‘Molebeli o Tlameha ho ba le Boitšoaro’
‘Molebeli o tlameha ho ba le boitšoaro.’—TITE 1:7, 8, NW.
1, 2. William oa Orange o fane ka mohlala ofe oa ho ithiba, ’me o ile oa hlahisa liphello life tse molemo?
HISTORI e fana ka mohlala o tsotehang ka ho fetisisa o amanang le ho thiba maikutlo. Bohareng ba lekholo la bo16 la lilemo, khosana William oa Orange oa Ledutche ea mocha lilemong o ne a ntse a tsamaea le King Henry II oa Fora ba il’o tsoma. Morena o ile a bolella William ka morero oo eena le morena oa Spain ba nang le oona oa ho felisa Maprostanta ’ohle Fora le Netherlands—ha e le hantle, ho felisa Bokreste-’mōtoana kaofela. King Henry o ne a nahana hore William e mocha lilemong ke Lek’hatholike le inehetseng joaloka eena ka hona eaba o ’molella litaba tsohle tse amanang le morero ona. William o ile a tšosoa haholo ke seo a se utloileng hobane e meng ea metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo e ne e le Maprostanta, empa ha aa ka a senola maikutlo a hae; ho e-na le hoo, o ile a bontša thahasello e khōlō litabeng tsohle tseo morena a ’molelletseng tsona.
2 Leha ho le joalo, hang-hang ha William a fumana monyetla, o ile a qalisa ho etsa maoa a ho nyopisa morero ona oa bolotsana, ’me qetellong sena se ile sa etsa hore Netherlands e lokolohe pusong ea K’hatholike ea Spain. Kaha William o ile a khona ho sebelisa boitšoaro ha a qala ho utloa ka morero oo, o ile a tsejoa e le “William ea Khutsitseng.” William oa Orange o ile a atleha haholo hoo re bolelloang sena: “Ke eena mothehi oa sebele oa boipuso le boholo ba rephabliki ea Dutch.”
3. Ke bo-mang ba ruang molemo ha baholo ba Bakreste ba sebelisa boitšoaro?
3 Ka baka la ho ithiba ha hae, William ea Khutsitseng o ile a rua molemo o moholo haholo ’me a ruisa le batho ba hae molemo o moholo haholo. Ka tsela e tšoanang, kajeno baholo ba Bakreste, kapa balebeli, ba lokela ho bonahatsa tholoana ea moea o halalelang ea boitšoaro. (Ba-Galata 5:22, 23, NW) Ha ba bonahatsa tšoaneleho ena, ba rua molemo ka bobona ’me ba ruisa le liphutheho molemo. Ka lehlakoreng le leng, ha ba hlōleha ho sebelisa boitšoaro, sena se ka baka kotsi e khōlō haholo.
Boitšoaro—Ke Ntho e Hlokoang ho Baholo
4. Ke keletso efe ea moapostola Pauluse e hatisang tlhokahalo ea hore baholo ba sebelise boitšoaro?
4 Pauluse, eo le eena e neng e le moholo, o ne a utloisisa bohlokoa ba boitšoaro. Ha a eletsa baholo ba neng ba tlile ho eena ba tsoa Efese, o ile a ba bolella: “Itlhokomeleng ’me le hlokomele le mohlape kaofela.” Har’a lintho tse ling, ho itlhokomela ho ne ho akarelletsa tlhokahalo ea ho sebelisa boitšoaro, ho lebela boitšoaro ba bona. Ha a ngolla Timothea, Pauluse o ile a hatisa ntlha eona eo, a re: “Itlhokomele, u hlokomele le thuto ea hao.” Keletso e joalo e ne e bontša hore Pauluse o hlokometse tšekamelo ea botho eo ba bang ba nang le eona ea ho ameha haholo ka ho bolela ho feta ho sebelisa seo ba se bolelang. Ka hona, o ile a qala ka ho hatisa tlhokahalo ea hore ba itebele.—Liketso 20:28, NW; 1 Timothea 4:16, BPN.
5. Baholo ba Bakreste ba khethoa joang, ’me litšoaneleho tsa bona li tlalehiloe hokae ka Mangolong?
5 Ho theosa le lilemo, mosebetsi o thehiloeng Mangolong oa baholo o ’nile oa hlaka ka ho eketsehileng hanyane ka hanyane. Kajeno, rea hlokomela hore e le hore motho a ka ba boemong ba ho ba moholo o lokela ho khethoa. Baholo ba khethoa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova kapa baemeli ba sona ba tobileng. Sehlopha sena sona se emela “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Haholo-holo moapostola Pauluse ke eena ea fanang ka litšoaneleho tsa ho ba molebeli oa Mokreste, kapa moholo, ho 1 Timothea 3:1-7, (NW) le ho Tite 1:5-9, NW.
6, 7. Ke litšoaneleho life tse tobileng tsa baholo tse hlokang hore ba sebelise boitšoaro?
6 Ho 1 Timothea 3:2, 3, (NW) Pauluse o bolela hore molebeli o tlameha ho ba le mekhoa e itekanetseng. Sena hammoho le tlhokahalo ea hore moholo e be ea laolehileng se hloka hore a sebelise boitšoaro. Monna ea tšoanelehang bakeng sa ho ba molebeli ha a otle ’me ha a rate ntoa. Litšoaneleho tsena li boetse li hloka hore moholo a be le boitšoaro. Ho feta moo, e le hore moholo e se ke ea e-ba letahoa le leqhōkō, le hlanyetsang veine, o tlameha ho sebelisa boitšoaro.—Hape sheba mengolo e botlaaseng ba leqephe ho 1 Timothea 3:2, 3, NW.
7 Ho Tite 1:7, 8, (NW) Pauluse o boletse ka ho khetheha hore molebeli o tlameha ho ba le boitšoaro. Empa, hlokomela hore na ke litšoaneleho tse ling tse ngata hakaakang tse thathamisitsoeng litemaneng tsena tse akarelletsang boitšoaro. Ka mohlala, molebeli o tlameha ho hloka sekoli, e, ho se be letho leo a nyatsoang ka lona. Ka sebele, moholo o ne a ke ke a finyella litlhokahalo tseo ntle leha a sebelisa boitšoaro.
Ha a Sebelisana le ba Bang
8. Ke litšoaneleho life tse hlokahalang ho baholo tse hatisang tlhokahalo ea ho sebelisa boitšoaro ha ba fana ka keletso?
8 Hape, molebeli o tlameha ho tiisetsa le ho mamella ha a sebelisana le balumeli-’moho, ’me sena se hloka boitšoaro. Ka mohlala, ho Ba-Galata 6:1, (NW) rea bala: “Baena, ekare ha motho a ka nka bohato bo sa lokang pele a bo hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea [haholo-holo baholo] le leke ho kenya motho eo tseleng ka moea o bonolo, le itlhokomele, esere mohlomong le lōna la tšoha le lekoa.” E le hore motho a ka bonahatsa moea o bonolo ho hloka boitšoaro. Tabeng ena, boitšoaro bo boetse bo akarelletsoa tabeng ea ho itlhokomela. Ka ho tšoanang, ha motho ea tsietsing a kōpa hore moholo a mo thuse, boitšoaro ke ba bohlokoa haholo. Ho sa tsotellehe hore na moholo o nahana eng ka motho eo, o tlameha ho ba mosa, ho tiisetsa, ho ba le kutloisiso. Ho fapana le hore moholo a potlakele ho fana ka keletso, o tlameha ho ikemisetsa ho mamela le ho batlisisa hore na ha e le hantle ke eng seo ho bonahalang eka se khathatsa motho eo.
9. Baholo ba lokela ho hopola keletso efe ha ba sebelisana le baena ba kulang kelellong?
9 Keletso ena e ho Jakobo 1:19 e loketse haholo ha ho sebelisanoa le batho ba kulang kelellong: “Tsebang tsena, banab’eso ba ratoang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utloa, a liehe ho bua, a liehe le ho halefa.” E, haholo-holo ha moholo a teana le batho ba halefileng kapa ba bohale o tlameha ho ba hlokolosi hore a se ke a arabela ka tsela e tšoanang. Ho hlokahala boitšoaro hore moholo a se ke a busetsa mantsoe a bohale ka mantsoe a bohale, hore a se ke a “busetsa bobe ka bobe.” (Ba-Roma 12:17) Ho arabela ka tsela e tšoanang ho mpefatsa litaba tse seng li ntse li le mpe. Kahoo, mona hape Lentsoe la Molimo le neha baholo keletso e ntle, e ba hopotsang hore “karabo e bonolo e thethefatsa bohale.”—Liproverbia 15:1.
Ho Sebelisa Boitšoaro Libokeng tsa Baholo le Linyeoeng tsa Boahloli
10, 11. Ho ’nile ha etsahala eng libokeng tsa baholo, e bontšang tlhokahalo ea ho sebelisa boitšoaro maemong a joalo?
10 Karolo e ’ngoe eo ho hlokahalang hore balebeli ba Bakreste ba be hlokolosi ho eona hore ba sebelise boitšoaro ke libokeng tsa baholo. Ka linako tse ling ho bua ka boikokobetso molemong oa ’nete le toka ho hloka boitšoaro bo matla. Ho hlokahala boitšoaro e le hore moholo a ka qoba ho bua mocha-o-chele puisanong. Moo ho nang le moholo ea nang le tšekamelo ena, e ka ba ntho e mosa hore moholo e mong a mo fe keletso.—Bapisa le 3 Johanne 9.
11 Hape, libokeng tsa baholo, moholo ea bohale ka ho fetelletseng a ka ’na a ba tekong ea hore a halefe, esita le ho tleroha ha a bua. Liketso tse joalo li senola ho haelloa ke boitšoaro hakaakang! Ha e le hantle li ntša kotsi ka litsela tse peli. Ka lehlakoreng le leng, tekanyo eo motho a lahleheloang ke boitšoaro ka eona, o tla be a fokolisa taba ea hae ka tekanyo e tšoanang ka ho lumella bohale ho pupetsa mokhoa o motle oa ho beha mabaka. Ka lehlakoreng le leng, tekanyo eo motho a bang bohale ka eona, o tla khopisa baholo ba bang kapa a etse hore ba mo hloee ka tekanyo e tšoanang. Ho feta moo, ntle le hore baholo ba be hlokolosi, ba ka ’na ba fapanyetsana maikutlo ka bohale ’me sena se ka baka karohano pakeng tsa bona. Sena se ka ba ntša kotsi ’me sa ntša phutheho kotsi.—Bapisa le Liketso 15:36-40.
12. Baholo ba tlameha ho ba hlokolosi hore ba sebelise boitšoaro ha ba sebetsana le maemo a mofuta ofe?
12 Ho boetse ho hlokahala hore baholo ba sebelise boitšoaro e le hore ba ka qoba ho ea ka tšobotsi kapa ho sebelisa matla a bona hampe. Ho bonolo haholo ho inehela molekong, ho lumella menahano ea botho bo sa phethahalang ho susumetsa seo motho a se buang kapa a se etsang! Nako le nako, baholo ba ’nile ba hlōleha ho nka khato e loketseng ha e mong oa bana ba bona kapa e mong eo ba amanang le eena a fumanoe a le molato oa boitšoaro bo fosahetseng. Maemong a joalo ho hlokahala boitšoaro e le hore a se ke a lumella ho llelana ha mali ho sitisa khato e lumellanang le toka.—Deuteronoma 10:17.
13. Ke hobane’ng ha ho hlokahala haholo hore baholo ba sebelise boitšoaro linyeoeng tsa boahloli?
13 Boemo bo bong boo ho bona boitšoaro e leng ba bohlokoa haholo ke ha ho na le nyeoe ea boahloli. Baholo ba tlameha ho sebelisa boitšoaro bo matla e le hore ba se ke ba susumetsoa ke maikutlo ho sa hlokahale. Ha baa lokela ho susumetsoa habonolo ke meokho. Ka nako e tšoanang, moholo o tlameha ho ba hlokolosi hore a lule a itšoere ha ho hlaha liqoso ’me a qosoa ka tšenyo ea lebitso, joalokaha ho ka etsahala ha ho sebetsanoa le bakoenehi. Mantsoe a Pauluse ke a loketseng haholo tabeng ena: “Ha ho hlokahale hore mohlanka oa Morena a loane, empa ho hlokahala hore a be bonolo ho batho bohle.” Ho hlokahala boitšoaro e le hore motho a ka ba bonolo tlas’a khatello. Pauluse o tsoela pele ho bontša hore “mohlanka oa Morena” o tlameha “ho ithiba ha a khopisitsoe, a rute ba se nang tšekamelo e molemo ka mosa.” E le hore motho a ka bonahatsa mosa le hore a khone ho ithiba ha a sebetsana le khanyetso ho hlokahala boitšoaro bo matla.—2 Timothea 2:24, 25, NW.
Ho Sebelisa Boitšoaro ho ba Batšehali
14. Baholo ba lokela ho utloa keletso efe e ntle ha ba sebelisana le batho ba batšehali ho fapana le bona?
14 Baholo ba tlameha ho ba hlokolosi haholo hore ba sebelise boitšoaro ha ho tluoa tabeng ea ho sebelisana ha bona le ba batšehali ho fapana le bona. Ha hoa lokela hore moholo a etse leeto la bolisa a le mong ho khaitseli. Moholo o lokela ho tsamaea le moholo e mong kapa mohlanka ea sebeletsang. Kaha mohlomong Pauluse o ne a utloisisa bothata bona, o ile a eletsa moholo Timothea: “U ipiletse ho . . . basali ba hōlileng [’me] u ba talime e le bo-’m’ao, basali ba bacha e le likhaitseli tsa hao, ka bohloeki bohle.” (1 Timothea 5:1, 2, BPN) Baholo ba bang ba ’nile ba bonoa ba phathatsa bo-khaitseli joalokaha eka ke pontšo ea botsoali. Empa e ka ’na eaba ba ithetsa ka ho etsa joalo, hobane e ka ’na eaba se ba susumelletsang ho etsa joalo ke tšusumetso ea khoheli ea maikutlo a lerato ho fapana le kameho ea boena ea Bokreste e hloekileng.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 7:1.
15. Ketsahalo e ’ngoe e totobatsa joang nyeliso e ka etsoang lebitsong la Jehova haeba moholo a sa sebelise boitšoaro?
15 Ho ’nile ha hlaha kotsi e khōlō hakaakang ’neteng hobane baholo ba bang ba sa ka ba sebelisa boitšoaro ha ba sebelisana le bo-khaitseli ka phuthehong! Lilemong tse seng kae tse fetileng, moholo o ile a khaoloa hobane o ne a entse bofebe le khaitseli oa Mokreste eo monna oa hae e neng e se Paki. Bosiung bona boo ho ileng ha tsebisoa hore enoa eo pele e neng e le moholo o khaotsoe, monna ea utloileng bohloko oa khaitseli eo o ile a kena ka Holong ea ’Muso a hatela holimo a nkile sethunya ’me a thunya batho bao ba babeli ba molato. Ha ho ea ileng a shoa ho bona ba le babeli, ’me hang-hang o ile a amohuoa sethunya seo, empa letsatsing le latelang koranta e khōlō ea litaba e ile ea phatlalatsa litaba tse buang ka ‘ho thunngoa ho etsahetseng kerekeng’ leqepheng la eona le qalang. Ho haelloa ha moholo eo ke boitšoaro ho ile ha tlisa nyeliso e kaakang phuthehong le lebitsong la Jehova!
Ho Sebelisa Boitšoaro Likarolong tse Ling
16. Ke hobane’ng ha baholo ba tlameha ho ba hlokolosi hore ba sebelise boitšoaro ha ba fana ka lipuo tsa phatlalatsa?
16 Boitšoaro bo boetse bo hlokahala haholo ha moholo a fana ka puo ea phatlalatsa. Sebui sa phatlalatsa se lokela ho beha mohlala o motle oa kholiseho le ho leka-lekana. Libui tse ling li leka ho qabola bamameli ba tsona ka mesoaso eo li e etsang feela molemong oa ho ba tšehisa. Sena se ka senola hore li inehela tlas’a moleko oa ho khahlisa bamameli ba tsona. Ha e le hantle, ho inehela molekong ke ho haelloa ke boitšoaro. Ebile ho ka boleloa hore ha sebui se ja nako ha se fana ka puo, sena se senola hore se haelloa ke boitšoaro, hammoho le ho se lokisetse ka ho lekaneng.
17, 18. Boitšoaro bo phetha karolo efe tabeng ea hore moholo a leka-lekanye boikarabelo ba hae bo sa tšoaneng?
17 Moholo e mong le e mong ea sebetsang ka thata o tlameha ho tobana le phephetso ea ho leka-lekanya lintho tse sa tšoaneng tseo a lokelang ho li etsa ka nako ea hae le ka matla a hae. Ho hlokahala boitšoaro e le hore a se ke a fetelletsa litaba ka tsela leha e le efe. Baholo ba bang ba ’nile ba ameha haholo ka lintho tsa phutheho tseo ba lokelang ho li etsa hoo ba seng ba hlokomolohile malapa a bona. Ka hona, ha khaitseli e mong a bolella mosali oa moholo ka leeto la bolisa le thabisang leo moholo a le entseng ho eena, mosali oa moholo eo o ile a tlerola: “Hoja le ’na a ka nketsetsa leeto la bolisa ka nako e ’ngoe!”—1 Timothea 3:2, 4, 5.
18 Ho boetse ho hlokahala hore moholo a sebelise boitšoaro e le hore a ka leka-lekanya nako eo a e sebelisang thutong ea botho le nako eo a e sebelisang tšebeletsong ea tšimo kapa maetong a bolisa. Kaha pelo ea motho e mano, ho bonolo hore moholo a sebelise nako e tlōlisang ho seo a se fumanang e le se thabisang haholo. Haeba a rata ho bala libuka, a ka sebelisa nako e tlōlisang thutong ea botho. Haeba a fumana ho batla ho le thata ho etsa tšebeletso ea ntlo le ntlo, a ka ’na a fumana mabaka a ho e hlokomoloha lebitsong la ho etsa maeto a bolisa.
19. Baholo ba na le tlameho efe e hatisang tlhokahalo ea ho sebelisa boitšoaro?
19 Tlameho ea ho boloka litaba tsa lekunutu e boetse e hloka hore moholo a be hlokolosi hore a sebelise boitšoaro bo tiileng. Keletso ena e loketse tabeng ena: “U se ke ua phunya lekunutu la e mong.” (Liproverbia 25:9) Phihlelo e bontša hore mohlomong ena ke e ’ngoe ea litlhokahalo tseo baholo ba li tlōlang ka ho pharalletseng haholo. Haeba moholo a na le mosali ea bohlale le ea lerato ea nang le puisano e ntle le eena, a ka ’na a ba le tšekamelo ea hore a buisane le eena ka litaba tsa lekunutu kapa a mo amele tsona. Empa ho etsa joalo ha hoa loka ebile hase ntho e bohlale ho hang. Tabeng ea pele, ke ho pepesa se behiloeng tlhokomelong ea hae. Baena le bo-khaitseli ba moea ba tla ho baholo ’me ba ba bolella makunutu hobane ba kholisehile hore taba ea bona e tla bolokoa e le lekunutu ka ho felletseng. Ho bolella mosali litaba tsa lekunutu ho fosahetse, hase bohlale, ebile ke ho hloka lerato hobane sena se mo imetsa ka moroalo o sa hlokahaleng.—Liproverbia 10:19; 11:13.
20. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore baholo ba sebelise boitšoaro?
20 Ntle ho pelaelo, boitšoaro ke ba bohlokoa haholo, ’me ke ba bohlokoa haholo-holo ho baholo! Kaha ba fuoe tokelo ea ho etella pele har’a batho ba Jehova, ba tla ikarabella haholoanyane. Kaha ba nehiloe ho hongata, ho tla hlokoa ho hongata ho bona. (Luka 12:48; 16:10; bapisa le Jakobo 3:1.) Ke tokelo ea baholo ho behela ba bang mohlala o motle ’me ba tlamehile ho etsa joalo. Ho feta moo, baholo ba khethiloeng ba boemong ba ho etsa se molemo haholoanyane kapa ho etsa se kotsi haholoanyane ho feta ba bang, hangata sena se itšetlehile ka hore na ba sebelisa boitšoaro kapa che. Ha ho makatse ha Pauluse a itse: ‘Molebeli o tlameha ho ba le boitšoaro.’
Na U sa Hopola?
◻ Ke litlhokahalo life tsa Mangolo tsa baholo tse bontšang hore ba tlameha ho sebelisa boitšoaro?
◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore baholo ba sebelise boitšoaro ha ba sebelisana le balumeli-’moho?
◻ Boitšoaro bo lokela ho sebelisoa joang libokeng tsa baholo?
◻ Tlhokahalo ea hore baholo ba boloke litaba tsa lekunutu e hlahisa phephetso efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Libokeng tsa baholo ho hlokahala hore ho bontšoe boitšoaro
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Baholo ba Bakreste ba tlameha ho sebelisa boitšoaro le ho boloka litaba tsa lekunutu