Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Nka Bolumeli ka ho Teba?
“MOTHO a ke ke a phela ka bohobe feela.” (Mattheu 4:4, The New English Bible) Mantsoe ana a atisang ho qotsoa a bua ka tlhoko ea batho eo ba bangata ba seng ba sa e hlokomele kajeno. A bontša hore re na le karolo ea moea pōpehong ea rōna e hlokang ho khotsofatsoa. Ke ka baka leo ea buang mantsoe ao, Jesu Kreste, a ileng a boela a re: “Ho lehlohonolo ba elang hloko hore ba hloka Molimo.”—Mattheu 5:3, NEB.
Ke bolumeli feela bo ka khotsofatsang ‘ho hloka Molimo ha rōna.’ Ke bolumeli feela bo ka arabelang lipotso tsa rōna tsa motheo tse mabapi le tšimoloho, morero, le se boleloang ke bophelo. Hape ke bolumeli feela bo ka fanang ka morero le moelelo oa sebele bophelong ba rōna. Empa hase bolumeli bofe kapa bofe feela bo ka etsang sena sohle. Jesu o ile a bolella mosali oa Mosamaria: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Ho rapela ‘ka ’nete’ ho bolela ho fetang feela ho latela lineano le litšebeletso tsa bolumeli tse ’nileng tsa hlomphuoa ka nako e telele. Hangata lineano le litšebeletso tsena li neha batho ba li latelang boikutlo ba boiketlo ba nakoana feela, ha li ba siea ba lapile moeeng.
Ka mohlala, Edwin O. Reischauer, eo e neng e le lenģosa la U.S. Japane, o ile a bolela tjena: “Ho batho ba bangata bolumeli ba Shinto le ba Buddha ke taba ea moetlo le mokhoa o tloaelehileng ho fapana le litumelo tse nang le moelelo.” Bonneteng, batho ba bangata ba Japane ba sa ntsane ba khotsofalletse hore bo be ka tsela ena. Empa ho hlaha ha “malumeli a macha” Japane ho bontša ho se khotsofale ho ntseng ho hōla ka bolumeli ba neano.
“Malumeli a macha” a atisa ho lebisa tlhokomelo ho baeta-pele bao ho thoeng ba na le matla a phahametseng a motho—eseng ho Molimo. Ba bangata ba baeta-pele bana ba bolumeli ba bolela hore ba bululetsoe ke Molimo. Empa ka kakaretso lithuto tsa bona ke motsoako oa litumelo tsa Buddha, Shinto, le tse ling—o tsoakiloeng le karolo e khōlō ea filosofi ea mothei oa tsona. Hangata ba ipiletsa ka tšepiso ea bophelo bo molemonyana le ho bolela hore ba na le matla a mohlolo kapa a pholiso. Empa na malumeli a joalo a fana ka bopaki ba hore a ruta balateli ba ’ona ho rapela “ka moea le ka ’nete”? Le hanyenyane. Hobane ntho e ’ngoe ke hore, mekhoa ea litšebeletso tsa bolumeli e atisa ho ba teng kajeno e be hosasane e se e nyametse. Sebōpeho sa eona se kang sa feshene ha se fane ka lebaka le matla la hore e nkoe ka ho teba.
Bolumeli bo Lokelang ho Nkoa ka ho Teba
Leha ho le joalo, ho na le bolumeli bo bileng teng ka nako e telele ho feta mofuta leha e le ofe o mong oa borapeli. Ke bolumeli bo rutoang ka Bibeleng e Halalelang. Bibele e qalile ho ngoloa makholong a lilemo a ka bang 35 a fetileng, ’me e ’ngoe ea ‘histori’ e bolokiloeng likhaolong tsa eona tse qalang e ngotsoe morao koana lilemong tse fetang tse sekete pele ho moo.a E na le litlaleho tsa khale ka ho fetisisa tse fumanehang mabapi le tšimoloho ea bolumeli. Hoo ka bohona ke lebaka le leng la ho ela bolumeli ba Bibele hloko ka ho tebileng.
The Encyclopedia Americana e bolela tjena mabapi le Bibele: “Leseli la eona ‘le fihlile lefatšeng lohle.’ Hona joale e nkoa e le letlotlo la litekanyetso tsa boitšoaro le bolumeli leo thuto ea lona e sa feleng e tšepisang ho ba ea bohlokoa haholoanyane ha tšepo ea tsoelo-pele ea lefatše e ntse e eketseha.” Empa haeba ka sebele buka e le tataiso e lebisang bolumeling ba ’nete eo ho ka lumeloang ho eona, na u ne u ke ke ua lebella hore e abue ka ho pharalletseng, e fumanoe ke bohle ba batlang ’nete?
Ho joalo ka Bibele. E fetoletsoe lipuong tse 1 928, e felletse kapa e sa fella, ’me ke buka e abueng ka ho pharalletseng ka ho fetisisa historing. Ho feta moo, e ipakile e nepahetse historing le saenseng. Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale le histori li fana ka bopaki ba ho phethahala ho nepahetseng ha boprofeta ba Bibele. Ha ea angoa ke mekhoa leha e le efe ea tšebelisano le meea le tumelo ea hore tsebo ea bolumeli e ka fumanoa ka tsela ea mohlolo le bonohe. Sena sohle se lumellana le boipolelo ba Bibele ka boeona ba hore e bululetsoe ke Molimo.b—2 Timothea 3:16.
“Litholoana” tsa Bolumeli ba ’Nete
Empa na hase ’nete hore malumeli a mangata a bolela hore a latela Bibele? ’Me na ha ho bonahale ntoa, bora, le boikaketsi har’a ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste? E, empa lena hase lebaka la ho hlokomoloha Bibele. Jesu Kreste ka boeena o ile a bontša hore ba bangata har’a ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba ke ke ba amoheloa ke Molimo. (Bona Mattheu 7:13, 14, 21-23.) Joale, ke joang motho a neng a ka tseba ho khetholla ba sebelisang bolumeli ba ’nete bo rutoang ka Bibeleng? Jesu o ile a arabela: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona. Ana morara o khōloa meutloeng, kapa a lifeiga li khōloa libajoeng na? Efela sefate ka seng se monate se beha litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe. Ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.”—Mattheu 7:16, 17, 20.
E, bolumeli ba ’nete e lokela ho ba tšusumetso e matla bakeng sa se molemo, bo hlahise liphello tse molemo har’a barapeli. Ka mohlala, nahana ka Akinori, monna oa Lejapane eo, ho ea ka mantsoe a hae, “e ileng ea e-ba setšoantšo sa moea oa tlhōlisano.” Ka katleho o ile a finyella lipakane tsa hae tsa ho atleha lithutong tsa univesithi e tsebahalang ’me a fumana mosebetsi femeng e tummeng. O ne a ikutloa hore ha ho lebaka la ho kenya bolumeli bophelong ba hae. O ne a e-na le khopolo ena: ‘Bolumeli ke ba ba fokolang ba hlokang seikokotlelo bophelong.’
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e itsamaela hantle ho fihlela ha a tšoaroa ke lefu le tebileng ka baka la khatello ea kelello le mokhathala o bakiloeng ke mosebetsi o boima. Molala oa hae o ile oa sotheha, ’me selelu sa hae se ile sa ‘sotheha ho fihlela se se se le holim’a’ lehetla la hae le letšehali. “Metsoalle” e mengata e neng e le k’hamphaning ea habo Akinori e ile ea fana ka matšeliso a fokolang nakong ea ha a le tlokotsing. (Bapisa le Liproverbia 17:17.) Kahoo o ile a kenella ka ho teba linong tse tahang a ba a nahana ho ipolaea.
Leha ho le joalo, ka mor’a nako mosali oa Akinori o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba qoqa, o ile a ’molella ka lengolo la Ba-Galata 6:7, le balehang tjena: “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” A anngoe ke mantsoe ana, Akinori o ile a kopanela le eena thutong, ’me seo a ileng a ithuta sona se ile sa fetola pono ea hae ka se boleloang ke bophelo. Ha pono ea Akinori e ntse e fetoha e khanyang haholoanyane, lefu la hae le bakiloeng ke khatello ea kelello le ile la qala ho nyamela! Joalokaha maele a Bibele a bolela: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.” (Liproverbia 14:30) E, bolumeli ba ’nete bo hlahisa litholoana tse ntle!
Toshiro ke monna e mong oa Lejapane ea ileng a bona kamoo bolumeli ba ’nete e ka bang tšusumetso e hlahisang se molemo. Le hoja a ne a lumela hore ho sebelisa bolumeli ho na le molemo, ha aa ka a etsa letho ka hona. Seo a neng a se thahasella e ne e le ho fumana ntlo eo e leng ea hae. Leha ho le joalo, ho finyella pakane eo ha hoa ka ha tlisa khotsofalo eo a neng a e lebelletse. Ho feta moo, ha a talima sebakeng seo a sebetsang ho sona, o ile a hlokomela hore mekhoa e bolotsana e tloaelehile le hore e baka likamano tse mpe pakeng tsa batho. Toshiro o ile a tenoa ke seo a se bonang.
Ka letsatsi le leng mosali oa hae o ile a mema moholo phuthehong ea habo ea Lipaki tsa Jehova hore a mo etele. Kapele-pele Toshiro o ile a hlokomela hore moholo o ne a fapane le metsoalle ea hae. Ka lebaka lefe? Moholo o ne a sebelisa melao-motheo ea Bibele ka tieo bophelong ba hae. A khahliloe ke sena, Toshiro o ile a amohela memo ea ho ithuta Bibele ’me a qala ho fetola bolumeli ba Bibele mokhoa oa hae oa bophelo.
Le uena re u mema hore u tloaelane le Lipaki tsa Jehova. “Litholoana” tsa tsona li fana ka bopaki ba hore li rapela “ka moea le ka ’nete.” Li leka ka matla ho etsa hore lithuto tsa Bibele li sebetse bophelong ba tsona. Le hoja e le batho ka bomong ba sa phethahalang, e le sehlopha li bontša kamoo bolumeli ba ’nete e ka bang tšusumetso e matla ea moea e hlahisang se molemo.
Ba likete har’a Lipaki ka nako e ’ngoe ba ne ba sa thaba ka mokhoa oa bona oa bophelo. Empa ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, ba bangata ba bona ba ile ba khona ho etsa liphetoho tse babatsehang. Ka ho hlaolela seo Bibele e se bitsang “tholoana ea Moea,” e leng, litšobotsi tsa lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro ba fumane tharollo e lebisang thabong ea botho.—Ba-Galata 5:22, 23.
Melemo e sa Feleng ea ho Sebelisa Bolumeli ba ’Nete
Leha ho le joalo, bolumeli ba ’nete bo tlameha ho etsa se fetang ho fetola botho ba batho kapa ho nolofatsa mathata a botho. Mathata a lefatše lohle a kang tšilafalo, tšokelo ea ntoa ea nuclear, le tšebeliso e mpe ea tikoloho li sokela ho senya naletsana e ntle ea rōna. Mathata a moruo a pupetsa thabo le boiketlo ba batho ba limillione. Ha ho bolumeli bo ka nkoang ka ho teba ntle feela leha bo fana ka tšepo e itseng bakeng sa ho rarolla mathata ana a lefatše lohle.
Bolumeli ba Bibele bo fana ka tšepo e joalo. Molimo o tšepisa ho tlisa lefatše le lecha la ho loka tlas’a puso ea leholimo, kapa “’muso.” (Mattheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) ’Muso ona ke pheko ea matšoenyeho ’ohle a batho. ’Me mabapi le hore na melemo e joalo ea lefatše lohle e tla tsoela pele halelele hakae, Bibele ea re tiisetsa: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” E, bophelo bo sa feleng thabong ke eona tšepo ea Mokreste e mong le e mong oa ’nete! (1 Johanne 2:17) Empa ke feela ba nkileng ho sebelisa bolumeli ba ’nete ka ho teba ba tlang ho rua molemo ’Musong ona o tlang. Ka baka leo re u khothalletsa ka tieo hore u qale ho ithuta Bibele ka ho teba.c (Johanne 17:3) Ha u qala ho lumella leseli la Lentsoe la Molimo ho khanya bophelong ba hao, u tla ba le thabo e khōlō ha ‘ho hloka Molimo’ ha hao ho khotsofatsoa mohato ka mohato. Ka sebele, u tla fumana mahlohonolo a ka ho sa feleng kahobane u nkile bolumeli—bolumeli ba ’nete—ka ho teba.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, bona Genese 2:4; 5:1; 6:9.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e fumanehang ho bahatisi ba makasine ona.
c Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa mabapi le sena. Thuto e sa lefelloeng ea lehae ea Bibele e ka lokisetsoa ka ho ikopanya le bahoeletsi ba makasine ona kapa phutheho ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa heno.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho fumaneha ha Bibele ka lipuo tse fetang 1 900 ho lumellana le boipolelo ba eona ba hore e bululetsoe ke Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bolumeli ba Bibele bo fana ka tšepo ea maemo a khotso lefatšeng lohle tlas’a puso ea leholimo