Litlhohonolofatso tsa Thuto ea Gileade li Tlala Lefatšeng ka Bophara
LEFATŠENG lena la khale thuto e na le bohlokoa bo fokolang feela. Kaha haholo-holo e thehiloe likhopolong tsa batho ho e-na le ’nete ea Molimo, e ke ke ea fana ka morero oa ’nete bophelong. Empa Sekolo sa Gileade se fapane. Litlhalosong tsa hae tsa selelekela kabong ea mangolo sehlopheng sa bo93 sa Gileade, Theodore Jaracz oa Sehlopha se Busang o ile a hlalosa hore sekolo sena se fana ka thuto e nang le moko oa ’nete. Joalokaha Pesaleme ea 119:160 (BPN) e bolela, “’nete ke moko oa lentsoe la [Molimo].” Kahoo bamameli ba ka bang 6 000 ba neng ba mametse lenaneo kabong ea mangolo ka September 13, 1992 ba ne ba thabile haholo.
Puo ea pele ea hoseng, e fanoeng ke Lon Schilling oa Komiti ea Watchtower Farms, e ne e na le sehlooho se reng “Le ’Ne le Hlōle Lefatše le ’Musi oa Lona.” Moena Schilling o ile a lebisa tlhokomelo ho Tšenolo 12:11 ’me a hlalosa hore temana ena e bontša litsela tse tharo tsa ho hlōla: (1) ka mali a Konyana, (2) ka bopaki, le (3) ka ho ba le moea oa boitelo. O ile a hopotsa liithuti hore bahlanka ba bangata ba Jehova ba bontšitse moea o joalo ’me ka linako tse ling ba bile ba ikemisetsa ho tobana le lefu e le hore ba ka boloka botšepehi ba bona.
“Lebelang Letlotlo la Lōna le Letle” e bile sehlooho se ileng sa tšohloa ke John E. Barr oa Sehlopha se Busang. Ka lentsoe la hae le tloaelehileng le mofuthu, o ile a tšoantša ho tšepana ho pakeng tsa Jehova le bahlanka ba hae le ho tšepana ho bang teng lenyalong le letle. A sebelisa lintlha tse tsoang ho 2 Timothea 1:12, 13 (NW) o ile a phehella liithuti ho lebela letlotlo la tsona ka ho baballa “mohlala oa mantsoe a phelisang” o ka Bibeleng. O ile a hatisa ho etsa thuto ea botho karolo ea bohlokoa ea kemiso ea letsatsi le letsatsi ’me ka mosa a khothaletsa liithuti hore le ka mohla li se ke tsa etsa hore litlhaloso tsa tsona libokeng e be tloaelo feela empa ka mehla li etse hore e be tse nang le morero.
William Van De Wall oa Komiti ea Lefapha la Tšebeletso o ile a fana ka puo e latelang, “Bontša Kameho e Lerato Bakeng sa Batho ba Kang Linku.” O ile a botsa liithuti litšoaneleho tseo li neng li tla li lebella ho ngaka ea lelapa ’me a li khothaletsa ho hlaolela boemo bo tšoanang ba ho ipeha sebakeng sa ba bang, kutloelo-bohloko, le mohau tseo li li nkang e le tsa bohlokoa.
Daniel Sydlik oa Sehlopha se Busang o ile a bua ka tsela e susumetsang tlas’a sehlooho se reng “Lintho Tsohle li ka Etsahala ho Molimo.” O ile a hopotsa liithuti hore Abrahama le Sara ba ile ba tšeha tebello eo ho neng ho bonahala e ke ke ea etsahala ea ho ba le mora botsofaling ba bona. Litšepiso tse ngata tsa Molimo li bonahala li ke ke tsa etsahala ponong ea batho; empa joalokaha lengeloi le ile la botsa Abrahama, “hleka taba e teng e ka sitang Molimo?” (Genese 18:14) Moena Sydlik o ile a khothaletsa liithuti ho bontša tumelo matleng a Molimo a ho etsa lintho tse ke keng tsa etsahala, le ka mohla ho se lumelle tumelo eo ho fela le ho thekesela, ho sa tsotellehe liteko tseo li tobanang le tsona.
Barupeli ba Fana ka Keletso
Barupeli ba babeli ba Gileade ba ile ba fana ka lipuo tse latelang. Pele, Jack D. Redford o ile a tšohla sehlooho se reng “Ho Iketsetsa Lebitso le Letle le Molimo.” O ile a hlalosa hore se etsang hore lebitso e be le letle kapa le lebe ke mong’a lona. O ile a bontša phapang pakeng tsa mabitso a kang Adama, Nimrode, Jezebele, Saule, le Judase le mabitso a kang Noe, Abrahama, Ruthe, Pauluse, le Timothea. Lebitso ka leng le amahanngoa le lintho tse ngata ka baka la bophelo ba mong’a lona. O ile a botsa liithuti hore na li tla ba le lebitso la mofuta ofe lilemo tse 10, 100, kapa esita le tse 1 000 ho tloha nakong eo—la mongala kapa motho ea tletseng lipelaelo kapa la moromuoa ea tšepahalang? O ile a li eletsa hore li se lebise tlhokomelo mathateng empa ho e-na le hoo li e lebise litharollong le mererong e metle.
“U Sireletsa Tumelo ea Hao Hantle Hakae?” e bile sehlooho se hapang maikutlo se ileng sa tšohloa ke Ulysses V. Glass. O ile a tšoantša tumelo le compass e ntle eo ka linako tsohle e supang tsela e nepahetseng. Compass e ka koloing e ka ’na ea angoa ke khoheli e ’ngoe ea magnet ntle ho ea lefatše, ’me ho hlokahala hore khoheli e joalo e fokotsoe. Ka ho tšoanang, lefatše lena la khale le hlahisa litšusumetso tse ngata tse ka faposang kapa tsa fokolisa tumelo ea rōna haeba re li lumella. Ha Moena Glass a ntse a hlokomelisa sehlopha ka litšusumetso tse joalo, o ile a boela a se babatsa ka phalimeho ea sona e hlokolosi boikutlong le maikutlong a ba bang.
Puo ea ho qetela ea hoseng e ile ea fanoa ke Albert D. Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang. O ile a khothaletsa liithuti ho “Boloka Moea oa Boromuoa,” a li babatsa ka ho bontša moea o tšoanang oa boromuoa joaloka sehlopha sa pele morao koo ka 1943, ha a ntse a sebeletsa joaloka mongolisi oa sekolo. O ile a hlalosa hore se ne se thahasella batho, e le baboleli ka tlhaho, ba ratang ho tataisoa ke moea oa Molimo. O ile a li phehella ho boloka moea oo, ho sebelisa ka botlalo New World Translation thutong ea botho. O ile a phetha ka tlhaloso ea temana ka temana ea Pesaleme ea 24 e le mohlala.
Joale, liithuti tsa Gileade li ile tsa amohela mangolo a Gileade! Li ile tsa fuoa mangolo a tsona a diploma ’me likabelo tsa tsona tsa boromuoa tsa baloa ka lentsoe le phahameng, ’me ha latela litlatse tse khōlō tse tsoang ho bamameli.
Motšehare oa mantsiboea, Calvin Chyke oa Komiti ea Fektheri o ile a khanna Thuto ea Molula-Qhooa. Ho ile ha latela lenaneo le thabisang la liithuti, le ileng la tšohla liphihlelo tsa liithuti tšimong nakong ea thupelo ea likhoeli tse hlano ’me la boela la akareletsa nehelano ea li-slide tsa linaha tse ling tseo li abetsoeng ho tsona. Ho phaella moo, ho ile ha buisanoa le banyalani ba bang ba seng ba hōlile, ’me ba ile ba bolela bohlale le phihlelo eo ba e fumaneng ka lilemo tse ngata e le baromuoa. Karolo ea motšehare oa mantsiboea e ile ea phethoa ka tšoantšiso e nakong e nang le sehlooho se reng U se ke ua Thetsoa Kapa ua Soma Molimo.
Bamameli ba ile ba tsamaea ba thabile, ba hloletsoe ke seo thuto ea ’nete ea Molimo e ka se etsang ’me ba thabetse ho tseba hore melemo ea thuto e joalo e tla tsoela pele ho bonahala lefatšeng ka bophara. Ha baromuoa bana ba 48 ba qhalakana ho ea likabelong tsa bona, lithapelo tse ngata li ba sala morao, tse bontšang tšepo ea sebele le kholiseho ea hore bana ba tšepahalang e tla ba tlhohonolofatso ho batho ba Molimo hohle moo ba eang teng.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Lipalo tse Amang Sehlopha
Lenane la linaha tse emetsoeng: 7
Lenane la linaha tseo li abetsoeng ho ea ho tsona: 18
Lenane la liithuti: 48
Lenane la banyalani: 24
Karolelano ea lilemo: 32,8
Karolelano ea lilemo ’neteng: 15,3
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 10,4
[Lebokose le leqepheng la 20]
SEHLOPHA SA LIITHUTI TSE AMOHETSENG MANGOLO KATOLOSONG EA GILEADE
Ka June 21, 1992, sehlopha sa baromuoa ba 24 se ile sa amohela mangolo sehlopheng sa bone sa Gilead Extension School Selters/Taunus, Jeremane. Sehlopha sena, se nang le banyalani ba 11 le bo-khaitseli ba babeli ba masoha ba tsoang linaheng tse supileng, se bile le karolelano ea lilemo tse 32, lilemo tse 14 se kolobelitsoe, le tšebeletso ea lilemo tse 8,5 mosebetsing oa nako e tletseng oa boboleli ba evangeli. Ba bileng teng kabong ea mangolo e bile ba fetang 2 000.
Moena Jaracz o ile a bula lenaneo ka tlhaloso ea Liproverbia 11:24 (NW) e reng: “Ho na le motho ea hasanyang empa leha ho le joalo lintho tsa hae lia eketseha.” O ile a hlalosa hore liithuti li haufi le ho hasana ’me ka sebele li tla potlakisa keketseho.
Lipuo tse khothatsang tsa mangolo li ile tsa fanoa ke Richard Kelsey, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala Jeremane; Wolfgang Gruppe oa Lefapha la Tšebeletso; Werner Rudtke le Edmund Anstadt, bao le bona e leng litho tsa Komiti ea Lekala; le barupeli ba babeli, Dietrich Förster le Lothar Kaemmer. Albert Schroeder oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo ea sehlooho e thahasellisang e nang le sehlooho se reng “Tsoelang Pele ho ba Babatli ba Matlotlo a Moea.” Sehlohlolo sa lenaneo e bile ho ntšoa ha likabelo bakeng sa linaha tse 11 Afrika, Amerika Bohareng, le Europe Bochabela, ’me ka mor’a moo seithuti se seng se ile sa bala lengolo le tsoang sehlopheng le eang ho Sehlopha se Busang le bontšang kananelo e tebileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Sehlopha sa Bo93 se Abeloang Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lethathamong le ka tlaase mona mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng o mong le o mong.
(1) Hitesman, C.; West, P.; Evans, D.; Hipps, M.; Simonelli, N.; Wood, S.; Corkle, M.; Flores, C.; Thomas, J. (2) Jones, M.; Nissinen, J.; Sponenberg, M.; Zachary, K.; Ravn, G.; Backman, M.; Wettergren, A.; Evans, D.; Flores, R.; Caporale, G. (3) Simonelli, N.; Rechsteiner, M.; Rechsteiner, M.; Ruiz-Esparza, L.; Gerbig, B.; Simpson, C.; Zanewich, C.; Zachary, B.; Ricketts, L.; (4) Simpson, J.; Backman, J.; Corkle, G.; Gerbig, M.; Ricketts, B.; Bagger-Hansen, L.; Jones, A.; Zanewich, K.; Ravn, J.; Hipps, C. (5) Sponenberg, S.; Hitesman, A.; Caporale, L.; Ruiz-Esparza, S.; Thomas, R.; Bagger-Hansen, B.; Wood, M.; West, M.; Wettergren, C.; Nissinen, E.