Seo ’Muso oa Molimo o se Bolelang ho ba Bangata
HANGATA Jesu Kreste o ne a bua ka ’Muso oa Molimo. Mabapi le sena rahistori H. G. Wells o ngotse: “Bophahamo bo boholo boo Jesu a ileng a bo lebisa thutong eo a e bitsitseng ’Muso oa Leholimo, le ho se be le bohlokoa ha eona ha e bapisoa le tsamaiso le lithuto tsa likereke tse ngata tsa Bokreste, boa hlolla. Thuto ena ea ’Muso oa Leholimo, eo e neng e le thuto ea sehlooho ea Jesu, le e phethang karolo e fokolang haholo mekhoeng ea Bokreste, ka sebele ke e ’ngoe ea lithuto tse sa tloaelehang haholo tse kileng tsa sisinya le ho fetola mohopolo oa motho.”
Ke hobane’ng ha likereke li bua hanyenyane hakaale ka ’Muso oa Molimo? Lebaka le leng e ka ba hore ho na le ho se kholisehe ka ’Muso. Ho ’nile ha e-ba le lipono life ka ’ona?
Kamoo ’Muso o ’Nileng oa Talingoa ka Teng
Ba bang ba ’nile ba amahanya ’Muso oa Molimo le Kereke e K’hatholike. Ka mor’a hore babishopo ba amohele Moemphera Constantine e le hlooho ea bona Sebokeng sa Nicaea selemong sa 325 C.E., kereke e ile ea kenella lipolotiking, ’me batho ba ile ba bolelloa hore ’Muso o ne o se o tlile. Encyclopædia Britannica e hlalosa hore ho ea ka thuto ea bolumeli ea Augustine (354-430 C.E.), “’Muso oa Molimo o qalile puso lefatšeng lena ka ho thehoa ha kereke” ’me o “se o ntse o bonahala litšebeletsong tsa kereke.”
Ba bangata ba nka ’Muso oa Molimo e le ntho e finyelletsoeng ke motho. Eona buka ena ea litšupiso e re: “Likereke tsa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli . . . ka potlako li ile tsa fetoha likereke tsa mekhatlo ea mabatooa, tse ileng tsa hatella tebello ea nako ea bofelo” mabapi le ho tla ha ’muso oa Molimo. H. G. Wells o ile a ngola: “Batho ba ile ba tlosa ’Muso oa Molimo le boena ba batho ho ba ntho ea bohlokoa bophelong ba bona ’me ba kenya linnete tse neng li bonahala li sebetsa haholoanyane, Fora le Engelane, Russia e Halalelang, Spain, Prussia . . . E ne e le melimo ea sebele e phelang ea Europe.”
Le mehleng ea joale, ’Muso o entsoe oa lefatše. Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Ho totobalang ke boikutlo ba motheo ba hore motho ka boeena o tlameha ho lokisetsa sechaba sa kamoso se phethahetseng ka mokhoa oa ho theha le oa ho hlophisa le hore ‘ho tšepa’ le ‘ho leta’ li nkeloa sebaka ke khato ea motho.” Mabapi le “mokhatlo o neng o loanela hore tsamaiso ea sechaba e lumellane le melao-motheo ea Bokreste,” buka eona eo ea litšupiso e tsoela pele: “Mokhatlo ona o ne o nka molaetsa oa Bokreste oa ’Muso oa Molimo ehlile e le tšusumetso ea ho hlophisa bocha maemo a sechaba ao e seng a bolumeli ka kutloisiso ea hore ’Muso oa Molimo ke ’ona motheo.”
Le Bajode ba bangata ba ’nile ba nka ’Muso e le ntho e finyelloang ke motho. Ka 1937 sebokeng sa baruti Ba Buellang Liphetoho se neng se le Columbus, Ohio, U.S.A., ho ile ha boleloa hore: “Re ho nka e le mosebetsi oa rōna o moholo oa histori hore re sebelisane le batho bohle ho theheng ’muso oa Molimo, oa boena ba bokahohle, toka, ’nete le khotso lefatšeng. Ena ke pakane ea rōna ea bomessia.”
Khopolo e ’ngoe e atileng ke ea hore ’Muso oa Molimo ke boemo ba pelo ea motho. Ka mohlala, United States, Kopano ea Southern Baptist ea 1925 e ile ea phatlalatsa hore: “’Muso oa Molimo ke ho busa ha Molimo pelong le bophelong ba motho kamanong e ’ngoe le e ’ngoe ea batho, le mokhoeng o mong le o mong le mokhatlong oa sechaba o hlophisitsoeng. . . . ’Muso oa Molimo o tla felella ha khopolo le thato e ’ngoe le e ’ngoe ea motho e hapetsoe thatong ea Kreste.”
Kahoo, na kereke ke ’Muso oa Molimo? Na ’Muso oo o tla tlisoa ka litsela tseo e seng tsa bolumeli? Na ke boemo ba pelo? ’Me ’Muso oa Molimo o ka bolela’ng ho uena?