Puo e Hloekileng e Kopanya Bongata bo Boholo ba Barapeli
PUO e hloekileng e fanoeng ke Molimo ke matla a bonngoe ba Bokreste. Bopaki ba hoo bo ne bo bonahala ho bohle ba bileng teng kopanong ea Lipaki tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Berlin Bophirimela ho tloha ka Labobeli ho fihlela ka Labohlano, July 24 ho isa ho July 27, 1990, kaha Lipaki tse tsoang linaheng tse 64 tse fapaneng li ne li le teng.
Ha Likopano tsa Setereke tsa “Boinehelo ba Bomolimo” li ne li tšoaretsoe Poland nakong ea selemo ka 1989, baemeli ba etileng ba likete-kete ba ile ba tla ho tsoa Russia le Czechoslovakia, empa ke ba makholo a ’maloa feela ba neng ba le teng ba e-tsoa Jeremane Bochabela. Boemo ba lefatše ba lipolotiki bo fetohile hakaakang haesale ho tloha nakong eo! Lekhetlong lena, baemeli ba etileng ba hakanyetsoang ho 30 000 ho tsoa Jeremane Bochabela ba ile ba kopana le Lipaki Lebaleng la Lipapali la Olympia Berlin Bophirimela. Kopano eo e ne e tšoana le tse makholo-kholo tse ileng tsa tšoaroa likarolong tse ling tsa lefatše, tseo ka kakaretso li neng li tšoeroe ho tloha ka Labone ho fihlela ka Sontaha.
Puong ea hae e bulang ea kamohelo ka Labobeli, molula-setulo o ile a hlalosa karolo eo likopano li e entseng ho tloha ka 1919 ho thuseng Lipaki tsa Jehova ho hatela pele ho bueng puo e hloekileng. Kopano ena le eona e tla thusa bohle ba teng ho ntlafatsa matla a bona a ho bua puo e hloekileng le ho phela ka eona. O ile a hopotsa baemeli ba etileng hore ka boitlhopho le boitšoaro ba bona, batho ba Jehova ba bonahatsa khatelo-pele eo ba e entseng ka ho bua puo e hloekileng.
“Puo e Hloekileng Bakeng sa Lichaba Tsohle”
Ka ho loketseng, puo ea sehlooho ea kopano e ile ea buella sehlooho se ka holimo. E ne e theiloe ho Sofonia 3:9 (NW), moo Molimo o tšepisang: “Nakong eo ke tla nea lichaba hore li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li mo sebeletse li jarisane ka mahetla.” Puo e hloekileng e kopanyelletsa kutloisiso e nepahetseng le kananelo ea ’nete ka Molimo le merero ea oona. Jehova ke eena feela ea ka fanang ka sena ka moea oa hae o halalelang. Ho rata ’nete e lokela ho ba tšusumetso bakeng sa ho ithuta puo e hloekileng, e leng e lokolohileng mekhoeng eohle e sa hloekang ea boitšoaro.
Ho phaella moo, ho bua puo e hloekileng hase feela taba ea ho sebelisa pokello e itseng ea mantsoe. Ho e-na le hoo, tsela ea rōna ea bophelo e tlameha ho lumellana le se tsoang melomong ea rōna. Ha e le hantle, molumo oa mantsoe a rōna, ponahalo ea sefahleho, le boitšisinyo ba ’mele le tsona ke tsa bohlokoa, hobane li bonahatsa seo re leng sona ka hare. Ho boloka mohato le puo e hloekileng e hōlang, re tlameha ho ba le lenaneo la ka mehla la ho ithuta ’me re be teng ka mehla libokeng tsohle tsa phutheho.
Ho Ithuta Puo e Hloekileng
Joalokaha puo ea Labobeli motšehare oa mantsiboea e hatisitse, ho ithuta puo e hloekileng ho bolela “Ho Hatela Pele ho Tloha Linthong tsa Motheo ho ea Khōlong.” Khōlo ke ea bohlokoa haeba re tla tsoela pele re hōla moeeng. Hoo ho bolela ho sebelisa hamolemo litokisetso tsohle tsa ho tsoela pele moeeng le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka mehla.
Hore re be ba hloahloa puong e hloekileng, re tlameha “Ho Rutoa ke Jehova,” seo e bile sehlooho sa lipuo tsa neheletsano ka Labone hoseng. Sebui sa pele se bontšitse kamoo ‘Jesu Kreste a Ileng a Beha Mohlala oa Sena.’ Hore Jesu o ne a rutoa ke Jehova ho ile ha bonahala mantsoeng le liketsong tsa hae. Kahoo re batla ho mo etsisa kamoo a neng a ruta ka teng. ’Me joalokaha Jesu ka mehla a ne a ikokobeletsa thato ea Ntat’ae, le rōna re tlameha ho etsa joalo.
Libui tse tharo tse latelang li bontšitse kamoo Jehova a rutang ka liboka le likopano. Re rua molemo libokeng tse hlano kaofela tsa phutheho ’me ha rea lokela ho hlokomoloha leha e le sefe ho tsona. Seboka ka seng se bohlokoa bakeng sa tsoelo-pele ea rōna ea moea. Jehova o boetse o re ruta ka likopano tsa potoloho, likopano tsa setereke, le mananeo a letsatsi le khethehileng la kopano. Hore re rue molemo ho tsena tsohle, re tlameha ho mamela ka hloko ’me re sebelise seo re ithutang sona.
Lipuo tsena tsa neheletsano li ile tsa lateloa ke puo “Ho Itela Bakeng sa Thuto ea Botho.” Hore re fumane nako ea eona, re tlameha ho ela hloko keletso e ho Ba-Efese 5:15, 16 ho lopolla nako linthong tseo e seng tsa bohlokoa haholo.
Pakane e utloahalang ea ho ithuta ha rōna puo e hloekileng ke boinehelo le kolobetso. ’Nete ena e ile ea totobatsoa puong e reng “Kolobetso ea ba Ithutang Puo e Hloekileng.” Puo ena e isa ba bangata boinehelong le kolobetsong. Leha ho le joalo, ka mor’a moo motho o tlameha ho latela mohlala oa Jesu ka ho bolela litaba tse molemo ka cheseho, ho apara botho bo bocha, le ho ipoloka a arohile lefatšeng.
Lijo tse Tiileng tsa Moea
Ba tlileng kopanong ba ile ba thabela hape ho fumana lijo tse tiileng tsa moea tse theiloeng phethahatsong ea litšoantšiso tsa boprofeta. Ka Labone motšehare oa mantsiboea, lipuo tse peli li ne li theiloe lihloohong tse nkiloeng boprofeteng ba Ezekiele. Ea pele, “Koloi ea Leholimo ea Jehova E-ea Tsamaea,” e hlalositse boholo, ho babatseha, le koloi ea leholimo e susumetsang tšabo e tsamaeang ka lebelo la lehalima. E tšoantšetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo, oo Molimo o o khannang ka kutloisiso ea hore ka lerato o tataisa motsamao oa oona, ebile o o sebelisetsa ho phetha merero ea oona. Ezekiele o tšoantšetsa masala a tlotsitsoeng ka moea, haholo-holo ho tloha ka 1919. Ka ho khethehileng ho tloha ka 1935 a ile a kopanngoa le “bongata bo boholo ba batho.”—Tšenolo 7:9.
Puo e latelang e ne e e-na le sehlooho se reng “Boloka Mohato le Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Bonahalang.” Ha ho pelaelo hore mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Molimo o boloka mohato le mokhatlo oa leholimo o hlophisitsoeng o kang koloi. Joalokaha Ezekiele a entse, bahlanka ba Jehova kajeno ba tlameha ho phetha thomo ea bona ea boprofeta ho sa tsotellehe boiphapanyo, ho songoa, esita le khanyetso. Ho boloka mohato ho isa litlhohonolofatsong tse ngata hona joale le bophelong bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo le atamelang ka potlako.
