Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ho Mattheu 10:21, na Jesu o ne a re lemosa hore baena ba bangata ka phuthehong ba tla fetohela baena ba bona ba moea?
Che, oo hase moelelo oa temoso ea Jesu, e balehang tjena: “Ngoan’abo motho o tla neela ngoan’abo polaong, le ntat’a motho a etse ngoan’a hae joalo; bana ba tla tsohela batsoali ba bona matla, ba ba bolaee.”—Mattheu 10:21.
Taba e potolohileng temana e bontša hore Jesu o ile a bolela sena ho baapostola ba 12 nakong ea ha a ba romela leetong la boboleli Iseraele. Boholo ba seo a se boletseng bo ile ba ba le moelelo oa sehlooho ho baapostola. Ka mohlala, o boletse hore ba ne ba fuoe matla a ho etsa liphekolo tsa mohlolo, ho leleka bademona, haesita le ho tsosa bafu. (Mattheu 10:1, 8; 11:1) Histori e paka hore hase Bakreste bohle ba ileng ba amohela matla a joalo a mohlolo, e leng ho tiisang hore mona Jesu o ne a bua le bamameli ba itseng—baapostola ba hae.
Leha ho le joalo, se seng sa seo Jesu a se boletseng se ile sa fetela ka ’nģane ho leeto la boboleli la baapostola. O ile a ba bolella: “’Me le tsohele batho masene; . . . le tla isoa pel’a babusisi, le pel’a marena, ka baka la ka, le be lipaki tsa ka ho ’ona le ho lichaba.” (Mattheu 10:17, 18) Leetong leo, ho ka etsahala hore bao ba 12 ba ile ba tobana le khanyetso, empa ha ho bopaki bo bontšang hore ba ile ba isoa “pel’a babusisi, le pel’a marena” e le hore ba ka fana ka bopaki ho “lichaba.”a Lilemo hamorao, baapostola ba ile ba hlaha ka pel’a babusi, ba kang Morena Heroda Agrippa I le II, Sergiuse Pauluse, Gallione, haesita le Moemphera Nero. (Liketso 12:1, 2; 13:6, 7; 18:12; 25:8-12, 21; 26:1-3) Kahoo mantsoe a Jesu a ile a phethahala hamorao.
Keletso ea Jesu e ile ea tsoela pele ka temoso ena: “Ngoan’abo motho o tla neela ngoan’abo polaong.” O ne a sa bue ka baena ba moea joalokaha a ne a sa bue ka bo-ntate ba moea kapa bana ba moea ha a ne a bua mantsoe a latelang temaneng ea 21: “Ntat’a motho [o tla neela] ngoan’a hae joalo; bana ba tla tsohela batsoali ba bona matla, ba ba bolaee.” Jesu o ne a bolela hore baapostola ba ne ba ka lebella bora kapa khanyetso esita le e tsoang ho beng ka bona.—Mattheu 10:35, 36.
Baapostola ba ne ba tla hloka mamello leetong leo la boboleli. Jesu o ile a tsoela pele: “Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ea tiisetsang ho isa qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 10:22.
Se seng sa seo Jesu a ileng a se bolela ketsahalong eo ke sa bohlokoa ho rōna joaloka Lipaki tsa Jehova kajeno. Boboleling ba rōna re hatella ’Muso haholo. Re phetha tšebeletso ea rōna ntle ho tefello ’me re batla batho ba thahasellang molaetsa kapa ba tšoaneloang ke oona. Ho ba seli ho loketse. Bahanyetsi baa eketseha. Ka linako tse ling beng ka rōna, baahisani, kapa bao re sebetsang le bona ba baka mathata a tebileng, haholo-holo ho batho ba tšepahalang bao e leng hona ba qalang ho phehella tsela ea Bokreste ba ’nete. Jesu o ile a boela a lemosa ka khanyetso e joalo ha a ne a hlalosa “pontšo” ea ho ba teng ha hae. (Mattheu 24:3, 9, 10, NW; Luka 21:16, 17) O ile a boela a bolela tlhokahalo ea hore re ‘mamelle ho isa qetellong e le hore re bolokehe.’ E, ho hlokahala hore re mamelle ho fihlela qetellong ea bophelo ba rōna ba hona joale kapa ho fihlela ha tsamaiso ena ea lintho e fela ’me re ka kena lefatšeng le lecha.—Mattheu 24:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liphetolelo tse ling li fetolela sena e le “bahetene” (The Jerusalem Bible), “Balichaba” (New International Version le liphetolelo tsa Moffat le Lamsa), le “mohetene” (The New English Bible).