Ikitlaetseng ka Matla ho Leba Pakaneng!
Lintlha tse Khōlō tse ho Ba-Filippi
MOAPOSTOLA Pauluse o ne a batla hore Bakreste ba Filippi ba ’ne ba ikitlaetse ka matla ho leba pakaneng ea moputso oa bophelo bo sa feleng. Ka hona, o ile a ba ngolla hoo e ka bang ka 60 kapa 61 C.E., nakong ea ho kenngoa ha hae teronkong ka lekhetlo la pele Roma. Lengolo la hae le ile la romeloa phuthehong eo a neng a e theile lilemong tse ka bang leshome pejana Filippi, motse o theiloeng ke Philip oa Macedone (ntat’a Alexandere e Moholo). Lekholong la pele la lilemo C.E., o ne o fetohile “motse oa pele naheng ea Macedonia,” oo hona joale e leng karolo ea Greece e ka leboea le ea Yugoslavia e ka boroa.—Liketso 16:11, 12.
Balumeli ba Filippi ba ne ba futsanehile empa ba ne ba e-na le seatla se bulehileng. Ka makhetlo a ’maloa, ba ne ba ile ba romella Pauluse ntho e ’ngoe ho khotsofatsa litlhoko tsa hae. (Ba-Filippi 4:14-17) Empa lengolo la hae le ne le sa hlalose feela mantsoe a teboho. Le ne le boetse le fana ka khothatso, le bontša lerato, ’me le fana ka keletso.
Litšoaneleho Tsa Bokreste Lia Bonahala
Lengolo la Pauluse le qalile ka bopaki ba lerato la hae ho balumeli ba Filippi. (1:1-30) O ile a leboha Jehova ka ho tlatsetsa ha bona ho ntšetseng pele litaba tse molemo ’me a rapella hore lerato la bona le eketsehe. Pauluse o ne a thabetse hore ho kenngoa ha hae teronkong ho ba entse hore ba bontše ‘matla a eketsehileng a ho bolela lentsoe la Molimo, ba se na tšabo.’ O ne a lakatsa ho ba le Kreste empa o ne a ikutloa hore o ntse a ka ba sebeletsa. Hape Pauluse o ne a batla hore ba tsoele pele ‘ba ntse ba loanela hammoho tumelo ea evangeli.’
Ho ile ha latela keletso ka boikutlo le boitšoaro. (2:1-30, NW) Bafilippi ba ile ba khothalletsoa ho bontša thahasello ea botho ho ba bang le ho bonahatsa boikokobetso bo kang ba Kreste. Ba ne ba ‘khanya joaloka maseli lefatšeng’ ’me ba phehelloa hore a ‘itšoarelle ka tieo lentsoeng la bophelo.’ Pauluse o ne a tšepa ho romela Timothea ho bona ’me o ne a kholisehile hore eena ka boeena o ne a tla tla haufinyane. E le ho ba kholisa hape ka Epafrodite, ea neng a ile a kula haholo, Pauluse o ne a romela mohlanka enoa ea tšepahalang ho bona.
Tsoelang Pele le Ikitlaetsa ho Leba Pakaneng
Joale moapostola o ile a bontša Bafilippi moo ba lokelang ho beha tšepo ea bona ha ba ntse ba ikitlaetsa ka matla ho leba pakaneng. (3:1-21) E lokela ho behoa ho Jesu Kreste, eseng nameng kapa lebollong joalokaha ba bang ba ne ba etsa. Pauluse o ne a nka mangolo a hae a mo pakang nameng e le lithōle ka lebaka la “boholo ba ho tseba Jesu Kreste.” Moapostola o ne a “mathela moo ho lekanntsoeng teng [“pakaneng,” NW], e leng pheo eo re e biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste” ’me a khothalletsa Bafilippi ho ba le boikutlo bo tšoanang ba kelello.
Ho sebelisa keletso e qetellang ea Pauluse ho ne ho tla thusa Bafilippi ho talima pakaneng le moputsong. (4:1-23) O ile a ba khothalletsa ho lebisa lipelaelo tsa bona ho Molimo ka thapelo ’me ba tlatse likelello tsa bona ka mehopolo e hahang. Pauluse o ile a boela a ba babatsa ka ho ba le seatla se bulehileng ha bona ’me a qetella ka litumeliso le litakaletso tsa hore mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo ba neng ba o bontša.
Lengolo la Pauluse le eang ho Bafilippi le phahamisa ho ba le seatla se bulehileng, lerato, le boikokobetso. Le khothalletsa ho ba le tšepo ho Kreste le thapelo e tsoang pelong e eang ho Molimo. ’Me ruri mantsoe a Pauluse a thusa Lipaki tsa Jehova ho tsoela pele li ikitlaetsa ka matla ho leba pakaneng ea moputso oa bophelo bo sa feleng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho Leba Pakaneng: Pauluse o ngotse: “Ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekanntsoeng teng [“pakaneng,” NW], e leng pheo eo re e biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 3:13, 14) Moapostola o ne a ikitlaetsa joaloka motho ea peisong. Ha a ka a senya nako le boiteko ka ho hetla morao empa o ile a ikitlaetsa ka matla ho leba pakaneng ea hae—joaloka semathi se ikitlaetsang ka matla hore se tsoe kholeng. Ho Pauluse le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng, moputso e ne e le bophelo ba leholimo ka tsoho ka mor’a ho qeta tsela ea lefatšeng ea botšepehi ho Molimo. Ho sa tsotellehe hore na tšepo ea rōna ke ea leholimong kapa ea lefatšeng, a re bolokeng botšepehi ho Jehova ’me re ikitlaetseng ka matla ho leba pakaneng joaloka Lipaki tsa hae.—2 Timothea 4:7.