Hlompha Jehova—Hobane’ng Hona Joang?
“Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha, ’me ba ’nyelisang e tla ba ba se nang thuso.”—1 SAMUELE 2:30, “NW.”
1. Ke bo-mang ba fuoang meputso ea Nobel e tummeng lefatšeng, hona ba bangata ba talima limpho tsee joang?
SELEMO se seng le se seng mekhatlo e mene ea Scandinavia e fana ka meputso ea Nobel ho ba ‘hlahiselitseng batho molemo o moholo ka ho fetisisa selemong se ka pele.’ Ho fanoa ka meputso bakeng sa lintho tse finyelletsoeng mesebetsing e fapa-fapaneng e tšeletseng eo ho entsoeng boikitlaetso bo boholo ho eona. Ba bangata ba nka moputso oa Nobel e le tlhompho e khōlōhali eo motho ofe kapa ofe a ka e fuoang.
2. Ba fanang ka meputso ea Nobel ba hlokomoloha mang, hona ke hobane’ng ha A tšoaneloa ke tlhompho ka ho khethehileng?
2 Le hoja ho se letho le phoso ka ho fana ka tlhompho ho batho ba tšoaneloang ke eona, na ho na le mohla batho ba fanang ka litlotla tsee ba nahanang ka ho hlompha Mofani e moholo ka ho fetisisa? Mofani enoa ke eena ea faneng ka melemo e se nang palo ho batho haesale ho tloha ha a bōpa monna le mosali ba pele lilemong tse fetileng tse ka bang 6 000. Ho hlōleha khafetsa ho mo hlompha ho ka re hopotsa mantsoe a Elihu, motsoalle oa Jobo oa boholo-holo, ea ileng a hlokomela tjena: “Empa ha ho ea botsang, a re: Molimo, ’Mōpi oa ka, o kae, o re neang lipina tsa thabo har’a bosiu?” (Jobo 35:10, 11a) Mofani oa rōna e moholo o tsoela pele ho etsa ‘hantle, ho fana ka lipula tsa leholimo le lilemo tsa nala, ’me o tlatsa lipelo ka lijo le ka thabo.’ (Liketso 14:16, 17; Mattheu 5:45) Ka ’nete Jehova ke eena Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng.”—Jakobo 1:17.
Seo ho Fana ka Tlhompho ho se Bolelang
3. Mantsoe a maholo a Seheberu le Segerike a fetoletsoeng e le “ho hlompha” ke afe, hona a bolela eng?
3 Lentsoe le leholo la Seheberu bakeng sa ho hlompha, ka·vohdhʹ, ha e le hantle le bolela “boima.” Kahoo motho ea hlomphuoang o nkoa a le boima, a tsoteha, kapa a le bohlokoa ka tsela e itseng. Habohlokoahali, ka Mangolong lentsoe lena la Seheberu, ka·vohdhʹ, hangata le boetse le fetoleloa e le “khanya,” ho bontšang ka ho eketsehileng kamoo ea hlomphuoang a nkoang a tšabeha ka teng kapa a leng bohlokoa ka teng. Lentsoe le leng la Seheberu, yeqarʹ, leo ka Mangolong le fetoletsoeng e le “ho hlompha,” le boetse le fetoleloa e le “bohlokoa” le “lintho tsa bohlokoa.” Kahoo ka Mangolong a Seheberu, lentsoe ho hlompha le amana le khanya le ho ba bohlokoa. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho hlompha” ka Bibeleng ke ti·meʹ, ’me le lona le fetisa mohopolo oa ho nka ntho e le ea bohlokoa, molemo, bohlokoa.
4, 5. (a) Ho fa motho tlhompho ho bolela eng? (b) Ke boemo bofe bo tlalehiloeng ho Esthere 6:1-9 bo bontšang se akarelletsoang ho faneng ka tlhompho?
4 Ka hona motho o hlompha e mong ka ho bontša motho eo tlhompho e tebileng le ho mo nka e le oa bohlokoa. Ha re etsa papiso, nahana ka boemo bo boletsoeng ka Bibeleng mabapi le Mordekai ea tšepahalang oa Mojode. Ketsahalong e ’ngoe Mordekai o ne a pepesitse morero oa bolotsana khahlanong le bophelo ba Morena Assueruse oa Persia ea boholo-holo. Hamorao, bosiung bo bong ha morena a ne a hlobaetse, morena o ile a hlokomelisoa ka khato eo Mordekai a e nkileng. Kahoo o ile a botsa bahlanka ba hae: “Hlompho le khanya ke life tseo Mordekai a li etselitsoeng bakeng seo?” Ba ile ba arabela: “Ha a ka a etsetsoa letho.” Ke ho hlasimollang hakaakang! Mordekai o ne a pholositse bophelo ba morena, empa morena o ile a hlōleha ho bontša kananelo.—Esthere 6:1-3.
5 Ka hona, ka nako e loketseng, Assueruse o ile a botsa tona-khōlō ea hae, Hamane, hore na a ka hlompha motho eo morena a neng a khahlisitsoe ke eena hamolemohali joang. Hang-hang Hamane o ile a re ka pelong ea hae: “Morena a ka rata ho hlonepha mang, ha e se ’na?” Kahoo Hamane o ile a re motho eo o lokela ho apesoa “seaparo sa borena” ’me a palame “pere e palangoang ke morena.” O ile a phetha ka ho re: “A tsamaisoe ka pere mapatlelong a motse, ’me ho hoeletsoe ka pele ho eena, ho thoe: Ho etsoa joalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!” (Esthere 6:4-9) Motho ea neng a tla hlomphuoa joalo o ne a tla ratoa ke batho.
Lebaka Leo ka Lona Jehova a Tšoaneloang ke Tlhompho
6. (a) Ke mang ea tšoaneloang ke tlhompho ea rōna ka holim’a ba bang bohle? (b) Ke hobane’ng ha lentsoe “e moholo” le hlalosa Jehova ka ho loketseng?
6 Ho theosa le histori eohle batho ba ’nile ba fuoa tlhompho, hangata ba ’nile ba e fuoa e sa ba tšoanela. (Liketso 12:21-23) Leha ho le joalo ke mang ea tšoaneloang ke tlhompho ka holim’a ba bang bohle? Ka sebele ke Jehova Molimo! O tšoaneloa ke tlhompho ea rōna hobane ruri o moholo. Hangata lentsoe la Senyesemane grand, “e moholo,” le sebelisoa ho eena. Ke eena E Moholo, Moetsi e Moholo, ’Mōpi e Moholo, Morena e Moholo, Morupeli e Moholo, Monghali e Moholo. (Pesaleme ea 48:2; Moeklesia 12:1, NW; Esaia 30:20, NW; 42:5, NW; 54:5, NW; Hosea 12:14, NW) Motho e moholo ke motlotlehi, ke ea seriti, ea phahameng, ea hlomphehang, ea khanyang, le ea tšabehang. Jehova a ke ke a bapisoa le e mong, ha ho ea lekanang le eena, o phahame ka ho fetisisa. Eena ka boeena o tiisa ’nete eo, o re: “Le ka ntšoantša le mang? Le ka ntekanya le mang, la mpapisa le mang, hore ke tšoane le eena?”—Esaia 46:5.
7. Ho ka boleloa hore Jehova Molimo o ikhethile bonyane ka litsela life tse ngata tse fapaneng, hona ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ha ho ea ka bapisoang le eena mabapi le matla a ho laela?
7 Ha ho ea ka bapisoang le Jehova Molimo bonyane ka litsela tse supileng tse fapaneng, tse fanang ka mabaka a tobileng a ho mo hlompha. Pele ho tsohle, Jehova Molimo o tšoaneloa ke tlhompho e khōlō ka ho fetisisa hobane ha ho ea ka bapisoang le eena ka matla a ho laela. Morena Jehova ke ’Musi oa Bokahohle—o phahame. Ke Moahloli, Monei-molao, le Morena oa rōna. Batho bohle ba leholimong le lefatšeng ba ikarabella ho Eena; leha ho le joalo ha ho na eo a ikarabellang ho eena. O hlalosoa hantle e le e “moholo, [ea] matla, [ea] tšabehang.”—Deuteronoma 10:17; Esaia 33:22; Daniele 4:35.
8. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ha ho ea ka bapisoang le Jehova (a) mabapi le boemo ba hae? (b) mabapi le boteng ba hae ba ka ho sa feleng?
8 Ntlha ea bobeli, Jehova Molimo o tšoaneloa ke tlhompho e khōlō ka ho fetisisa hobane ha ho ea ka bapisoang le eena ka boemo ba hae. Ke ea “Holimo le Ea Phahameng,” ea Holimo-limo. O phahametse libōpuoa tsa hae tsohle tse lefatšeng ka ho ke keng ha utloisisoa! (Esaia 40:15; 57:15, NW; Pesaleme ea 83:18, BPN) Ntlha ea boraro, Jehova Molimo o lokela ho hlomphuoa ka holim’a ba bang bohle hobane ha a na thaka mabapi le boteng ba hae ba ka ho sa feleng. Ke eena feela eo ho seng mohla a bileng le qaleho, o bile teng ho tloha ho bo-sa-feleng ’me o tla ba teng ho ea ho bo-sa-feleng.—Pesaleme ea 90:2; 1 Timothea 1:17.
9. Ke ka tsela efe ho seng ea ka bapisoang le Jehova (a) mabapi le khanya ea hae? (b) mabapi le litšoaneleho tsa hae tsa motheo?
9 Ntlha ea bone, Jehova Molimo o tšoaneloa ke tlhompho e khōlō ka ho fetisisa ka baka la boholo ba khanya ea hae. Ke “Ntat’a maseli a leholimo.” Botho ba hae bo khanya hoo ho seng motho ea ka ’monang ’me a phela. Ka ’nete oa tšabeha. (Jakobo 1:17, NW; Exoda 33:22; Pesaleme ea 24:10) Ntlha ea bohlano, re kolota Jehova Molimo tlhompho e khōlō ka ho fetisisa ka baka la litšoaneleho tsa hae tse babatsehang. O matla ’ohle, matla a ke keng a lekanngoa; o bohlale ka ho fetisisa, bohlale bo ke keng ba lekanngoa; o phethahetse ka ho felletseng tokeng; ’me ke mothofatso oa lerato.—Jobo 37:23; Liproverbia 3:19; Daniele 4:37; 1 Johanne 4:8.
10. Ke ka tsela efe Jehova a se nang thaka (a) mabapi le mesebetsi ea pōpo le lintho tseo a nang le tsona? (b) mabapi le lebitso la hae le botumo?
10 Ntlha ea botšelela, Jehova Molimo o tšoaneloa ke tlhompho e khōlō ka ho fetisisa ka baka la mesebetsi ea hae e meholo ea pōpo. Joaloka ’Mōpi oa lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng, ka nako e tšoanang ke eena Mong’a lintho tsohle e Moholo. Re bala tjena ho Pesaleme ea 89:11: “Maholimo ke a hao, le lefatše ke la hao.” Ntlha ea bosupa, Jehova Molimo oa rōna o tšoaneloa ke tlhompho ka holim’a ba bang bohle hobane ha ho ea ka bapisoang le eena, ha a na thaka mabapi le lebitso la hae le botumo. Ke eena feela ea nang le lebitso Jehova, le bolelang “O Etsa Hore ho Etsahale.”—Bona Genese 2:4, NW mongolong o botlaaseng ba leqephe.
Kamoo Jehova a ka Hlomphuoang ka Teng
11. (a) Litsela tse ling tseo re ka hlomphang Jehova ka tsona ke life? (b) Re ka bontša joang hore ka sebele re hlompha Jehova ka ho mo tšepa?
11 Ka baka la litšoaneleho tsohle tsa Jehova, re ka mo hlompha joang? Joalokaha re tla bona, re ka mo hlompha ka ho ’montša tšabo le tlhompho ea borapeli, ka ho mo utloa, ka ho mo amohela litseleng tsa rōna tsohle, ka ho fana ka limpho, ka ho mo etsisa, le ka ho lebisa likōpo ho eena. Re ka boela ra mo hlompha ka ho lumela ho eena, ka ho mo tšepa ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng. Rea phehelloa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle.” Kahoo re hlompha Jehova Molimo ka ho lumela sohle seo a se bolelang. Ka mohlala, o re: “U se ke ua tšaba, hobane ke na le uena; u se ke ua tšoha, hobane ke Molimo oa hao; ke tla u fa matla, ke u thuse.” (Liproverbia 3:5; Esaia 41:10) Ho se mo tšepe ka ho felletseng e ne e tla ba ho mo hlompholla.
