Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/1 maq. 16-17
  • Samaria—Motse-moholo Har’a Metse-meholo e ka Leboea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Samaria—Motse-moholo Har’a Metse-meholo e ka Leboea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Mamella ha a ne a Tšoaroa ka ho Hloka Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Buka ea Bibele ea 11—1 Marena
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ba Sibolotse Eng Jezriele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Part 2—Assyria E Sehlōhō—’Muso oa Bobeli o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/1 maq. 16-17

Lintho Tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng

Samaria—Motse-moholo Har’a Metse-meholo e ka Leboea

BABYLONA, Ninive, le Roma. E ne e le metse-meholo linakong tsa Bibele. Empa, ha re bua ka puo ea Bibele, ka ntle ho Jerusalema ka boeona, mohlomong motse-moholo o hlokomelehang haholo e ne e se o mong oa eona, empa ho e-na le hoo, e ne e le Samaria. Ka lilemo tse ka bang 200, e ile ea ba motse-moholo oa ’muso oa meloko e leshome ea Iseraele, ’me melaetsa e mengata ea boprofeta e ne e tobisitsoe ho Samaria. Empa ke’ng seo u se tsebang ka Samaria? ’Me ke hobane’ng ha e ne e le motse-moholo har’a metse-meholo e ka leboea?

Ha u talima ’mapeng, hopola histori e ’ngoe ea ka mor’a hore meloko e leshome ea Iseraele e itokolle ho morena oa Jehova le tempele e Jerusalema. Jeroboame, ea ileng a etella pele ho theoeng ha ’muso o ka leboea, o ile a busa ka nakoana Sikeme, e tseleng e tsamaeang thabeng e ka leboea-boroa. Hamorao Jeroboame o ile a fallisetsa motse-moholo oa hae Thirtsa, e neng e le karolong e ka holimo ea Wadi Farʽah. Tsela e tlohang Phuleng ea Jordane e ne e feta Thirtsa ’me e kopana le tsela e tsamaeang thabeng. Na u ne u tseba hore Thirtsa e ne e le motse-moholo oa ’muso oa meloko e leshome nakong ea ho busa ha Nadabe, Baesha, Ela, Zimri, esita le Omri?—Genese 12:5-9; 33:17, 18; 1 Marena 12:20, 25, 27; 14:17; 16:6, 15, 22.

Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse tšeletseng Omri o ile a thea motse-moholo o mocha. Hokae? O ile a reka thaba eo u e bonang ho ella ka letsohong le letšehali, Samaria. (1 Marena 16:23-28) Le hoja hona joale e e-na le makorota a mangata bakeng sa temo, e ka ’na eaba Omri o ile a e khetha hobane leralla le entseng sehlaba ka holimo le hlahelletseng lehoatateng le ne le ka sireletsoa habonolo. Mora oa hae Akabe o ile a tsoela pele ho haha Samaria, ka ho hlakileng o ile a atolosa boitšireletso ba eona ka marako a matenya. Hape o ile a hahela Baale tempele a ba a ikhahela ntlo ea borena hammoho le mosali oa hae oa Mofenicia, Jezebele. Mesebetsi ea ho epolla e ile ea senola lithako tsa ntlo ea borena ea Akabe, tse bontšitsoeng leqepheng le latelang. Ntlo eo ea borena e ne e tsejoa ka leruo le leholo le bokhopo bo fetelletseng. (1 Marena 16:29-33) Ak’u nahane ka moprofeta Elia ha a nyolohela motseng ona ’me a tsamaea ’mileng o eang ntlong ea borena, moo a il’o phatlalatsa nyatso bakeng sa bobe boo Akabe a bo entseng ka lebaka la Baale.—1 Marena 17:1.

Ka 1910 baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana mangetana a ngotsoeng, a tlalehang ka ho romeloa ha veine le oli ea mohloare ka sekepe kapa makhetho a neng a lefshoa. Empa mabitso a mangata a botho a ngotsoeng ho ’ona a ne a akarelletsa lebitso baʹal. U ka ’na ua thahasella ho tseba hore baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba boela ba fumana likotoana tsa mekhabiso kapa mamatjana a manaka a litlou joalokaha li bontšitsoe mona. U hopole hore ke khale 1 Marena 22:39 e boletse hore Akabe o ile a haha “ntlo ea manaka a litlou.” Mohlomong sena se ne se kopanyelletsa thepa ea ntlo e nang le mekhabiso e betliloeng ea manaka a litlou, e kang ‘litulo tse ntle tse entsoeng ka manaka a tlou’ tseo moprofeta Amose a ileng a bua ka tsona lilemo tse lekholo hamorao. (Amose 3:12, 15; 6:1, 4) Har’a mekhabiso e neng e entsoe ho tsona ho ne ho e-na le litšoantšo tsa tau e nang le mapheo e bileng e nang le hlooho ea motho le litšoantšo tse ling tsa litšōmo tsa Baegepeta.

Ha ho buuoa ka Akabe le Jezebele u ka ’na ua hopola kamoo ba ileng ba shoa ka teng. Akabe o ile a shoa ntoeng ea booatla le Syria. Nakong eo koloi ea hae e neng e hlatsuoa haufi le ‘letša la Samaria . . . lintja li ile tsa nyeka mali a hae,’ ho phethahatsa se neng se boletsoe ke Elia. (1 Marena 21:19; 22:34-38) Mofumahali Jezebele o ile a bolaoa ka ho liheloa fenstereng ea ntlo ea borena. Na e ne e le ntlong ee ea borena e Samaria? Che. Akabe o ne a boetse a e-na le ntlo ea borena holimo ka leboea ho phula ea Jizreele. O ile a lakatsa tšimo ea merara e haufi ea Nabothe. Se le ka holim’a ntlo eo ea borena, seboholi se talimileng bochabela se ile sa bona Jehu a nyoloha ka phula eo a kaletse ka khalefo. ’Me eo e neng e le mofumahali oa Samaria o ile a shoela hona mona ka lefu le tšabehang empa le tlileng ka toka.—1 Marena 21:1-16; 2 Marena 9:14-37.

Le hoja Samaria e ile ea tsoela pele e le motse-moholo, ha e-ea ka ea amoheloa kapa ea hlohonolofatsoa ke Molimo. Ho fapana le hoo, e ile ea bontša tlhōlisano le bora ho motse-moholo oa oona o ka boroa, Jerusalema. Jehova o ile a romela baprofeta ba bangata ho ea lemosa babusi ba Samaria le batho ba eona ka borapeli ba bona ba melimo ea litšoantšo, boitšoaro bo bobe, le ho hlompholla melao ea hae, empa hoo ha hoa ka ha thusa letho. (Esaia 9:9; 10:11; Ezekiele 23:4-10; Hosea 7:1; 10:5; Amose 3:9; 8:14; Mikea 1:1, 6) Kahoo ka 740 B.C.E., Samaria e ile ea fuoa kotlo e e loketseng, ea etsoa lesupi ke Baassyria. Batho ba eona ba bangata ba ile ba isoa khōlehong, ’me ba nkeloa sebaka ke batho ba lichaba lisele.—2 Marena 17:1-6, 22-24.

Hamorao, haholo-holo nakong ea Heroda e Moholo, Bagerike le Baroma ba ile ba tsosolosa khanya e itseng ea Samaria. Kahoo esita le Jesu le baapostola ba ne ba tloaelane le motse-moholo ona har’a metse-meholo e ka leboea.—Luka 17:11; Johanne 4:4.

[’Mapa o leqepheng la 16]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Jizreele

Thirtsa

Samaria

Sikeme

Jerusalema

Nōka ea Jordane

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Based on a map copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

Garo Nalbandian

Inset: Israel Department of Antiquities and Museums; photograph from Israel Museum, Jerusalem

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela