Boikokobetso ba Bomolimo—Hobane’ng Hona bo Bontšoa ke Bo-mang?
“Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—JEREMIA 10:23.
1. Ke mefuta efe ea boipuso e ’nileng ea nkoa e le ea bohlokoa?
HAR’A litokomane tsa batho tse nkoang e le tsa bohlokoa haholo ke Phatlalatso ea Boipuso, eo ka eona likoloni tse 13 tsa Brithane tse Amerika Leboea lekholong la bo-18 la lilemo li ileng tsa phatlalatsa boipuso ba tsona naheng eo li neng li le tlas’a eona, ea Brithane. Li ne li batla tokoloho, ’me boipuso taolong ea naha esele le tokoloho li ne li tšoana. Boipuso litabeng tsa lipolotiki le tsa moruo bo ka ba molemo haholo. Morao tjena linaha tse ling tse Europe Bochabela li fumane boipuso litabeng tsa lipolotiki. Leha ho le joalo, ho hlakile hore boipuso bo joalo linaheng tsena bo tlisitse mathata a mangata a tebileng.
2, 3. (a) Ke mofuta ofe oa boipuso o sa rateheng? (b) ’Nete ee e ile ea hlalosoa joang qalong?
2 Le hoja mefuta e mengata ea boipuso ho ka bonahala e rateha, ho na le mofuta o mong oa boipuso o sa rateheng. Ke ofe? Ho ipusa ho Moetsi oa motho, Jehova Molimo. Hoo ha se tlhohonolofatso empa ke thohako. Hobane’ng? Hobane ha ho mohla motho a kileng a etsetsoa hore a ipuse ho Moetsi oa hae, joalokaha mantsoe a moprofeta Jeremia a qotsitsoeng ka holimo a bontša ka ho hlakileng. Ka mantsoe a mang, motho o ne a etselitsoe hore a ikokobeletse Moetsi oa hae. Ho ikokobeletsa ’Mōpi oa rōna ho bolela ho mo mamela.
3 Taba ea hore ho ikokobeletsa ’Mōpi ho bolela ho mo mamela e ile ea etsoa hore e hlake ka matla ho batho ba babeli ba pele ka taelo ea Jehova ho bona joalokaha e tlalehiloe ho Genese 2:16, 17: “Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” Ho hana ha Adama ho ikokobeletsa Moetsi oa hae ho ile ha tlisetsa eena le bana ba hae sebe, bohloko, le lefu.—Genese 3:19; Ba-Roma 5:12.
4, 5. (a) Ho hana ha batho ho ikokobeletsa Molimo ho feletse ka eng? (b) Ke molao ofe oa se nepahetseng le se fosahetseng boitšoarong o ke keng oa qojoa?
4 Ho hana ha batho ho ikokobeletsa Molimo ke bothoto ebile ho fosahetse mabapi le molao-motheo oa se nepahetseng le se fosahetseng boitšoarong. Lefatšeng ho feletse ka ho hloka molao ho jeleng setsi, tlōlo ea molao, pefo, le boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ka litholoana tsa bona tsa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Ntle le moo, na seoa sa tlōlo ea molao e etsoang ke bacha ha se bakoe haholo-holo ke ho hana ha bacha ho ikokobeletsa Jehova, esita le batsoali ba bona le melao ea naha? Moea ona oa boipuso o bonahala tseleng e makatsang le e bokhoahlapa eo ba bangata ba aparang ka eona le puong e litšila eo ba e sebelisang.
5 Empa ha ho motho ea ka iphapanyetsang molao o sa fetoheng oa ’Mōpi mabapi le molao-motheo oa se nepahetseng le se fosahetseng boitšoarong: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.”—Ba-Galata 6:7, 8.
6, 7. Sesosa sa ho hana ho ikokobetsa ke sefe, joalokaha ho bonahala mehlaleng efe?
6 Sesosa sa hore ebe batho ba hana ho ikokobetsa ke sefe? Ka ho bonolo feela, ke boithati le boikhohomoso. Ke ka lebaka leo Eva, mosali oa pele, a ileng a lumella hore a thetsoe ke noha ’me a je tholoana e thibetsoeng. Hoja o ne a itekanetse a bile a ikokobelitse, teko ea hore a tšoane le Molimo—a iketsetse qeto ea se setle kapa se sebe—e ka be e sa ipiletsa ho eena. ’Me hoja o ne a sa bontša boithati, a ka be a sa batla ntho eo a e hanetsoeng ka ho hlakileng ke Moetsi oa hae, Jehova Molimo.—Genese 2:16, 17.
7 Nako e khutšoaane ka mor’a hore Adama le Eva ba hlōlehe, boikhohomoso le boithati li ile tsa etsa hore Kaine a bolaee moen’ae Abele. Hape, boithati bo ile ba etsa hore mangeloi a mang a nke khato ka ho ipusa, a siee boemo ba ’ona ba pele ’me a apare ’mele ea nama e le hore a thabele menate ea nama. Boikhohomoso le boithati li ile tsa susumetsa Nimrode ’me boa bonahala ho baeta-pele ba bangata ba lefatše ho tloha mehleng ea hae.—Genese 3:6, 7; 4:6-8; 1 Johanne 3:12; Juda 6.
Lebaka Leo ka Lona re Tlamehang ho Ikokobeletsa Jehova Molimo
8-11. Mabaka a mane a matla a hore re bontše boikokobetso ba bomolimo ke afe?
8 Ke hobane’ng ha re tlameha ho ikokobeletsa Moetsi oa rōna, Jehova Molimo? Lebaka la pele ke hore ke ’Musi oa Bokahohle. Ka ho loketseng matla ’ohle a ho eena. Ke Moahloli oa rōna, Monehi-molao, le Morena. (Esaia 33:22) Ho boletsoe ka ho loketseng ka eena: “Tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.”—Ba-Heberu 4:13.
9 Ho feta moo, kaha Moetsi oa rōna o matla ’ohle, ha ho motho ea ka mo hanyetsang ’me a atleha; ha ho ea ka iphapanyetsang tlamo ea hae ea ho ikokobeletsa Eena. Ho na le nako eo ba hanang ho ikokobeletsa eena ba tlang ho felisoa joaloka Faro oa boholo-holo le joalokaha Satane Diabolose a tla felisoa ka nako e loketseng ea Molimo.—Pesaleme ea 136:1, 11-15; Tšenolo 11:17; 20:10, 14.
10 Ho ikokobetsa ke tlamo ea libōpuoa tsohle tse bohlale hobane li teng ka morero oa ho sebeletsa Moetsi oa tsona. Tšenolo 4:11 e re: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” Ke ’Mōpi e Moholo oa Letsopa, ’me o etsa lipitsa tsa batho hore li phethe morero oa hae.—Esaia 29:16; 64:8.
11 Ha rea lokela ho iphapanyetsa ’nete ea hore Moetsi oa rōna o bohlale ka ho feletseng, kahoo o tseba se leng molemo ho rōna. (Ba-Roma 11:33) Melao ea hae ‘e molemong oa rōna.’ (Deuteronoma 10:12, 13) Ho feta moo, “Molimo ke lerato,” kahoo o re batlela feela se leng molemo. Re na le mabaka a mangata hakaakang a tlamang a re susumeletsang hore re ikokobeletse Moetsi oa rōna, Jehova Molimo!—1 Johanne 4:8, NW.
Jesu Kreste, Mohlala o Phethahetseng oa Boikokobetso ba Bomolimo
12, 13. (a) Jesu Kreste o bonahalitse boikokobetso ba bomolimo joang? (b) Ke mantsoe afe a Jesu a bontšang boikutlo ba hae ba boikokobetso?
12 Ka sebele, Mora oa Jehova ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, o re behetse mohlala o phethahetseng oa boikokobetso ba bomolimo. Moapostola Pauluse o totobatsa sena ho Ba-Filippi 2:6-8 (NW): “[Jesu], le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, ha a ka a nahana ho iphamolela, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a iketsa lefeela ’me a nka sebōpeho sa lekhoba a ba a tšoana le batho. Ho feta moo, eitse ha a iphumana a tšoana le motho, o ile a [tsoela pele ho] ikokobetsa ’me a utloa ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” Ha Jesu a le lefatšeng, hangata o ne a bolela hore o ne a sa etse letho ka ho rata ha hae; ha a ka a nka khato ka ho ipusa, empa ka linako tsohle o ne a ikokobeletsa Ntate oa hae oa leholimo.
13 Ho Johanne 5:19, 30 re bala hore: “Jesu a fetola ke hona, a re ho bona: Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae; hobane tsohle tse etsoang ke Ntate, Mora o li etsa joalo le eena. Ke sitoa ho etsa letho ke ’notši; ke ahlola kamoo ke utloang kateng, ’me kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.” Ka ho tšoanang, o ile a rapela ka makhetlo bosiung boo a neng a tla ekoa ka bona a re: “Ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao.”—Mattheu 26:39, 42, 44; bona le Johanne 7:28; 8:28, 42.
Mehlala ea Boholo-holo ea Boikokobetso ba Bomolimo
14. Noe o bontšitse boikokobetso ba bomolimo ka litsela life?
14 Noe o har’a mehlala ea pele ea batho ba bontšitseng boikokobetso ba bomolimo. O ile a bontša boikokobetso ba hae ka litsela tse tharo. Ea pele, ka ho ba motho ea lokileng, ea se nang seo a ka nyatsuoang ka sona ke batho bao a neng a le har’a bona, ea tsamaeang le Molimo oa ’nete. (Genese 6:9) Ea bobeli, ka ho haha areka. O ile “a fela a etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.” (Genese 6:22) Ea boraro, ka ho fana ka temoso ea Moroallo o neng o tla e le “’moleli oa ho loka.”—2 Petrose 2:5.
15, 16. (a) Abrahama o ile a beha mohlala ofe o motle oa boikokobetso ba bomolimo? (b) Sara o ile a bontša boikokobetso joang?
15 Abrahama e bile mohlala o mong o ikhethang oa boikokobetso ba bomolimo. O ile a bonahatsa boikokobetso ka ho mamela taelo ea Molimo: “Tloha lefatšeng la heno.” (Genese 12:1) Sena se ne se bolela ho siea mabotho-botho a Ure (Ure e ne e le motse oa litletle, joalokaha ho bontšoa ke se sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale) hore a lelere joaloka mohahlaula naheng esele ka lilemo tse lekholo. Ka ho khetheha Abrahama o ile a bontša boikokobetso ba bomolimo ka ho feta ka katleho teko e khōlō ea hore a ikemisetse ho nehelana ka mora oa hae Isaaka.—Genese 22:1-12.
16 Mosali oa Abrahama Sara o re fa mohlala o mong o motle oa boikokobetso ba bomolimo. Ka sebele ho lelera naheng esele ho ne ho baka litšitiso tse ngata, empa ha ho moo re balang hore o ile a koma-koma. O behile mohlala o motle oa boikokobetso ba bomolimo ka makhetlo a mabeli ha Abrahama a re ke khaitseli ea hae ho baeta-pele ba bahetene. Makhetlong ana ka bobeli o ile a sebelisana le eena, esita le hoja a ile a batla a fetoha mosali oa sethepu. Se pakang boikokobetso ba hae ba bomolimo ke tsela eo a neng a bitsa monna oa hae, Abrahama, ka eona ka pelong hore ke “morena oa hae,” a bontša hore boikokobetso ba bomolimo e ne e le boemo ba sebele ba pelo ea hae.—Genese 12:11-20; 18:12; 20:2-18; 1 Petrose 3:6.
17. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Isaaka o ile a bontša boikokobetso ba bomolimo?
17 Re se ke ra hlokomoloha mohlala oa boikokobetso ba bomolimo o behiloeng ke mora oa Abrahama, Isaaka. Neano ea Sejode e bontša hore Isaaka o ne a ka ba lilemo li 25 ha Jehova a laela ntate oa hae, Abrahama, hore a mo etse sehlabelo. Haeba Isaaka a ne a batla ka ho bonolo feela a ka be a thibetse ntate oa hae, ea neng a mo feta ka lilemo tse lekholo. Empa haa ka a etsa joalo. Le hoja Isaaka a ile a ipotsa hore na ke hobane’ng ha phoofolo e tla etsoa sehlabelo e ne e le sieo, ka bonolo o ile a ikokobeletsa hore ntate oa hae a ’mehe holim’a aletare ebe o mo tlama matsoho le maoto ho thibela kapa ho laola ho thakhinya ho neng ho ka ’na ha etsahala haeba ho ne ho ile ha sebelisoa thipa.—Genese 22:7-9.
18. Moshe o ile a bontša boikokobetso ba bomolimo bo behang mohlala joang?
18 Lilemo hamorao, Moshe o ile a re behela mohlala o motle oa boikokobetso ba bomolimo. Ka sebele sena se ile sa bontšoa ke hore a hlalosoe e le “monna ea mosa, ea mosa ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” (Numere 12:3) Hore ebe o ile a phetha litaelo tsa Jehova ka lilemo tse 40 lefeelleng, le hoja a ne a hlokometse batho ba tletseng bofetoheli ba limillione tse peli kapa tse tharo, ho paka ka ho eketsehileng boikokobetso ba hae ba bomolimo. Ka hona tlaleho e bolela hore “Moshe a etsa joalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.”—Exoda 40:16.
19. Jobo o ile a bontša boikokobetso ho Jehova ka lipolelo life?
19 Jobo ke motho e mong ea ikhethang ea behileng mohlala o motle ka ho fetisisa oa boikokobetso ba bomolimo. Ka mor’a hore Jehova a lumelle Satane hore a felise maruo ’ohle a Jobo, a bolaee bana ba hae, ’me a mo otle ka “mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hloho,” mosali oa Jobo o ile a re ho eena: “Na u sa tiiselitse tokeng ea hao na? Rohaka Molimo, ’me u shoe!” Ho sa tsotellehe sena, Jobo o ile a bontša boikokobetso ba hae ba bomolimo ka ho re ho eena: “U bua joale ka leoatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na?” (Jobo 2:7-10) Mantsoe a hae a tlalehiloeng ho Jobo 13:15 (NW) a bontša boikutlo bo tšoanang ba kelello: “Esita leha a ka ntlhaba, na nke ke ka leta?” Le hoja ha e le hantle Jobo a ne a amehile haholo ka hore ha a na molato, ha rea lokela ho hlokomoloha taba ea hore qetellong Jehova o ile a re ho e mong oa batšelisi ba hae ba bohata: “Bohale ba ka bo tuketse uena le metsoalle ea hao e ’meli, hobane ha lea ka la bolela tsa ka hantle, joale ka ha ho entse Jobo, mohlanka oa ka.” Ntle ho pelaelo, Jobo o re fa mohlala o motle oa boikokobetso ba bomolimo.—Jobo 42:7.
20. Davida o ile a bontša boikokobetso ba bomolimo ka litsela life?
20 Davida ke mohlala o mong ka Mangolong a Seheberu. Ha Morena Saule a ne a tsoma Davida joalokaha eka ke nyamatsane, ka makhetlo a mabeli Davida o ile a ba le monyetla oa ho felisa mathata a hae ka hore a hlabe Saule ka lerumo. Empa, boikokobetso ba Davida ba bomolimo bo ile ba mo thibela ho etsa seo. Mantsoe a hae a tlalehiloe ho 1 Samuele 24:6: “Jehova a nkhanele, ke se ke ka etsa taba e joalo ho mong a ka, motlotsuoa oa Jehova, ka isa letsoho la ka ho eena, etsoe e le motlotsuoa oa Jehova.” (Bona hape 1 Samuele 26:9-11.) Ka ho tšoanang o ile a bontša boikokobetso ba bomolimo ka ho amohela khalemelo ha a etsa liphoso kapa a entse sebe.—2 Samuele 12:13; 24:17; 1 Likronike 15:13.
Mohlala oa Pauluse oa Boikokobetso
21-23. Ke liketsahalong life tse fapaneng moo moapostola Pauluse a ileng a bontša boikokobetso ba bomolimo?
21 Mangolong a Bakreste a Segerike, re na le mohlala o ikhethang oa boikokobetso ba bomolimo ho moapostola Pauluse. O ile a etsisa Monghali oa hae, Jesu Kreste, ho sena joalokaha a ne a etsa le litšobotsing tse ling tsa tšebeletso ea hae ea boapostola. (1 Ba-Korinthe 11:1) Le hoja Jehova Molimo a ne a sebelisa Pauluse ka matla ho feta baapostola ba bang, ha ho mohla a kileng a nka khato ka ho ipusa. Luka o re bolella hore ha ho hlaha potso tabeng ea hore na hoa hlokahala hore basokolohi ba Balichaba ba bolotsoe, “ha reroa [ke baena ba Antioke] hore Pauluse le Barnabase ba tla ea Jerusalema, ba e-na le ba bang ba bona, ho ea botsa baapostola le baholo bakeng sa taba eo.”—Liketso 15:2.
22 Ha e le ka mosebetsi oa Pauluse oa boromuoa, ho Ba-Galata 2:9 re bolelloa sena: “Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neiloeng, ba re nea matsoho a bolekane, ’na le Barnabase, hore rōna re ikele ho ba-lichaba, ’me bona ba ee ho ba lebollo.” Pauluse o ile a batla tataiso ho e-na le ho nka khato ka ho ipusa.
23 Ka ho tšoanang, ha Pauluse a le Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela, o ile a amohela keletso e fanoeng ke baholo ba moo mabapi le ho ea tempeleng le ho latela tloaelo ea Molao e le hore bohle ba ka bona hore e ne e se mokoenehi mabapi le Molao oa Moshe. Kaha qeto ea hae ea ho latela Molao ho ile ha bonahala e fella hampe ka hore sehlopha sa mahoo-hoo se mo tsohele matla, na ho ikokobeletsa ha hae baholo bao e ne e le phoso? Ho hang, joalokaha ho bonahala ho seo re se balang ho Liketso 23:11: “Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontša ho eena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane joale ka ha u pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka khona u li pake joalo le Roma.”
24. Ke litšobotsi life tse eketsehileng tsa boikokobetso tseo ho tla buisanoa ka tsona sehloohong se latelang?
24 Ka sebele, Mangolo a re fa mabaka a matla a hore re ikokobetse ’me a fana le ka mehlala e tsotehang ea batho ba ileng ba bonahatsa boikokobetso bo joalo. Sehloohong se latelang, re tla hlokomela libaka tse sa tšoaneng tseo ho tsona re ka ikokobeletsang Jehova Molimo, lintho tse ka re thusang ho etsa joalo, le moputso oa seo.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke boipuso ba mofuta ofe bo sa rateheng?
◻ Sesosa sa ho hana ho ikokobetsa ke sefe?
◻ Re tlameha ho ikokobeletsa Jehova ka mabaka afe?
◻ Mangolo a fana ka mehlala efe e metle ea boikokobetso ba bomolimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Nimrode, ’musi oa pele ka mor’a moroallo ea ileng a fetohela boikokobetso ba bomolimo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Noe, mohlala o ke keng oa nyatsuoa oa boikokobetso ba bomolimo.—Genese 6:14, 22