Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 5/15 maq. 10-15
  • Nahanisisa ka Mehlala ea Mamello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nahanisisa ka Mehlala ea Mamello
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Mamelletse Molemong oa Lebitso la Hae
  • O Mamelletse Molemong oa Batho
  • Mohlala oa Jesu oa Mamello
  • Mehlala e Meng ea Mamello
  • Nahanisisa ka Mohlala oa Pauluse
  • Jehova ke Molimo ea Nang le Tiisetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • ‘Le Ikapese Tiisetso’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bontša Mamello ho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • ‘Tsamaea ka Mokhoa o Tšoanelang Mamello’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 5/15 maq. 10-15

Nahanisisa ka Mehlala ea Mamello

“Molimo . . ., o lumelletse lipitsa tsa khalefo tse entsoeng tse tšoaneloang ke timetso ka mamello e khōlō.”—BA-ROMA 9:22, NW.

1. (a) Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re ruisa molemo joang? (b) Tabeng ena, ke hobane’ng ha ho buuoa ka tšoaneleho ee ea mamello?

JEHOVA Molimo, ’Mōpi oa rōna, o re file Lentsoe la hae le bululetsoeng, e leng Bibele e Halalelang. Le lokela ho sebeletsa e le ‘lebone la maoto a rōna le leseli tseleng ea rōna.’ (Pesaleme ea 119:105) Lentsoe la Molimo le boetse le re thusa hore re “itlhomelle ka ho felletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle.” (2 Timothea 3:16, 17, NW) Tsela e ’ngoe eo ka eona le re hlomellang joalo ke ka ho re fa mehlala e metle ea mamello. Tšoaneleho ena ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa Molimo ’me ea hlokahala e le hore re ka fumana kamohelo ea oona le ho sebelisana ka kutloano le batho ba bang.—Ba-Galata 5:22, 23.

2. Ke eng se boleloang ke lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mamello,” ’me ke mang ea ka sehloohong ea bontšang tšoaneleho ee?

2 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mamello” ha e le hantle le bolela “ho ba le moea o molelele.” Mamello e ’nile ea hlalosoa e le “tšoaneleho e sa potlakeleng ho iphetetsa kapa ho potlakela ho fana ka kotlo, e leng ea ho ithiba ha motho a halefisitsoe.” (Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words, ea W. E. Vine, Moqolo 3, leqephe 12) Ho bontša mamello ho bolela ho sebelisa boitšoaro le ho lieha ho halefa. ’Me ke mang ea ka sehloohong har’a batho ba liehang ho halefa, ea bontšang mamello? Ke Jehova Molimo. Ka hona, ho Exoda 34:6, (NW) re bala hore Jehova ke “Molimo o mohau le o lereko, o liehang ho halefa le o tletseng mosa o lerato le ’nete.” Ha e le hantle, ka Mangolong ho buuoa ka Jehova e le ‘ea liehang ho halefa’ ka makhetlo a mang a eketsehileng a robeli.—Numere 14:17; Nehemia 9:17; Pesaleme ea 86:15; 103:8; 145:8; Joele 2:13; Jonase 4:2; Nahume 1:3.

3. Ke litšoaneleho life tse ikarabellang ho bontšeng ha Jehova mamello?

3 Ho bontša mamello, kapa ho lieha ho halefa, ke sona seo re ka se lebellang ho Jehova Molimo, hobane o na le matla le bohlale bo ke keng ba lekanngoa, o phethahetse tokeng, ’me ke oona mothofatso oa lerato. (Deuteronoma 32:4; Jobo 12:13; Esaia 40:26; 1 Johanne 4:8) O khona ho laola litšoaneleho tsa hae, ka linako tsohle o li boloka li leka-lekana ka ho phethahetseng. Lentsoe la hae le senola eng mabapi le hore na ke hobane’ng ha a bontšitse mamello ka batho ba sa phethahalang le hore na o ’nile a e bontša joang?

O Mamelletse Molemong oa Lebitso la Hae

4. Molimo o bontšitse mamello ho baetsalibe ka mabaka afe a matle?

4 Ke hobane’ng ha Jehova a bontša mamello? Ke hobane’ng ha a sa otle baetsalibe hang-hang? Hase hobane a hloka thahasello kapa a hloka cheseho bakeng sa ho lokileng. Che, empa ke hobane Jehova o na le mabaka a matle a ho lieha ho halefa ’me ha a potlakele ho otla batho. Lebaka le leng ke hore lebitso la hae le tle le tsebahatsoe. Lebaka le leng ke hore ho ne ho hlokahala nako hore ho rarolloe litseko tsa bobusi ba Molimo le botšepehi ba batho, tse ileng tsa hlahisoa ke mofetoheli Edene. Lebaka le leng la hore ebe Molimo o mamelletse ke hore ho fana ka monyetla oa hore batho ba etsang liphoso ba lokise litsela tsa bona.

5, 6. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša mamello mabapi le bofetoheli ba motho?

5 Jehova o ile a bontša mamello litšebelisanong tsa hae le batho ba babeli ba pele tšimong ea Edene. Eitse ha ba tlōla taelo ea hae ea hore ba se ke ba ja tholoana ea sefate sa ho tseba botle le bobe, a ka be a ile a ba bolaea hang-hang hammoho le lengeloi la moetsalibe le neng le thetsitse Eva. Ho ne ho se pelaelo hore boikutlo ba Jehova ba ho loka le toka ea hae li ne li hlomphollotsoe, hore o ne a halefetse bafetoheli bao ba bararo. Hoja o ile a ba bolaea hang-hang o ne a tla be a e-na le tokelo e phethahetseng ea ho etsa joalo. Molimo o ne o lemositse motho oa pele, Adama: “Ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:17) Hona ka letsatsi leo Adama a entseng sebe ka lona, Molimo o ile oa bitsa batlōli bao ba molao hore ba tl’o ikarabella eaba o ba fa kotlo ea lefu. Ho latela kahlolo, Adama le Eva ba ile ba shoa ka letsatsi lona leo. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa rōna ea nang le mamello o ile a lumella Adama hore a phele lilemo tse 930.—Genese 5:5.

6 Molimo o ne o e-na le mabaka a matle a ho bontša mamello, kapa ho lieha ho halefa, tabeng ena. Hoja o ile oa bolaea bafetoheli bao hang-hang, sena se ne se ke ke sa arabela thohako e felletseng ea Diabolose ea hore Jehova Molimo ha a tšoaneloe ke ho rapeloa le hore ha ho na bahlanka ba batho ba tla boloka botšepehi ba bona ho eena ho sa tsotellehe maemo. Ho feta moo, lipotso tse kang tsena li ne li tla sala li sa arabeloa: Ke phoso ea mang hore ebe Adama le Eva ba ile ba etsa sebe? Na qalong Jehova o ne a ba bōpile ba fokola haholo boitšoarong hoo ba neng ba ka sitoa ho hanela teko e be oa ba otla ha ba hlōleha ho etsa joalo? Karabelo ea sena sohle e hlakisoa ke tlaleho e fumanoang bukeng ea Jobo, likhaolo 1 le 2. Ka hore Jehova a lumelle moloko oa batho ho eketseha, o ile a lumella batho hore ba fumane menyetla ea ho paka liqoso tsa Satane e le leshano.

7. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a bolaea Faro hang-hang?

7 Ha Jehova a ne a le lekhatheng la ho lopolla batho ba hae, Baiseraele, botlamuoeng ba Egepeta, o ile a ’na a ipaka a na le mamello. Jehova a ka be a ile a timetsa Faro le mabotho a hae a ntoa hang-hang. Leha ho le joalo, ho e-na le ho etsa joalo Molimo o ile oa ba mamella ka nakoana. E ne e le ka mabaka afe a matle? Ha nako e ntse e feta, Faro o ile a ba manganga le ho feta ’me a hana ho lumella Baiseraele hore ba tlohe Egepeta e le batho ba Jehova ba lokolohileng. Ka ho etsa joalo o ile a bontša hore e ne e le ‘pitsa ea khalefo’ e tšoaneloang ke timetso ka baka la ho nyelisa Jehova. (Ba-Roma 9:14-24, NW) Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le lebaka le leholoanyane leo ka lona Molimo o neng o mamelletse tabeng ena. O ile oa bolella Faro tjena o sebelisa Moshe: “Hojane ke otlolotse letsoho la ka, ka u otla, uena le sechaba sa hao, ka lefu le akaretsang, u ka be u timetse lefatšeng. Empa ke u tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka uena, le hore lebitso la ka le tume lefatšeng lohle.”—Exoda 9:15, 16.

