Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 3/1 maq. 24-25
  • Thabang! Linkho tse Tletseng Oli Lia Khaphatseha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabang! Linkho tse Tletseng Oli Lia Khaphatseha
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokelikeli o ’Mala oa Khauta Oa Mediterranean
    Tsoha!—2008
  • Sefate sa Mohloaare se Behang Haholo ka Tlung ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na Sefate se Renngoeng se ka Hlōmela Hape?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 3/1 maq. 24-25

Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng

Thabang! Linkho tse Tletseng Oli Lia Khaphatseha

MOPROFETA Joele o ile a phehella ‘bana ba Sione hore ba thabe ’me ba nyakallele ho Jehova.’ O ile a sebelisa oli ea mohloaare ha a hlalosa thabo ea bona le katleho: “Liotlo li tla tlala koro, ho khaphatsehe linkho tse tletseng veine le oli.”—Joele 2:23, 24.

Hoja u ne u phela Iseraeleng linakong tsa Bibele, u ne u tla thabela ho ba le sefate sa mohloaare se joaloka se bontšitsoeng ka holimo mona pel’a ntlo ea hao kapa masimong a hao.a Se ne se tla etsa hore bophelo ba hao bo be bobebe haholoanyane, e be bo thabileng haholoanyane. Ke hobane’ng ha sefate sa mohloaare e ne e tla ba sa bohlokoa hakaalo?—Bapisa le Baahloli 9:8, 9.

Taba ea pele, shebela sefate sa hao haufi. Lifate tsa mohloaare li ka phela nako e etsang makholo a lilemo, tse ling e fetang lilemo tse sekete, kahoo mohlomong ha u se hlahloba u ka bona kutu e mafito, e ’mala oa molora. Sefate sa hao se ka ’na sa ba bophahamo ba limithara tse tšeletseng, ka sebele se sa phahama joaloka kedare leha e le hona ho khahleha joaloka palema. Makhasi a sona a matala ka linako tsohle, a benya joaloka silivera, a fana ka moriti selemo sohle. Ho ntse ho le joalo, u ne u ke ke ua nka sefate sa hao e le sa bohlokoa feela ka baka la ponahalo ea sona kapa moriti oa sona. Ruri ho ne ho ke ke ha ba joalo.

Litholoana tsa mohloaare tse likete tse tala kapa tse ntšo ke tsona tseo e leng tsa bohlokoa! Ke tsona tse neng li ka etsa hore sefate sa mohloaare e be sa bohlokoa bophelong ba batho ba letsatsi le letsatsi le mesebetsing e etsoang Iseraeleng. Ka May sefate sena se ba le lithung-thung tse ’mala o khanyang, bakeng sa ho itokisetsa ho beha litholoana tsa mohloaare. (Jobo 15:33) Ha li ntse li hōla, li ka ’na tsa fetola ’mala ho tloha botaleng bo bosehla ho ea ho bosootho bo lefifi kapa botšo.

Ho kotula litholoana tsa mohloaare ka October kapa ka November e ne e le mosebetsi o boima. U ne u ka hlohlora sefate ka mare e le hore litholoana tse butsoitseng li ka oela maseleng a aliloeng ka tlas’a sona. (Deuteronoma 24:20) Litholoana tsa mohloaare li ne li hlatsuoa pele li ka lokisoa, li etsoa lintho tse kang ho ineloa ka metsing a letsoai bakeng sa ho tlosa tatso ea tsona e tloaelehileng e bolila. Ho latele eng?

Sena se ne se tla itšetleha ka tsela eo ka eona u ratang ho thabela kapa ho fumana molemo kotulong ea hao e khōlō. U ne u ka ja litholoana tsa mohloaare li le tala, kapa ua li boloka ka metsing a letsoai e le hore lelapa la hao le ka ba le litholoana tse hlabosang ka likhoeli tse ngata. Litholoana tsa mohloaare e ne e ka ba karolo e ka sehloohong ea lijo, mohlomong lijo tse nang le litholoana tsa mohloaare tse hlabosang le lipolokoe tsa harese.

Leha ho le joalo, mohlomong u ne u ka fetisa litholoana tsa mohloaare tse ngata mehatong ea ho lokisoa e hlokahalang bakeng sa ho fumana ntho eo e molemo le ea bohlokoa—oli ea mohloaare. U ne u ka fumana oli ea boleng bo fapaneng, ka ho li sebelisa ka litsela tsena tse sa tšoaneng. Ea pele, u ne u ka tula kapa ua penya litholoana tsa mohloaare tse butsoitseng hanyenyane ka har’a nkho kapa esita le ho li hatakela ka maoto. (Mikea 6:15) Seo se ne se hlahisa oli ea boleng bo phahameng haholo, eo hona joale e bitsoang extra virgin, e neng e loketse bakeng sa mabone a neng a khantša ka tabernakeleng. (Exoda 25:37; 27:20, 21) Nahana kamoo u neng u ka rata ho fumana oli ena ea boleng bo phahameng ka teng e le hore u ka e sebelisa bakeng sa ho phehela liketsahalo tse khethehileng!

Litholoana tsa mohloaare, esita le tsa boleng bo tlaase, li ne li ka beoa ka har’a sehatelo bakeng sa hore li penngoe ka morero oa ho ntša oli e eketsehileng karolong e jeoang ea tholoana, le hoja oli ena e ne e ka ba ea boleng bo tlaase haholoanyane. Karolo e jeoang ea tholoana e ka ba le karolo ea 50 lekholong ea oli. Lihatelo tsa mefuta e sa tšoaneng li ka sebelisoa, empa se seng se bontšitsoe setšoantšong sena. Litholoana tsa mohloaare tse tutsoeng ka ho feletseng kapa karolong e itseng li ne li tšeloa ka har’a faki. Tšiloana e ne e pitikisoa ke esele kapa motho holim’a tsona, a etsa hore oli e tsoe, e ne e tsoa ’me e tšeloa linkhong.—Mattheu 18:6.

Oli ea mohloaare e ka tšoantšoa le khauta e metsi—e ne e nkoa e le ea bohlokoa haholo ’me e sebelisoa ka litsela tse ngata haholo. Sefate se le seng se ne se ka hlahisa oli eo lelapa la batho ba bahlano kapa ba tšeletseng le neng le ka e sebelisa selemo sohle. E ne e tla ba karolo e ka sehloohong ea lijo tsa bona, ka baka la ho monngoa ke ’mele habonolo le ho ba le matla a mangata. (Bapisa le Jeremia 41:8; Ezekiele 16:13.) U ka ’na ua kenya linōkō oling e ’ngoe ’me ua e sebelisa joaloka setlolo kapa ua tšela e ’ngoe hloohong ea moeti e le pontšo ea ho mo amohela ka mofuthu. (2 Samuele 12:20; Pesaleme ea 45:7; Luka 7:46) U ne u ka e sebelisa joaloka moriana o kokobetsang bohloko ba maqeba.—Esaia 1:6; Mareka 6:13; Luka 10:34.

Tsena hase tsona feela litsela tseo oli ea mohloaare e ngata e ka sebelisoang ka tsona. U ne u ka e sebelisa le bakeng sa ho khantša lehae la hao, bakeng sa karolo ea sehlabelo seo u se etsetsang Molimo kapa e le thepa ea khoebo e nang le phaello. E, linakong tsa Bibele sefate sa mohloaare e ne e le sefate sa bohlokoa haholo, kahoo ke ka nepo Joele a neng a ka se sebelisa hore se emele katleho le thabo.—Deuteronoma 6:11; Pesaleme ea 52:8; Jeremia 11:16; Mattheu 25:3-8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa setšoantšo se seholoanyane sa pono ena, bona Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1993.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela