Masada—Ke Hobane’ng ha e Ile ea Etsahala?
“METSOALLE ea ka e sebete, e se e le nako e telele re ikemiselitse ho se sebeletse Baroma leha e le mang kapa mang e mong haese Molimo feela . . . Tlohong, ha matsoho a rōna a sa ntsane a lokolohile ho tšoara sabole . . . A re mpe re shoeng pele re fetoha makhoba a lira tsa rōna, ’me re siee bophelo bona hammoho re le batho ba lokolohileng le bana ba rōna le basali ba rōna!”
Ho ea ka tlaleho, khothatso ena e se nang tšepo e ile ea fanoa ke Eleazare, mora oa Jaire (kapa Ben Ya’ir), ho basireletsi ba Masada. E ile ea tlalehoa ke rahistori oa lekholong la pele la lilemo Josephus bukeng ea hae The Jewish War. Ke hobane’ng ha moeta-pele eo oa Bajode a ile a phehella metsoalle ea hae ho bolaea batho ba bangata haholo le ho ipolaea, khahlanong le molao oa Molimo? (Exoda 20:13) Habohlokoa le ho feta, ho tseba maemo ho ka u thusa joang hore u ’ne u phele lefatšeng la kajeno le mabifi?
Banna ba Babolai ba Masada
Pele phetohelo ea Bajode e qhoma ka 66 C.E., lebotho la Roma le ne le emisitse Masada, qhobosheane e neng e le ka holim’a leralla haufi le Leoatle le Shoeleng. Le hoja Masada e ne e le sebakeng se ka thōko, Heroda e Moholo o ne a e-na le ntlo e ntle ea borena ea mariha e hahiloeng moo. O ne a e-na le tsamaiso ea metsi e hahiloeng ka tsela e etsang hore ho thabeloe esita le metsi a chesang a ho tola. Leha ho le joalo, habohlokoa haholoanyane, ka tlas’a taolo ea Roma qhobosheane eo e ne e e-na le sebaka se seholo sa polokelo ea lihlomo. Ha maikutlo a khahlanong le Baroma ba laolang Palestina a phahama, lihlomo li ne li le kotsing ea ho oela matsohong a bafetoheli ba Bajode. Sehlopha se seng se joalo e ne e le Sicarii, e bolelang ‘banna ba babolai,’ ba boletsoeng ka Bibeleng e le ba neng ba kenelletse bofetoheling.—Liketso 21:38, BPN.
Ka 66 C.E. banna ba babolai ba ile ba hapa Masada. Ka libetsa tsa bona tseo ba li fumaneng bocha, ba ile ba kena Jerusalema ba macha ho tšehetsa phetohelo khahlanong le puso ea Roma. Ho ripitla ha bafetoheli ba Bajode mabotho a Roma Masada le Jerusalema ho ile ha tlisetsa baahi ba habo bona khalefo ea ’Muso oa Roma. Pele selemo sa 66 C.E. se fela, Lebotho la Bo12 la Roma le neng le le tlas’a Cestius Gallus le ile la kena le macha Judea ’me la emisa ka ntle ho Jerusalema. Baroma ba ile ba hlasela motse ka mahlakoreng ’ohle ’me ba ea bohōleng ba ho heletsa metheo e ka leboea ea tempele. Ka tšohanyetso Gallus o ile a khutlisetsa mabotho a hae morao ’me a tsoa Judea ka ntle ho lebaka leha e le lefe le hlakileng. Paki e boneng ka mahlo Josephus e ile ea ngola: “Hoja feela o ile a phehella ho o thibella ka nakoana e eketsehileng a ka be a ile a hapa Motse hang feela.”
Empa Baroma ba ne ba e-s’o qete. Lilemo tse ’nè hamorao molaoli oa Moroma Tite o ile a kena Jerusalema a macha ka mabotho a sesole a mane.a Lekhetlong lena motse oohle o ile oa ripitloa, ’me Judea e ile ea khutlisetsoa tlas’a puso e thata ea Roma. Ho ile ha sala Masada feela.
Ba ikemiselitse ho felisa sebaka sena sa ho qetela sa bahanyetsi, Baroma ba ile ba lika-liketsa qhobosheane ena e nang le lerako le letenya la majoe le likampo tse robeli tsa marako a majoe. Qetellong ba ile ba etsa tsela ea mobu e moepa e lebang tlhōrōng—moepa o iketselitsoeng ke batho o bolelele ba limithara tse 197 le o bophahamo ba limithara tse 55! Ba ile ba haha tora ka holim’a eona ’me ba beha mochine oa ntoa o nang le hlooho ea tšepe holim’a eona bakeng sa ho thuha lerako la Masada. Ho ne ho tla feta nako e khutšoanyane feela pele lebotho la Roma le phalla ho kena motseng le ho hapa qhobosheane ena ea ho qetela ea Judea!
Kajeno moeli o hlakileng oa likampo tsa Roma, lerako le li thibelletseng le pota-potileng, le tsela e khōlō e moepa li fana ka bopaki bo bontšang kamoo phetohelo ea Bajode e ileng ea fella ka teng. Ho cheka ho pharalletseng ha baepolli ba lintho tsa khale Masada ho ile ha phethoa ka 1965. Ha e hlalosa ka lintho tse fumanoeng moo, The New Encyclopædia Britannica (1987) ea bolela: “Litlhaloso tsa rahistori oa Moroma Josephus eo e neng e bile e le Mojode, tseo ho fihlela nakong eo e neng e le oona mohloli feela o qaqileng oa histori ea Masada, li ile tsa fumanoa e le tse nepahetseng haholo.”
Empa ha Baroma ba se ba le haufi le ho phunyelletsa marako, banna ba babolai ba ile ba arabela joang puong e khothalletsang ho ipolaea ea Eleazare, mora oa Jaire? Josephus oa tlaleha: “Kaofela ha bona ba ile ba bolaea malapa a bona; . . . joale, ha ba se ba khethile banna ba leshome ka lotho hore ba bolaee ba bang kaofela, e mong le e mong o ile a tjapalla fatše pel’a mosali oa hae le bana, ’me ba akha matsoho, ba hlahisa ’metso ea bona ho ba neng ba tlameha ho phetha mosebetsi oo o bohloko.b Eaba bao ba ba bolaea kaofela ba sa qea-qee, eaba ho latela mokhoa o tšoanang bakeng sa e mong le e mong oa bona, . . . empa mosali-moholo e mong, hammoho le e mong hape . . . ba ile ba phonyoha . . . Lenane la ba bolailoeng e ne e le makholo a robong le mashome a tšeletseng, ho kopanyelletsa le basali le bana.”
Ke hobane’ng ha phetohelo ea Bajode e ile ea fella ka tsela e sisimosang hakaale? Na ho ne ho e-na le moo e amanang teng le bophelo le lefu la Jesu oa Nazaretha?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Masada, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana lichelete tsa tšepe tse makholo-kholo tse nang le mengolo ea Seheberu ea ho keteka phetohelo eo, e kang “Bakeng sa tokoloho ea Sione” le “Jerusalema e Halalelang.” Bukeng ea hae Masada Ngaka Yigael Yadin oa hlalosa: “Lishekele tseo re li fumanang li emela lilemo tsohle tsa phetohelo, ho tloha selemong sa pele ho ea selemong sa bohlano se khethehileng, selemo sa ho qetela seo shekele eo e ileng ea etsoa ka sona, se bapang le selemo sa 70 AD ha Tempele ea Jerusalema e ne e timetsoa.” Hlokomela chelete ea tšepe e ka holimo.
b Sebakeng se setle sa ho hlasela lira se haufi le e ’ngoe ea liheke tsa Masada, ho ile ha fumanoa likotoana tsa letsopa tse 11, tse nang le lebitso le lekhutšoanyane le reneketsang la Seheberu le ngotsoeng sekotoaneng ka seng. Litsebi tse ’maloa li hlahisa hore e ka ’na eaba tsena ke lilotho tseo Josephus a neng a bua ka tsona. Ho se seng ho ne ho ngotsoe “Ben Ya’ir,” e bolelang “mora oa Jairus.” Ho Josephus and Modern Scholarship Louis Feldman o re: “Ho sibolla lilotho ha Yadin, ho akarelletsa e ’ngoe e nang le lebitso Ben Jaire, ke tiiso e hlollang ea tlaleho ea Josephus.”
[Setšoantšo se sekoahelong]
Masada—Na e ne e le Bopaki ba Hore Messia o Tlile?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Chelete ea tšepe ea Bajode ea 67 C.E., e buang ka “Selemo sa 2” sa ntoa ea bona le Roma
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.