Na U Tla Etsisa Mohau oa Molimo?
“Le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang.”—BA-EFESE 5:1.
1. Ke hobane’ng ha rōna kaofela re lokela ho ameha ka ho etsisa ba bang?
BATHO ba bangata ba etsisa ba bang ka ho etsa botle kapa bobe. Batho ba re potolohileng, le bao mohlomong re ba etsisang, ba ka re ama haholo. Sengoli se bululetsoeng sa Liproverbia 13:20 se lemositse: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa, empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” Ka hona, ka lebaka le utloahalang Lentsoe la Molimo le re: “U se ke ua etsisa bobe, u mpe u etsise botle. Ea etsang hantle o tsoa ho Molimo.”—3 Johanne 11.
2. Re tšoanetse ho etsisa mang, hona ka litsela life?
2 Re na le mehlala e metle ea Bibele ea banna le basali bao re ka ba etsisang. (1 Ba-Korinthe 4:16; 11:1; Ba-Filippi 3:17) Leha ho le joalo, Molimo ke oona o ka sehloohong oo re lokelang ho o etsisa. Ho Ba-Efese 4:31–5:2, ka mor’a hore moapostola Pauluse a hlokomelise ka libōpeho le mekhoa eo re lokelang ho e qoba, o ile a re phehella hore re “utloelane bohloko ka mosa, [re] tšoarelane ka bolokolohi.” (NW) Sena se ile sa lebisa khothatsong ena ea sehlooho: “Le fele le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang; ’me le tsamaee leratong.”
3, 4. Molimo o ile oa itlhalosa joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba ho ba ha oona Molimo o nang le toka?
3 Litsela le litšoaneleho tsa Molimo tseo re lokelang ho li etsisa ke life? Ho na le litšobotsi tse ngata tsa botho le liketso tsa oona, joalokaha ho ka bonoa ka tsela eo o ileng oa itlhalosa ka eona ho Moshe: “Jehova, ke Molimo o mohau le o lereko, o liehang ho halefa le o tletseng mosa o lerato le ’nete, o bolokelang ba likete mosa o lerato, o tšoarelang phoso le tšito le sebe, empa joang kapa joang o ke ke oa behella kotlo ka thōko, o tlisang kotlo holim’a bara le holim’a bara ba litloholo bakeng sa phoso ea bo-ntate ba bona.”—Exoda 34:6, 7, NW.
4 Kaha Jehova “o rata ho loka le toka,” ka sebele re lokela ho tseba le ho etsisa tšoaneleho ena ea botho ba hae. (Pesaleme ea 33:5, BPN; 37:28) Ke eena ’Mōpi, hammoho le Moahloli ea phahameng oa batho le Monehi-Molao oa bona, kahoo o bontša toka ho bohle. (Esaia 33:22) Sena se bontšoa ka ho hlaka ka tsela eo a neng a hloka hore ho be le toka ka eona le ho etsa hore e phethahatsoe har’a batho ba hae ba Iseraele le ka har’a phutheho ea Bokreste hamorao.
Ho Phethahatsoa ha Toka ea Bomolimo
5, 6. Toka e ile ea bonahatsoa joang litšebelisanong tsa Molimo le Iseraele?
5 Ha Molimo o ne o khetha Iseraele hore e be sechaba sa oona, o ile oa ba botsa hore na ‘ba ne ba tla fela ba utloe lentsoe la oona le hore ba hle ba boloke selekane sa oona.’ Ba ile ba arabela tjena ba phuthehile mosikong oa Thaba ea Sinai: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” (Exoda 19:3-8) Boo e ne e le boitlamo bo tebileng hakaakang! Molimo o sebelisa mangeloi o ile oa neha Baiseraele melao e ka bang 600, eo ba neng ba e-na le boikarabelo ba ho e boloka joaloka batho ba inehetseng ho oona. Ho thoe’ng haeba motho e mong a ne a sa e boloke? Setsebi se seng se khethehileng Molaong oa Molimo se hlalositse: “Lentsoe le neng le builoe ka mangeloi le ile la ipaka le tiile, ’me tšito e ’ngoe le e ’ngoe le ketso ea ho hloka kutlo e ne e fumana tefetso e lumellanang le toka.”—Ba-Heberu 2:2, NW.
6 E, Moiseraele ea neng a sa utloe o ne a talimana le “tefetso e lumellanang le toka,” eseng toka ea batho e nang le khaello, empa toka e tsoang ho ’Mōpi oa rōna. Molimo o ile oa totobatsa likotlo tse sa tšoaneng tse neng li tla tlisoa ke ho tlōla molao. Kotlo e tebileng ka ho fetisisa e ne e le ho ‘khaoloa,’ kapa ho bolaoa. Sena se ne se sebetsa litlōlong tse tebileng, tse kang borapeli ba litšoantšo, bofebe, likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba amanang haufi, likamano tsa botona le botšehali le liphoofolo, bosodoma, ho etsa mahlabelo ka bana, polao, le tšebeliso e mpe ea mali. (Levitike 17:14; 18:6-17, 21-29, BPN) Ho feta moo, Moiseraele ofe kapa ofe ea neng a tlōla molao ofe kapa ofe oa Molimo ka boomo a bile a sa bake, o ne a ka “khaoloa.” (Numere 4:15, 18; 15:30, 31, BPN) Ha ho ne ho phethahatsoa toka ena ea bomolimo, liphello li ne li ka ’na tsa utluoa le ke litloholo tsa mofosi eo.
7. Liphello tse ling tsa ho phethahatsoa ha toka har’a batho ba Molimo ba boholo-holo e bile life?
7 Likotlo tse joalo li ne li hatisa ho teba ha tlōlo ea molao oa Molimo. Ka mohlala, haeba mora a ne a fetoha letahoa le monyollo, o ne a lokela ho tlisoa ka pel’a baahloli ba hōlileng. Haeba ba ne ba fumana hore ke mofosi oa ka boomo le ea sa bakeng, batsoali ba hae ba ne ba lokela ho kopanela ha ho phethahatsoa toka. (Deuteronoma 21:18-21) Rōna bao re leng batsoali re ka utloisisa hore ho ne ho se bonolo ho etsa joalo. Empa Molimo o ne o tseba hore hoa hlokahala e le hore bokhopo bo tle bo se ke ba ata har’a barapeli ba ’nete. (Ezekiele 33:17-19) Sena se ne se lokiselitsoe ke Eo ho neng ho ka boleloa tjena ka eena: “Litsela tsa hae kaofela ke toka. Ke Molimo oa botšepehi, oo ho seng ho hloka toka ho oona; o lokile ’me o khabane.”—Deuteronoma 32:4, NW.
8. Ke joang toka e ileng ea tšoaea litšebelisano tsa Molimo le phutheho ea Bokreste?
8 Ka mor’a makholo a mangata a lilemo Molimo o ile oa lahla sechaba sa Iseraele eaba o khetha phutheho ea Bokreste. Empa Jehova ha aa ka a fetoha. O ne a ntse a khomaretse toka ’me o ne a ka hlalosoa e le “mollo o chesang lore!” (Ba-Heberu 12:29, BPN; Luka 18:7, 8) Ka hona o ile a etsa hore ho ’ne ho be le tokisetso ea hore tšabo ea bomolimo e kenngoe ka phuthehong eohle ka ho leleka bafosi. Bakreste ba inehetseng ba neng ba fetoha bafosi ba sa bakeng ba ne ba lokela ho khaoloa.
9. Ho khaola ke eng, hona ho finyella eng?
9 Ho akarelletsoa eng tabeng ea ho khaola? Re fumana mohlala oa sebele ka tsela eo bothata bo bong bo ileng ba rarolloa ka eona lekholong la pele la lilemo. Mokreste e mong Korinthe o ne a kopanetse boitšoarong bo bobe le mosali oa ntat’ae ’me ha aa ka a baka, kahoo Pauluse o ile a laela hore a lelekoe ka phuthehong. Sena se ne se lokela ho etsoa e le hore ho ka sireletsoa bohloeki ba batho ba Molimo, hobane “tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela.” Ho mo leleka ho ne ho tla thibela hore bokhopo ba hae bo hlompholle Molimo le batho ba Oona. Taeo e boima ea ho khaoloa e ka boela ea mo tšosa hore a hlaphoheloe le ho kenya tšabo e loketseng ea Molimo ka ho eena le ka phuthehong.—1 Ba-Korinthe 5:1-13; bapisa le Deuteronoma 17:2, 12, 13.
10. Bahlanka ba Molimo ba lokela ho itšoara joang haeba motho e mong a khaotsoe?
10 Taelo ea Molimo ke hore haeba motho ea khopo a lelekoa, Bakreste ba tlameha hore ba se ke ba “kopana le [eena] . . . le ho ja, [ba] se n’o ja le eena.”a Ka hona ha a akarelletsoe setsoalleng ho akarelletsa le ho sebelisana ’moho le batho ba tšepahalang ba hlomphang molao oa Molimo le ba batlang ho tsamaea tumellanong le oona. Mohlomong ba bang ba bona ke beng ka eena ba sa luleng lelapeng le le leng, bao e seng karolo ea lelapa le le leng. Ho ka ’na ha e-ba thata hore beng ka eena ba sebelise taelo ena ea Molimo, feela joalokaha ho ne ho se bonolo hore batsoali ba Baheberu ba neng ba le tlas’a Molao oa Moshe ba kopanele polaong ea mor’a bona ea khopo. Ho ntse ho le joalo, taelo ea Molimo e hlakile; ka hona re ka kholiseha hore ketso ea ho khaola e lumellana le toka.—1 Ba-Korinthe 5:1, 6-8, 11; Tite 3:10, 11; 2 Johanne 9-11; bona Molula-Qhooa, oa March 1, 1982, maqephe 24-29; April 15, 1988, maqephe 28-31.
11. Litšobotsi tse ling tse sa tšoaneng tsa botho ba Molimo li ka bonahatsoa joang mabapi le ho khaola?
11 Leha ho le ho joalo hopola hore Molimo oa rōna hase feela hore o na le toka; hape o “tletse mosa o lerato, o tšoarela phoso le tšito.” (Numere 14:18, NW) Lentsoe la oona le hlakisa hore mohlomong motho ea khaotsoeng a ka baka, a batla tšoarelo ea Molimo. Joale ho tla etsahala joang? Balebeli ba nang le phihlelo ba ka ’na ba teana le eena hore ka thapelo le ka mokhoa o hlokolosi ba hlokomele hore na o fana ka bopaki ba hore o baketse phoso e ileng ea fella ka hore a khaoloe kapa che. (Bapisa le Liketso 26:20.) Haeba ho joalo, a ka ’na a khutlisetsoa ka phuthehong, joalokaha 2 Ba-Korinthe 2:6-11, (BPN) e bontša hore ho ile ha e-ba joalo ka monna e mong ea neng a le Korinthe. Empa, ba bang ba lelekiloeng ba ’nile ba ba ka thōko ho phutheho ea Molimo ka lilemo-lemo, ka hona na ho na le ntho leha e le efe e ka etsoang ho ba thusa hore ba khutle?
Toka e Leka-lekanngoa le Mohau
12, 13. Ke hobane’ng ha ho etsisa ha rōna Molimo ho sa lokela ho akarelletsa feela ho bonahatsa toka?
12 Se boletsoeng ka holimo haholo-holo se tšohlile tšobotsi e le ’ngoe ea litšoaneleho tsa Molimo, joalokaha li boletsoe ho Exoda 34:6, 7. (NW) Leha ho le joalo, litemana tseo li bolela ho hong ho eketsehileng ho feta toka ea Molimo, ’me ba batlang ho o etsisa ha ba lebise tlhokomelo feela tabeng ea ho finyella toka. Haeba u ne u etsa moralo oa tempele e ileng ea ahoa ke Salomone, na u ne u tla ithuta tšiea e le ’ngoe feela litšieeng tsa eona? (1 Marena 7:15-22) Che, hobane hoo ho ne ho ke ke ha u neha setšoantšo se leka-lekaneng sa sebōpeho sa tempele le karolo eo e neng e tla e phetha. Ka ho tšoanang, haeba re lakatsa ho etsisa Molimo, ho hlokahala hore re be re etsise litsela le litšoaneleho tse ling tsa oona, tse kang ho ba ha oona ea ‘mohau le ea lereko, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete, ea bolokelang ba likete mosa o lerato, ea tšoarelang phoso.’
13 Mohau le ho tšoarela ke litšoaneleho tsa motheo tsa Molimo, joalokaha re bona ka tsela eo o neng o sebelisana le Iseraele ka eona. Molimo oa toka ha oa ka oa hlōleha ho ba otla ha ba etsa liphoso khafetsa, empa o ile oa bontša mohau le tšoarelo tse lekaneng. “O na a senolele Moshe litsela tsa hae, a bontša bana ba Iseraele liketso tsa hae tse phahamileng. Jehova o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata. Ha a tsekise ka mehla, hlonamo ea hae hase e sa feleng.” (Pesaleme ea 103:7-9; 106:43-46) E, ho ba le pono e re hopotsang ka litšebelisano tsa oona tsa nako e fetileng ka lilemo tse makholo-kholo ho paka hore mantsoe ao ke ’nete.—Pesaleme ea 86:15; 145:8, 9; Mikea 7:18, 19.
