U ka Fumana Matlotlo a Bohlokoa ho Feta Gauda!
LINNETE tse ka Bibeleng li ka tšoantšoa le gauda, silevera kapa matlotlo a mang a patiloeng. Le hoja u e-s’o ka u batla gauda kapa silevera ea sebele, mohlomong ua hlokomela hore ho etsa joalo ho hloka mosebetsi o mongata o boima le phehello. ’Me ka makhetlo a mangata ’matli oa tse patiloeng o kopana le maemo a soabisang.
Leha ho le joalo, masoabi ao ha a etsahale ha u batla matlotlo a patiloeng ka Bibeleng. Hlokomela tiiso ena e khothatsang: “Ha u tsoela pele ho e batla joaloka silevera, ’me u tsoela pele ho e batla joaloka matlotlo a patiloeng, ke hona u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fihlela eona tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:4, 5, NW) Empa u tlameha ho batla.
“Batla ’me U Bone”
“Batla ’me u bone hore ha ho moprofeta ea tla hlaha Galilea.” Ena e bile keletso eo Bafarisi ba bang ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba e fileng Nikodema, eo le eena e neng e le Mofarisi. “Batla ’me u bone.” Keletso e molemo, ka sebele. Ho ne ho khoneha ho batla le ho fumana ’nete—e leng ntho ea bohlokoa ho feta gauda.
Leha ho le joalo, tabeng eo, bao ba faneng ka keletso ea hore “batla ’me u bone” ba hlōlehile ho etsa joalo. Joang?
Baprista ba baholo le Bafarisi ba ile ba romela bahlanka ho ea tšoara Jesu Kreste. Ba khahliloe haholo ke tsela eo a rutang ka eona, bahlanka ba khutla ba sa mo tšoara. Ka lebaka leo, Bafarisi ba ba botsa: “Hleka le lōna le thetsitsoe na?” Nikodema a bua a re: “Molao oa rōna ha o ahlole motho ntle leha ho utloetsoe ka eena ’me ho bonoe seo a se etsang, na ha ho joalo?” Mantsoe ana a susumetsa keletso ea hore “batla ’me u bone.”—Johanne 7:32, 45-52, NW.
Baprista le Bafarisi ba hlōlehile joang? Ba ne ba sa tsebe kapa ba sa lumele hore le hoja Jesu a hōletse Galilea, o tsoaletsoe Bethlehema. Moprofeta Mikea o ne a boletse esale pele: “Ho uena [Bethlehema] ho tla ntsoela eo e tla ba morena oa Iseraele.” (Mikea 5:2) Kahoo banna bao ba etellang pele ba hlōlehile ho batla le ho bona litšoaneleho tsa Jesu joaloka moprofeta, eena eo e neng e tla ba ’musi oa Iseraele. Hona ho lebisitse liphellong tse bohloko, ’me ho bontša kamoo ho leng bohlokoa ka teng ho batla le ho fumana ’nete eohle ka litaba. Empa hangata ’nete e talingoa joang?
’Nete e Silafalitsoe
“’Nete e hloekileng, joaloka gauda e hloekileng, e fumanoe e sa tšoanelehe bakeng sa ho phatlalatsoa, hobane batho ba hlokometse hore ho bonolo haholo ho silafatsa ’nete ho e-na le ho itlhoekisa,” ho boletse mongoli oa lekholong la bo19 la lilemo. Mantsoe ana a sa ntsane a nepile hakaakang mabapi le litaba tsa bolumeli tsa lefatše! Ea ikarabellang ka ho silafatsoa ha ’nete, “ke ntate oa ea leshano,” Satane Diabolose. (Johanne 8:44; Tšenolo 12:9) O sebelisa bolumeli ba bohata ho silafatsa lithuto tsa ’nete lipotsong tsa bohlokoahali tse kang tsena: Molimo ke mang? Kamano ea Jesu ho eena ke efe? Bokamoso ba lefatše le batho ke bofe?
Baprista le Bafarisi ba ka be ba batlile ’me ba fumana ’nete. Ba ka be ba fumane matlotlo a bohlokoa haholo ho feta gauda. E, ba ka be ba fihletse ’nete eohle ka Jesu ka ‘ho mo mamela le ho tseba seo a neng a se etsa,’ joalokaha Nikodema a ile a eletsa. Haeba ba ne ba bile khabane ho etseng sena, ha ho pelaelo hore Jesu a ka be a ba hlaloselitse lintho, joalokaha a entse ho barutuoa ba hae. (Mareka 4:34) Empa ke hokae moo re ka fumanang ’nete e hloekileng kajeno? Ka sebele, na ho na le tiiso leha e le efe ea hore re ka batla ka katleho le ho fumana ’nete eohle?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Baeta-pele ba bolumeli ba ka be ba fumane ’nete eohle ka Jesu ka ‘ho mo mamela’