Ka Labohlano hoseng, lijo tsa moea tse tiileng li ile tsa boela tsa fanoa ka lipuo tse tharo tse theiloeng ho Esaia khaolo ea 28. Ea pele ea tsena e bontšitse ka tsela e matla hore matahoa a moea a Iseraele ea boholo-holo le Juda a tšoantšetsa matahoa a moea a Bokreste-’mōtoana. ’Me joalokaha matahoa a moea a Iseraele ea boholo-holo a ile a latsoa likahlolo tse matla tsa Jehova, ho tla ba joalo le ka a Bokreste-’mōtoana.
Puo e ileng ea latela, e nang le sehlooho se reng “Setšabelo sa Bona—Leshano!,” e ne e fupere temoso e nyatsang ka matla haholo: Feela joalokaha ho tšepela ha Juda ea boholo-holo ho Egepeta ho ipakile e le setšabelo sa lefeela, ho tla ba joalo le ka lilekane tsa Bokreste-’mōtoana le mebuso ea lipolotiki ea mehleng ea rōna. Puo ea boraro ho Esaia khaolo 28, “Tsoela Pele U Lemosa ka Mosebetsi oa Jehova o sa Tloaelehang,” e ne e lebisitsoe ho batho ba Molimo. Seo Jehova a tla se etsa ho Bokreste-’mōtoana ka ho loketseng se bitsoa se sa tloaelehang, hobane se hlile se tla bo tsometsa. Kajeno, Jehova ke moqhaka oa khanya ho sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsoeng le ho “linku tse ling” tse fetang limillione tse ’nè. (Johanne 10:16) Sebui se qetelletse ka mantsoe a susumetsang: “E se eka cheseho ea rōna, boikemisetso, le botšepehi li ka tlatsetsa thorisong ea ka ho sa feleng ea Molimo oa rōna, Jehova.”
Ho Bua Puo e Hloekileng ho Bolela ho Bontša Lerato la Boena
Ka Labohlano motšehare oa mantsiboea ba tlileng kopanong ba ile ba hlakisetsoa hore ho bua puo e hloekileng ho boetse ho bolela “Ho Hlokomela Likhutsana le Bahlolohali Mahlomoleng a Bona.” Bashemane ba se nang bo-ntate ba ka thusoa ka ho fumana koetliso ea botho. Re ka bontša ho nahanela bahlolohali ka mantsoe a mosa a khothatso, ka ho ba kopanyelletsa mesebetsing ea rōna ea Bokreste le ’mokeng ea botsoalle, le ho ba thusa ka lintho tse bonahalang haeba ba tšoaneleha ’me ba hlile ba li hloka ka ’nete. Lipuisano li bontšitse kamoo lintho tsena li etsoang ka teng.
Ka Labone motšehare oa mantsiboea, puo e ’ngoe e futhamatsang pelo e bontšitse “Kamoo Bakreste ba Hlokomelanang ka Teng.” Lipaki tsa Jehova li na le tlaleho e ntle ea ho hlokomelana, haholo-holo ha litlokotsi tse kang maholiotsoana le litšisinyeho tsa lefatše li etsahala, ha ho na le tlhokahalo ea ho ngolla ba boholong, kapa ha ho e-na le litlhokahalo tse itseng sebakeng ka seng. Empa ha mathata a hlaha ka baka la ho se phethahale ha botho, re lokela ho sebelisa melao-motheo e kopanyellelitsoeng keletsong ea Jesu ho Mattheu 5:23, 24 le 18:15-17. Haholo-holo ha ho tluoa litokisetsong tsa khoebo pakeng tsa baena ho hlokahala tlhomphano le ho bontša tlhokomelo hore mohiri kapa mohiruoa a se ke a sebelisa kamano ea moea ka boithati.
Ho Bua Puo e Hloekileng ho Bolela ho Lebela Boitšoaro ba Rōna
Tlhokahalo ea ho lebela boitšoaro ba rōna e ile ea hatisoa ka makhetlo a mangata. Kahoo, sebui sa pele ka Labobeli motšehare oa mantsiboea se buile ka sehlooho se reng “Ho Utloa Lentsoe la Molimo le ho le Boloka.” Se bontšitse hore ho na le mabaka a mabeli a ka sehloohong a ho tla ha rōna kopanong: ho tla fumana tsebo e nepahetseng le ho susumelletseha ho sebelisa tsebo eo.
Puo ea pele ka Laboraro hoseng e phahamisitse potso e fuputsang “Kreste O ne a ‘Hloile ho Hloka Molao’—Na le Uena U ho Hloile?” Ha hoa lekana ho rata ho loka. Re lokela hore hape re hloee ho hloka molao hore re be le letsoalo le letle, ho boloka kamano e ntle le Jehova, ho qoba ho tlisa thohako lebitsong la hae, le ho qoba ho kotula litholoana tsa ho hloka molao—ho bola le lefu.
Puo e latelang e ne e amana haholo le eo, e ne e e-na le sehlooho se reng “Hana Likhopolo tse Inahaneloang tsa Lefatše, U Hahamalle Lintho tsa Sebele tsa ’Muso.” Satane, Eva, le mangeloi a lihetsoeng kaofela ba ne ba hahamalletse likhopolo tse inahaneloang tse ileng tsa ba ntša kotsi. Likhopolo tse inahaneloang tsa lefatše, tse kopanyelletsang ho lora ka lintho tse bonahalang kapa ka litaba tsa boitšoaro bo sa lokang, ho fella ka ho ithetsa ka lintho tseo e seng tsa sebele kapa ho kopanela phosong e tebileng. Ho thibela likhopolo tsena tse inahaneloang, re tlameha ho hahamalla lintho tsa sebele tsa ’Muso ka thuto, thapelo, ho ba teng libokeng, le tšebeletso ea phatlalatsa.
Hore re phele bophelo bo lokileng ba Bokreste, re tlameha ho ela hloko keletso e fanoeng ka Laboraro motšehare oa mantsiboea puong e reng “Bakreste—Phelang ho Lekana Chelete eo le e Fumanang.” Ho hlōleha ho etsa sena joang kapa joang ho tla ba le liphello tse kotsi ’meleng le moeeng. Tsela e bohlale ke ho thibela litakatso tsa boithati ka ho se ikenye likolotong tse sa hlokahaleng le ka ho iketsetsa mokhoa o itseng o sebetsang oa ho sebelisa chelete le ho o khomarela. Ka linako tsohle re lokela ho hlaolela boinehelo ba bomolimo. Ha bo e-na le ho khotsofala, ke leruo le leholo.—1 Timothea 6:6-8, NW.
Bohlokoa ba ho lebela metsoalle ea rōna bo hatisitsoe puong ea Labobeli e reng “Na Metsoalle ea Hao ke Metsoalle ea Jehova?” Metsoalle ea rōna e lokela ho ba Bakreste ba apereng botho bo kang ba Kreste ’me ba cheseha mosebetsing oa boboleli. Metsoalle ea lefatše hase metsoalle ea Molimo, ’me re ke ke ra etsa setsoalle le bona ntle le ho intša kotsi. Esita le ka har’a phutheho, re tlameha ho ba ba khethang haeba metsoalle ea rōna e tla ba e hahang ka ’nete.
Keletso ena e ka holimo e mabapi le boitšoaro e ile ea bontšoa ka ho hlakileng ka tšoantšiso ea mehla ea kajeno. E ne e e-na le sehlooho se reng “Ho Loana ka Katleho le Liketso tse Bolotsana tsa Diabolose.”
Keletso ea Puo e Hloekileng Bakeng sa Malapa
Puo e fanoeng ka Laboraro e reng “Batsoali—Phethahatsang Litlamo tsa Lōna!” e ne e hlokahala haholo. Batsoali ka bobona ba tlameha ho tseba thato ea Molimo ’me ba e etse ka matla a bona kaofela. Ba boetse ba tlameha ho kenya Lentsoe la Molimo baneng ba bona. Ho feta moo, ha hoa lekana ho ea le bana libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong ea tšimo feela. Ba tlameha ho rutoa ho rata Jehova le ho bona bohlale bo sebetsang ba ho etsa lintho tsa bomolimo.
Ho ile ha latela lipuo tsa neheletsano tse buang ka “Lelapa Mehleng ea Rōna.” Sebui sa pele se bontšitse hore lelapa le qaliloe ke Molimo. Bo-ntate ba tlameha ho bua hantle ka litaba tsa moea. Bo-’mè ba tlameha ho ba bahlokomeli ba batle ba mahae, ’me bana ba tlameha ho bontša tlhompho ho Jehova ka ho sebelisana le batsoali ba bona.
Sebui se latelang se bontšitse hore lelapa “Le Hlasetsoe ke Lira.” Likhatello tsa moruo li eketseha ka sekhahla. Mosebetsing ho tletse liteko tsa ho etsa bobe, ’me lintho tse hlahisoang mecheng ea litaba li tletse pefo, likamano tsa botona le botšehali tseo eseng tsa molao, le ho hoheloa ke lintho tse bonahalang. Taeo e lokela ho qala ho tloha bonyenyaneng, ’me ho hlokahala khothalo e matla ho hlōla litšusumetso tsa lefatše. Re lokela ho sebelisa hamolemo lisebelisoa tsa puso ea leholimo tse fanoang ke Mokhatlo oa Watch Tower.
Puo e latelang, e neng e bua ka ‘Ho Sireletsoa ha Lelapa ho ea Lefatšeng le Lecha,’ e ile ea hatisa hape boikarabelo bo tebileng ba batsoali. Koetliso ea bana e lokela ho etsoa ka cheseho e khōlō. Ho ile ha fanoa ka keletso e ntle mabapi le thuto ea lehae ea Bibele le hore na ho ka ithutoa eng, tsena tsohle li fanoe ka morero oa ho finyella lipelo tsa bana. Ke ka ho etsa joalo feela batsoali le bana ba ka tšepang ho sireletsoa ho ea lefatšeng le lecha e le lelapa.
Keletso e qetellang ea boemo ba lelapa boo Lipaki tse ngata li iphumanang li le ho bona e ne e le puo “Ho Sebetsana le Boemo ka Katleho Lelapeng le Arohaneng.” Ba leng maemong a joalo ba ile ba eletsoa hore ba se felloe ke tšepo ea hore ea sa lumelang e ka ba molumeli ka tsatsi le leng. Sebelisang nako le e-na le molekane ea sa lumelang ’me le tiise hore le finyella sohle se hlokahalang ho molekane oa Mokreste. Le ka fumana thuso ho baholo kapa mohlomong ho ba bang ba leng malapeng a arohaneng.
Ho Bua Puo e Hloekileng ho ba Bang
Ka ho loketseng haholo, tlhokomelo e khōlō e ile ea lebisoa tabeng ea ho sebelisa ha rōna menyetla ea ho ruta ba bang puo e hloekileng. Kahoo, ka Laboraro hoseng ba tlileng kopanong ba ile ba utloa puo e reng “Sebelisa Nako ea Hao ea Bohlokoa ka Bohlale.” Hore re etse hoo re lokela ho tseba hore na ke lintho life tse tlang pele, ho lumellana le Mattheu 6:33, e reng: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” Hoo ho kopanyelletsa ho behella nako ka thōko bakeng sa thuto ea botho ea Bibele, ho ba teng libokeng tsohle, le ho tsoela ka mehla tšebeletsong ea tšimo. Hona ho hloka hore re reke nako mesebetsing eo e seng ea bohlokoa haholo le hoja e le e nyakallisang. Lipuisano tse ngata li bontšitse kamoo ba bang ba neng ba etsa sena.
Le ka mohla re se lebale hore re Lipaki tsa Jehova. Ka Labone motšehare oa mantsiboea, lipontšo tse ’maloa li ile tsa hlakisa eona ntlha eo ka tlas’a sehlooho “Tsoela Pele U Bua Puo e Hloekileng ka Linako Tsohle.” Lipontšo tsena li bontšitse hore sena se ka etsoa joang bopaking ba seterateng, bopaking bo sa reroang, le ka ho sebelisa thelefono. Lerato le se nang boithati bakeng sa Jehova Molimo le baahelani le tla re susumelletsa ho bua puo e hloekileng ha monyetla o mong le o mong o buleha.
