Na Litšoantšo li ka U Atametsa Haufi le Molimo?
KAJENO litšoantšo tse ngata tsa Baegepeta, Bababylona, le Magerike li tletse matlong a polokelo ea lintho tsa bohlokoa. Liemahale tseo pele li neng li hlomphuoa ka cheseho hona joale li se li bontšoa joaloka lintho tse sa reng letho tse entsoeng ka matsoho tsa boholo-holo. Ke batho ba neng ba li rapela feela ba neng ba nahana hore li na le matla. Qetellong ha batho ba neng ba li hlompha ba fela, le matla ao ho neng ho nahanoa hore litšoantšo tsena li na le ’ona a ile a fela. Litšoantšo li ile tsa pepesoa hore ha li na thuso—e leng seo ha e le ho bua ’nete esale li le sona—lintho tse sa pheleng tse entsoeng ka lehong, lejoe, kapa tšepe.
Ho thoe’ng ka litšoantšo tseo batho ba li hlomphang le ho li rapela kajeno? Na tsee li matla ho feta litšoantšo tsa boholo-holo tsa Baegepeta, Bababylona, le Magerike? Na ruri e bile likofuto tsa bohlokoa bakeng sa ho thusa motho hore a be haufi le Molimo?
Ha moloko o mong le o mong o ntse o feta, ho bonahala batho ba ntse ba suthela hōle le Molimo haholoanyane. ’Me litšoantšo tsohle tse lefatšeng li ka etsa eng ka see? Haeba li sa hlokomeloe, li koaheloa ke lerōle ’me qetellong lia kumeha kapa lia bola. Ha li tsebe ho itlhokomela, re se re sa re letho ka ho etsetsa batho ntho leha e le efe. Leha ho le joalo, habohlokoa ka ho fetisisa, Bibele e re’ng tabeng ee?
Li Theko e Boima, li Entsoe ka Makhethe, Empa ha li na Thuso
Hase ho makatsang hore Bibele e pepesa litšoantšo e le tse se nang thuso le tseo ka ho felletseng li sa khoneng ho thusa barapeli ba tsona hore ba be haufi le Molimo. Le hoja hangata litšoantšo tsa bolumeli li le theko e boima li bile li entsoe ka makhethe, Bibele e bontša boleng ba tsona ba ’nete ha e re: “Litšoantšo tsa bona ke silevera le gauda, mosebetsi oa matsoho a batho. Li na le melomo, ’me ha li bue; li na le mahlo, ’me ha li bone; li na le litsebe, ’me ha li utloe; li na le linko, ’me ha li fofonele; li sitoa ho tšoara ka liatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha li tsamaee, ha ho lentsoe le tsoang ’metsong ea tsona. Kamoo li leng kateng, ba li etsang ba tla ba joalo, le bohle ba beang tšepo ea bona ho tsona.”—Pesaleme ea 115:4-8.
Bibele ha e senole feela hore litšoantšo ha li na thuso empa e boetse e nyatsa litšoantšo le ba li rapelang: “Melingoana ena e ka setšosa, e ka setšosa se hlonngoe tšimong ea mahapu, empa ha e le ho bua hona ha e ho tsebe; eka khona ba e jare, hobane ha e tsebe ho tsamaea. Lōna le se e tšabe, e ke ke ea le ntša kotsi, ho etsa molemo le hona ha e ho tsebe. Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a khauta a hlabisoa lihlong ke melingoana ea ’ona. Melingoana ena ea ’ona ke ea leshano, melingoana ena ea ’ona ha e phefumolohe. Ke mafeela-feelane, ke ntho tsa ho nyelisoa.”—Jeremia 10:5, 14, 15, BPN.
Pono ea Mak’hatholike
Ke ’nete hore ba bangata ba khumamelang, ba rapelang le ho bonesetsa litšoantšo tsa bolumeli likerese, le ba li sunang, ha ba inke e le barapeli ba litšoantšo. Ka mohlala, Mak’hatholike a bolela hore ha a hlomphe litšoantšo tsa Maria le Kreste hobane litšoantšo tseo li e-na le bomolimo bo itseng, empa a li hlompha ka baka la batho bao li ba emelang. The World Book Encyclopedia e bolela hore “Kerekeng ea Roma e K’hatholike, litšoantšo li hlomphuoa hobane li emela batho bao li ba tšoantšetsang.” Baruti ba K’hatholike ba ’nile ba ruta hore ho loketse ho hlompha setšoantšo hafeela se fuoa tlhompho e ka tlaase ho e bontšoang ho Molimo.
’Nete ke hore litšoantšo tsena lia hlomphuoa. Esita le New Catholic Encyclopedia ea lumela hore tlhompho e joalo ke “ketso ea borapeli.” Leha ho le joalo, Jesu Kreste o ile a bolela hore litšoantšo ha lia lokela ho sebelisoa joaloka lithuso ha ho atameloa Molimo ha a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” (Johanne 14:6) Ha ho makatse hore ebe Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hanela tšebeliso ea litšoantšo borapeling.
Leha ho le joalo, kajeno malumeli a Bokreste-’mōtoana a na le litšoantšo tse ngata ho feta malumeli leha e le afe. E, ho sa tsotellehe bopaki bohle ba histori le ba Mangolo bo pepesang booatla ba ho hlompha litšoantšo, batho ba ipolelang hore ke Bakreste lefatšeng ka bophara ba tsoela pele ho khumamela le ho rapela litšoantšo ha ba ntse ba batla Molimo ka tieo. Hobane’ng?
Ba Thetsitsoe ke Sera
Moprofeta Esaia o ile a bolela hore barapeli ba litšoantšo ba mehleng ea hae ba ile ba hlōleha ho hlokomela booatla ba liketso tsa bona hobane ba “netiloe mahlo hore ba se ke ba bona.” (Esaia 44:18) Ke mang ea ka fanang ka tšusumetso e joalo ho batho? Seboka sa batho ba khahlanong le borapeli ba litšoantšo sa 754 C.E. se ile sa phatlalatsa hore ho hlompha litšoantšo ho qaliloe ke Satane ka morero oa ho thetsa motho hore a be hōle le Molimo. Na qeto ee e ne e nepahetse?
E, hobane e lumellana le Bibele e bululetsoeng, e boletseng makholo a lilemo esale pele hore sera se seholo sa Molimo, Satane Diabolose, se ‘foufalitse likelello’ tsa batho e le hore ‘ba se chabeloe’ ke ’nete. (2 Ba-Korinthe 4:4) Kahoo ha motho a hlompha setšoantšo, ho e-na le hore a atamele haufi le Molimo, o hlile o sebeletsa lithahasello tsa batemona.—1 Ba-Korinthe 10:19, 20.
Ho Atamela Haufi le Molimo
Litšoantšo li ke ke tsa re thusa hore re be haufi le Molimo. ’Mōpi e Moholo, Jehova Molimo, o hloile ho hlomphuoa ha litšoantšo. (Deuteronoma 7:25) “Jehova ke Molimo o batlang boinehelo bo ikhethang.” (Nahume 1:2, NW) O re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo thoko e ntšoanelang.” (Esaia 42:8) Tumellanong le sena, Bibele e lemosa hore ba hlomphang litšoantšo “ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.”—Ba-Galata 5:19-21.
Leha ho le joalo, Jehova e boetse ke Molimo o mohau le o tšoarelang. Bibele e bolela ka ba ileng ba furalla melimo ea bona ea litšoantšo ba ea ho Molimo ’me ba boleloa ba lokile ka mor’a ho khaotsa mekhoa ea bona ea borapeli ba melimo ea litšoantšo. (1 Ba-Korinthe 6:9-11; 1 Ba-Thessalonika 1:9) Ba ile ba utloa mantsoe a Jesu: “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:24.
Ho ithuta Bibele ka tieo ho tla senola hore ha ho thata ho ba haufi le Molimo. (Liketso 17:26-28) O na le botho bo mofuthu, bo lerato, bo atamelehang, ’me oa re mema o bile o lebelletse hore re be le kamano e haufi-ufi le oona.—Esaia 1:18.
Lipaki tsa Jehova li u mema hore u tsebe Ntate oa rōna oa leholimo joaloka Motho, u ithute ka lebitso la hae, Jehova, le ka litšoaneleho tsa hae le litšebelisano tsa hae le batho. Maqepheng a Lentsoe la hae, Bibele, u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha ka sebele u sa hloke lithuso tse bonahalang, tse kang liemahale le litšoantšo, hore u atamele Molimo. E, “atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.”—Jakobo 4:8.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Bo-rahistori ba Hlokomela Hore . . .
◻ “Ke ’nete e tsebahalang hore bolumeli ba Buddha, bo thehiloeng lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., ha boa ka ba bona setšoantšo sa pele sa mothehi oa bona ho fihlela hoo e ka bang lekholong la pele la lilemo CE.”
“Ka makholo a lilemo, neano ea bolumeli ba Hindu e ne e se na melimo ea litšoantšo kapa litšoantšo tse ling.”
“Bolumeli ba Hindu le ba Buddha bo qalile bo se na melimo ea litšoantšo empa qetellong bo ile ba amohela litšoantšo borapeling ba bona. Bokreste le bona bo ile ba etsa ho tšoanang.”—The Encyclopedia of Religion, ea Mircea Eliade.
◻ “Ho tsoa litlalehong tse fapa-fapaneng tsa Bibele ho hlakile hore borapeli ba ’nete ba Molimo bo ne bo se na litšoantšo. . . . Le ho TN [Testamente e Ncha], borapeli ba melimo esele le melimo ea litšoantšo bo ne bo thibetsoe.”—New Catholic Encyclopedia.
◻ “Litšoantšo li ne li sa tsejoe borapeling ba Bakreste ba pele.”—Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea McClintock le Strong.
◻ “Leha e le Testamenteng e Ncha, kapa mengolong leha e le efe ea sebele ea lilemong tse qalang tsa Bokreste, ha ho moo ho ka fumanoang mohlala oa tšebeliso ea liemahale kapa litšoantšo borapeling ba Bakreste, ebang ke borapeling ba phatlalatsa kapa ba sekhukhung.”—A Concise Cyclopedia of Religious Knowledge, ea Elias Benjamin Sanford.
◻ “Bakreste ba pele ba ne ba tla tšosoa ke tlhahiso feela ea ho beha litšoantšo ka likerekeng ’me ba ne ba tla nka ho li khumamela kapa ho li rapela ho tšoana le borapeli ba melimo ea litšoantšo.”—History of the Christian Church, ea John Fletcher Hurst.
◻ “Kerekeng ea pele, ho etsa le ho hlompha litšoantšo tsa Kreste ho ne ho hanyetsoa ka linako tsohle.”—The New Encyclopædia Britannica.
◻ “Le hoja Kereke ea pele e ne e se khahlanong le mesebetsi ea matsoho, e ne e se na litšoantšo tsa Kreste.”—Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu o ile a hatella hore Molimo o batla ba ‘rapelang Ntate ka moea le ka ’nete’