Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/15 leq. 28
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Jesu ke Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
    Tsoha!—2002
  • ‘Mikaele Khosana e Kholo’—Ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/15 leq. 28

Na U sa Hopola?

Na u fumane litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa li na le bohlokoa bo sebetsang? Joale ke hobane’ng ha u sa hlahlobe matla a hao a ho hopola ka lipotso tse latelang?

◻ Ke linnete life tse hanyetsang ho hlonepshoa ha sebaka seo ho nahanoang hore Jesu o tsoaletsoe ho sona?

Bibele ha e bolele sebaka se tobileng seo Jesu a tsoaletsoeng ho sona. Litlaleho tsa Kosepele tsa Mattheu le Luka li fana ka lintlha tsa bohlokoa feela. (Mattheu 2:1, 5; Luka 2:4-7) Ho bala Johanne 7:40-42 ho bontša hore batho ka kakaretso ba ne ba sa tsebe sebaka seo a tsoaletsoeng ho sona, kaha ba bang ba ne ba nahana hore o hlahetse Galilea. Hape, nakong ea bophelo ba Jesu lefatšeng, le ka mohla ha aa ka a phatlalatsa lintlha tsa tsoalo ea hae.—12/15, leqephe 5.

◻ Mokreste a ka ipoloka a thabile joang ha a ntse a sebetsana le liteko tsa ho kula ’meleng, ho tepella maikutlo, le bothata ba moruo?

Lentsoe la Molimo le fana ka matšeliso a hlokahalang le tataiso. Ho bala kapa ho mamela lipesaleme ho fana ka khatholoho e ngata e hlokahalang. Davida o ile a re eletsa: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa.” O ile a boela a re tiisetsa hore ka sebele Jehova ke “ea utloang thapelo.” (Pesaleme ea 55:22; 65:2, BPN) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ka likhatiso tsa oona le baholo ba phutheho, o lutse e le malala-a-laotsoe ka mehla bakeng sa ho re thusa ho loana le mathata a rōna.—1/1, maqephe 14-15.

◻ Jesu o ne a bolela eng nakong eo a neng a il’o khokhotheloa, ha a re: “Hobane ekare ha ba etsa tseo ho sefate se setala, ho tla etsoa joang ho se omileng?” (Luka 23:31)

Jesu o ne a bua ka sefate sa sechaba sa Bajode. Ka lebaka la boteng ba Jesu le masala a Bajode a neng a lumela ho eena, sechaba se ne se sa ntsane se e-na le mongobo o itseng oa bophelo. Leha ho le joalo, ha bana bohle ba tlosoa sechabeng, ho tla sala feela sefate se shoeleng moeeng, mokhatlo o hlophisitsoeng oa sechaba o omelletseng.—1/15, leqephe 9.

◻ “Ba hloekileng pelong,” bao ho buuoang ka bona ho Mattheu 5:8, (NW) ba ka “bona Molimo” joang?

Ba “bona Molimo” ha ba o bona o nka khato molemong oa baboloki ba botšepehi. (Bapisa le Exoda 33:20; Jobo 19:26; 42:5.) Leha ho le joalo, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng ho Mattheu 5:8 e le “bona” le boetse le bolela “ho bona ka monahano, ho hlokomela, ho tseba.” Kaha Jesu o ne a bonahatsa botho ba Molimo ka ho phethahetseng, ho lemoha botho boo ho ile ha nolofalletsa “ba hloekileng pelong” ho “bona Molimo.” (Johanne 14:7-9)—1/15, leqephe 16.

◻ Ke hobane’ng ha re fihlela qeto ea hore Jesu ke arekangeloi Mikaele?

Lentsoe la Molimo le bua ka arekangeloi a le mong feela, ’me le bua ka lengeloi leo le tobisitse seo ho Morena Jesu ea tsositsoeng: “Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo.” (1 Ba-Thessalonika 4:16) Ho Juda 9 re fumana hore lebitso la arekangeloi enoa ke Mikaele.—2/1, leqephe 17.

◻ Likarolo tse ’nè tseo ho tsona re ka bontšang tlhompho ho batho ba bang ke life?

Re lokela ho bontša tlhompho ho babusi ba lipolotiki, ho bahiri, ho litho tsa lelapa, le ho ba ka phuthehong.—2/1, maqephe 20-2.

◻ Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a beha mohlala ofe o motle bakeng sa ba nang le batsoali ba hōlileng?

Ha Jesu a ntse a fanyehiloe ’me a utloa bohloko thupeng ea tlhokofatso, o ile a nahanela boiketlo ba nama le ba moea ba ’mè oa hae ka ho mo siea tlhokomelong ea moapostola oa hae ea ratoang Johanne. (Johanne 19:25-27)—2/15, leqephe 8.

◻ Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a utloisoe bohloko?

Matšoenyeho a Jesu a ile a sebeletsa ho rarolla tseko ea botšepehi ba bahlanka ba Molimo. A ile a boela a mo hlomella bakeng sa mosebetsi oa hae e le Moprista ea Phahameng ea mohau oa moloko oa batho. (Ba-Heberu 4:15)—2/15, maqephe 14-15.

◻ Bofetoheli ba Edene bo ile ba phahamisa litseko life tsa bohlokoa?

Na motho a ka khona ho ipusa ka katleho ntle ho Molimo? Na ke toka ka lehlakoreng la Molimo ho batla boikokobetso bobusing ba oona? Ho feta moo, na batho leha e le bafe ba ne ba ka khetha ho sebeletsa Molimo ka tsela e se nang boithati ka ho rata ha bona?—3/1, leqephe 6.

◻ Ke hobane’ng ha ka phoso ba bang ba ’nile ba ja litšoantšetso tsa Sehopotso?

E ka ’na eaba ba bang ba e-s’o hōle hantle moeeng ha ba e-s’o be le kutloisiso e leka-lekaneng ea merero ea Molimo. E ka ’na eaba ha ba lumele hore ho tlotsoa “hase taba ea thato kapa ea boiteko ba motho, empa ke ea mohau oa Molimo.” (Ba-Roma 9:16, BPN) Ha ho itsoele ho motho ka mong ho etsa qeto ea hore na a ka rata ho kenngoa selekaneng se secha ’me a fetohe mojalefa ’moho le Kreste. Khetho ea Jehova ke eona ea bohlokoa, ’me moea oa hae o pakela khetho eo. (Ba-Roma 8:16; 1 Ba-Korinthe 12:18)—3/15, leqephe 21.

◻ “Puo e hloekileng” eo ho buuoang ka eona ho Sofonia 3:9 (NW) ke eng?

Ke tsebo e nepahetseng ea ’nete ka Molimo le merero ea oona.—4/1, maqephe 21-2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela