Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
◻ MOAPOSTOLA Johanne o ile a re: “Re se ke ra rata ka lipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka ’nete.” (1 Johanne 3:18) Jesu o boletse hore ‘re lokela ho rata oa habo rōna joalokaha re ithata.’ (Mattheu 22:39) Ho bontša lerato ka ketso ho buella ’nete, joalokaha phihlelo e latelang e tsoang Brithani e bontša.
Ha Pauline a etetse ’mè oa hae, ea neng a tšoeroe ke multiple sclerosis (ho satalla ha litho), ho ne ho se mohla a keng a fumane motho leha e le ofe e mong moo. Empa lekhetlong lena, ha a kena ka tlung, o ile a utloa mochini o hlatsoang liphahlo o luma ’me motho e mong a le mokatong o ka holimo a ntse a sebelisa mochini o fielang. O ile a botsa ’mè oa hae: “Ho etsahala’ng, ke mang ea teng moo?” ’Mè oa hae o ile a mo hlalosetsa hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa kokota monyakong oa hae, tsa bona mahlomola ao a leng ho ’ona, eaba lia ema lia mo thusa. Ka mor’a hore li etse mosebetsi oa ntlo li be li lokise lijo, li ile tsa lula fatše eaba li re: “U se u itokisitse joale?” Pauline a botsa: “U itokisitse bakeng sa eng?” ’Mè oa hae o ile a mo hlalosetsa hore o lumetse ho ithuta Bibele. Pauline o ne a qea-qea hore na e be a ka lula, empa kaha o ne a tloha hōle, o ile a botsa hore na ho lokile hore le eena a kenelle thutong. O ile a e thabela haholo hoo a ileng a lokisetsa ho tla ka letsatsi le tšoanang bekeng e ’ngoe le e ’ngoe e le hore a ka ba teng ka mehla. Qetellong, motsoalle oa hae o ile a ea le eena, ’me hona joale ka bobeli ba kolobelitsoe. Ka baka la thuto ena e simolohileng, litho tse leshome tsa lelapa lona leo ke Lipaki tsa Jehova hona joale! E, e bile thuso “ka ketso”!
Moruti oa New Guinea o Arabela ’Neteng
◻ Mehleng ea Jesu baprista ba bang ba ile ba amohela thuto ea Jesu. Baruti ba lipelo li tšepahalang le bona ba etsa joalo kajeno, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo e tsoang libakeng tse lithabeng tsa New Guinea, e tlalehiloeng ke molebeli oa potoloho. Oa tlaleha: “Mohlankana e mong ea rutehileng haholo, moruti oa Pentakonta, o ne a ntse a haha kereke e nyenyane haufi haholo le Holo ea ’Muso. Moena e mong oa phutheho eo o ile a mo pakela, ’me o ile a bonahala a hlile a e-na le botsoalle. Nakoana ka mor’a sena, ke ile ka etela phutheho eo ’me ka lula le moena e mong sebakana feela ha u theosa ka ’mila ho tloha ntlong ea moruti. Mantsiboeeng a pele ka mor’a hore ke fihle, mohlankana enoa o ile a tla monyakong oa rōna a nkile Bibele ea hae, a e-na le sehlopha se seholo sa phutheho ea habo. Kaofela ba ne ba batla ho utloa molaetsa oa ’Muso. O ile a botsa lipotso tse ngata, ’me puisano e ile ea tsoela pele ho fihlela e se e le bosiu haholo. Mantsiboeeng a mang le a mang ha ke ntse ke etetse moo, eena le ba bang ba thahasellang ba ne ba e-tla ho tla arabelloa lipotso tse eketsehileng. Ke ile ka mo memela kopanong ea potoloho bekeng e latelang, ’me o ile a tla le moena ea ileng a qala ho mo pakela. Monna enoa o ’nile a tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele, o tlohetse Kereke ea Pentekonta, ’me hona joale ke mohoeletsi oa ka mehla oa litaba tse molemo.”
Ruri, ke thato ea Molimo “hore batho ba mefuta eohle ba bolokehe ’me ba tle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4, NW.