12. Kutlo le tšabo li phetha karolo efe mabapi le ho hlompha Jehova?
12 Tsela e amehang haufi-ufi eo re hlomphang Jehova Molimo ka eona ke ka ho mo utloa. ’Me tšabo ea bomolimo ke eona ea bohlokoa ho phaella kutlong, e, tšabo ea ho halefisa Molimo. Mantsoe a Jehova a neng a ea ho Abrahama ka mor’a hore Abrahama a bontše kutlo ka ho leka ho etsa Isaaka, mor’a hae, sehlabelo, a bontša kamano e pakeng tsa tšabo le kutlo. Jehova o ile a re: “Joale, kea tseba hoba u tšaba Molimo.” (Genese 22:12) Ha moapostola Pauluse a tšohla seo bana ba se kolotang batsoali ba bona, le eena o ile a bontša hore kutlo le tlhompho lia tsamaisana. (Ba-Efese 6:1-3) Kahoo ka ho utloa litaelo tsa Molimo, tseo eseng moroalo, re tla be re hlompha Jehova. Ha ho na pelaelo hore ho se utloe Jehova Molimo e ne e tla ba ho mo hlompholla.—1 Johanne 5:3.
13. Ho hlompha Molimo ho tla re etsa hore re be le boikutlo bofe ba kelello mabapi le mesebetsi le merero ea rōna?
13 Ho phaella moo, re ka tlisetsa Jehova Molimo tlhompho e mo tšoanelang ka ho ela hloko keletso e ho Liproverbia 3:6: “U mo kenye mererong ea hao eohle [e, u mo amohele], ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” Morutuoa Jakobo o re fa keletso e molemo mabapi le sena. Ho e-na le hore letsatsi le letsatsi re etse lintho re itšepile, re tšepile matla a rōna, re tšoanela ho re: “Haeba Jehova a rata, re tla phela re be re etse hona kapa hoane.” (Jakobo 4:15, NW) Lilemong tse fetileng e ne e le tloaelo ea Liithuti tsa Bibele tsa Machaba hore polelong efe kapa efe e amanang le nako e tlang li phaelle ka khutsufatso D.V., e emelang Deo volente, e bolelang “Ha Molimo o rata.”
14. (a) Re tlameha ho ba le boikutlo bofe bo amanang le boiteko ba rōna haeba re tla be re hlompha Molimo? (b) Ho bonahatsoa boikutlo bofe mabapi le ho hatisoa ha likhatiso tsa Mokhatlo oa Watch Tower?
14 Re boetse re hlompha Jehova Molimo ka ho bonahatsa boikutlo ba boikokobetso, re lebise tlotla ho Molimo ka katleho efe kapa efe eo mohlomong re ka bang le eona. Ka nepo moapostola Pauluse o ile a hlokomela sena mabapi le tšebeletso ea hae: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng. Ha ho le joalo, ea nang le taba hase ea hlomang, leha e le ea nosetsang, empa e le Molimo o melisang.” (1 Ba-Korinthe 3:6, 7) Ka ’nete, Pauluse o ne a amehile ka ho tlisetsa Molimo tlhompho e tšoanelang, eseng ho itlisetsa eona kapa ho e isa ho motho ofe kapa ofe e mong. Ka hona, kajeno lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower ha li tsebahatse ba li ngolang, ’me bangoli ba tsona ba qoba ho tsebisa ba bang hore na ba tlatselitse ka eng. Ka tsela ena, tlhokomelo e lebisoa boitsebisong, bo etselitsoeng ho hlompha Jehova, eseng e lebisoe ho motho ofe kapa ofe.
15. Ke phihlelo efe e bontšang bothata boo batho ba bang ba bang le bona mabapi le ho utloisisa boikokobetso ba Lipaki tsa Jehova?
15 Leano lena la ho lebisa tlhokomelo ho Jehova, e leng ho mo hlompha, le makatsa batho ba bang. Lilemong tse seng kae tse fetileng, Lipaki li ne li ntse li letsa e ’ngoe ea litheipi tsa Kingdom Melodies e le hore li hlahlobe thepa ea molumo, ha li ne li kenya thepa ea molumo bakeng sa puo ea phatlalatsa Serapeng se Bohareng sa Motse oa New York. Banyalani ba bang ba apereng hantle ba ile ba botsa e mong oa Lipaki hore na ’mino oo ke oa mofuta ofe. Kaha e ne e nahana hore banyalani bao ke Lipaki, e ile ea arabela: “Ke Kingdom Melodies No. 4.” Ba ile ba botsa: “Rea utloa, empa ke mang ea qapileng ’mino oo?” Paki eo e ile ea arabela: “Che, moqapi oa oona ha aa lokela ho tsejoa.” Banyalani bao ba ile ba arabela: “Batho ba qapang ’mino oa mofuta oo ha baa o qapa ba sa batle ho tsejoa.” Paki eo e ile ea arabela: “Empa Lipaki tsa Jehova tsona li etsa joalo.” E, li etsa sena e le hore tlhompho eohle e lebe ho Jehova Molimo!