8. Ke ka lebaka lefe ha Molimo o sa ka oa bolaea Baiseraele ba bafetoheli lefeelleng?

8 Mamello ea Jehova e ile ea boela ea bonahala ka mabaka a matle ha Baiseraele ba ne ba le lefeelleng. Ba ile ba leka mamello ea Molimo haholo ka ho rapela namane ea gauta le ho se bontše tumelo ha lihloela tse leshome li ne li khutla ka tlaleho e mpe! Molimo ha oa ka oa ba felisa kaha e ne e le batho ba oona hobane lebitso la oona le botumo ba oona li ne li ameha. E, Jehova o ile a bontša mamello molemong oa lebitso la hae.—Exoda 32:10-14; Numere 14:11-20.

O Mamelletse Molemong oa Batho

9. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša mamello mehleng ea Noe?

9 Jehova o ’nile a bontša mamello molemong oa batho ho tloha haesale Adama a fosetsa bana bohle bao a neng a tla ba le bona, a ba etsetsa ho hloka toka ho hoholo ka ho etsa sebe. Mamello ea Molimo e ile ea etsa hore phoso eo e lokisoe ka hore ebe o ile oa fa batho ba bakileng nako ea hore ba boelanngoe le oona. (Ba-Roma 5:8-10) Jehova Molimo o ile a boela a bontša mamello ho batho mehleng ea Noe. Ka nako eo, “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle.” (Genese 6:5) Le hoja Molimo o ka be o ile oa felisa moloko oa batho hang feela ha o bona boemo bona, o ile oa etsa qeto ea hore o tla felisa boemo bona ka mor’a lilemo tse 120. (Genese 6:3) Ponahatso ena ea mamello e ile ea fa Noe nako ea hore a be le bara ba bararo, nako ea hore ba hōle ba be ba nyale, le nako ea hore lelapa leo le ahe areka bakeng sa ho boloka liphefumolohi tsa lona le ho boloka liphoofolo tse bōpiloeng. Ka tsela ena ho ile ha ba bonolo hore morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa lefatše o phethahatsoe.

10, 11. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bontša mamello e khōlō ho sechaba sa Iseraele?

10 Tlhaloso e ’ngoe ea mamello haholo-holo e sebetsa litšebelisanong tsa Molimo le batho ba oona. Ke “ho mamella phoso kapa ho halefisoa ka tiisetso, ho akarelletsa le ho se lahleheloe ke tšepo ea hore kamano e senyehileng e tla ntlafala.” (Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqephe 262; e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.) Sena se lebisa lebakeng le leng hape leo ka lona Molimo o ileng oa bontša mamello ho Baiseraele. Khafetsa ba ile ba furalla Jehova ’me ba kena botlamuoeng ba lichaba tseo eseng Bajode. Leha ho le joalo, o ile a bontša mamello ka ho lopolla Baiseraele le ho ba fa monyetla oa ho baka.—Baahloli 2:16-20.

11 Marena a mangata a Iseraele a ile a khelosetsa bafo ba ’ona borapeling ba bohata. Na Molimo o ile oa furalla sechaba seo hang-hang? Che, ha oa ka oa potlakela ho lahleheloa ke tšepo ea hore kamano e senyehileng e tla ntlafala. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a lieha ho halefa. Khafetsa Molimo o ile oa bontša mamello ka ho ba fa monyetla oa hore ba bake. Ho 2 Likronike 36:15, 16 rea bala: “Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona, a ’na a romela ho bona ka manģosa a hae, a ’na a a roma e sa le hosasa, hobane a na a utloela sechaba sa hae le bolulo ba hae bohloko. Empa ba ’na ba soma ka manģosa a Molimo, ba nyelisa lipolelo tsa oona, ba tšeha baprofeta ba oona, ho fihlela khalefo ea Jehova e ba e phahamela sechaba sa oona, ho se ho se kamoo ho ka thusoang kateng.”

12. Mangolo a Segerike a Bokreste a fana ka bopaki bofe ka lebaka leo Jehova a mamellang ka lona?

12 Mangolo a Segerike a Bokreste le ’ona a fana ka bopaki ba hore Jehova o bontša mamello hore a thuse batho ba hae ba etsang liphoso. Ka mohlala, moapostola Pauluse o botsa Bakreste ba fosang: “U nyelisa monono oa mosa oa oona, le oa sebete sa oona, le oa pelo ea oona e telele [“mamello,” NW] ka ho se lemohe hoba molemo oa Molimo o u khannela pakong na?” (Ba-Roma 2:4) Mantsoe a Petrose le ’ona a bontša se tšoanang: “Morena ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka ho loketseng haholo, re bolelloa hore re “lemohe hobane mamello ea Morena oa rōna, ke poloko.” (2 Petrose 3:15) Ka hona, rea bona hore Jehova ha a mamelle hobane a susumetsoa ke maikutlo kapa hobane a iphapantse, empa o mamella hobane lebitso la hae le merero ea hae ea ameha ’me o mohau ebile o lerato.

Mohlala oa Jesu oa Mamello

13. Ho na le bopaki bofe ba Mangolo ba hore Jesu Kreste o ne a bontša mamello?

13 Mohlala oa Mora oa Molimo, Messia, Jesu Kreste, ke oona mohlala oa bobeli o latelang mohlala o behoang ke Molimo. Ke mohlala o motle haholo oa ho ithiba ntle le ho iphetetsa ka lepotla-potla le hoja a halefisitsoe.a Hore Messia o ne a tla bontša mamello ho ile ha boleloa esale pele ke moprofeta Esaia ka mantsoe ana: “A etsoa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo oa hae, joale ka konyana e isoang hlabong, le joale ka nku e semumu pel’a bakuti ba eona; ha a ka a ahlamisa molomo oa hae.” (Esaia 53:7) Polelo ea Petrose e tiisa ’nete eona ena: “Enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa ea ahlolang ka ho loka.” (1 Petrose 2:23) E tlameha e be barutuoa ba Jesu ba ne ba mo leka hakaakang ka likhang tsa bona tse sa khaotseng tsa hore na e moholo ka ho fetisisa ke mang! Empa, o ne a ba mamella haholo a bile a tiisetsa!—Mareka 9:34; Luka 9:46; 22:24.

14. Mohlala oa Jesu oa ho bontša mamello o lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?

14 Re lokela ho latela mohlala o behiloeng ke Jesu oa ho mamella. Pauluse o ngotse: “Re titime ka sebete peisong eo re e beetsoeng, re ntse re talimile Jesu, moqali le mophethi oa tumelo, ea mameletseng sefapano [“thupa ea tlhokofatso,” NW] ka baka la thabo eo a e beetsoeng, a sa kang a re letho ka lihlong, a ba a ea lula letsohong le letona la terone ea Molimo. Le fele le lemohe ea mameletseng khanyetso e kalo ea baetsalibe, le tle le se ke la khathala ke ho felloa ke lipelo.”—Ba-Heberu 12:1-3.

15. Re tseba joang hore Jesu o ne a bontša mamello le hore o ile a mamella liteko ka ho rata?

15 Hore Jesu o ne a bontša mamello le hore o ile a mamella liteko ka ho rata ho ka bonoa boikutlong boo a ileng a bo bontša nakong ea ha a tšoaroa. Ka mor’a ho khalemela Petrose ka hore ebe o ile a tsomula sabole hore a sireletse Morena oa hae, Jesu o ile a re: “Na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ’nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang? Empa ha nka etsa joalo, Mangolo a ka phethahala joang, a boletseng hore e ka khona ho be joalo?”—Mattheu 26:51-54; Johanne 18:10, 11.

Mehlala e Meng ea Mamello

16. Mangolo a bontša joang hore mora oa Jakobo Josefa o ne a bontša mamello?

16 Esita le batho ba sa phethahalang le ba baetsalibe ba ka bontša mamello. Mangolo a Seheberu a na le mehlala ea batho ba sa phethahalang ba ileng ba mamella liphoso ka tiisetso. Ka mohlala, mohlala o mong ke oa Josefa, mora oa mopatriareka oa Moheberu Jakobo. Ka tiisetso o ile a mamella ho hloka toka hoo a ileng a hlokofatsoa ka hona ke banab’abo le mosali oa Potifaro! (Genese 37:18-28; 39:1-20) Josefa ha a ka a lumella liteko tsena hore li mo halefise. Sena se ile sa hlakisoa ke ha a bolella banab’abo hore: “Le se ke la tsieleha, la itlhonamela kahoba la na la rekisa ka ’na, ka tla koano, hobane Molimo o nthomile ka pele ho lōna hore ke tle ke le pholose.” (Genese 45:4, 5) Josefa o ile a beha mohlala o motle hakaakang oa mamello!

17, 18. Re na le bopaki bofe ba mamello tabeng ea Davida?

17 Davida ke mohlala o mong oa mohlanka ea tšepahalang oa Jehova ea ileng a mamella liphoso ka tiisetso, a bontša mamello. Kaha o ne a lelekisoa joaloka ntja ke Morena Saule ea lefufa, Davida a ka be a ile a iphetetsa ka makhetlo a mabeli ka ho ’molaea. (1 Samuele 24:1-22; 26:1-25) Empa Davida o ile a letela Molimo, joalokaha ho ka bonoa mantsoeng a hae a neng a ea ho Abishai: “Ke eena Jehova ea tla ’molaea [Saule]; kapa ho tla chaba tsatsi la hae la ho shoa, kapa o tla ea ntoeng, a timele teng. Jehova a nthibele hore ke se ke ka isa letsoho ho motlotsuoa oa Jehova.” (1 Samuele 26:10, 11) E, Davida o ne a e-na le matla a ho felisa hore a ’ne a lelekisoe ke Saule. Ho e-na le hoo, Davida o ile a khetha ho bontša mamello.

18 Hape, nahanisisa ka se ileng sa etsahala ha Morena Davida a ne a baleha mora oa hae ea sa tšepahaleng Absalome. Shimei, Mobenjamine oa ntlo ea Saule, o ile a betsa Davida ka majoe ’me a mo rohaka, a hoeletsa: “Tloha mona, tloha mona, uena monna tooe ea khenathetseng mali le monna ea se nang thuso!” (NW) Abishai o ne a batla hore Shimei a bolaoe, empa Davida o ile a hana ho iphetetsa. Ho fapana le ho etsa joalo o ile a boela a bontša tšoaneleho ea mamello.—2 Samuele 16:5-13.

Nahanisisa ka Mohlala oa Pauluse

19, 20. Moapostola Pauluse o ile a ipontša joang hore o na le mamello?

19 Ka Mangolong a Segerike a Bokreste, re boetse re fumana mohlala o mong o motle oa mamello ea motho ea sa phethahalang—moapostola Pauluse. O ile a mamella ka tiisetso, a bontša mamello, ho lira tsa hae tsa bolumeli le batho ka bomong ba neng ba ipolela hore ke Bakreste. E, Pauluse o ile a bontša mamello le hoja ba bang ka phuthehong ea Korinthe ba ne ba re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqō ke likobo feela, le puo ea hae ea nyeliseha.”—2 Ba-Korinthe 10:10, BPN; 11:5, 6, 22-33.

20 Ka hona, ka lebaka le utloahalang Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Re iketsetsa ka hohle kemelo e loketseng bahlanka ba Molimo, ka tiisetso e kholo mahlomoleng, le bofumeng, le litsietsing, le likotsing, le litlamong, le mefere-fereng, le ho sebetseng, le ho falimeheng, le ka ho itima lijo; ka ho hloeka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moea o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso.” (2 Ba-Korinthe 6:4-6) Moapostola o ile a ngolla mosebetsi-’moho le eena Timothea ka taba e tšoanang: “U rutehile thuto ea ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ea ka, le tumelo ea ka, le mamello ea ka, le lerato la ka, le sebete sa ka; le lihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela . . . empa Morena o ntoetse ho tsona kaofela.” (2 Timothea 3:10, 11) Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle hakaakang oa ho bontša mamello!

21. Sehlooho se latelang se ka re thusa joang?

21 Ka ho hlakileng, Mangolo a tletse mehlala e metle ea mamello. Jehova le Mora oa hae ea ratoang ke mehlala e meholo. Empa ke ho khothatsang hakaakang ho hlokomela hore tšoaneleho ee e ’nile ea bonahatsoa ke batho ba sa phethahalang, ba kang Josefa, Davida, le moapostola Pauluse! Sehlooho se latelang se etselitsoe ho re thusa ho etsisa mehlala e joalo e metle.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho mamella ha ho bolele feela ho utloisoa bohloko ka nako e telele. Haeba motho ea utloisoang bohloko ka nako e telele a ne a ka nyahama kapa a halefa hobane a sitoa ho iphetetsa, e ne e ke ke eaba oa mamella.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Ho bontša mamello ho bolela eng?

◻ Jehova o ’nile a bontša mamello ka mabaka afe haholo-holo?

◻ Jesu o ile a ipontša a e-na le mamello ka litsela life?

◻ Ho na le bopaki bofe ba Mangolo ba hore batho ba sa phethahalang ba ka bontša mamello?

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Josefa, Jesu, Davida, Pauluse, le Jobo e ne e le mehlala e metle ea mamello

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Jesu o ile a bontša mamello ho barutuoa ba hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela