Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 7/15 leq. 7
  • Ntoa ea Jeriko—Tšōmo kapa ’Nete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa ea Jeriko—Tšōmo kapa ’Nete?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “Testamente ea Khale” e ka Lumeloa Hakae?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Lebitso la Jehova le Bokhabane Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joshua
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 7/15 leq. 7

Ntoa ea Jeriko—Tšōmo kapa ’Nete?

KA MASHOME a lilemo, baepolli ba lintho tsa khale ba lekile ho hlahisa pelaelo ka tlaleho ea Bibele ea Joshua le ntoa ea Jeriko. Ho latela Bibele, Joshua le lebotho la Iseraele ba ile ba pota Jeriko ka matsatsi a supileng, ho fihlela ha Molimo o heletsa marako a maholohali a motse. Sena se ile sa lumella Baiseraele ho kena le ‘ho chesa motse le tsohle tse har’a oona.’—Joshua 6:1-24.

Empa baepolli ba bangata ba lintho tsa khale, ba susumelitsoe ke tšebetso e hlomphuoang haholo ea Kathleen Kenyon lilemong tsa bo-1950, ba ne ba kholisehile hore Jeriko e ne e bile e le sieo nakong ea phutuho ea Baiseraele. E, ba ne ba lumela hore motse o ne o ile oa ripitloa pejana lilemong tse ka holimo ho lekholo! Ka hona, tlaleho ea Bibele ea Joshua le Baiseraele e ile ea lahloa ka ho pharalletseng. Leha ho le joalo, haufinyane, moepolli oa lintho tsa khale oa Univesithi ea Toronto, Canada, Dr. Bryant G. Wood, o hlahlobile bocha bopaki bo tsoang Jeriko. Ho latela The New York Times, o fihletse qeto ea hore Dr. Kenyon “o ne a batla mofuta o fosahetseng oa lintho tse entsoeng ka letsopa, le hona e le libakeng tse fosahetseng,” le hore ha e le hantle bopaki bo “tumellanong e hlollang” le Bibele.

Dr. Wood o supa molora o botenya ba mithara o tletseng likotoana tsa lintho tse entsoeng ka letsopa, mesaletsa ea litene tsa lerako le helehileng, mapolanka, tsohle li le ntšo joalokaha eka li ntšofalitsoe ke mollo oa motse ka bophara. Mesaletsa ea lintho tsa letsopa e ’nile ea boleloa e le ea nakong ea (ka mekhoa e teng eo ho lumeloang hore ha e-ea nepahala ka ho felletseng) 1410 pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, u kopanya kapa u tlosa lilemo tse 40—’me ho hang hase nako e hōle le 1473 B.C.E., nako e fumanoang ka Bibeleng ea ntoa ea Jeriko.

Baepolli ba fumane hore matlo a Jeriko ea boholo-holo a ne a e-na le pokello e ngata ea lijo-thollo. Hona ke ho thahasellisang, kaha Bibele e bontša hore Jeriko e ile ea oa nakoana ka mor’a kotulo nakong ea selemo ’me ho ne ho se seoa sa tlala ea nako e telele. (Joshua 3:14-16) Ao ka bobeli ke mabaka a matle a hore na ke hobane’ng ha matlo a Jeriko a ne a tla be a tlatsitsoe lijo-thollo ha motse o ne o ripitloa.

Bo-rasaense ba batla ba le lekhonono ha ho fihloa tabeng ea ho amohela ho nepahala ha Bibele. Ka hona, Times e qotsa setsebi se seng se hlahelletseng se bolela tjena ho arabela seo Wood a se fumaneng: “Ha ho pelaelo hore boitsebiso bo bongata bo fumanoang ka Bibeleng bo na le tlhakunyana ea ’nete ka hare ho bona.” Empa, ha litlaleho tse ngata ka ho eketsehileng tsa Mangolo li tšehetsoa ke litšibollo tsa kajeno tsa saense le tsa ho epolloa ha lintho tsa khale, ho ba hlokang leeme hoa hlaka hore Bibele e hōle le ho ba pokello ea mashano a kopaneng le litlhakunyana tsa ’nete tse hlahang seoelo. Joalokaha Bibele ka boeona e bolela: “’Nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano.”—Ba-Roma 3:4.

Le hoja litlhaloso tsa morao-rao tsa lintho tsa khale tse epollotsoeng Jeriko e le tse thahasellisang, Bakreste ba ’nete ‘ba tsamaea ka tumelo, e seng ka pono.’ (2 Ba-Korinthe 5:7) Tumelo ea bona ha e-ea itšetleha ka ho epolloa ha lintho tsa khale. E-bang bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale bo teng kapa ha bo eo, khafetsa Bibele e ipaka ho ba mohloli o tšepahalang oa boitsebiso mabapi le nako e fetileng, nako ea hona joale, le bokamoso.—Pesaleme ea 119:105; 2 Petrose 1:19-21.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lithako tsa Jeriko, moo Jehova a ileng a fa Baiseraele tlhōlo teng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela