Na Ruri Moloko oa Batho o Hloka Messia?
“LEFATŠE LE HLOKA MESSIA, HO BOLELA MOHLANKA OA ’MUSO”
Sehlooho seo se ile sa hlaha ho The Financial Post ea Toronto, Canada, ka 1980. Mohlanka oa ’muso ea qotsitsoeng e ne e le Aurelio Peccei, mopresidente le moqapi oa mokhatlo o tummeng o bitsoang Club of Rome. Ho latela Post, Peccei o ne a lumela hore “moeta-pele ea nang le matla a sa tloaelehang—ebang ke oa saense, oa lipolotiki, kapa oa bolumeli—o ne a tla pholosa lefatše pherekanong ea batho le moruo e sokelang ho senya tsoelo-pele.” Uena u nahana eng? Na kannete lefatše lena le boemong bo tšabehang hakaalo hoo moloko oa batho o hlokang Messia? Nahana feela ka bo bong ba mathata ao lefatše lena le tobaneng le oona—tlala.
MAHLO a mabeli a maholo, a masootho a u tjamela setšoantšong sa koranta kapa makasine. Ke mahlo a ngoana, ngoanana e monyenyane ea e-s’o be le lilemo tse hlano. Empa mahlo ana ha a etse hore u bososele. Ha a na ponahalo ea bongoana, ha a na boikutlo ba ho makala ba thabo, ha a na ho tšepa ho se nang molato. Ho e-na le hoo, a tletse bohloko ba pherekano, bohloko bo tebileng, tlala e hlokisang tšepo. Ngoana eo o bolaoa ke tlala. Bohloko le tlala ke tsohle tseo a li tsebileng.
Mohlomong joaloka ba bangata, ha u rate ho sheba litšoantšo tse joalo nako e telele, kahoo u phetla leqephe kapele. Hase hore ha u tsotelle, empa u ikutloa u ferekane hobane u belaela hore nako e se e ile bakeng sa ngoanana enoa. Litho tsa hae tse otileng le mpa e likhikila ke matšoao a hore ’mele oa hae o se o qalile ho tšerema. Nakong eo u bonang setšoantšo sa hae, mohlomong o se a bile a shoele. Ho hobe le ho feta, ua tseba hore hase eena feela ea boemong bo joalo.
Bothata boo bo tebile haholo hakae? Koana, na u ka nahana ka bana ba limillione tse 14? Ba bangata ho rōna ba ke ke; palo eo e khōlō haholo hore re ka e nahana. Joale, nahana ka lebala le leholo la lipapali le nkang batho ba 40 000 ba lutse. Joale le nahane le tletse ka bana ka hohle—mola ka mola, methati ka methati, boieane ba lifahleho. Esita le hoo ho thata ho ho nahana. Leha ho le joalo, ho tla nka mabala a lipapali a 350 a maholo a tletseng bana ba fihlang ho limillione tse 14. Ho latela UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana]), eo ke palo e tšabehang ea bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba bolaoang ke khaello ea phepo e nepahetseng le maloetse a ka thibeloang habonolo selemo se seng le se seng linaheng tse futsanehileng. Hoo ho batla ho lekana le lebala la lipapali le le leng la bana ba shoang letsatsi le leng le le leng! Ho sena kopanyelletsa palo ea batho ba baholo ba lapileng, ’me u fumana kakaretso ea lefatše lohle ea batho ba etsang limillione tse sekete e le ’ngoe ea ba sa fumaneng phepo e ntle ka mehla.
Ke Hobane’ng ha ho E-na le Tlala Ena?
Hona joale naletsana ena e hlahisa lijo tse ngata ho feta tseo batho ba li sebelisang hajoale, ’me e na le matla a ho hlahisa tse ngata. Leha ho le joalo, bana ba 26 ba bolaoa ke khaello ea phepo e nepahetseng le boloetse motsotso o mong le o mong. Hona motsotsong oo, lefatše le sebelisa R5 500 000 ho lokisetsa ntoa. Na u ka nahana hore chelete eo eohle—kapa karoloana ea eona feela—e ka etsa’ng bakeng sa bana bao ba 26?
Ho hlakile hore ho ke ke ha thoe tlala ea lefatše e bakoa ke ho haella ha lijo kapa chelete. Bothata bo tebile haholoanyane. Joalokaha Jorge E. Hardoy, moprofesa ea tsoang Argentina a boletse, “ka mehla lefatše kaofela le na le boemo bo sa leka-lekaneng ba ho arolelana boiketlo, matla, nako, lisebelisoa le tsebo le ba hlokang lintho tsena haholo.” E, bothata ha bo lisebelisoeng tsa motho, empa bo ho motho ka boeena. Ho bonahala meharo le boithati e le lintho tse matla tse nkang karolo e khōlō molokong oa batho. Karolo ea bohlano ea baahi ba ruileng ka ho fetisisa ba lefatše e thabela hoo e ka bang thepa le litšebeletso tse imenneng ka makhetlo a 60 ho feta karolo ea bohlano ea ba futsanehileng.
Ke ’nete hore ba bang ba leka ka tieo ho isa lijo ho ba lapileng, empa boiteko ba bona bo nyopisoa ke lintho tseo ba ke keng ba li laola. Hangata tlala e hlasela linaha tse hlasetsoeng ke ntoa ea lehae kapa phetohelo, ’me hase ho sa tloaelehang hore mabotho a loantšanang a thibele lijo ho finyella ba li hlokang. Mahlakore ka bobeli a tšaba hore ka ho lumella lijo ho finyella baahi ba bolaoang ke tlala tikolohong ea sera, ba tla be ba fepa lira tsa bona. Mebuso ka boeona e sebelisa tlala e le sebetsa sa lipolotiki.
Na Ebe ha ho Tharollo?
Ka bomalimabe, bothata ba batho ba limillione ba bolaoang ke tlala ha se bona feela bothata bo hlasetseng batho ba kajeno. Ho senngoa ho tletseng hohle le ho silafatsoa ha tikoloho, koluoa e phehellang ea ntoa e bolaeang limillione tsa batho, seoa sa tlōlo ea molao e mabifi e bakang tšabo le ho se tšepane hohle, le boemo bo ntseng bo hlepha ba boitšoaro bo bonahalang bo baka mathata ana a mangata—litlokotsi tsena tsohle tsa lefatše li chaelana monoana, ’me li tiisa ’nete e ke keng ea hanyetsoa—motho a ke ke a ipusa ka katleho.
Ha ho pelaelo hore ke kahoo batho ba bangata ba nyahameng ’me ba sa bone tharollo ea mathata a lefatše. Ba bang ba ikutloa joaloka Aurelio Peccei, setsebi se tsoang Italy se boletsoeng qalong. Ba nahana hore, haeba ho tla ba le tharollo, e tlameha ho hlaha mohloling o sa tloaelehang—mohlomong esita le o phahametseng batho. Ka hona, taba ea messia e na le khoheli e matla. Empa na ho tšepela ho messia ke ntho ea ’nete? Kapa na tšepo e joalo ke khopolo-taba?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover photos: Top: U.S. Naval Observatory photo; Bottom: NASA photo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
WHO photo by P. Almasy
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 4]
WHO photo by P. Almasy
U.S. Navy photo