alexandrine. Melaetsa e Molemo (e felletseng ntle ho maqephe a mabeli a lahlehileng) e ngotsoe ka ho latellana ha Mattheu, Johanne, Luka, le Mareka hoo ho thoeng ke ha Bophirimela.
Ho baloa ha buka eo e ngotsoeng ka letsoho ho senola ho tsoakana ho sa tloaelehang ha mefuta e itseng ea taba e ngotsoeng, o mong le o mong oa eona o emeloa ke lirapa tse khōlō le tse ngotsoeng ka mokhoa o tsoelang pele. Ho bonahala eka e kopilitsoe mesaletseng ea libuka tse ’maloa tse ntseng li le teng tse ngotsoeng ka letsoho, tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e nang le mofuta o fapaneng oa taba e ngotsoeng. Moprofesara H. A. Sanders o ile a hlahisa hore ena e ka ’na eaba e tloha morao ho hlorisoeng ha Bakreste ka tšohanyetso ke ’Musi Diocletian ka selemo sa 303 C.E., eo ka taelo ea hae likopi tsohle tsa Mangolo li ileng tsa chesoa pontšeng. Rea tseba ho tsoa litlalehong tsa histori hore libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho li ne li patoe ka nako eona eo. Ho bonahala hore makholo a lilemo hamorao, motho e mong ea sa tsejoeng o ile a kopitsa likarolo tse ntseng li le teng tsa libuka tse fapaneng tse ngotsoeng ka letsoho hore a hlahise taba e ngotsoeng ea Washington Codex. Hamorao, maqephe a qalang a Johanne (Johanne 1:1 ho ea ho 5:11) a ile a lahleha nakong e ’ngoe e itseng ’me a lokela hore a ngoloe hape lekholong la bosupa la lilemo C.E.
Ho na le lintho tse sa tšoaneng tse thahasellisang tabeng eo e ngotsoeng le ho phaelloa ho hong ho sa tloaelehang, empa e le ho nyenyefatsoang, khaolong ea 16 ea Mareka hoo mohlomong ho qalileng e le tlhaloso e khutšoaane e moeling oa taba e ngotsoeng. Bohlokoa bo khethehileng ba buka eo e ngotsoeng ka letsoho bo lutse kamanong ea eona le liphetolelo tsa khale tsa Selatine le Sesyria. Ho hlakoha ho itseng ho bakiloeng ke ho tlotsoa ke kerese e rothetseng bukeng eo ea letlalo ho bontša hore e ne e sebelisoa haholo.
Ho sa tsotellehe ho hlorisoa le ho hanyetsoa le ho senngoa ha nako, re boloketsoe Bibele ka ho tsotehang e le libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho. Ka ’nete, “lentsoe la Morena [“Jehova,” NW] le hlola ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:25; Esaia 40:8.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Courtesy of Freer Gallery of Art, Smithsonian Institution