U Talima Sebe Joang?
MOSALI e mong oa lelapa ea neng a ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a tletleba: “Ke hobane’ng ha ka mehla a kōpa tšoarelo ea libe tsa rōna thapelong? Ho utloahala e se eka ke motlōli oa molao.” Joaloka mosali enoa, ba bangata kajeno ha ba elelloe libe tsa bona ka ntle leha ba tlōtse molao.
Ho joalo, haholo-holo Bochabela, moo batho ka baka la neano ba se nang kutloisiso ea sebe se futsitsoeng joalokaha se rutoa ke malumeli a tsoang Bojodeng le Bokresteng. (Genese 3:1-5, 16-19; Ba-Roma 5:12) Ka mohlala, Mashinto a amahanya sebe le litšila tse ka hlakoloang habonolo ka ho fokisoa ha thupa ea moprista, e nang le pampiri kapa flakse e tlamelletsoeng ntlheng ea eona. Ho bakela se entsoeng ha ho hlokahale tšebetsong ena. Hobane’ng? “Hase feela ketso tse mpe, empa hape le litlokotsi tse sa laoleheng tsa tlhaho tse neng li bitsoa tsumi [sebe],” ho hlalositse Kodansha Encyclopedia of Japan. Litlokotsi tsa tlhaho, tsumi tseo batho ba neng ba sa ikarabelle ka tsona, li ne li nkoa e le sebe seo litšebeletso tsa tlhoekiso li neng li ka li felisa.
Hona ho ile ha lebisa ho nahaneng hore sebe se seng le se seng, esita le liketso tse mpe tse etsoang ka boomo, (ka ntle ho liketso tsa tlōlo tseo molao o lihang kotlo ea tsona) li ka hlakoloa ka litšebeletso tsa tlhoekiso. Tlas’a sehlooho “Tšebeletso ea Tlhoekiso ea Lipolotiki Japane,” The New York Times e ile ea lebisa ponong e joalo ’me ea hlalosa hore bo-ralipolotiki ba Japane ba ileng ba ameha boitšoarong bo bobe ba italima ba “hloekisitsoe” ha ba ka khethoa hape ke bavouti. Ka hona, ha ho letho le lokisoang, ’me boitšoaro bo bobe bo tšoanang bo ka hlaha hape.
Barapeli ba Buddha ba lumelang samsara, kapa ho tsoaloa hape, le thuto ea Karma ba na le pono e fapaneng. “Ho latela thuto ea karman, boitšoaro bo botle bo tlisa phello e khahlisang le e thabisang ’me bo bōpa tšekamelo liketsong tse tšoanang tse ntle, ha boitšoaro bo bobe bo tlisa phello e mpe ’me bo bōpa tšekamelo liketsong tse mpe tse phetoang,” ho hlalosa The New Encyclopædia Britannica. Ka mantsoe a mang, boitšoaro ba boetsalibe bo beha litholoana tse mpe. Thuto ea Karma e hokahana le thuto ea ho tsoaloa hape, joalokaha ho boleloa hore Likarma tse ling li beha litholoana bophelong ba nako e tlang lilemong tse ngata pele ho nako ea bophelo boo ketso e ileng ea etsoa ka bona.
Thuto ena e ama balumeli ba eona joang? Mosali e mong oa Mobuddha ea neng a lumela ho Karma ka ho tšepeha o itse: “Ke ne ke nahana hore ke ntho e sa utloahaleng hore ke utloe bohloko ka baka la ntho eo ke ileng ka tsoaloa ka eona hape eo ke neng ke sa tsebe letho ka eona. Ke ne ke lokela ho e amohela joaloka pallo ea ka. Ho bina li-sutra le ho leka ka thata ho phela bophelo bo molemo ha hoa ka ha rarolla mathata a ka. Ke ile ka halefa ebile ke sa khotsofala, ke tletleba ka mehla.” Thuto ea Buddha ka phello ea boitšoaro bo bobe e ile ea mo siea ka boikutlo ba ho se be oa bohlokoa.
Boconfucius, bolumeli bo bong ba Bochabela, bo ne bo ruta tsela e fapaneng ea ho sebetsana le bobe ba batho. Ho latela Hsün-tzu, e mong oa bo-rafilosofi ba bararo ba thuto ea Confucius, tlhaho ea motho e mpe ebile e sekametse boithating. Hore ho bolokoe taolo ea sechaba har’a batho ba nang le tšekamelo ea boetsalibe, o ile a hatisa bohlokoa ba li, e bolelang mekhoa ea tlhomphano, mekhoa e metle, le taolo ea lintho. Meng-tzu, rafilosofi e mong oa Confucius, le hoja a hlahisa pono e fapaneng ea boitšoaro ba batho, o ile a hlokomela ho ba teng ha libe sechabeng ’me, ho tšepa tlhaho ea batho ho ba e molemo, o ne a itšetlehile ka ho intlafatsa e le tharollo. Ka tsela leha e ka ba efe, bo-rafilosofi ba Confucius ba ne ba ruta bohlokoa ba thuto le koetliso ka sepheo sa ho loantša sebe lefatšeng. Le hoja lithuto tsa bona li lumellana tabeng ea ho hlokahala ha li, kutloisiso ea bona ka sebe le bobe e lerootho.—Bapisa le Pesaleme ea 14:3; 51:5.
Kutloisiso e Felang ea Sebe Bophirimela
Lipono tsa sebe li ne li hlakile Bophirimela, ’me batho ba bangata ba lumela hore sebe se teng ebile se lokela ho qojoa. Leha ho le joalo, boikutlo ba Bophirimela ka sebe bo ntse bo fetoha. Ba bangata ba hana ho lemoha sebe, ba bitsa lentsoe la letsoalo “boikutlo ba molato,” ntho e lokelang ho qojoa. Lilemong tse ka bang 40 tse fetileng, Mopapa Pius XII o ile a tletleba: “Sebe sa lekholo lena la lilemo ke ho lahleheloa ke ho lemoha sebe.” Ho latela patlisiso e ileng ea hatisoa koranteng ea beke le beke ea K’hatholike Le Pèlerin, Mafora a etsang karolo ea 90 lekholong, moo batho ba bangata ba ipolelang hore ke Mak’hatholike a Roma, ha a sa lumela sebe.
Ka sebele, Bochabela le Bophirimela, batho ba bangata ba bonahala ba phela ka ho iketla ba sa tšoenngoe ke taba ea ho lemoha sebe. Leha ho le joalo, na hoo ho bolela hore sebe ha se eo? Na re ka se hlokomoloha ka ho sireletsehileng? Na sebe se tla ke se fele?