Nehelano e latelang e neng e amana haholo le sehlooho sena e ne e re, “Litlhohonolofatso tsa ba sa Checheleng Morao.” Ho fapana ka ho felletseng le Bokreste-’mōtoana ho na le mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše lohle o rutang oa Lipaki tsa Jehova. Re le motho ka mong, re tlameha ho hanela likhatello tsohle, tse kang khanyetso ea molao, boiphapanyo bo jeleng setsi, le mathata a moruo. Lipontšo tse neng li theiloe bukeng Ho Bea Mabaka ka Mangolo li bontšitse kamoo likhatello tsena li ka hlōloang ka teng.
Ho neng ho boetse ho khothalletsa boboleli bo chesehang e ne e le tšoantšiso ea Bibele Ho Etsa Thato ea Molimo ka Cheseho. E bontšitse kamoo Jehu a neng a chesehela lebitso la Jehova ka teng le hore ke habohlokoa hakae ho rōna ho bontša sebete se tšoanang le cheseho bakeng sa mosebetsi oa Molimo.
Litokollo tsa Kopano
Kopanong ho bile le litokollo tse peli tse ikhethileng tse hatisitsoeng ka Senyesemane le ka Sejeremane. Khatiso ea pele ho tsena e ile ea hlahisoa puong e nang le sehlooho se reng “Ho Boloka Bophelo ba Hao ka Mali—Joang?” Pele sebui se ile sa bolela likotsi tse tsamaisanang le litšelo tsa mali. Se ile sa hlakisa hore ho na le mekhoa e meng e ka emang sebakeng sa mali a lahlehileng. Empa Lipaki tsa Jehova li tela mali eseng hobane a li kulisa empa hobane ho a amohela ho sa halalele. Li a tela, eseng hobane mohlomong mali a silafalitsoe, empa hobane ke a bohlokoa ho Molimo. Mali a hlileng a bolokang bophelo ke mali a lopollang a Jesu Kreste. Qetellong sebui se ile sa thabisa bamameli ba sona kaofela ka ho ba bontša bukana e lekanang le makasine e maqephe a 32 Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Tokollo ea bobeli ea bohlokoa e ile ea tla puong “Batlang Jehova, Lōna Batho.” Ka kakaretso, batho ha ba batle Molimo. Ho ba teng ha malumeli a mangata a fapaneng ho bontša kamoo batho ba lahlehileng ka teng ha ba batla Molimo hobane ba iphapanyetsa Lentsoe la Molimo. Joalokaha ho bonoa litlalehong tsa rōna tsa Sehopotso selemo le selemo, ba limillione ba hloka ho thusoa ho ema lehlakoreng la Jehova. Esaia 55:6, 7 e bontša hore ka sebele Jehova ke Molimo o lerato le o mohau, ea loketseng ho “tšoarela haholo.” Joaloka Lipaki tsa hae, re neiloe puo e hloekileng e le hore re ka thusa ba bang ho kopanela le rōna ho sebeletseng Jehova re jarisane ka mahetla.
Kajeno, batho ba Jehova ba talimane le phephetso ka baka la bongata bo boholo ba baahi ba tlohang sebakeng se seng ho ea ho se seng. Ka lebaka lena, batho ba leng tšimong ea rōna ba ka ipolela e le ba mefuta e sa tšoaneng ea bolumeli. Hore re tsebe ho thusa Mahindu, Mabuddha, Mashinto, le ba bang ba malumeli a mang a mangata, Mokhatlo o fane ka buka e ntle ea maqephe a 384 Moloko oa Batho o Batla Molimo. E hlalosa ka mokhoa o sa belaetseng lithuto tsa motheo tsa malumeli a mangata a teng ka ntle ho Bokreste-’mōtoana. Empa e boetse e fana ka tlaleho ea tšimoloho ea bolumeli ba bohata ka hare ho Bokreste-’mōtoana. Buka ena e ka bula tsela bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba ipolelang e le ba malumeli a mangata a sa tšoaneng.
Puo ea Phatlalatsa le Litlhaloso tse Phethang
“Re Kopantsoe ke Puo e Hloekileng” seo e bile sehlooho sa puo ea phatlalatsa ka Labohlano. Sebui se ile sa bontša hore le hoja hona joale lipuo tse likete tse tharo li sebetsa joaloka tšitiso ea bonngoe, puo e hloekileng ke matla a maholo a kopanyang. E bolokile Lipaki tsa Jehova li sireletsehile liphosong tsa Babylona, e li rutile ho hlompha ho halalela ha bophelo le mali, ’me e li rutile ho phela ka melao-motheo ea Bibele e li tsoelang molemo moeeng le ’meleng. Bohle ba lokela ho ameha ka ho ithuta le ho bua puo e hloekileng, hobane ke ba etsang joalo feela ba tla pholoha Harmagedone. Ha ho nako e lokelang ho senngoa ha ho tluoa tabeng ea ho ela hloko keletso e ho Sofonia 2:1-3.
Ka mor’a keletso e ntle ea Mangolo ka bohlokoa ba ho ba ‘Ea Falimehileng Lithapelong,’ ho ile ha latela lintlha tse qetellang tse theiloeng sehloohong “Ho Tsamaea Tumellanong le Puo e Hloekileng.” Palo ea ba tsamaeang tumellanong le puo e hloekileng joale ea eketseha kannete. ’Me ho hlompha puo e hloekileng ho bontšitsoe ke ba neng ba tlile likopanong tsena ka bohloeki ba bona, ho laoleha, le ho lumellana ha tlhophiso. Litokollo tse ncha tse hatisitsoeng li tla thusa Lipaki tsohle tsa Jehova ho hasa puo e hloekileng ka mokhoa o atlehileng haholoanyane.
Sebui sa ho qetela sa kopano se hopolitse bohle ka tlhokahalo ea ho mamella. Se bontšitse hore ka baka la kopano ena, bohle ba lokela ho matlafatsoa boikemisetsong ba bona ba ho hatela pele. Se ile sa qetella ka mantsoe: “E se eka re ka tsoela pele re tsamaea tumellanong le puo e hloekileng eo re e neiloeng ke Molimo e le hore re ka halaletsa Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo, Jehova Molimo, hona joale le ka ho sa feleng!”
[Lebokose le leqepheng la 26]
Tlhōrō ea ba neng ba le teng kopanong ea Berlin Bophirimela e ne e le 44 532, ’me ba 1 018 ba ile ba kolobetsoa. Bakolobetsuoa ba nkile metsotso e 19 ho tsoa Lebaleng la Lipapali la Olympia, ’me nakong ena mahofi a ne a tsoela pele a sa khaotse. Ho ne ho e-na le karolo e khethehileng bakeng sa baemeli ba etileng ba buang Senyesemane. Ba ka bang 6 000 ba bana ba utloile lenaneo kaofela ka puo ea bona. Kopanong ena, ho ne ho boetse ho e-na le ba 4 500 ba tsoang Poland; lihoreng tsa motšehare ka makhetlo a mabeli, litho tsa Sehlopha se Busang li ne li fana ka lipuo tse khutšoanyane molemong oa bona.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
1. Lebala la Lipapali la Olympia, Berlin Bophirimela
2. Lenaneo la kopano le Hatisitsoeng
3. Libese tse makholo a mabeli li ile tsa tlisa baemeli ba etileng ho tsoa Jeremane Bochabela
4. Ba buang Sepolish ba tlileng kopanong ba ile ba thabela ho fumana litokollo tse hatisitsoeng
5. Mokhabiso oa lipalesa o ile oa khantša ponahalo ea sebaka
6. A. D. Schroeder, e mong oa litho tsa Sehlopha se Busang lenaneong Berlin Bophirimela