Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/15 maq. 2-4
  • Na Khotso ea Lefatše e Haufi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Khotso ea Lefatše e Haufi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintoa tse Lebetsoeng
  • Na ho na le Tšepo Bakeng sa Khotso?
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ha e le Hantle Khotso e sa Feleng e Tla Tla Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/15 maq. 2-4

Na Khotso ea Lefatše e Haufi?

HO PHOLLETSA le histori, ha ho e-s’o be le khaello ea merero ea khotso le liphatlalatso tsa khotso tsa mefuta e fapaneng. Ka bomalimabe, ho bonahala ho bile le lintoa tse ngata hoo li ileng tsa etsa hore lintho tseo e be lefeela. Batho ba bangata ba ithutile hore ba se ke ba beha tšepo e ngata ka ho fetisisa lilekaneng le liphatlalatsong tsa khotso.

Leha ho le joalo, lilemong tse seng kae tse fetileng, ba bangata ba shebelletseng litaba ka hloko le bahlophisi ba litaba ba qalile ho ba le maikutlo a hore ho hong ho fapaneng hoa etsahala. Ba ikhothatsa ka monyetla oa hore, ho sa tsotellehe mathata a teng a sebaka ka seng, mohlomong nako ena ke e lokiselitsoeng bakeng sa khotso ea lefatše. Mokhatlo oa Machaba oa Khotso oa Stockholm, o itse: “Tšepo ea ho rarolla likhohlano ka khotso e na le motheo o molemo haholoanyane ho feta lilemong tsohle tse ileng tsa latela Ntoa ea II ea Lefatše.” Moqolotsi oa litaba ea tsebahalang o ile a susumetsoa ke liketsahalo tse ileng tsa etsahala ka potlako Europe e ka Bochabela hore a re: “Khotso ea Lefatše e bonahala e na le monyetla o moholoanyane oa ho ba teng hona joale ho feta leha e le neng ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše.” Esita le koranta ea The Bulletin of the Atomic Scientists e bontšitse boikutlo bo tšoanang. Ka 1988 e ile ea khutlisetsa oache ea eona e tummeng ea nako ea letsatsi la timelo morao ho tloha ho metsotso e meraro pele ho bosiu bo boholo ho ea ho metsotso e tšeletseng pele ho bosiu bo boholo, eaba ka April 1990 e e khutlisetsa morao haholoanyane ho ea ho metsotso e leshome pele ho bosiu bo boholo.

Sena sohle se ile sa hlahisa litebello tse khōlō tsa maemo a molemo le tsa bophelo bo botle pele ntoa e qhoma Bochabela bo Hare. Empa haesale ho tloha ka nako, batho ba bang ba re Ntoa ea Mantsoe pakeng tsa mebuso e meholo ea lefatše le tlhōlisano ea libetsa li felile. Ba bang ba ne ba nahana ka se tla etsoa ka chelete eohle eo linaha li tšepang hore li tla e boloka ka baka la ho fokotsa chelete eo li e sebelisang bakeng sa ho reka libetsa tsa ntoa. Na ho ka etsahala hore ebe nako ea khotso e sa feleng e se e hlile e tlile? Na ka sebele lichaba li ithuta ho “tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele”? (Esaia 2:4) Linnete li bontša’ng?

Lintoa tse Lebetsoeng

The Economist ea London e-ea hlokomela: “Ho fela ha ntoa ea mantsoe le likamano tse molemo pakeng tsa linaha tsa Bochabela le tsa Bophirimela li hohetse ba bang hore ba lumele hore khotso e-ea rena. Ha ho joalo. Ha u felisa mohloli o le mong o moholo oa khatello, lefatše le sa ntsane le na le likhatello tse nyenyane tse ngata.” Likhatello tsena tse “nyenyane,” kapa likhohlano ke life?

Mokhatlo oa lipatlisiso o ikemetseng oa United States, e leng sebaka sa Lentz sa ho Etsa Lipatlisiso tsa Khotso, o tlaleha hore ho fihlela ka September 1990, bonyane ho bile le lintoa tse 15 lefatšeng lohle. Tsena li ne li sa akarelletse ho futuheloa ha Kuwait ke Mairaq, kaha ho ne ho tlalehiloe feela lintoa tseo ho tsona ho shoeleng bonyane batho ba sekete ka selemo ho fihlela ka nako eo. Tse ling tsa lintoa tsena li ’nile tsa tsoela pele ka lilemo tse 20 le ho feta. Ho tsona kaofela ho bolailoe batho ba 2 900 000, bao bongata ba bona e neng e le baahi bao eseng masole. Palo ena ha e kopanyelletse ba ileng ba bolaoa lintoeng tseo ho tsona ho bolailoeng batho ba bangata ka ho fetisisa tse neng li sa tsoa emisa selemong se ka pele ho seo, tse kang tse loannoeng Uganda, Afghanistan, le pakeng tsa Iran le Iraq.

Batho ba ka bang limillione tse tharo ba ile ba bolaoa nakong eo ho neng ho hakanngoa hore lefatše le na le khotso! Ao ke masisa-pelo ka booona. Leha ho le joalo, masisa-pelo a maholo le ho feta ke hore bongata ba lintoa tsena bo ’nile ba loanoa bo sa hlokomeloe—’me ha lia ka tsa siameloa—ke likarolo tse ling tsa lefatše. Li ka ’na tsa bitsoa lintoa tse lebetsoeng, kaha bongata ba tsona—liphutuho tsa tšohanyetso, lintoa pakeng tsa baahi ba naha e le ’ngoe, ho phetholoa ha mebuso—li loanoa ho e ’ngoe ea linaha tse fumanehileng. Ho batho ba bangata ba phelang linaheng tse ruileng, tsa mesebetsi e meholo, litlaleho tsa ho bolaoa ha batho ba halofo ea millione Sudan, kapa karolo ea boraro ea millione Angola, ha ho bonahale eka li ne li tsosa thahasello hakaalo. Ha e le hantle, ho na le ba bontšang hore lefatše le bile khotsong eo le e-s’o ka le ba le eona haesale Ntoa ea II ea Lefatše e fela hobane ho ne ho se na ntoa linaheng tse tsoetseng pele ’me, ho sa tsotellehe khatello e matla le ho phaellana ha libetsa, mebuso e meholo ea lefatše e ne e e-s’o loantšane.

Na ho na le Tšepo Bakeng sa Khotso?

Haeba khotso e bolela feela ho ba sieo ha ntoa ea nuclear ea lefatše lohle, joale mohlomong motho a ka ’na a bontša hore lefatšeng linaha li se li ntse li atleha boitekong ba tsona ba ho tlisa khotso. Morero oa Thipitlo e Kopanetsoeng (Mutual Assured Destruction) o sa ntsane o thibetse mebuso e meholo ea lefatše ho loana. Empa na ehlile ke eona khotso? E ka ba eona joang, ha batho ba phela tšabong e sa feleng ea timetso e tlang kapele le e felletseng? Ke joang re ka buang ka khotso ha, lefatšeng lohle, bophelo ba batho ba bangata hakaale bo harasantsoe, lintho tseo ba phelang ka tsona li sentsoe, le tebello ea bona bakeng sa bophelo bo nang le morero le bo khotsofatsang e felisitsoe ke lintoa, tse khōlō le tse nyenyane?

Elie Wiesel ea hapileng khau ea Nobel o kile a ngola: “Ho tloha nakong e sa hopoleheng, batho ba ’nile ba bua ka khotso ba sa e finyelle. Na ke feela hore re hloka phihlelo e lekaneng? Le hoja re bua ka khotso, rea loana. Ka linako tse ling re bile re loana lebitsong la khotso. . . . E ka ’na eaba ntoa e bile teng nako e telele historing ea motho hoo ho leng thata hore e ka felisoa—le ka mohla.”

’Me morao-rao tjena ntoa e Bochabela bo Hare e boetse e sentse pono e thetsang ea khotso. Na ebe batho ba ne ba batla khotso mohloling o fosahetseng?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Moloko oa batho o leng lefatšeng kajeno o ka ’na oa bona qaleho ea mehla ea khotso e ke keng ea fela historing ea tsoelo-pele.”—Mopresidente oa Soviet Mikhail Gorbachev, sebokeng sa lihlooho tsa mebuso se neng se tšoaretsoe Washington, D.C., U.S.A., ka May 1990

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UPI/Bettmann Newsphotos

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

“Lefatše le lecha la tokoloho le ka pel’a rōna . . . , lefatše leo ho lona khotso e tlang ho ba teng ka nako e telele, moo khoebo e tla etsoa tlas’a tataiso ea letsoalo le moo lintho tsohle tseo ho bonahalang eka li ka etsahala li tla fela li etsahale.”—Mopresidente George Bush oa U.S., sebokeng sa lihlooho tsa mebuso se mabapi le moruo oa lefatše se neng se tšoaretsoe Houston, Texas, U.S.A., ka July 1990

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UPI/Bettmann Newsphotos

“Marako a kileng a koalla batho le likhopolo aa oa. Batho ba Europe ba lekanyetsa qetello ea bona. Ba khetha tokoloho. Ba khetha bolokolohi moruong. Ba khetha khotso.”—Phatlalatso e entsoeng ke NATO sebokeng sa lihlooho tsa mebuso se neng se tšoaretsoe London, England, ka July 1990

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Litšoantšo tse sekoahelong: U.S. Naval Observatory photo (linaleli); NASA photo (lefatše)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela