Na “Taolo ea Lefatše le Lecha” ea Motho e Haufi?
1. Takatso ea tokoloho e eketsehileng lipolotiking e ’nile ea bontšoa joang lilemong tsa morao tjee?
KAJENO, batho ba limillione ba botlamuoeng ba bolumeli ba bohata, ’me ba bangata ba khetha ho lula ba le joalo. Ka nako e tšoanang, batho ba bangata ka ho eketsehileng ba batla tokoloho ea lipolotiki. Liketsahalo tse sa tloaelehang tse etsahetseng lilemong tse seng kae tse fetileng Europe Bochabela le libakeng tse ling li bontšitse hore batho ba batla lipuso tse lokolohileng haholoanyane. Ka baka leo, batho ba bangata ba bolela hore mehla e mecha ea tokoloho e haufi. Mopresidente oa United States o e bitsitse “taolo ea lefatše le lecha.” Ka sebele, baeta-pele ba lefatše hohle ba ne ba re Qhoebeshano le pokello ea libetsa e felile le hore ho hlahile mehla e mecha ea khotso ho batho.—Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 5:3.
2, 3. Ke maemo afe a sitisang tokoloho ea ’nete?
2 Leha ho le joalo, esita le hoja boiteko ba batho bo ne bo ka etsa hore ho be le libetsa tse fokolang ’me ho be le lipuso tse lokolohileng haholoanyane, na ka sebele tokoloho ea ’nete e ne e tla ba teng? Che, ka baka la mathata a tšosang a leng teng lichabeng tsohle, ho akarelletsa le linaha tsa puso ea sechaba ka sechaba, tseo ho tsona palo ea batho ba futsanehileng e ntseng e phahama ’me batho ba limillione ba loanela ho iphelisa moruong. Tlaleho ea lefatše ea Machaba a Kopaneng e bolela hore ho sa tsotellehe tsoelo-pele e teng saenseng le phekolong ea meriana, letsatsi le leng le le leng karolelano ea bana ba 40 000 e bolaoa ke ho se fepehe hantle kapa maloetse a ka thibeloang. Setsebi se seng tabeng ena se itse: “Bofuma bo ntse bo fetoha ntho e tloaelehileng eo ka sebele e behileng bokamoso ba batho kotsing.”
3 Ho phaella moo, batho ba bangata ho feta leha e le neng pele ba hlaseloa ke tlōlo ea molao e ntseng e ba sehlōhō ka ho eketsehileng. Lehloeo la morabe, la lipolotiki, le la bolumeli le ntse le tsekolla linaha tse sa tšoaneng. Libakeng tse ling boemo bo batla bo tšoana le bo hlalositsoeng ho Zakaria 14:13 mabapi le nako e tlang, nako eo ka eona batho ba tla beng ba ‘ferekane haholo ’me ba tšohile hoo e mong le e mong a tla tšoara motho ea haufi le eena ’me a mo hlasele.’ (Today’s English Version) Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ke seoa. Batho ba limillione ba tšoaelitsoe AIDS; United States feela, e se e bolaile batho ba fetang 120 000.
Ho ba Botlamuoeng ba Sebe le Lefu
4, 5. Ho sa tsotellehe tokoloho e teng kajeno, ke botlamuoa ba mofuta ofe bo tlammeng e mong le e mong?
4 Leha ho le joalo, esita le hoja maemo a mabe joalo a ne a le sieo, batho ba ne ba ntse ba ke ke ba e-ba le tokoloho ea ’nete. Batho bohle ba ne ba ntse ba tla ba botlamuoeng. Ke hobane’ng ha re rialo? Ha re etsa papiso: Ho thoe’ng haeba mohatelli ea itseng a ne a ka etsa hore motho e mong le e mong lefatšeng e be lekhoba ebe o ba bolaea kaofela? Ha e le hantle, ke sona se etsahetseng ho batho ha batsoali ba rōna ba pele ba fetohela Molimo ’me ba fetoha makhoba a puso ea Diabolose e hatellang.—2 Ba-Korinthe 4:4.
5 Ha Molimo o bōpa batho, o ne o rerile hore ba phele ka ho sa feleng ba phethahetse, paradeiseng, joalokaha Genese likhaolo 1 le 2 e bontša. Empa ka baka la bofetoheli ba ntate-moholo oa rōna Adama khahlanong le Molimo, kaofela ha rōna re tlas’a kotlo ea lefu ho tloha ha re emoloa: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama, hlooho ea lelapa la moloko oa motho], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle.” Joalokaha Bibele e bolela, ‘lefu le kile la busa joaloka morena.’ (Ba-Roma 5:12, 14) Kahoo ho sa tsotellehe hore na re na le tokoloho e kae ka bomong, kaofela ha rōna re botlamuoeng ba sebe le lefu.