14. Jesu o ile a bontša joang hore o etsisa mohau oa Molimo?
14 Kaha Jesu Kreste ke “ponahatso ea khanya ea [Molimo] le setšoantšo se nepahetseng sa boleng ba oona ka booona,” re lokela ho lebella hore a bonahatse mohau o tšoanang le ho ikemisetsa ho tšoarela. (Ba-Heberu 1:3, NW) O ile a fela a etsa joalo, joalokaha litšebelisano tsa hae le ba bang li bontša. (Mattheu 20:30-34) O ile a boela a hatisa mohau ka mantsoe a hae ao re a balang ho Luka khaolo ea 15. Litšoantšo tse tharo tse boletsoeng moo li paka hore Jesu o ne a etsisa Jehova, ’me li re ruta lithuto tsa bohlokoa.
Ho Ameha ka se Neng se Lahlehile
15, 16. Ke eng se ileng sa susumelletsa Jesu ho fana ka litšoantšo tse ho Luka 15?
15 Litšoantšo tseo li paka thahasello e tletseng mohau eo Molimo o nang le eona ho baetsalibe, li hlalosa setšoantšo se momahaneng seo re lokelang ho se etsisa. Nahana ka sebōpeho sa litšoantšo tsena: “Joale, ba-lekhetho bohle le baetsalibe ba ne ba mo atamela [Jesu] ho mo mamela. Bafarisi le bangoli bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsalibe, o ja le bona.”—Luka 15:1, 2.
16 Batho bohle ba neng ba akarelletsoa e ne e le Bajode. Bafarisi le bangoli ba ne ba ikhohomosa ka hoo ho neng ho thoe ke ho khomarela ha bona Molao oa Moshe ka mokhoa o hlokolosi haholo, ho loka ho neng ho ipapisitse le molao ka ho fetelletseng. Leha ho le joalo, Molimo o ne o sa lumellane le ho loka ho joalo hoo ba ipolelang ba e-na le hona. (Luka 16:15) Ka ho hlakileng, babokelli ba lekhetho bao ho neng ho buuoa ka bona ke Bajode ba neng ba bokella makhetho bakeng sa Roma. Kaha ba bangata ho bona ba ne ba hanyapetsa Bajode ba habo bona ka ho ba batla chelete e tlōlisang, babokelli ba lekhetho e ne e le sehlopha se nyelisehang. (Luka 19:2, 8) Ba ne ba akarelletsoa sehlopheng sa “baetsalibe,” ba neng ba akarelletsa batho ba boitšoaro bo bobe, esita le liotsoa. (Luka 5:27-32; Mattheu 21:32) Empa Jesu o ile a botsa baeta-pele bao ba bolumeli ba korotlang:
17. Setšoantšo sa pele sa Jesu se ho Luka 15 ke sefe?
17 “Ke ofe motho har’a lōna, ea nang le linku tse lekholo, ha a lahlehetsoe ke e ’ngoe ea tsona, a ke keng a tlohela tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong feelleng, a ee ho batla e lahlehileng, a tle a be a e bone? ’Me ha a e fumane, a e nke, a e jare mahetleng a hae, a thabile. ’Me ha a fihla hae, a bokelle metsoalle ea hae le ba ahisaneng le eena, a re ho bona: Thabang le ’na, hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile. Kea le bolella, ka mokhoa o joalo thabo e tla ba teng leholimong ka baka la moetsalibe a le mong ea bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.” Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba utloisisa puo ena ea tšoantšetso, hobane linku le balisa e ne e le lintho tseo ba tloaetseng ho li bona. Ka baka la kameho, molisa o ile a siea linku tse 99 hore li fule lekhulong leo li le tloaetseng ha a il’o batla nku e lahlehileng. O ile a phehella ho fihlela a e fumane, a jara nku eo e tšohileng hore e khutlele mohlapeng.—Luka 15:4-7.
18. Ke eng e ileng ea susumelletsa thabo joalokaha ho totobalitsoe setšoantšong sa bobeli sa Jesu se ho Luka 15?
18 Jesu o ile a phaella ka setšoantšo sa bobeli: “Kapa mosali ke ofe ea nang le lidrakema tse leshome, ha a lahlehetsoe ke e ’ngoe ea tsona, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a e batlisisa, a be a e fumane? ’Me ha a e fumane, a bokelle metsoalle ea hae le ba ahisaneng le eena, a re ho bona: Thabang le ’na, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetsoe ke eona. Kea le bolella, ka mokhoa o joalo thabo e teng pel’a mangeloi a Molimo ka moetsalibe a le mong ea bakang.” (Luka 15:8-10) Drakema e ne e batla e ka lekana le moputso oa letsatsi bakeng sa motho ea sebetsang. Mohlomong chelete ea mosali eo e ne e le lefa leo a le sietsoeng, kapa mohlomong e ne e le karolo ea sete ea lidrakema tse etsang mabenyane. Eitse ha e lahleha, mosali eo o ile a e batla ka thata a ba a e fumana, ’me eena le basali bao e leng metsoalle ea hae ba ile ba thaba. Sena se re bolella eng ka Molimo?
Thabo Leholimong—Ke Thabo ea Eng?
19, 20. Litšoantšo tse peli tsa Jesu tsa pele tse ho Luka 15 haholo-holo li ne li bua ka mang, hona li ile tsa hatisa ntlha efe ea sehlooho?
19 Jesu, eo likhoeli tse seng kae pejana a neng a ile a itsebahatsa e le “molisa ea molemo” ea neng a tla nehelana ka sephefumolohi sa hae bakeng sa linku tsa hae, o ile a sebelisa litšoantšo tsena tse peli e le ha a arabela ba neng ba mo nģosa. (Johanne 10:11-15) Leha ho le joalo, litšoantšo tsena li ne li sa bue ka Jesu hakaalo. Lithuto tseo ho neng ho hlokahala hore bangoli le Bafarisi ba ithute tsona li ne li theiloe holim’a boikutlo ba Molimo le litsela tsa oona. Ka hona, Jesu o ile a bolela hore ho ba le thabo leholimong ha moetsalibe a sokoloha. Batho bao ba bolumeli ba ne ba ipolela hore ba sebeletsa Jehova, empa ba ne ba sa mo etsise. Ka lehlakoreng le leng, litsela tse bontšang mohau tsa Jesu li ne li emela thato ea Ntat’ae.—Luka 18:10-14; Johanne 8:28, 29; 12:47-50; 14:7-11.
20 Haeba moetsalibe a le mong ho ba lekholo e le motheo oa thabo, chelete e le ’ngoe ho tse leshome e ne e le motheo oa thabo e khōlō le ho feta. Esita le kajeno, re ka utloisisa boikutlo ba thabo boo basali bao ba ileng ba ba le bona ha ba fumana chelete eo! Mona le teng thuto e ntse e theiloe leholimong, ka hore “mangeloi a Molimo” a thaba hammoho le Jehova “ka moetsalibe a le mong ea bakang.” Hlokomela poleloana eo ea ho qetela e reng, “ea bakang.” Litšoantšo tsena li ne li hlile li bua ka baetsalibe ba bakang. ’Me u ka hlokomela hore kaofela li ne li hatisa hore ho loketse ho thaba ha ba baka.
21. Re lokela ho ithuta thuto efe litšoantšong tsa Jesu tse ho Luka 15?
21 Baeta-pele bao ba bolumeli ba lahlehileng ba neng ba inka ba khotsofetse ke ho ipapisa le Molao moo ba bonoang ke batho, ba ne ba iphapanyetsa hore Molimo o ‘mohau ebile o lereko, . . . o tšoarela phoso le tšito le sebe.’ (Exoda 34:6, 7, NW) Hoja ba ne ba ile ba etsisa tšobotsi ena ea litsela tsa Molimo le botho ba oona, ba ka be ba ile ba ananela mohau oo Jesu a ileng a o bontša ho baetsalibe ba bakang. Ho thoe’ng ka rōna? Na re nka thuto ee ka botebo le ho e sebelisa? Hlokomela setšoantšo sa boraro sa Jesu.
Pako le Mohau Lia Sebetsa
22. Ka bokhutšoaane, Jesu o ile a fana ka eng e le setšoantšo sa boraro ho Luka 15?
22 Ho ’nile ha thoe setšoantšo sena ke sa mora ea lehlasoa. Empa, mohlomong ha u se bala u tla bona hore na ke hobane’ng ha ba bang ba nahana ka sona e le setšoantšo se bontšang lerato la ntate. Se tlaleha ka mora e mong e monyenyane ka lapeng, ea fumanang lefa la hae ho ntat’ae. (Bapisa le Deuteronoma 21:17.) Mora enoa oa tsamaea ’me o ea naheng e hōle, moo a fihlang a hafotsa sohle seo a nang le sona ka bohlola, ’me a lokela ho fumana mosebetsi oa ho alosa likolobe, ’me o qobelleha hore a lapele lijo tsa likolobe. Qetellong oa hlaphoheloa ’me o etsa qeto ea ho khutlela hae, o batla feela hore a sebeletse ntat’ae joaloka motho ea hiriloeng. Ha a atamela lapeng, ntat’ae o nka khato e tiileng ea ho mo amohela, o bile o etsa mokete. Moholoane oa hae, ea neng a setse hae a ntse a sebetsa, oa mo honohela ka baka la mohau ona oo a o bontšitsoeng. Empa ntat’ae o re ba lokela ho thaba hobane mora ea neng a shoele joale oa phela.—Luka 15:11-32.
23. Re lokela ho ithuta eng ka setšoantšo sa mora ea lehlasoa?
23 Mohlomong bangoli ba bang le Bafarisi ba ne ba ikutloa hore ba bapisoa le mora e moholo, ho fapana le baetsalibe ba neng ba tšoana le mora e monyenyane. Leha ho le joalo, na ba ne ba utloisisa ntlha ea sehlooho ea setšoantšo seo, hona na rōna rea e utloisisa? E totobatsa tšoaneleho e ikhethang ea Ntate oa rōna oa leholimo ea mohau, ho ikemisetsa ha hae ho tšoarela moetsalibe ka baka la pako ea hae e tsoang pelong le tšokoloho. E lokela e be e ile ea susumetsa bamameli hore ba arabele ka thabo ha baetsalibe ba bakileng ba lopolloa. Ke tsela eo Molimo o talimang litaba ka eona le eo o nkang khato ka eona, ’me ba o etsisang ba etsa ho tšoanang.—Esaia 1:16, 17; 55:6, 7.
24, 25. Ke litsela life tsa Molimo tseo re lokelang ho li etsisa?
24 Ka ho hlakileng, toka e tšoaea litsela tsa Molimo kaofela, kahoo ba batlang ho etsisa Jehova ba nka toka e le letlotlo ebile baa e phehella. Ho ntse ho le joalo, Molimo oa rōna ha o susumetsoe ke toka e se nang kutloelo-bohloko kapa e sa fetoheng. Mohau le lerato la oona li khōlō. O bontša sena ka ho ikemisetsa ho tšoarela motheong oa pako ea sebele. Ka hona, ke ho loketseng hore e be Pauluse o ile a amahanya ho ba ha rōna ba tšoarelang le ho etsisa ha rōna Molimo: “Le tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste. Le fele le be baetsisi ba Molimo, ka ha le le bana ba ratoang; ’me le tsamaee leratong.”—Ba-Efese 4:32–5:2.
25 Ke khale Bakreste ba ’nete ba leka ho etsisa toka ea Jehova hammoho le mohau oa hae le ho ikemisetsa ha hae ho tšoarela. Ha re ntse re mo tseba haholoanyane, re lokela ho nolofalloa haholoanyane hore re mo etsise litšobotsing tsena. Leha ho le joalo, re ka sebelisa see joang ho motho eo ka toka a sa tsoa fumana taeo e boima hobane a ne a phehelletse tsela ea sebe? A re boneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Ho khaola ka kutloisiso ea hona e tloaelehileng ka ho fetisisa ke ketso e etselitsoeng qeto eo ka eona sehlopha se itseng se hanelang bao e kileng ea e-ba litho tsa sona ha ba sa ntse ba e-na le boemo bo botle litokelo tsa ho ba setho. . . . Mehleng ea Bokreste ho khaola ho ile ha bolela ketso ea ho ikarola ho bafosi eo ka eona sehlopha sa bolumeli se neng se ba hanela ka lisakaramente, borapeli ba phutheho, mohlomong le ho kopanela botsoalle ba mofuta ofe kapa ofe.”—The International Standard Bible Encyclopedia.
U Ithutile Eng?
◻ Toka ea Molimo e ile ea bonahatsoa joang phuthehong ea Iseraele le ka phuthehong ea Bokreste?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa mohau oa Molimo, ho phaella tokeng ea oona?
◻ Ke eng se ileng sa susumelletsa hore ho fanoe ka litšoantšo tse tharo tse ho Luka khaolo ea 15, hona li lokela ho re ruta lithuto life?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Thota ea er-Raha ka pele ho Thaba ea Sinai (sebaka se ka morao ka letsohong le letšehali)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Garo Nalbandian
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Garo Nalbandian