‘Ho Batla Mantsoe a Thabisang, Mantsoe a Nepahetseng’
“’MOKELLI o ne a batla ho fumana mantsoe a thabisang le ho ngola mantsoe a nepahetseng a ’nete.” (Moeklesia 12:10, NW) ‘Mantsoe a thabisang, a nepahetseng’ a thehiloeng Mangolong a bululetsoeng e ka ba a bohlokoa hakaakang! A tšoantšoa le “liapole tsa gauda pitsaneng ea silevera,” a bontša bohlale ’me aa hlompheha boemong bofe kapa bofe hape ke a bohlokoa ka tsela e ke keng ea lekanngoa maemong a thata.—Liproverbia 25:11.
Nakong ea rōna ’Mokelli e Moholo, Jesu Kreste, o fane ka matlotlo a moea a fetang hōle matlotlo a neng a thabeloa ke batho ba Molimo tlas’a marena a boholo-holo a Iseraele. (Mattheu 12:42) Ka nako e fetang lilemo tse lekholo, mantsoe a thabisang, a nepahetseng a ’nete a akaretsang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo a ’nile a hlahisoa likhatisong tsa Mokhatlo oa Watch Tower ’me a abuoa ka ho pharalletseng ka lipuo tse ngata. Ka hona malapa a mangata le batho ka bomong ba atlehile ho bokella ka malapeng a bona laebrari ea lingoliloeng tse sebelisoang ho etsa litšupiso tse tšepahalang tse thehiloeng Bibeleng. Ho ekelletsa moo, liphutheho tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova li na le lilaebrari tse ntle tse ka sebelisoang Liholong tsa tsona tsa ’Muso.
Leha ho le joalo, ho fumana mantsoe a thabisang, a nepahetseng a hlokahalang bakeng sa boemo bo itseng bo khethehileng ho sa ntsane ho hloka ho batlisisa. Mokhatlo oa Watch Tower o hlokometse sena, ho tloha qalehong ea histori ea oona, o ’nile oa hatisa li-index tsa likhatiso tsa oona.—Bona lebokose le maqepheng a 28 le 29.
Mokhoa o Mocha
Selemo sa 1985 se ile sa qala khaolo e ncha historing ea Watch Tower Publications Indexes. Li-Index tsa pejana tse robong li ile tsa bokelloa ’moho ’me tsa kopanngoa bukeng e le ’ngoe e akaretsang lilemo tsa ho tloha ho 1930 ho ea ho 1985, e leng morero o ileng oa hloka lilemo tse 14 tsa boiteko bo matla. Melemo ea Index e joalo eo e leng buka e le ’ngoe e akaretsang lilemo tse ngata e ile ea lebisa mokhoeng o mocha ka 1986, oa ho hatisa li-Index tse nang le boitsebiso bo bocha bo eketsehileng ho tloha nakong eo ho ea pele. Selemo ka seng, hangata ka lilemo tse latellanang tse ’nè, bukana ea Index e nang le boitsebiso bo bocha bo eketsehileng e tla akaretsa selemo se le seng, tse peli, tse tharo, le tse ’nè. Lilemong tse ling le tse ling tse hlano Index e sekoahelo se thata e tla kopanya li-Index tsohle ho tloha ka 1986 ho ea pele, joaloka 1986-90, 1986-95, joalo-joalo. Ka hona, ha ho hlokahale hore u hlahlobe li-Index tse fetang tse tharo: 1930-1985 Index, Index ea morao-rao e sekoahelo se thata, le bukana ea morao-rao.
Index e Hlophisitsoeng ho Nahannoe ka Uena
Karolo ea pele ho Index ka ’ngoe ke index ea lihlooho. Ha ho hlophisoa index ea lihlooho, ho nahanoa ka lipotso tse peli: (1) Ke boitsebiso bofe bo lokelang ho kenngoa ho index? (2) Motho a ka batla boitsebiso boo hokae?
Joaloka ’mali, ke ka seoelo u ka thahasellang ho fumana tlhaloso e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane sehloohong se itseng. Kaha hangata u batla boitsebiso boo e leng ba bohlokoa kapa boo ka sebele bo nang le thuso, ke bona bo khethoang bakeng sa ho kenngoa ho index. Empa ha ho hlokahale hore taba e joalo e be khōlō haholo. Taba e kentsoeng ho Index e ka ba tšupiso ea boitsebiso bo bonyenyane joaloka polelo e le ’ngoe feela, joaloka moo ho boletsoeng mokhoa oa Mokhatlo oa ho etsa lintho tabeng e itseng. Kapa e ka akaretsa taba eohle e tlas’a sehlooho se itseng, haesitana le khatiso eohle. Leha ho le joalo, hangata taba e kentsoeng ho index e lebisa lirapeng tse ’maloa tsa puisano.
Taba ea hore na litšupiso li lokela ho hlaha hokae ho Index ke ea bohlokoa ka ho tšoanang, hobane babali ba nahana ka mekhoa e fapaneng ’me ba tla sheba tlas’a lihlooho tse fapaneng. Ka mohlala, boitsebiso bo buang ka Tora ea Babele bo hlaha tlas’a TOWER OF BABEL (Tora ea Babele). Empa babali ba bang ba ka sheba tlas’a BABYLON (Babylona), ARCHAEOLOGY (Thuto ea Ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale) kapa LANGUAGE(S) (Lipuo), ho itšetlehile ka karolo ea sehlooho eo ba e thahasellang. Ka hona, ho entsoe boiteko ba ho pheta litšupiso tlas’a lihlooho tse fapaneng tse loketseng, ho hopotsoe hore babali ba na le lilemo le limelo tse fapaneng, ’me ba na le merero e fapaneng.
Kamoo Index e ka U Thusang ka Teng
Joaloka ’mapa Index e ka u tsoela molemo haeba feela u e sebelisa. U lokela ho lebella ho fumana eng ho index ea lihlooho kapa karolong ea index ea Mangolo e e latelang?
Litšupiso tse karolong ea index ea Mangolo ke tsa taba e hlalosang litemana ka bonngoe. U ka fumana tlhaloso ea boemo boo mantsoe a temana e itseng a ileng a buuoa ho bona, lebaka leo e ngotsoeng ka lona, hore na e ne e sebetsa ho bo-mang, kapa se boleloang ke mantsoe kapa lipoleloana ka bonngoe. Mohlala o mong e ka ’na ea ba kōpo e entsoeng thapelong ea Jesu ea mohlala: “U se ke ua re isa molekong.” (Mattheu 6:13) Ke hobane’ng ha e behiloe ka tsela eo? Index ea Mangolo e tla u thusa ho fumana lebaka.
Index ea lihlooho, joalokaha lebitso la eona le bontša, haholo-holo ke index ea lihlooho eseng ea mantsoe kapa lipoleloana. Babali ba bang ba bile le bothata ba ho fumana taba e hlahang sehloohong se itseng, ha ba leka ho e batla ka sehlooho sa eona. Bothata bona bo ka hlaha ha ho se lentsoe sehloohong seo le hlileng le khethollang sehlooho seo. Mohlala o mong e ka ’na ea e-ba taba e reng “How Much Is Too Much?” (Bo Bongata Haholo ha U Noele Hakae?), e neng e tšohla liphello tsa tahi. Ha u hopola seo taba eo e buang ka sona, u ka ’na ua sheba ALCOHOLIC BEVERAGES (Lino tse Tahang) kapa DRINKING (Ho Noa) ho Index, ’me u ka fumana ho entsoe tšupiso ea eona moo.
Index e ka ba ea bohlokoa bo khethehileng bakeng sa ho fumana boitsebiso bo buang ka mathata ao e ka ’nang eaba u tobane le ’ona. Ka mohlala, haeba u motsoali, na ka linako tse ling u ikutloa u hlōlehile boitekong ba hao ba ho laea le ho tataisa bana ba hao? Tlas’a CHILDREN (Bana) u tla fumana litšupiso tsa boitsebiso bo bongata bo fanang ka temoho monahanong oa bona, maikutlong a bona, le litlhokong tsa bona. Leha ho le joalo, tlas’a sehlooho CHILD TRAINING (Koetliso ea Ngoana), u tla fumana litšupiso bakeng sa ho ruta le ho laea ka litšobotsi tsohle tsa tsona.
Ka linako tse ling Mokhatlo oa Watch Tower o amohela mangolo a kōpang thuso bakeng sa ho rarolla mathata a lenyalo kapa lipotso tse mabapi le ho nepahala ha lipontšo tse itseng tse tebileng tsa lerato lenyalong. Le hoja Mokhatlo o ka khona ho arabela, keletso e tšoanang e lokelang ho fanoa ka hloko e khōlō, le e sebetsang e ka fumanoa ka ho sheba sehlooho MARRIAGE (Lenyalo), le lihloohoana tsa sona “problems” (mathata) le “sex” (botona le botšehali) kapa “sexual relations” (likamano tsa botona le botšehali), le ho hlahloba litšupiso tse thathamisitsoeng.
Ho boetse ho fumanoe mangolo a tsoang ho batho ba hlokofatsoang ke ho tepella maikutlo kapa khatello ea kelello. Khothatso le thuso tse fanoang ke lengolo li ka fumanoa ka potlako e khōloanyane laebraring ea hao kapa ea Holo ea ’Muso e haufi le uena ka ho hlahloba lihlooho DEPRESSION (Ho Tepella Maikutlo) le MENTAL ILLNESS (Lefu la Kelello) ho Index. Ho fanoe ka litšupiso tsa litaba tse hlalosang kamoo ho ka sebetsanoang le mafu a kelello, liphekolo tse fumanehang, le liphihlelo tse amang maikutlo tsa ba neng ba tepelletse maikutlo.
Na u mocha? E ka ’na eaba u amehile ka lenyalo, bophelo ba lelapa, sekolo, kamano ea hao le batsoali ba hao, joalo-joalo. Sehlooho se seholo YOUTHS (Bacha) se na le litšupiso tlas’a lihloohoana tsena kaofela ha tsona le tse ling tse eketsehileng. Ho ekelletsa moo, lihlooho tse kang RELATIONSHIPS (Likamano), SCHOOLS (Likolo), CAREER (Mosebetsi), le COURTSHIP (Lefereho) li na le ho hongata hoo li ka fanang ka hona. Bakeng sa litlaleho tsa sekolo, Index e ka u lebisa boitsebisong bo botle mabapi le tlhaho, lisaense, lithethefatsi, moruo, le lihlooho tse ling tse ngata.
Melemo Bakeng sa Batho ba Lilemo Tsohle
Mosali e mong ea lilemo li 81 o ile a ngola: “Libuka le limakasine ke morafo oa gauda o moholo oa boitsebiso le matla a moea—’me Index e tsetolla gauda hore e hlahelle ka holimo.” ’Mè ea nang le bana ba lilemo tse robeli le tse robong o itse: “Hona joale ke ipotsa hore na ke ile ka khona joang ho atleha ka ntle ho eona. E ntebisitse likarabelong tsa lipotso tse ngata tseo ke ’nileng ka ipotsa tsona ka nako e telele ’me e entse hore ho etsa lipatlisiso nakong ea ho lokisetsa liboka tsa phutheho ho be bobebe haholo. . . . Ke boetse ke rata ho le bolella kamoo khatiso ena e thusitseng thuto ea rōna ea lelapa ka teng. . . . Ha monna oa ka a re banana ba ikhethele seo ba ratang ho se etsa, hangata ba batla ho etsa lipatlisiso ba sebelisa Index ena. Ba thabela ho khetha sehlooho seo ba se thahasellang, se kang sa liphoofolo tseo ba li ratang haholo kapa linaha tse fapaneng, ’me ba khona ho hlahloba boitsebiso bona ba sa hloke thuso e kaalo. Hona ho boetse ho ba rutile hore thuto ea Bibele ke e thabisang haholo.”
Ho batla mantsoe a thabisang le mantsoe a nepahetseng a ’nete ho na le meputso e ke keng ea lekanngoa. Boiteko ba ’Mokelli bo fane ka melemo e fetang hōle morero oa hae oa qalong, hobane mantsoe a joalo a sebelelitse ho khothatsa le ho tataisa bahlanka ba Jehova ho fihlela kajeno. Boiteko ba rōna bo kopaneng bo boetse bo tlisa tlhohonolofatso ea Jehova, ka liphello tsa ka ho sa feleng.—Liproverbia 3:13-18, 21-26.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]
Li-index tsa Pele
Ka 1902 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlahisa khatiso e khethehileng ea Holman Parallel Edition Bible, ’me e ne e e-na le mehloli e pharalletseng ea thuso e hlophisitsoeng ke Mokhatlo. Sehlomathiso sa eona se ne se e-na le li-index tsa lihlooho le tsa Mangolo tsa letoto la libuka tsa Millennial Dawn (tseo hamorao li ileng tsa tsebjoa e le Studies in the Scriptures), libukana tse khōlō tse peli, le Zion’s Watch Tower ea 1879-1901.
Libibele tse bitsoang Berean Bibles tsa 1907 le tsa ka morao ho moo li ile tsa fana ka li-index tse tšoanang. Ka 1922 tsena li ile tsa nkeloa sebaka ke li-index tse pharalletseng tsa likhatiso tsohle tsa Mokhatlo. Li-index tsena li ile tsa hlaha bukeng ea ho qetela ea tse supileng tseo ho tsona ho neng ho bokelletsoe limakasine tse hatisitsoeng bocha tsa Watch Tower (1879-1919). Ho fihlela kajeno li-index tsena tse pharalletseng e ntse e le oona mocha o ka sehloohong oa ho fumana taba e fanoeng likhatisong tsa pele tsa Mokhatlo oa Watch Tower.
Leha ho le joalo, ka lilemo tse latelang tse 40, ho ile ha tlameha hore ho etsoe lipatlisiso likhatisong tse lokollotsoeng ka mor’a 1919 ka ho sebelisa li-index tse arohaneng tse karolong e ka morao ea libuka le tse tokollong ea makasine oa ho qetela selemo ka seng. Empa ka 1959 Mokhatlo o ile oa qala morero o moholo oa ho fana ka index ea lihlooho le ea Mangolo e le buka e le ’ngoe bakeng sa likhatiso tsa oona tsa Senyesemane. Ho ile ha bokelloa sehlopha se neng se akarelletsa basebetsi ba bang ba ntlo-khōlō, baromuoa ba tsoang Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, haesitana le balebeli ba tsamaeang ba tsoang Motseng oa New York. Ka mor’a selemo le halofo sa boiteko bo kopanetsoeng ba basebetsi ba inehetseng ba 18, Watch Tower Publications Index ea pele, e neng e e-na le likarolo tsa lihlooho tse tšohloang le mangolo a hlalositsoeng, e akaretsang lilemo tse 31 ho tloha ka 1930 ho ea ho 1960, e ile ea lokolloa. E ile ea lokolloa ka lekhetlo la pele ho bamameli ba thabileng Likopanong tsa 1961 tsa Barapeli ba Kopaneng.
Haesale ho tloha nakong eo, Watch Tower Publications Index e ’nile ea hlaha ka Senyesemane selemo se seng le se seng, hammoho le Index e sekoahelo se thata e nang le boitsebiso bo bocha bo eketsehileng e ’nileng ea hlaha lilemo tse ling le tse ling tse hlano.