Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 12/1 maq. 28-31
  • Ke Joang re ka Buseletsang Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang re ka Buseletsang Jehova?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho ka Khoneha Hore re ’Museletse ka Eng Kapa Eng?
  • Na U Lokela ho Ntša Karolo ea Leshome?
  • Ho Ntša Karolo ea Leshome Tlas’a Molao
  • Na Bakreste ba Tlameha ho Ntša Karolo ea Leshome?
  • Tlotlisa Jehova ka Lintho tsa Hao tsa Bohlokoa
  • Ke’ng Seo Bibele e se Buang ka Karolo ea Leshome?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Ntša Karolo ea Leshome?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Ho Fana ka Thabo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Kamoo ba Bang ba Etsang Menehelo ea Mosebetsi oa Boboleli oa ’Muso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 12/1 maq. 28-31

Ke Joang re ka Buseletsang Jehova?

JEHOVA MOLIMO o re behela mohlala o molemo ka ho fetisisa oa ho fana. O file batho bohle “bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:25) Molimo o chabisetsa batho ba khopo le ba lokileng letsatsi la hae. (Mattheu 5:45) Ka sebele, ‘Jehova o re fa lipula tsa leholimo le lilemo tsa nala, o tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo.’ (Liketso 14:15-17) Lebaka ke hore, “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng, e tsoa holimo, e theoha ho Ntat’a maseli!”—Jakobo 1:17.

Ka ntle ho limpho tsohle tsa Molimo tse bonahalang, o re romella leseli la moea le ’nete. (Pesaleme ea 43:3) Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba hlohonolofalitsoe ka ho enneng ka lijo tsa moea tseo a fanang ka tsona ka nako e loketseng ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mattheu 24:45-47, NW) Re ka rua molemo litokisetsong tsa Molimo tsa moea hobane o entse hore ho khonehe bakeng sa batho ba baetsalibe ba shoang hore ba boelane le oona. Joang? Ka lefu la Mora oa oona, Jesu Kreste, ea faneng ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng sa ba bangata. (Mattheu 20:28; Ba-Roma 5:8-12) Eo ke mpho e babatsehang hakaakang e tsoang ho Molimo o lerato, Jehova!—Johanne 3:16.

Na ho ka Khoneha Hore re ’Museletse ka Eng Kapa Eng?

Makholo a lilemo pele ho fanoa ka thekollo, mopesaleme ea bululetsoeng o ile a ananela ka ho teba mohau, tokollo le thuso tseo Molimo o faneng ka tsona hoo a ileng a re: “Ke tla busetsa’ng ho Jehova? Melemo eohle ea hae e ho ’na. Ke tla emisa senoelo sa topollo, ke rapele lebitso la Jehova; ke tla phetha likano tsa ka ho Jehova, pontšeng ea sechaba sa hae kaofela.”—Pesaleme ea 116:12-14.

Haeba re inehetse ho Jehova ka pelo eohle, re rapela lebitso la hae ka tumelo le ho phetha likano tseo re li entseng ho eena. Joaloka Lipaki tsa Jehova, re ka boka Molimo ka ho bua hantle ka eena ka linako tsohle le ka ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso oa hae. (Pesaleme ea 145:1, 2, 10-13; Mattheu 24:14) Empa re ke ke ra ruisa Jehova, eo lintho tsohle e leng tsa hae, kapa ho ’museletsa bakeng sa melemo eohle eo a re etselitseng eona.—1 Likronike 29:14-17.

Ho etsa menehelo bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele hase tsela ea ho buseletsa kapa ho ruisa Jehova. Leha ho le joalo, ho fana ho joalo ho re fa menyetla ea ho bontša lerato la rōna ho Molimo. Menehelo e sa fanoeng ka baka la boithati kapa botumo le boithoriso, empa e fanoa ka moea oa ho fana ka seatla se bulehileng le ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele, e tlisetsa ea fanang thabo le tlhohonolofatso ea Jehova. (Mattheu 6:1-4; Liketso 20:35) Motho a ka kholiseha hore o nka karolo ho faneng ho joalo le ho fumaneng thabo ka hore ka mehla a behelle ka thōko ho itseng linthong tsa hae tse bonahalang bakeng sa ho tšehetsa borapeli ba ’nete le ho thusa ba tšoanelehang. (1 Ba-Korinthe 16:1, 2) Na see se lokela ho etsoa ka ho ntša karolo ea leshome?

Na U Lokela ho Ntša Karolo ea Leshome?

Jehova ka moprofeta oa hae Malakia o itse: “Tlisang tlung ea polokelo karolo ea leshome ea tsohle tseo le li ruileng, lijo li tle li be teng tlung ea ka; le nteke ka hoo, . . . ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele tlhohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.” (Malakia 3:10)

Karolo ea leshome ke karolo ea leshome lekholong e neheloang joaloka nyehelo. Ho ntša karolo ea leshome ho etsoa ka ho khethehileng bakeng sa merero ea borapeli. Ho bolela ho fana ka karolo ea leshome ea moputso oa motho ho ntšetsa borapeli pele.

Mopatriareka Abrahama (Abrame) o ile a fa Melkisedeke morena le moprista oa Saleme karolo ea leshome ea lintho tseo a ileng a li hapa ha a se a hlōtse Kedorlaomere le bathusi ba hae. (Genese 14:18-20; Ba-Heberu 7:4-10) Hamorao, Jakobo o ile a etsa kano ea ho ntša karolo ea leshome ea lintho tsa hae tse bonahalang ho Molimo. (Genese 28:20-22) Boemong bo bong le bo bong, ho ntša karolo ea leshome ho ne ho ka etsoa ka boithaopo, Baheberu bao ba pele ba ne ba se na melao e ba tlamang hore ba ntše karolo ea leshome.

Ho Ntša Karolo ea Leshome Tlas’a Molao

Joaloka batho ba Jehova, Baiseraele ba ile ba fumana melao e itseng ea ho ntša karolo ea leshome. Ho bonahala eka melao ena e ne e akarelletsa ho sebelisoa ha likarolo tse peli leshomeng tsa moputso oa motho oa selemo le selemo, le hoja litsebi tse ling li nahana hore ho ne ho e-na le karolo e le ’ngoe feela ea leshome e neng e ntšoa ka selemo. Ho ne ho se karolo ea leshome e neng e ntšoa selemong sa Sabbatha, kaha ka nako eo ho ne ho se moputso o lebelletsoeng. (Levitike 25:1-12) Ho phaella lilopotsieng tse neng li neheloa ho Molimo ho ne ho fanoa ka likarolo tsa leshome.—Exoda 23:19.

Karolo ea leshome ea se kotuloang masimong le litholoana tsa lifate mohlomong le ea ho eketseha ha mehlape e ne e isoa nģalong e halalelang ’me e fuoa Balevi, ba neng ba sa fumane lefa. Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba nehela karolo ea leshome ea seo ba se fuoang bakeng sa ho tšehetsa boprista ba Aarone. Kamoo ho bonahalang ka teng, lijo-thollo li ne li poloa ’me ho ne ho etsoa veine le oli ka litholoana tsa sefate sa morara le tsa sefate sa mohloare pele ho ntšoa karolo ea leshome. Haeba Moiseraele a ne a rata ho nehelana ka chelete ho e-na le se kotuloang, o ne a ka etsa joalo, haeba a ne a e ekelletsa ka karolo ea bohlano ea theko ea sona.—Levitike 27:30-33; Numere 18:21-30.

Ho bonahala hore karolo e ’ngoe ea leshome le eona e ne e behelletsoe ka thōko. Ka tloaelo, e ne e sebelisoa ke lelapa ha batho ba ne ba bokane hammoho bakeng sa mekete. Empa ho thoe’ng haeba Jerusalema e ne e le hōle haholo bakeng sa hore karolo ena ea leshome e ka nkoa le ho isoa teng? Haeba ho ne ho le joalo lijo-thollo, veine e ncha, oli, le liphoofolo li ne li rekisoa e le hore ho ka fumanoa chelete eo ho neng ho ka ba bonolo ho e nka. (Deuteronoma 12:4-18; 14:22-27) Qetellong ea selemo se seng le se seng sa boraro le sa botšelela sa lilemo tse supileng tsa nako ea sabbatha, karolo ea leshome e ne e behelloa ka thōko bakeng sa Balevi, balichaba, basali ba bahlolohali, le likhutsana.—Deuteronoma 14:28, 29; 26:12.

Tlas’a Molao, ho ne ho se na kotlo bakeng sa ho hlōleha ho ntša karolo ea leshome. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a beha batho tlas’a tlamo e matla ea ho ntša likarolo tsa leshome. Ka linako tse ling ba ne ba lokela ho itlhahisa ka pel’a hae hore ba nehetse karolo ea leshome ka ho felletseng. (Deuteronoma 26:13-15) Karolo leha e le efe eo ka phoso e sa neheloang e ne e talingoa e utsoitsoe ho Molimo.—Malakia 3:7-9.

Tokisetso ea ho ntša karolo ea leshome e ne e se moroalo. Ha e le hantle, ha Baiseraele ba ne ba boloka melao ena, ba ne ba atleha haholoanyane. Karolo ea leshome e ne e ntšetsa borapeli ba ’nete pele ho sa behoe khatiso e sa hlokahaleng holim’a mokhoa oa ho etsa hore lintho tse bonahalang li fumanehe bakeng sa bona. Kahoo, tokisetso ea ho ntša karolo ea leshome e ile ea sebeletsa molemo oa bohle Iseraeleng. Empa na ho ntša karolo ea leshome ho loketse bakeng sa Bakreste?

Na Bakreste ba Tlameha ho Ntša Karolo ea Leshome?

Ka nako e ’ngoe, ho ntša karolo ea leshome ho ne ho tloaelehile ho Bokreste-’mōtoana. The Encyclopedia Americana e re: “Ho ile . . . ha ata butle-butle lekholong la bo6 la lilemo. Lekhotla la Bohahlaoli ka 567 le Lekhotla la bobeli la Macon ka 585 a ne a tšehetsa ho ntša karolo ea leshome. . . . Tšebeliso e mpe ea menehelo ena e ile ea ata, haholo-holo ha tokelo ea ho bokella likarolo tsa leshome e ne e fuoa kapa e rekisetsoa batho feela ba tloaelehileng. Ho tloha ka Mopapa Gregory VII ho ile ha phatlalatsoa hore tloaelo ena ke tlōlo ea molao. Joale bongata ba batho feela ba tloaelehileng bo ile ba fana ka litokelo tsa bona tsa ho bokella likarolo tsa leshome ho bamonke le ho lihlopha tsa baruti. Phetoho ena e Khōlō ea Bolumeli ha ea ka ea felisa tloaelo ea ho ntša karolo ea leshome, ’me tloaelo ena e ile ea tsoela pele Kerekeng ea Roma e K’hatholike le linaheng tsa Boprostanta.” Ho ntša karolo ea leshome ho ile ha felisoa kapa butle-butle ho ile ha nkeloa sebaka linaheng tse sa tšoaneng, ’me hona joale malumeli a seng makae aa ho etsa.

Kahoo, na hoa hlokahala hore Bakreste ba ntše karolo ea leshome? Tlhahlamanong ea hae ea mantsoe a sehlooho a Bibele Alexander Cruden o itse: “’Moloki oa rōna, le baapostola ba hae ha baa ka ba laela letho tabeng ena ea likarolo tsa leshome.” Ka sebele, Bakreste ha baa laeloa ho ntša karolo ea leshome. Molimo ka booona o ile oa felisa Molao oa Moshe, le litokisetso tsa oona tsa ho ntša karolo ea leshome, a o khokhothella thupeng ea tlhokofatso ea Jesu. (Ba-Roma 6:14; Ba-Kolosse 2:13, 14) Kahoo, ho e-na le ho beheloa tekanyo e itseng ea chelete bakeng sa ho lefa litšenyehelo tsa phutheho, Bakreste ba etsa menehelo ea boithatelo.

Tlotlisa Jehova ka Lintho tsa Hao tsa Bohlokoa

Ha e le hantle, haeba Mokreste ka boithatelo a ikhethela ho fana ka karolo ea leshome ea moputso oa hae bakeng sa ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele, Mangolo a ke ke a hanyetsa taba ea ho etsoa ha menehelo e joalo. Lengolong leo a le rometseng le monehelo oa hae, moshemane ea lilemo li 15 oa Papua New Guinea o ngotse tjena: “Ha ke ne ke sa le monyenyane, ntate o ne a atisa ho mpolella hore, ‘ha u qala ho sebetsa, u tlameha ho fa Jehova lilopotsiea.’ Ke hopola mantsoe a Liproverbia 3:1, 9, a reng re tlameha ho tlotlisa Jehova ka ho mo fa lilopotsiea. Kahoo ke ile ka tšepisa ho etsa sena, ’me joale ke tlameha ho phethahatsa tšepiso ea ka. Ke thabela ho romela chelete ena e tla tšehetsa mosebetsi oa ’Muso.” Bibele ha e re Bakreste ba etse tšepiso e joalo. Leha ho le joalo, ho fana ka seatla se bulehileng ke tsela e molemo ea ho bontša thahasello ea sebele bakeng sa ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele.

Mokreste a ka ’na a ikhethela hore a se ke a beha tekanyo e tobileng ea chelete tabeng ea menehelo eo a e etsang ho ntšetsa borapeli ba Jehova Molimo pele. Ka mohlala: Ha bo-khaitseli ba babeli ba hōlileng ba ne ba le kopanong ea Lipaki tsa Jehova ba ile ba buisana ka menehelo e ka ntšoang bakeng sa mosebetsi oa ’Muso. Mabapi le ho fumana lijo sebakeng sa kopano, e mong oa bo-khaitseli bana, ea lilemo li 87, o ile a botsa hore na lijo tsena e ka ba bokae e le hore a ka etsa monehelo oa chelete e kalo. Khaitseli e mong, ea lilemo li 90, o ile a re: ‘Nehelana ka chelete eo u nahanang hore e li loketse—le e ’ngoe e eketsehileng.’ Khaitseli enoa ea hōlileng o ile a bontša boikutlo bo botle hakaakang!

Kaha batho ba Jehova ba nehetse lintho tsohle tsa bona ho eena, ka thabo ba ntša menehelo ea chelete le menehelo e meng bakeng sa ho tšehetsa borapeli ba ’nete. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 8:12.) Ha e le hantle, tsela ea Bokreste ea ho fana e fana ka menyetla ea ho bontša kananelo e tebileng bakeng sa borapeli ba Jehova. Ho fana ho joalo ha hoa lekanyetsoa feela karolong ea leshome, ’me ho ka ’na ha ba le maemo a mang ao ho ’ona motho a susumelletsehang ho fana ka ho eketsehileng bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele.—Mattheu 6:33.

Moapostola Pauluse o itse: “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.” (2 Ba-Korinthe 9:7) Haeba u fana u thabile u bile u fana ka seatla se bulehileng bakeng sa ho tšehetsa borapeli ba ’nete, u tla atleha, hobane maele a bohlale a re: “Tlotlisa Jehova ka moruo oa hao, le ka lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng. ’Me meliko ea hao e tla tlala, e phanya-phanye, mafiso a hao a tlale veine e monate.”—Liproverbia 3:9, 10.

Re ke ke ra ruisa ea Holimo-limo. Gauda eohle le silevera ke tsa hae, liphoofolo tse leng lithabeng tse likete, le lintho tsa bohlokoa tse se nang palo. (Pesaleme ea 50:10-12) Le ka mohla re ke ke ra buseletsa Molimo bakeng sa melemo eohle eo a re etselitseng eona. Empa re ka bontša kananelo ea rōna e tebileng ho eena le bakeng sa tokelo ea ho nehelana ka tšebeletso e halalelang tlotlisong ea hae. ’Me re ka kholiseha hore mahlohonolo a enneng a tla tšolleloa ho ba fanang ka liatla tse bulehileng bakeng sa ho ntšetsa borapeli bo hloekileng pele le ho tlotlisa Molimo o lerato le o fanang ka seatla se bulehileng, Jehova.—2 Ba-Korinthe 9:11.

[Lebokose le leqepheng la 29]

KAMOO BA BANG BA NEHELANANG KA TENG BAKENG SA MOSEBETSI OA ’MUSO

◻ LIMPHO: Menehelo ea boithatelo ea chelete e ka ’na ea romelloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201, kapa ofising ea lekala ea Mokhatlo e sebakeng sa heno. Mabenyane kapa thepa e ’ngoe ea bohlokoa le tsona li ka fanoa. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tsena ke monehelo o tobileng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.

◻ TOKISETSO EA MONEHELO O FANOANG KA TLAS’A MAEMO A ITSENG: Chelete e ka fuoa Mokhatlo oa Watch Tower hore o e boloke ho fihlela ha mong’a eona a e-shoa, ka tokisetso ea hore haeba ho hlaha tlhoko ea botho, e tla khutlisetsoa ho ea faneng ka eona.

◻ INSHORENSE: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ’na oa ngolisoa e le oona mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa ea phenshene. Mokhatlo o lokela ho tsebisoa ka litokisetso leha e le life tse joalo.

◻ LI-STOCK LE LI-BOND: Li-stock le li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower joaloka monehelo o tobileng kapa ka ho etsa tokisetso ea hore chelete eo li e kenyang e ’ne e lefshoe ho mong’a tsona.

◻ LITŠA LE MEHAHO: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower joaloka monehelo o tobileng kapa ka tokisetso ea hore mong’a setša a lule ho sona nakong ea bophelo bohle ba hae. Motho ea fang Mokhatlo setša kapa mohaho o lokela ho tsebisa Mokhatlo pele ka mpho e joalo.

◻ LIKABO TSA LEFA: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao. Kopi ea lengolo lena e lokela ho romeloa ho Mokhatlo. (Bakeng sa Afrika Boroa, mangolo a kabo ea lefa a lokela ho romelloa ho Jehovah’s Witnesses of South Africa.)

Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le litaba tse joalo, ngolla Treasurer’s Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag 2067, Krugersdorp, 1740, Kapa ofisi ea lekala ea Mokhatlo e haufi le uena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela