Tlōlo ea Molao Lefatšeng le Ferekaneng
TLŌLO ea molao hase ntho e ncha. Polao ea pele e etsahetse likete tsa lilemo tse fetileng ha Kaine a ne a bolaea ngoan’abo, Abele. Mangolo a boholo-holo a Seheberu a bua ka ho beta le bosodoma. (Genese 4:8; 19:4, 5; 34:1-4) Masholu a ne a hlasela batho lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, joalokaha setšoantšo sa Mosamaria ea molemo se bontša. (Luka 10:29-37) Empa boemo bo fapane kajeno.
Boikutlo ba batho ba bangata ba phelang metseng e meholo ea litoropo lefatšeng ke hore tlōlo ea molao e phahame haholoanyane ’me e tšosa haholoanyane, ho sa tsotellehe hore na ke New York, London, Calcutta, kapa Bogotá. Tlaleho ea India Today e nang le sehlooho sa litaba se reng: “Sehlopha sa Batho ba Nang le Morero o le mong se sa Laoleheng” e re: “Phetoho e ferekanyang e sokelang ho felisa boitšoaro bo nepahetseng le mekhoa e kopanyang sechaba ka har’a naha ke ho phahama ha pefo, ho hloka boitšoaro ho phephetsang, le ho tlōla melao ea sehlopha sa batho ba nang le morero o le mong.” Ha a ntse a loantša tlōlo ea molao, mapolesa le ’ona ka linako tse ling a ba le takatso ea ho tlōla meeli tšebelisong ea ’ona ea melao ebe a sebelisa mekhoa ea bonokoane. Tlaleho ea India ea nakong e fetileng e re: “Ho shoa ha batho ba koalletsoeng ke mapolesa ho tsoela pele ho hlaha litabeng.” ’Me sena se boetse se etsahala le linaheng tse ling.
Monyetla oa ho se hlaseloe ke tlōlo ea molao o bonahala o ntse o fokotseha. Tlaleho e tsoang United States e bolela hore “ntlo e le ’ngoe ho a mane a Maamerika e ile ea hlaseloa ke tlōlo ea molao e mabifi kapa bosholu ka 1988.” Ho feta moo, batho ba etsa tlōlo ea molao e mabifi ba sa le lilemong tse tlaase. Makasine oa Latin-America, Visión, o bolela hore “li-sicario [babolai ba lefshoang] tse robong ho tse leshome ke bacha ba tlaase lilemong. [Ke] ‘bana’ ka tlhaho ’me ba ka tlas’a tšireletso ea molao.” Hape, ho etsoa ha tlōlo ea molao e mabifi ke bana ba tlaase lilemong ho tloaelehile lefatšeng lohle.
Bibele e ile ea profeta lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng: “Empa tseba sena, hore mehleng ea qetello linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Hobane batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, . . . ba se nang boitšoaro, ba bohale, ba sa rateng molemo, baeki, ba sa laoleheng, baikhohomosi . . . Batho ba khopo le ba thetsang ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetang, ba thetsa le ho thetsoa.”—2 Timothea 3:1-4, 13, NW.
Ho tloha ka 1914, ho na le bopaki bo bongata ba hore re phela mehleng eo ea qetelo e mahlonoko. Ka baka la ho hlaseloa ke lintoa tse peli tsa lefatše le likhohlano tse ling tse khōlō, ka litsela tse ngata lefatše le fetohile le ke keng la busoa le le ferekaneng. Tlōlo ea molao e atile. Libakeng tse ngata tsa litoropo, linokoane lia laola, li fetola mokhoa oa bophelo oa ba bangata ba bolokang molao. Joalokaha setho se tsebahalang sa lekhotla le etsang melao la U.S. se boletse: “Ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho khathatseha ka tsona hona joale, lintho tseo ho hang re neng re sa li tšabe. Ka linako tse ling re tšoha hoo re fetohang batšoaruoa, ha ba lokelang ho koalloa chankaneng ba lokolohile.”
Phello ke hore kajeno batho ba sebelisa mekhoa ea ho itšireletsa e neng e sa hlokahale lilemong tse 20 kapa tse 30 tse fetileng. Mamati a na le liloko tse peli kapa tse tharo tse tiisitsoeng ka tšepe. Libakeng tse ngata batho ba nka chelete e lekaneng hore ba ka khotsofatsa lesholu le hlometseng ka tšepo ea ho qoba ho otloa hobane ba hloka seo ba ka fanang ka sona ho masholu. Literata tse ngata li batla li se na batho ba tsamaeang ho tsona ka mor’a hore letsatsi le likele, ba atisang ho tsamaea ho tsona ke ba se nang tsebo, ba sebete ba ipehang kotsing, le bao maemo a ba qobellang ho ba sebakeng seo—e leng ba ka hlaseloang habonolo ke masholu a bolaeang batho a lelerang libakeng tse nang le mehaho e petetsaneng metseng e meholo ea litoropo.
Re ka etsa joang hore re qobe ho hlaseloa ke tlōlo ea molao lefatšeng lena le ferekaneng le sa laoleheng? Ke joang re ka sebetsanang le boemo boo ka katleho?