6. Ke hobane’ng ha ho ’nile ha ba le khatelo-pele e fokolang tebellong ea bophelo ho tloha ha Pesaleme ea 90:10 e ngoloa?
6 Ho phaella moo, bophelo boo re bo phelang hona joale bo lekanyelitsoe haholo. Esita le ho ba lehlohonolo, ke lilemo tse mashome a seng makae feela. Ho ba seng lehlohonolo hakaalo, ke lilemo tse seng kae feela, kapa ka tlaase ho moo. Phuputso e ncha e re: “Saense le phekolo ea meriana li lelefalitse tebello ea bophelo ba motho ho fihlela moo bo fellang teng ka tlhaho.” Ho joalo hobane ho se phethahale le lefu li bōpelletsoe kahehong ea rōna ea liphatsa tsa lefutso ka baka la sebe sa Adama. Ho soabisa hakaakang hore ha re phela ho fihlela re e-ba lilemo li 70 kapa 80, ha re lokela hore re be bohlale haholoanyane le ho thabela bophelo hamolemonyana, ’mele ea rōna ea fokola ’me re qetella re le lerōle!—Pesaleme ea 90:10.
7. Ke hobane’ng ha ho se mohla batho ba ka hlahisang tokoloho ea ’nete eo re e batlang le eo re e hlokang?
7 Ke puso ea mofuta ofe ea motho e ka thibelang bokhoba ba mofuta oo sebeng le lefung? Ha ho le e ’ngoe. Kae kapa kae ha ho bahlanka ba ’muso, bo-rasaense, kapa lingaka tse ka re lokollang mahlomoleng a bakoang ke ho kula, botsofali, le lefu, kapa tse ka felisang ho se sireletsehe, ho hloka toka, tlōlo ea molao, tlala, le bofuma. (Pesaleme ea 89:48) Ho sa tsotellehe hore na batho ba na le merero e metle hakae, ba ke ke ba khona ho hlahisa tokoloho ea ’nete eo re e batlang le eo re e hlokang.—Pesaleme ea 146:3.
Tšebeliso e Mpe ea Boikhethelo
8, 9. Ke eng se kentseng batho boemong bo sisimosang boo ba leng ho bona hona joale?
8 Lelapa la motho le boemong bona bo sisimosang hobane Adama le Eva ba ile ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe. Ho latela The Jerusalem Bible, Petrose oa pele 2:16 e re: “Itšoareng joaloka batho ba lokolohileng, ’me le ka mohla le se ke la sebelisa tokoloho ea lōna e le boikemelo ba ho etsa bokhopo.” Ka hona, ho hlakile hore Molimo o ne o sa rera hore tokoloho ea motho e hloke meeli. E ne e lokela ho sebelisoa ho ipapisitsoe le melao ea Molimo, e lokileng le e tla tlisetsa bohle molemo. ’Me meeli eo e ne e pharalletse ka ho lekaneng ho lumella motho hore a sebelise tokoloho ea hae ea ho iketsetsa khetho haholoanyane, e le hore ho se be mohla puso ea Molimo e hatellang.—Deuteronoma 32:4.
9 Leha ho le joalo, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba khetha ho iketsetsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng. Kaha ka boomo ba ile ba monyoha pusong ea Molimo, o ile oa ba amoha tšehetso ea oona. (Genese 3:17-19) Ka hona ba ile ba fetoha ba sa phethahalang, ’me phello e ne e tla ba ho kula le lefu. Ho e-na le ho fumana tokoloho, batho ba ile ba kena bokhobeng ba sebe le lefu. Hape ba ile ba ba ka tlas’a merero ea babusi ba batho ba sa phethahalang ’me hangata e le ba sehlōhō.—Deuteronoma 32:5.
10. Jehova o ’nile a sebetsana le litaba joang ka lerato?
10 Molimo o lumelletse batho ho latsoa sena seo ho thoeng ke tokoloho e felletseng ka nako e lekanyelitsoeng feela. O ne o tseba hore liphello li tla bontša ntle ho pelaelo hore puso ea motho a sa itšetleha ka Molimo e ke ke ea atleha. Kaha boikhethelo ke letlotlo le leholo ha bo sebelisoa hamolemo, Molimo o ile oa susumetsoa ke lerato la oona ’me ka nakoana o lumelletse se ’nileng sa etsahala ho e-na le ho re amoha mpho ea boikhethelo.
‘Motho a ke ke a Lokisa Lika tsa Hae’
11. Histori e ’nile ea tšehetsa ho nepahala ha Bibele joang?
11 Tlaleho ea histori e bontšitse ho nepahala ha Jeremia khaolo ea 10, litemana 23 le 24, e reng: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae. Jehova, u nkhalemele.” Hape histori e bontšitse ho nepahala ha Moeklesia 8:9, e bolelang tjena: ‘Motho o ’nile a rena holim’a e mong ho mo hlahisa kotsi.’ Mantsoe ao ke ’nete hakaakang! Lelapa la motho le ’nile la tloha koluoeng e ’ngoe ’me la kena ho e ’ngoe, ’me phello ea bohle e ’nile ea e-ba lebitla. Moapostola Pauluse o hlalositse boemo bona ka nepo ha a ne a re, joalokaha ho tlalehiloe ho Ba-Roma 8:22: “Hobane rea tseba hore tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” E, ho se itšetlehe ka melao ea Molimo ho ’nile ha tlisa tlokotsi.
12. Mehloli e meng ea lefatše e re’ng ka tokoloho e felletseng?
12 Buka e bitsoang Inquisition and Liberty e buile sena ka tokoloho: “Boipuso ha e le hantle ha se hore ke pontšo ea ho ba mohale: hase ntho eo motho a ka bang motlōtlō ka eona ha a se na litšoaneleho tse eketsehileng. Ha e le hantle, e ka mpa ea ba o mong oa mefuta ea motheo ea boikhabi . . . Motho ha se sebōpuoa se sa itšetlehang ka ho felletseng ka mang kapa mang, ebile a ke ke a laba-labela hore e be sona ntle leha e le sethoto.” ’Me Prince Philip oa Engelane o kile a re: “Tokoloho ea ho kopanela menyakeng e meng le e meng le boitšoarong bo bong le bo bong e ka ’na ea e-ba e ipiletsang, empa khafetsa phihlelo e ruta hore ho ba le tokoloho ka ntle le ho ithiba . . . le boitšoaro bo sa nahaneleng ba bang ke tsela ea ho senya boleng ba bophelo ba sechaba, ho sa tsotellehe hore na se ruile hakae.”
Ke Mang ea Tsebang Hamolemonyana?
13, 14. Ke mang feela ea ka fanang ka tokoloho ea ’nete bakeng sa lelapa la motho?
13 Ke mang ea tsebang hamolemonyana hore na ntlo e lokela ho hlophisoa joang—na ke batsoali ba lerato, ba tšoanelehang, ba nang le phihlelo kapa bana? Karabo e hlakile. Ka ho tšoanang, ’Mōpi oa batho, Ntate oa rōna oa leholimo, o tseba se molemo ho rōna. Oa tseba hore na mokhatlo oa batho o lokela ho hlophisoa le ho busoa joang. Oa tseba hore na boikhethelo bo lokela ho laoloa joang hore bo tlise melemo ea tokoloho ea ’nete ho bohle. Ke Molimo o matla ’ohle feela, Jehova, o tsebang kamoo o ka tšoasollang lelapa la motho botlamuoeng ba lona le ho fana ka tokoloho ea ’nete bakeng sa bohle.—Esaia 48:17-19.
14 Ka Lentsoeng la hae, ho Ba-Roma 8:21, Jehova o etsa tšepiso ena e susumetsang: “Tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” E, Molimo o tšepisa ho lokolla lelapa la motho ka ho felletseng boemong bo sisimosang boo le leng ho bona hona joale. Sehlooho se latelang se tla tšohla kamoo sena se tla etsahala ka teng.
U ne U Tla Arabela Joang?
(Tlhahlobo ea maqephe 3 ho ea ho 8)
◻ Ke hobane’ng ha batho ba na le boikutlo bo matla ka tokoloho?
◻ Batho ba ’nile ba fetoha makhoba ka litsela life ho theosa le histori?
◻ Ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse hore boikhethelo bo sebelisoe hampe halelele hakaale?
◻ Ke mang feela ea ka tlisetsang batho bohle tokoloho ea ’nete, hona hobane’ng?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Nako ea bophelo ba motho e tšoana hantle le e boletsoeng lilemong tse 3 500 tse fetileng ho Pesaleme ea 90:10
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of The British Museum