16. Re ka sebelisa mantsoe a rōna hore a tlisetse Jehova Molimo tlhompho ka litsela life tse sa tšoaneng?
16 Tsela e ’ngoe eo re hlomphang Jehova ka eona ke ka ho sebelisa melomo ea rōna hore re mo pakele. Haeba ka ’nete re amehile ka ho mo tlisetsa tlhompho, joale re tla ba hlokolosi hore re hase litaba tse molemo tsa ’Muso. Re ka etsa sena ka ho ea ka ntlo le ntlo le ka ho sebelisa mekhoa efe kapa efe e meng eo re e fumanang, re ntse re sa hlokomolohe menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang. (Johanne 4:6-26; Liketso 5:42, NW; 20:20, NW) Ho phaella moo, re ba le menyetla ea ho hlompha Molimo oa rōna ka mantsoe a rōna libokeng tsa rōna tsa phutheho, ka ho fana ka litlhaloso le ho kopanela ho bineng lipina tsa rōna tsa ’Muso ho tsoa pelong. (Ba-Heberu 2:12; 10:24, 25) Moqoqong oa rōna oa letsatsi le letsatsi, re ka boela ra hlompha Jehova Molimo ka melomo ea rōna. Ka ho etsa boiteko bo bonyenyane, re ka fetola moqoqo hore e be lipuisano tsa lintho tsa moea tse hahang, ’me sena se tla fella ka ho tlisetsa Jehova Molimo tlhompho.—Pesaleme ea 145:2.
17. (a) Boitšoaro bo nepahetseng bo amana joang le ho hlompha ha rōna Jehova? (b) Boitšoaro bo fosahetseng bo na le phello efe?
17 Le hoja ho le hotle ho hlompha Jehova Molimo ka melomo ea rōna, hape hoa hlokahala hore re mo hlomphe ka boitšoaro ba rōna. Jesu o ile a nyatsa bao lipelo tsa bona li neng li le hōle le Molimo le hoja ba ne ba O hlompha ka melomo ea bona. (Mareka 7:6) Joang kapa joang boitšoaro bo fosahetseng bo tla hlompholla Jehova Molimo. Ka mohlala, ho Ba-Roma 2:23, 24, rea bala: “Uena ea ithorisang ka molao, u hlompholla Molimo ka ho tlōla molao! Hobane lebitso la Molimo le nyefoloa ka baka la lōna har’a bahedene.” Lilemong tsa morao tjena batho ba likete tse ngata-ngata ba ’nileng ba khaoloa liphuthehong tsa batho ba Jehova. Mohlomong, batho ba bangata haholoanyane ka palo ba ’nile ba kopanela boitšoarong bo soabisang ha baa ka ba khaoloa hobane ba ile ba bonahatsa boikutlo ba pako ea ’nete. Batho bana bohle ba ne ba ntse ba hlompha Jehova ka molomo, empa ba hlōleha ho etsa joalo ka boitšoaro ba bona.
18. (a) Ba bang ba itseng ba tlotliloeng haholo ba tlameha ho ba le kameho efe hore ba tle ba bontše tlhompho e tšoanelang ho Jehova? (b) Boemo ba baprista ba bang ba mehleng ea Malakia bo bontša tlhokahalo eo ho lokelang ho amehoa ka eona joang?
18 Ba tšoarehileng likarolong tse fapaneng tsa tšebeletso ea nako e tletseng—ebang ke Bethele, mosebetsing oa ho tsamaea kapa oa boromuoa, kapa e le bo-pula-maliboho—ba tlotliloe haholo mabapi le menyetla eo ba e fumanang ea ho tlatsetsa ho hlompheng Jehova. Tlameho ea bona ke ho etsa se molemohali seo ba ka se khonang mosebetsing ofe kapa ofe oo ba o abetsoeng, ba ‘tšepahala ho tse nyenyane hammoho le ho tse khōlō.’ (Luka 16:10, NW) Ka litsela tse itseng boemo ba bona bo hlomphehang bo ile ba bontšoa ke boemo ba baprista le Balevi Iseraeleng ea boholo-holo le hoja bo ne bo sa tšoantšetsoe ke bona. Leha ho le joalo, ka baka la hore baprista ba bang ba ne ba hlokomoloha lintho tse itseng mehleng ea Malakia, Jehova o ile a re ho bona: “Ha eba ke ntat’a lōna, e kae hlonepho e ntokelang? Ha ke le morena oa lōna, e kae tšabo eo le ntšabang ka eona?” (Malakia 1:6) Baprista bao ba ne ba nyelisa lebitso la Molimo ka ho nyehela mahlabelo a liphoofolo tse foufetseng, tse hlotsang, le tse kulang. Kajeno ntle le hore ba nang le litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso ba loanele ho etsa sohle se molemohali seo ba ka se khonang, haholo-holo ba ka tšoaneloa ke kahlolo eo Jehova Molimo a ileng a e fa baprista bao. Ba ne ba tla be ba haelloa ke ho hlompha Molimo.
19. (a) Tsela e ’ngoe e eketsehileng ea ho hlompha Jehova ke efe joalokaha ho hlokomeloa ho Liproverbia 3:9? (b) Tsela e ’ngoe ea bohlokoa ea ho hlompha Jehova ke efe?
19 Tsela e ’ngoe eo re ka hlomphang Jehova Molimo ka eona ke ka ho etsa menehelo ea chelete ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho bolela oo a o laetseng. Rea phehelloa: “Tlotlisa [“hlompha,” NW] Jehova ka moruo oa hao, le ka lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng.” (Liproverbia 3:9) Tokelo ea ho etsa menehelo e joalo ke monyetla oa ho hlompha Jehova Molimo oo ho seng lea mong ea lokelang ho o hlokomoloha. Re ka boela ra hlompha Jehova Molimo lithapelong tsa rōna, re mo rorise le ho mo leboha. (1 Likronike 29:10-13) Ha e le hantle, kaha re tla ho Molimo ka boikokobetso le ka tlhompho e tebileng, ho tla ho oona ka thapelo ho o fa tlhompho.
20. (a) Ke bo-mang bao ka tloaelo ba hlomphuoang ke batho ba lefatše, hona joang? (b) Re ka hlompha Jehova ka ho eketsehileng ha re ela hloko taelo efe?
20 Kajeno batho ba bangata, haholo-holo bacha, ba hlompha batho bao ba ba ratang ka ho ba etsisa—ka ho bua joaloka bona le ka ho etsa lintho joaloka bona. Hangata batho bao ba ba etsisang ke bo-’mampoli ba lipapali kapa likhalala boithabisong. Ho fapana le hoo, re le Bakreste, re lokela ho hlompha Jehova Molimo ka ho leka ho mo etsisa. Moapostola Pauluse o re phehelletse hore re etse joalo, o ngotse: “Le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang; ’me le tsamaee leratong.” (Ba-Efese 5:1, 2) E, ha re loanela ho etsisa Jehova, re tla be re mo hlompha.
21. (a) Ke eng se tla re hlomella hore re fe Jehova khanya le tlhompho? (b) Meputso eo Jehova a e fang ba mo hlomphang ke efe?
21 Ka ’nete, ho na le litsela tse ngata tseo re ka fang Molimo khanya le tlhompho ka tsona le tseo re lokelang ho o fa khanya le tlhompho ka tsona. Le ka mohla a re se keng ra lebala hore ho iphepa ka Lentsoe la oona ka mehla le ho tloaelana le oona hamolemonyana ka mehla, re tla khona ho o hlompha haholoanyane. Melemo ea ho etsa joalo ke efe? Jehova o re: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.” (1 Samuele 2:30, NW) Qetellong Jehova o tla hlompha barapeli ba hae ka ho ba fa bophelo bo sa feleng ka thabo, ebang ke leholimong e le babusi hammoho le Mor’a hae, Jesu Kreste, kapa lefatšeng la Paradeise.
Na u sa Hopola?
◻ Ka tloaelo batho ba hlompha bo-mang, hona ke mang eo ka tloaelo ba hlokomolohang ho mo hlompha?
◻ Ho hlompha motho ea itseng ho bolela eng, ’me litsela tsa ho etsa sena ke life?
◻ Mabaka a mang a motheo ao Jehova Molimo a tšoaneloang ke tlhompho ka ’ona ke afe?
◻ Litsela tse ling tseo re ka hlomphang Jehova ka tsona ke life?
◻ Jehova o putsa ba mo hlomphang ka litsela life?