Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Moitlami ka Lilemo Tse 25 Qetellong o Ithuta ’Nete
BIBELE e boletse esale pele hore “bongata bo boholo ba batho” bo tsoang lichabeng tsohle bo ne bo tla tla ho rapela Jehova tempeleng ea hae ea moea. (Tšenolo 7:9) Hona hoa etsahala kajeno, ’me re thabela ho bona hore ba bangata, ka thuso ea ’nete ea Molimo, ba itšoasolla litlamong tsa bolumeli ba bohata. Phihlelo e latelang e bontša sena.
◻ Mosali e mong Roma, Italy, oa hlalosa: “Ho tloha nakong ea ha ke ne ke le monyenyane boikemisetso ba ka e ne e le ho ba moitlami, kaha ke ne ke lakatsa ho sebeletsa Molimo ka pelo ea ka eohle. Ke ile ka khona ho phetha pakane ea ka ha ke le lilemo li 32, ka December 8, 1960, ha ke nka likano tsa ka tsa pele tsa kutlo, bofuma, le tlhoeko. Kabelo ea ka e ne e le ho hlokomela bana ba ka bang 30 ba futsanehileng le ba lahliloeng bao e neng e le likhutsana kapa bana ba batšoaruoa bosiu le motšehare. Ke ne ke fumana khotsofalo kabelong ea ka.
“Tumelo ea ka e ile ea sisinngoa ka mor’a lilemo tse leshome tsa tšebeletso ha phapang e hlaha ka har’a mokhatlo. Ke ile ka ipotsa hore, haeba Molimo o ne o re tsamaisa, ke hobane’ng ha o ne o ka lumella liphapang tse joalo le mefere-fere ntlong eo e leng ea hae.”
Moitlami o ne a e-na le khaitseli e neng e phela Fora ’me e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. E ile ea pakela moitlami ka lengolo ’me ea mo romella New World Translation of the Holy Scriptures. Moitlami oa hlalosa: “Ka mor’a lilemo tse 23, ke ne ke qala ho kopana le Lentsoe la Molimo.” E ile ea ba hona a amohelang ho ithuta Bible le Lipaki tsa Jehova ka nako eo. O re: “Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, ke ile ka tseba Jehova Molimo le litlhoko tsa hae hammoho le litšobotsi tsa hae tse babatsehang. Ke ile ka ikutloa hampe ha ke ithuta hore o hanana le tšebeliso ea litšoantšo, kaha mokhatlo o ne o tletse litšoantšo tsa boholo le mefuta eohle. Ke ile ka utloisisa hore haeba ke rata ho khahlisa Jehova, nke ke ka lula sebakeng seo. Ke fumane ’nete qetellong, ka mor’a lilemo tse 25 tsa tšebeletso ea boinehelo ke le moitlami. Kahoo ka October 1, 1985, ke ile ka fana ka tsebiso ea ka ea ho tsamaea, e ileng ea nyahamisa baokameli ba ka haholo.
“Baena ba ka le likhaitseli ba ratehang ba ile ba nthusa moeeng hammoho le linthong tse bonahalang. Ka baka la kananelo ho Jehova le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, ke ile ka kolobetsoa ka August 30, 1986, ’me ka kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng.”
Jehova o Hlohonolofatsa Takatso ea Mocha ea ho Sebeletsa Molimo
◻ Tichere ea sekolo Brazil eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a hlokomela ha a ntse a tšoaea lipampiri tsa sekolo hore morutoana e mong ea lilemo li 14 o ngotse ka takatso ea hae ea ho ithuta haholo ka Molimo. O ile a qala thuto ea Bibele le morutoana, empa ha ngoanana enoa a ntse a hatela pele, lelapa labo la Mak’hatholike le ile la thibela thuto ’me la lahla lingoliloeng tsa hae. Morutoana e monyenyane a qalisa ho ithuta Bibele nakong ea khefu ea sekolo, empa o ile a kunotolloa. Kahoo thuto e ile ea tsamaisoa ka ngollano. Leha ho le joalo, kapele, lelapa le ile la fumana mangolo a hae ’me la a chesa. Ntat’ae a qala ho mo qobella ho ea ’Miseng. O ile a ea empa a nka kopi ea Molula-Qhooa hore a e bale nakong ea tšebeletso, a e patile pakeng tsa maqephe a bukana ea kereke. Hona ho ile ha tsoela pele ka likhoeli tse tšeletseng, ho fihlela ha ka letsatsi le leng a tsoa habo ka lenyele ho ea Holong ea ’Muso. Ntate oa hae o ile a hlaha monyako nakong ea seboka ’me a bolella baena hore ba bolelle morali oa hae hore o tlil’o mo otla ha a fihla hae. Boiteko ba baena ba ho behelana mabaka le eena bo ile ba hlōleha.
Letsatsing le latelang, a thabile ebile a tletse pososelo, ngoanana enoa o ile a ea bona baena. A ba bontša maqeba a ’meleng oa hae moo ntat’ae a neng a sa tsoa mo shapa teng. Joale, ke hobane’ng ha a ne a thabile? Ka mor’a hore a tlohe Holong ea ’Muso, ntate o ne a ile a botsa batho ba bang motseng, ho kopanyelletsa le ramotse, ka melemo le litšenyehelo tsa hore morali oa hae e be e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ramotse o ile a re Lipaki ke batho ba molemo, ba tšoaneloang ke ho tšeptjoa. O ile a eketsa ka hore ba na le mekhoa e metlehali le hore ho tla ba molemo haholo ho ba le ngoana ea nang le litekanyetso tsena, tseo li neng li le ka holimo haholo ho tsa bacha ka kakaretso.
Ho sa tsotellehe sena, ngoanana o ile a otloa. Empa ntat’ae a ’molella hore o mo otlela hobane a tsamaile hae ka ntle ho tumello. ’Me a re o tla mo otla hape haeba a ka khaotsa ho ithuta Bibele kapa ho kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova! Morali joale ke mohoeletsi ea chesehang, ’me ba bang ba lelapa la habo ba bontša thahasello ’neteng.
Kannete, Jehova o hlohonolofatsa bacha ba nang le takatso ea ’nete ea ho mo sebeletsa, joalokaha phihlelo ena e bontša.—Pesaleme ea 148:12, 13.