Lerato la Boena Lea Sebetsa
Lintlha tse Khōlō tsa Filemone
JESU KRESTE o file balateli ba hae “molao o mocha” oa hore ba ratane feela joalokaha a ba ratile. (Johanne 13:34, 35) Ka baka la lerato leo, ba ne ba bile ba tla shoelana. E, lerato la boena le matla hakaalo ebile lea sebetsa.
Moapostola Pauluse o ne a kholisehile hore lerato la boena le tla susumetsa Filemone, Mokreste ea neng a kopanela phuthehong e Kolosse motseng o Asia Minor. Lerato le ne le se le susumellelitse Filemone ho bula ntlo ea hae hore e sebelisoe joaloka sebaka sa liboka tsa Bokreste. Mohlanka oa Filemone Onesima o ne a balehile, mohlomong o ile a utsoa chelete ea ho lefa leeto la sekepe ho ea Roma, moo hamorao a ileng a kopana le Pauluse ’me a amohela Bokreste.
Ha Pauluse a ntse a kentsoe teronkong Roma hoo e ka bang ka 60-61 C.E., o ile a ngola lengolo leo haholo-holo a neng a le lebisitse ho Filemone. Le ne le ipiletsa ho Filemone hore a amohele Onesima ea khutlang ka moea oa lerato la boena. Bala lengolo lena, ’me u tla bona hore ke mohlala o motle oa kameho e mofuthu le bohlale—oo e leng hantle hore batho ba Jehova ba o etsise.
Pabatso Bakeng sa Lerato le Tumelo
Ha Pauluse a bua le Filemone le ba bang, o ile a fana pele ka pabatso. (Litemana 1-7) Moapostola o ne a ntse a utloa ka lerato leo Filemone a nang le lona ho Kreste le ho bahalaleli bohle le ka tumelo ea hae. Hona ho ile ha susumelletsa Pauluse hore a lebohe Jehova ’me ha mo tlisetsa thabo e khōlō le khotsofalo. Na rōna ka borōna re babatsa balumeli-’moho ba behang mohlala o motle leratong le tumelong? Re lokela ho etsa joalo.
Tlhokomeliso e theiloeng leratong ka mehla ea lakatseha ha ho sebelisanoa le Bakreste-’moho, joalokaha mantsoe a Pauluse a bontša. (Litemana 8-14) Ka mor’a katamelo ea hae e bohlale, moapostola o itse le hoja a ne a ka laela Filemone “ho etsa se lokelang,” (BPN) ho e-na le hoo o khethile ho mo hlokomelisa. Ho mo hlokomelisa ho etsa eng? Ho amohela mohlanka Onesima ka mokhoa o mosa ha a khutla! Pauluse o ne a ka rata hore Onesima a ntšetse pele litšebeletso tsa hae tse molemo empa o ne a ke ke a etsa hona ka ntle ho tumello ea Filemone.
Ho bonahala hore liphello tse sa thabiseng hangata li hlahisa se molemo, joalokaha Pauluse a boetse a bontša. (Litemana 15-21) Ha e le hantle, ho baleha ha Onesima ho ne ho tlisitse molemo. Hobane’ng? Hobane Filemone joale o ne a ka mo amohela e se e le moena oa Mokreste ea nang le boikemisetso, ea tšepahalang, eseng joaloka mohlanka ea se nang boikemisetso, mohlomong a bile a sa tšepahale. Pauluse o ile a kōpa hore Filemone a amohele Onesima ha a khutla joalokaha Pauluse a ne a tla amoheloa. Haeba Onesima a ne a foselitse Filemone ka tsela leha e le efe, moapostola o ne a tla lefa. E le ho etsa hore Filemone a ’ne a ikemisetse ho fetoha haholoanyane, Pauluse o ile a mo hopotsa hore le eena ka boeena o ne a e-na le molato ho moapostola ka ho ba Mokreste. Kahoo, Pauluse o ne a kholisehile hore Filemone o tla etsa le ho fetang hoo a neng a kōpiloe hore a ho etse. Ke boipiletso bo bohlale, bo lerato hakaakang! Kannete, ena ke tsela eo re lokelang ho sebelisana le Bakreste-’moho ka eona.
Pauluse o qetelletse lengolo la hae ka tšepo, litumeliso, le litakaletso tse molemo. (Litemana 22-25) O ne a tšepa hore ka lithapelo tsa ba bang molemong oa hae, haufinyane o ne a tla lokolloa teronkong. (Joalokaha lengolo la Pauluse la bobeli le eang ho Timothea le bontša, lithapelo tseo li ile tsa arabeloa.) Ha Pauluse a qetella lengolo la hae, o ile a romela litumeliso ’me a hlalosa takatso ea hore mosa o sa tšoanelang oa Jesu Kreste o be le moea o bontšoang ke Filemone le barapeli-’moho le eena ba Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ea Fetang Mohlanka: Mabapi le ho khutla ha mohlanka oa Filemone ea neng a balehile, Onesima, Pauluse o itse: “Ekaba ha a ile a khaohana le uena ka nakoana e khutšoanyane, e ne e le hore u tle u boele u be le eena ka mehla; e tle e se ke ea hlola e e-ba mohlanka, e mpe e be ea fetisang mohlanka, e be moena ea ratoang, haholo ke ’na, haholo-holo ke uena ka nģeng ea nama le ka nģeng ea Morena!” (Filemone 15, 16) ’Musong oa Roma, bohlanka bo ne bo qobelloa ke puso ea borena, ’me Pauluse o ne a hlokomela ‘balaoli ba joalo ba phahameng.’ (Ba-Roma 13:1-7) Ha a ka a buella bofetoheli ba bahlanka empa o ile a thusa batho ba joalo ho fumana tokoloho ea moea joaloka Bakreste. Tumellanong le keletso ea hae ho bahlanka hore ba ikokobeletse benghali ba bona, Pauluse o ile a khutlisetsa Onesima ho Filemone. (Ba-Kolosse 3:22-24; Tite 2:9, 10) Onesima joale o ne a fetisa mohlanka oa lefatše. E ne e le molumeli-’moho ea ratoang ea neng a tla ikokobeletsa Filemone ka ho lekanyelitsoeng joaloka mohlanka ea molemo, ea busoang ke melao-motheo ea bomolimo le ho bontša lerato la boena.