Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 4/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Buka ea Bibele ea 38—Zakaria
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Basireletsi ba Tumelo—Na ha e le Hantle ba ne ba Loanela Bokreste Kapa e ne e le Bo-rafilosofi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Etela Naha, Etela Linku!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 4/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

Na u fumane litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa e le tsa bohlokoa bo sebetsang ho uena? Joale ke hobane’ng ha u sa hlahlobe hore na u ka hopola se latelang:

▫ Morero oa sehlooho oa lipholiso tsa Jesu e ne e le ofe?

E le ho khothatsa bongata bo boholo ba batho ba kang linku kajeno, li ne li bontša hore baphonyohi ba Harmagedone ba tla phekoloa hoo e ka bang kapele ka mor’a Harmagedone. (Esaia 33:24; 35:5, 6)—12/15, leqephe 12.

▫ Ke hobane’ng ha re hloka ho hopotsoa khafetsa: “Tiisetsang thapelong”? (Ba-Roma 12:12, NW)

Likhatello le boikarabelo ba bophelo li ka re imela haholo ka linako tse ling hoo re ka lebalang ho rapela. Kapa mohlomong mathata a ka re imela, a re etsa hore re khaotse ho ithabela tšepong ea ’Muso, esita le ho khaotsa ho rapela. Ka hona, re hloka likhopotso tse re khothalletsang ho rapela ’me ka tsela ena re atamele haufi-ufi le Jehova.—12/15, leqephe 14.

▫ Ke eng se pakang hore Moroallo oa mehleng ea Noe o siile taba e ke keng ea lebaloa molokong oa motho?

Ho hakanngoa hore lipale tse fetang 500 tsa Moroallo li phetoa ke merabe le lichaba tse fetang 250. Lipaleng tsena kaofela, ho na le ho tšoana ha motheo.—1/15, leqephe 5.

▫ Baprofeta ba bohata kajeno ba tšoana joang le ba mehleng ea Jeremia?

Baprofeta ba bohata ba kajeno ba ipolela hore ba emela Molimo, empa ba utsoa mantsoe a Molimo ka ho ruta lintho tse khelosang batho ho se hlileng se boleloang ke Bibele. Sena ke ’nete haholo-holo tabeng ea thuto ea ’Muso. (Jeremia 23:30)—2/1, leqephe 4.

▫ Ho kolobetsoa ha motho ka moea o halalelang ho bolela eng?

Sena se bolela hore motho ea kolobetsoang o ikemiselitse ho sebelisana ’moho le moea, a sa etse letho le ka o sitisang ho sebetsa har’a batho ba Jehova. Kahoo, motho eo o tlameha ho sebelisana le mohlanka ea khabane le ea bohlale le tokisetso ea baholo ka har’a phutheho. (Ba-Heberu 13:7, 17; 1 Petrose 5:1-4)—2/1, leqephe 18.

▫ Ke hobane’ng ha borapeli ba litšoantšo bo lematsa motho ea li rapelang hakaale?

Bibele e bontša hore litšoantšo li manyala ho Jehova Molimo ’me li ke ke tsa thusa barapeli ba tsona hore ba atamele haufi le Molimo. (Deuteronoma 7:25; Pesaleme ea 115:4-8) Satane Diabolose ‘o foufalitse likelello’ tsa batho hore “ba se chabeloe” ke ’nete. (2 Ba-Korinthe 4:4) Kahoo ha motho a hlompha setšoantšo, o hlile o sebeletsa lithahasello tsa bademona. (1 Ba-Korinthe 10:19, 20)—2/15, maqephe 6-7.

▫ Ke hobane’ng ha linku e ne e le leruo la bohlokoa mehleng ea Bibele?

Boea e ne e le leruo le ikatisang ’me bo ne bo ka sebelisoa ho etsa liaparo tsa lelapa kapa bo ne bo ka rekisoa. Manaka a lipheleu a ne a sebelisoa ho tsebahatsa Jubile kapa a ne a ka sebelisoa ho hlaba mokhosi kapa ho laola ntoa. Kaha linku li ne li le har’a liphoofolo tse hloekileng tseo Baiseraele ba neng ba ka li ja, mohlape oa linku o ne o fana ka tiiso ea mohloli oa lijo tse ngata, ’me e ne e le mohloli oa ka mehla oa lebese bakeng sa ho nooa kapa ho etsa chisi.—3/1, maqephe 24-5.

▫ Batho ba ratang Molimo ba kōpa eng ha ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle? (Mattheu 6:10)

Ba kōpa hore ’Muso oa Molimo oa leholimo o nke khato ea makhaola-khang ka ho felisa litsamaiso tsa puso tse entsoeng ke batho, tse hlōlehileng ho phetha litšepiso tsa tsona tsa ho tlisa khotso le tšireletseho. (Daniele 2:44)—3/15, leqephe 6.

▫ Baloaneli ba Tumelo e ne e le bo-mang, ’me na ba ile ba ruta Boraro-bo-bong?

Baloaneli ba Tumelo e ne e le banna ba kereke ba phetseng qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo. Ba ile ba ngola ho sireletsa Bokreste boo ba bo tsebang khahlanong le lifilosofi tse mabifi tse neng li atile lefatšeng la Roma. Ha ho le a mong oa bona ea ileng a ruta Boraro-bo-bong.—4/1, maqephe 24-9.

▫ Na Zakaria, ntate oa Johanne Mokolobetsi, o ile a fetoha setholo le semumu, joalokaha ho bonahala Luka 1:62 e bontša?

Gabriele o boletse hore ho ne ho tla ameha puo ea Zakaria e seng kutlo ea hae. (Luka 1:18-20) Luka 1:64 e re: “Ka nako eona eo molomo oa hae [Zakaria] oa buleha, le leleme la hae la raroloha, ’me a bua.” Hlokomela hore, mona ha ho buuoe ka hore kutlo ea hae e kile ea ameha ka tsela leha e le efe. Ha ho buuoa ka ho “lekanyetsa” ho Luka 1:62 ho ka boleloa hore ho ile ha sebelisoa boitšisinyo hore qeto ea Zakaria e tsebahale.—4/1, leqephe 31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela