Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 3/1 maq. 2-3
  • Tieho e Ile ea Tsoala Tahleho!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tieho e Ile ea Tsoala Tahleho!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phela Haufi le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang
    Tsoha!—2007
  • Hona Joale ho Hlokahala Hore re Falimehe le ho Feta!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Haufinyane Likoluoa Tsohle li Tla Fela
    Tsoha!—2005
  • Na U Tla Ela Temoso ea Molimo Hloko?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 3/1 maq. 2-3

Tieho e Ile ea Tsoala Tahleho!

MALAPA a mararo, a batho ba baholo ba supileng le bana ba tšeletseng, a etsa boiteko bo matla ba ho pholosa bophelo ba ’ona. Ho bonahala eka ba ile ba khobokellana hammoho ba itšireletsa ntlong ea motho e mong, ka tšepo ea ho pholoha sefako se tšosang sa majoe. Empa ha molumo o matla oa majoe a oelang fatše o khutsa, ho ile ha qaleha ho hong ho tšosang—leru le letšo la molora o bipetsang. Joale ba ne ba se na boikhethelo haese ho matha.

Ba ne ba eteletsoe pele ke monna, eo mohlomong e leng mosebeletsi oa bona, ea neng a matha a jarile mokotlana oa mofaho mahetleng. O ne a latetsoe ke bashemane ba babeli, e mong a ka ba lilemo li ’ne, e mong li ka ba hlano, ba matha ba tšoarane ka matsoho. Ba bang ba ne ba ba latela—ba hlasetsoe ke tšabo, ba tsamaea ka thata, ba khoptjoa, ba hlile ba batla ho pholoha. Ba ile ba leka ho hema, empa ho e-na le ho hema moea, ba ne ba hema molora o mongobo. Bohle ba 13 ba ile ba shoa e mong ka mor’a e mong ’me ba rapalla ba sa sisinyehe ’me qetellong ba ile ba koaheloa ke molora o ntseng o bokellana. Litopo tsa bona tse amang maikutlo li ne li tla pateha ho fihlela ha baepolli ba lintho tsa khale ba li koaholla lilemong tse ka bang 2 000 hamorao ’me ba utulla makolopetso a soabisang a nako ea bona ea ho qetela.

Bahlaseluoa bana ba 13 ke ba seng bakae feela ba batho ba 16 000 bao ho hakanngoang hore ba ile ba timela motseng oa boholo-holo oa Pompeii, Italy, ka August 24, 79 C.E. Ba bangata ba ile ba pholosoa ke ho tloha motseng ona ha Thaba ea Vesuvius e ne e ntša seretse se chesang ka lekhetlo la pele. Leha ho le joalo, ba ileng ba lieha—bao bongata ba bona e neng e le batho ba ruileng ba neng ba sa rate ho siea mahae a bona le matlotlo—ba ile ba tseteleha ka tlas’a lefika le molora tse bophahamo ba limithara tse tšeletseng.

Se ileng sa etsahala Pompeii hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng e ka ’na eaba ke histori ea boholo-holo. Empa e tšoana le boemo boo moloko ’ohle oa batho o tobaneng le bona kajeno ka litsela tse ngata. Pontšo ea lefatše lohle, e tšosang ho feta lialuma tsa Thaba ea Vesuvius, e sebeletsa joaloka temoso ea hore taolo ea lefatše la hona joale e tobane le timetso e atamelang. Hore re tle re pholohe, re lokela ho nka bohato hang-hang. Tieho e tsoala tahleho. Hore na pontšo eo ke efe le hore na ke joang re ka nkang bohato bo bonahatsang bohlale mabapi le eona ke taba e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover photo by National Park Service

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Soprintendenza Archeologica di Pompei

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela