Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 8/1 leq. 22
  • “Ho Thabile ba Ratang Khotso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Thabile ba Ratang Khotso”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Na e ne e le Motšehetsi oa Ntoa Kapa ’Muelli oa Khotso?
    Tsoha!—2002
  • ‘U Batle Khotso ’me U e Phehelle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lula U Talimile Moputsong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 8/1 leq. 22

“Ho Thabile ba Ratang Khotso”

KA 1901 Khau ea Khotso ea Nobel, e neng e fanoa ka lekhetlo la pele, e ile ea arolelanoa ke Jean-Henri Dunant, mothei oa Sefapano se Sefubelu, le Frédéric Passy setsebi sa moruo. Ho tloha nakong eo e se e abuoe ka makhetlo a 69, ka makhetlo a 55 ho batho ba 71 ba fapaneng, ho motho ka mong kapa ba kopane, le ka makhetlo a 14 ho lihlopha tse 16 kapa mekhatlo. Lihlopha tse ling li e hapile ho feta hanngoe, joaloka Komiti ea Machaba ea Sefapano se Sefubelu (1917, 1944, le 1963) le Ofisi ea Machaba a Kopaneng ea Mokomishenara e Moholo oa Baphaphathehi (1954 le 1981). Ka ho hlakileng e le ka lebaka la ho hloka moamoheli ea tšoanelehang, komiti ea khau ea Nobel e ile ea hana ho e aba ka makhetlo a 19.

Joalokaha motho a ne a ka nahana, ba bangata ho ba hapileng khau e bile matona, baemeli ba linaha, kapa batho bao ka mokhoa o itseng ba amanang le lipolotiki. Empa le bangoli ba litaba, litsebi tsa kahisano, litsebi tsa moruo, le ba batlang liphetoho sechabeng le bona ba e fumane. Esita le bo-rasaense, bao har’a bona e bileng Linus Pauling ka 1962 le Andrey Sakharov ka 1975, ba ile ba tlotloa joalo, joalokaha ho entsoe le ho baeta-pele ba basebetsi, ka ho khetheha Lech Wałesa ka 1983. ’Me ka 1970 khau e ile ea fuoa setsebi sa temo Norman E. Borlaug.

Motho oa pele oa bolumeli oa ho abeloa khau e ne e le mobishopo e moholo oa Sweden oa kereke ea Luthere Nathan Söderblom, ea ileng a khethoa ka 1930. Ka 1946 molumeli eo eseng moruti oa kereke ea Methodist le moruti John R. Mott ba ile ba arolelana khau, ba lateloa ka 1952 ke moruti oa thuto ea bolumeli le rafilosofi Albert Schweitzer ’me ka 1958 ha latela moruti oa Belgium Dominique Georges Pire. Ka 1964 ho ile ha khethoa moetapele oa litokelo tsa batho e bile e le moruti oa Baptist Martin Luther King, e monyenyane.

Empa lilemong tsa morao tjena, bolumeli bo ’nile ba etsa karolo e hlahelletseng haholo telekisong ea lefatše ea khotso. Ba ikamahantse le mokhoa ona, ba bararo ho batho ba ho qetela ba robong ba ho abeloa Khau ea Khotso ea Nobel e bile batho ba hlahelletseng ba bolumeli: Moitlami oa Mok’hatholike ’Mè Teresa oa Calcutta ka 1979, mobishopo oa Chache Desmond Tutu oa Afrika Boroa ka 1984, ’me selemong se fetileng, e bile “molingoana” oa Tibet oa Mobuddha, Dalai Lama ea lelekiloeng naheng ea habo.

Ke ’nete hore Jesu Kreste o ile a re: “Ho lehlohonolo ba etsang khotso.” (Mattheu 5:9, King James Version) Empa na boiteko ba bolumeli ba ho sebetsa joaloka ba etsang khotso lefatšeng lee—ebang ke Bok’hatholike, Boprostanta, Bobuddha, kapa bo bong—bo tla tlotloa ka katleho?

Bibele e re bolella hore lefatše lena le khopo la joale le ikarotseng ho Molimo le ka mohla le ke ke la ba le khotso e sa feleng, e leng ’nete eo ho kenella ha bolumeli litabeng tsa lefatše tsa ho fana ka lithuso, le tsa sechaba, le tsa bopolotiki ho ke keng ha e fetola. Ka ho nkela mebuso ea kajeno sebaka ka ’Muso oa hae tlas’a Kreste Jesu, “Morena oa Khotso,” ’Mōpi ka boeena haufinyane o tla hlohonolofatsa batho ba lumelang ka khotso.—Esaia 9:6, 7; 57:21; Pesaleme ea 46:9; Daniele 2:44.

Batho ba ratang khotso ba hlokomelang ’nete ena ’me ba bapisa bophelo ba bona ho ea ka eona ba tla thaba ka sebele. Joalokaha New World Translation e fetolela mantsoe a Jesu: “Ho thabile ba ratang khotso.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela