Thekollo e Lefshoang Bakeng sa ba Bangata
KA MARCH 31, 1970, sefofane sa jet se ile sa koeteloa haufi le Thaba ea Fuji Japane. Litho tse robong tsa sehlopha se tsejoang e le Lequloana la Japane la Red Army li ile tsa etsa baeti ba fetang 120 le basebetsi ba sefofaneng batšoaruoa ’me tsa batla hore li isoe Korea Leboea li sireletsehile.
Ha sefofane sena se ema Seoul, Rephabliking ea Korea, motlatsi oa letona la lipalangoang la Japane, Shinjiro Yamamura o ile a ithaopela ho beha bophelo ba hae kotsing molemong oa batšoaruoa. Batho ba neng ba koetetse sefofane sena ba ile ba lumela ho mo nka e le tiisetso ea hore ba sireletsehile, ’me ba lokolla batšoaruoa bohle ntle le basebetsi ba sefofaneng. Eaba sefofane se ba isa Pyongyang, moo ba ileng ba inehela ho balaoli ba Korea Leboea. Hamorao Monghali Yamamura le moqhobi oa sefofane ba ile ba khutlela Japane ba sa tsoa kotsi.
Tabeng ena, motho a le mong o ile a lefella bophelo ba batšoaruoa ba fetang 120. Sena se ka re thusa ho bona kamoo motho a le mong a ka fanang ka bophelo ba hae e le thekollo e lefellang ba bangata. Empa e le hore re utloisise thuto ea Bibele ea thekollo, re tlameha ho hlahloba taba ena ka botlalo.
Taba ea pele, ho hlokahala hore re ithute ka mohloli oa sebe ka botlalo. Bibele ea hlalosa: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) See se etsahetse joang? Motho ea boletsoeng mona ke Adama, e leng motho ea bōpiloeng pele. U ka ipalla tlaleho ea histori ea pōpo ea hae le se ileng sa etsa hore a khelohe litekanyetsong tsa Molimo. Sena se bontšoa likhaolong tsa pele tse tharo tsa buka ea Bibele ea Genese.
Tlaleho eo e senola hore ho ne ho e-na le mohlohlelletsi ea sa bonahaleng ha Adama a qala ho etsa sebe. E le hore a khotsofatse takatso ea hae ea ho fumana matla, mohlohlelletsi enoa o ile a rera ho busa Adama le bana leha e le bafe bao a neng a ka ba le bona. Mohlohlelletsi eo ke Satane Diabolose. O boetse o bitsoa “noha ea khale” hobane o ile a sebelisa noha ho etsa hore Adama a etse sebe. (Tšenolo 12:9) Le hoja ’Mōpi ea ratang batho a ne a boleletse Adama hore a hlomphe tokelo ea Hae ea ho khetha se molemo ho se sebe, noha e ile ea thetsa mosali oa Adama, Eva, hore a se ke a utloa Molimo. Eaba o etsa hore monna oa hae a hloke kutlo. Ka ho etsa joalo, Adama o ile a bontša hore ha aa itšetleha ka Molimo, ka boikhethelo a fetoha moetsalibe, ’me ke mofuta oo oa bophelo feela oo a neng a ka o fetisetsa ho bana ba hae.
Re ntse re latsoa liphello tsa seo. Joang? ’Mōpi o ne a laetse ka mokhoa o nang le toka hore haeba Adama le Eva ba ka ikhethela ho se utloe ka boomo, phello e ne e tla ba lefu. Ka baka leo, ka ho etsa sebe, Adama o ile a rekisa moloko ’ohle oa batho bokhobeng ba sebe le lefu.—Genese 2:17; 3:1-7.
Moloko oa motho o ne o tla lopolloa joang boemong boo ba boetsalibe? Jesu Kreste o tlile lefatšeng “ho fana ka sephefumolohi sa hae e le thekollo e lefshoang bakeng sa ba bangata,” ’me sena se ile sa bula tsela ea ho lopolla batho.—Mattheu 20:28, NW.
Ho Lefa le ho Lokolla
Bibele e bontša hore tšebetso ea ho lopolla batho e ne e kopanyelletsa mehato e ’meli: (1) ho rekolla le (2) ho lokolla. Mabapi le lentsoe la Segerike (lyʹtron) le fetoletsoeng e le “thekollo,” setsebi sa Bibele Albert Barnes se ile sa ngola: “Lentsoe thekollo ha e le hantle le bolela theko e lefshoang bakeng sa ho lopolla batšoaruoa. Ntoeng, ha sera se hapa batšoaruoa, chelete e batloang bakeng sa ho ba lokolla e bitsoa thekollo; ke hore, ke mokhoa oo ba lokolloang ka ’ona. Kahoo ntho leha e le efe e lokollang motho leha e le ofe boemong ba ho fumana kotlo, kapa ba ho utloa bohloko, kapa ba sebe, e bitsoa thekollo.”
E, “ntho leha e le efe e lokollang motho leha e le ofe” e ka bitsoa lyʹtron. Kahoo lentsoe lena la Segerike le totobatsa ketso kapa tšebetso ea ho lokolla.a
Moapostola Pauluse o ile a sebelisa lentsoe le tšoanang le leo an·tiʹly·tron ho hatisa bohlokoa ba theko e lefuoeng e le thekollo. Ho 1 Timothea 2:6, (NW), o ile a ngola hore “[Jesu] o ikentse thekollo e loketseng bakeng sa bohle.” Ha e bua ka sena, Greek and English Lexicon to the New Testament ea Parkhurst e re: “E bontša ka ho loketseng theko eo batšoaruoa ba lopolloang ka eona ho sera; le mofuta oo oa tefello oo ka ’ona bophelo ba motho bo lopolloang ka bophelo ba motho e mong.” Mona ho hatelloa mokhoa o loketseng kapa phello ea theko ea thekollo e lefuoeng ho leka-lekanya sekala sa toka. Sehlabelo sa Jesu sa thekollo se ka bitsoa “thekollo e loketseng” joang?
Thekollo e Loketseng
Adama o ile a rekisa moloko ’ohle oa batho, ho kopanyelletsa le rōna sebeng le lefung. Theko kapa tefo eo a e ntšitseng, ke bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho, le tebello ea ho phela ka ho sa feleng. Ho lefa sena, bophelo bo bong bo phethahetseng ba motho—thekollo e lekanang—bo ne bo tlameha ho lefuoa. Leha ho le joalo, ha ho motho lea mong oa batho ba sa phethahalang ea neng a ka fana ka bophelo bona bo hlokahalang bo phethahetseng ba motho. (Jobo 14:4; Pesaleme ea 51:5) Leha ho le joalo, ka baka la bohlale ba oona, Molimo o ile oa betla tsela ea ho tsoa mathateng ana. O ile oa tlosa bophelo bo phethahetseng ba Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši maholimong oa bo tlisa popelong ea moroetsana, oa etsa hore a tsoaloe e le motho ea phethahetseng. (Luka 1:30-38; Johanne 3:16-18) Thuto ena ea ho tsoaloa ha Jesu ke moroetsana hase pale e iqapetsoeng hore e phahamise mothehi oa bolumeli bo itseng. Ho e-na le hoo, e hlalosa mohato o loketseng oa tokisetso ea Molimo ea thekollo.
E le hore a ka phetha ketso ea ho lopolla, Jesu o ne a tlameha ho boloka tlaleho e hloekileng ka linako tsohle ha a sa le lefatšeng. O ile a etsa sena. Eaba o shoa lefu la sehlabelo. Ka tsela ena, Jesu o ile a lefa ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le thekollo ho lopolla moloko oa batho. (1 Petrose 1:19) Kahoo ka ho loketseng re ka bolela hore ‘motho a le mong o shoetse bohle.’ (2 Ba-Korinthe 5:14) E, “joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.”—1 Ba-Korinthe 15:22.
Motho a le Mong o Lefella ba Bangata
Tabeng e boletsoeng pele ea ho koeteloa ha sefofane, batšoaruoa ba ne ba se na mokhoa oa ho itokolla, esita le haeba ba ne ba ruile. Ho ne ho hlokahala thuso e hlahang ka ntle, ’me motho ea ileng a etsa tefello o ne a tlameha ho finyella litlhoko tse itseng. Sena se tšoana ka tsela e khōloanyane le thekollo e neng e hlokahala ho lopolla moloko oa batho. Mopesaleme o ile a ngola: “Ba . . . ntseng ba ithorisa ka bongata ba maruo a bona, ha ho lea mong ea ka lopollang esita le ngoan’abo, kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae; (’me theko ea topollo bakeng sa liphefumolohi tsa bona ke ea bohlokoa hoo e leng teng ka ho sa feleng).” (Pesaleme ea 49:6-8, NW) Ka sebele, ho ne ho hlokahala thuso e tsoang ka ntle bakeng sa moloko oa batho. Bophelo ba motho a le mong bo ne bo lekane ho lopolla moloko ’ohle oa batho haeba motho eo a finyella se hlokoang ho leka-lekanya sekala sa Molimo sa toka. Jesu Kreste e bile eena feela motho ea phethahetseng ea ka finyellang litšoaneleho tsena.
Jehova Molimo o fane ka topollo bakeng sa moloko oa batho ka hore Jesu Kreste a lefe thekollo. Empa Molimo o entse ho fetang hoo. O ahloletse Satane Diabolose lefu, e leng eena ea entseng hore moloko oa batho o oele sebeng. (Tšenolo 12:7-9) Haufinyane Jehova o tla koalla mofosi ’me qetellong o tla liha kahlolo ka ho ‘mo lihela ka letšeng la mollo le sebabole,’ le tšoantšetsang timetso ea ka ho sa feleng. (Tšenolo 20:1-3, 7-10, 14) Ka ho felisoa ha sebōpuoa sena sa moea le ka ho sebelisoa ha thekollo, moloko oa batho o tla thabela ho lopolloa eseng feela sebeng le lefung empa o tla lopolloa tšusumetsong ea Satane. O lopollotsoe joalo ’me e le ka ho sebelisoa ka botlalo ha molemo oa sehlabelo sa Kreste sa thekollo, moloko oa batho o bontšang kutlo o tla finyella phetheho ea botho.
Tokisetso ea Thekollo le Uena
Batho ba bangata ba Bochabela ha ba ithuta ka sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo, ba ananela seo Molimo o ba etselitseng sona. Mohlala oa sena ke Kazuo. Bophelo ba hae bo ne bo itšetlehile ka ho tsuba le ho tahoa ke teramotene. Ha a khanna a le tlas’a tšusumetso ea eona o ile a senya likoloi tsa hae ka makhetlo a mangata. Metsoalle ea hae e meraro e ile ea ipolaea ka mor’a ho senya bophelo ba eona bo botle. Le Kazuo o ile a leka ho ipolaea. Hamorao, o ile a qala ho ithuta Bibele. A susumetsoa ke ’nete eo a ithutileng eona, o ile a etsa qeto ea hore a hloekise bophelo ba hae. O ile a loantšana le mokhoa oa ho tlatlapa ’mele oa hae ka teramotene, ’me o ile a hlōleha hangata. O ne a tobane le bothata ka baka la takatso ea hae ea nama le ho laba-labela ho etsa se nepahetseng. O ile a thaba hakaakang ha a khona ho rapela Molimo bakeng sa ho kōpa tšoarelo ka molemo oa sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo! Ka thapelo le ka thuso e tsoang ho metsoalle ea Bakreste, Kazuo o ile a hlōla bothata boo ba hae ’me hona joale o sebeletsa Jehova e le mosebeletsi ea thabileng ea nang le letsoalo le hloekileng.
Na u sa hopola Chisako, ea boletsoeng qalong ea sehlooho se fetileng? Ka ho ithuta Bibele, le eena o ile a utloisisa tokisetso e lerato ea thekollo. O ile a ameha ka ho teba ha a ithuta hore Molimo o fane ka Mora oa oona Jesu ho lokolla moloko oa batho sebeng. Chisako o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova. Esita le hona joale, a le lilemo li 77, o qeta lihora tse 90 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe a bolella ba bang ka lerato la Jehova le leholo le mosa o sa tšoanelang oo a o bontšang.
Thekollo e lokela ho ba ntho ea bohlokoa le ho uena. Ka eona, Molimo o tla betla tsela e isang tokollong ea ’nete bakeng sa moloko oa batho—tokoloho sebeng le lefung. Bokamoso bo botle ba bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise bo emetse ba amohelang sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. Ka kōpo buisana le Lipaki tsa Jehova ’me u hlahlobe e le uena kamoo u ka thabelang tokoloho sebeng le lefung ka tokisetso e lerato ea thekollo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolong a Seheberu, pa·dhahʹ le mantsoe a tšoanang le lona a fetoletsoe e le “ho lopolla” kapa “theko ea topollo,” a totobatsang ketso ea ho lokolla e neng e ameha.—Deuteronoma 9:26.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
Courtesy of the Mainichi Shimbun