Tšebeliso le Tšebeliso e Mpe ea Litšoantšo tsa Bolumeli
KETSAHALO ena e bile St. Petersburg, Russia. Letsatsi ke August 2, 1914. Batho ba ferekaneng ba ntseng ba tsokotsa litšoantšo ba bokane ntlong ea borena. Ho hlonngoe aletare bohareng ba holo e khōlō. Setšoantšo sa mosali ea sikileng ngoana se eme holim’a aletare eo. Setšoantšo sena se bitsoa “Vladimir Mother of God.” Matšoele a se talima e le letlotlo le halalelang ka ho fetisisa la Russia.
Ha e le hantle, ho lumeloa hore setšoantšo seo se etsa mehlolo. Ka 1812, ha mabotho a Russia a ne a entse mokoloko khahlanong le Napoléon, Molaoli Kutuzov o ile a rapela ka pele ho sona. Joale, ka mor’a hore Czar Nicholas II a kenye naha ea hae ntoeng, o ema ka pele ho sona. A phahamisitse letsoho la hae le letona, o etsa kano: “Ke ikana ka tieo hore nke ke ka bōpa khotso hafeela ho e-na le sera se le seng Russia.”
Libeke tse peli hamorao morena o nka leeto ho ea libakeng tse halalelang Moscow ho ea batla tlhohonolofatso ea Molimo bakeng sa masole a hae. Ka Kerekeng e Khōlō ea Maria ea Nketsoeng Leholimong, o khumama le ho rapela ka pele ho lesira le leholo le nang le mabenyane la litšoantšo tse ferefiloeng tsa Jesu, Maria, mangeloi, le “bahalaleli.”
Liketso tsena tsa bolumeli li ile tsa hlōleha ho thibela tlokotsi. Ka tlaase ho lilemo tse ’nè, mabotho a Russia a ile a ba le mahlatsipa a ka bang limillione tse tšeletseng ’me a lahleheloa ke karolo e khōlō ea naha. Ho feta moo, morena, mofumahali oa hae, le bana ba bona ba bahlano ba ile ba fenethoa ka sehlōhō. Sebakeng sa puso ea marena e bileng teng ka lilemo tse makholo, naha e ile ea qala ho laoloa ke puso ea phetohelo e khahlanong le bolumeli. Tšepo ea Czar Nicholas ea litšoantšo e ile ea ipaka e se na thuso.
Leha ho le joalo, ho tla fihlela kajeno Russia le linaheng tse ling, batho ba limillione ba tsoela pele ho hlompha litšoantšo. Sena se phahamisa lipotso tsa bohlokoa. Molimo o talima liketso tsa borapeli tse etsoang ka pele ho litšoantšo tse joalo joang? ’Me ho thoe’ng ka tloaelo ea ho li fanyeha maboteng a matlo?
Bibele e Re’ng?
Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a hlompha Molao oa Molimo o neng o fetisitsoe ka Moshe. O ne o akareletsa oa bobeli oa ho tsejoang e le Melao e Leshome, o reng: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng, leha e le setšoantšo se le seng sa tse holimo maholimong, leha e le sa tse tlase lefatšeng, leha e le sa tse metsing ka tlase ho lefatše. U se ke ua li khumamela, u se ke ua li sebeletsa: hobane ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang.”—Exoda 20:4, 5.
Tumellanong le hoo, Jesu ha aa ka a rapela Molimo ka thuso ea litšoantšo kapa liemahale tse entsoeng ke batho. Ho e-na le hoo, borapeli ba hae bo ne bo le tumellanong le se boletsoeng ke Ntate oa hae: “Ke ’na Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong khanya ea ka, nke ke ka nea litšoantšo thoko e ntšoanelang.”—Esaia 42:8.
Ho feta moo, Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa lokela ho rapeloa ka thuso ea lintho tse bonahalang. O ile a re: “Nako ea tla . . . eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23, 24.
Joaloka Jesu, balateli ba hae ba ’nete ba ile ba ruta ba bang tsela e nepahetseng ea ho rapela. Ka mohlala, moapostola Pauluse o kile a bua le letšoele la bo-rafilosofi ba Magerike ba neng ba sebelisa litšoantšo ho rapela melimo ea bona e sa bonahaleng. O ile a ba bolella ka ’Mōpi oa motho ’me a re: “Ha rea tšoanela re ka lekanya hore Molimo o ka tšoana le gauda, leha e le silevera, leha e le lejoe le betliloeng ka masene le ka khopolo ea motho.” Hamorao, moapostola eena eo o ile a hlalosa hore Bakreste ba “tsamaea ka tumelo, eseng ka pono” le hore Bakreste ba tlameha ho ‘tšaba borapeli ba litšoantšo.’—Liketso 17:16-31; 2 Ba-Korinthe 5:7; 1 Ba-Korinthe 10:14.
Phihlelo e etsahetseng bophelong ba moapostola Petrose e bontša hore o ile a potlakela ho lokisa bohato bo ka lebisang borapeling ba litšoantšo. Ha Kornele ofisiri ea lekhotla la Roma a oela maotong a hae, Petrose o ile a mo thiba. O ile a phahamisa Kornele, a re: “Tsoha; le ’na ke motho feela.”—Liketso 10:26.
Ha e le moapostola Johanne, o ile a tšosoa haholo ke lipono tsa Molimo hoo a ileng a oela maotong a lengeloi. Lengeloi le ile la mo eletsa: “Se etse hoo; hobane ke molekane oa hao oa tšebeletso, le oa banab’eno ba baprofeta, le oa ba bolokang lipolelo tsa buka ena. Khumamela Molimo.” (Tšenolo 22:8, 9) Moapostola o ile a ananela keletso ena. Ka lerato, o ile a tlaleha ketsahalo eo molemong oa rōna.
Empa liphihlelo tse ka holimo li amana joang le tšebeliso ea litšoantšo tsa bolumeli? Haeba ho ne ho fosahetse hore Kornele a rapele ka pel’a e mong oa baapostola ba Kreste, ho thoe’ng ka ho rapela litšoantšo tse sa pheleng tsa “bahalaleli”? ’Me haeba ho ne ho fosahetse hore moapostola oa Kreste a khumamele lengeloi le phelang, joale ho thoe’ng ka ho rapela litšoantšo tse sa pheleng tsa mangeloi? Ka sebele, liketso tse joalo li khahlanong le temoso ea Johanne: “Bana, itšabiseng melimo ea bohata.”—1 Johanne 5:21.
Joaloka Lithuso tsa ho Ruta tse Khabisang
Sena ha se bolele hore ho ba le setšoantšo sa ketsahalo e ’ngoe ea Bibele feela ke ho rapela litšoantšo. Makasine ona o sebelisa litšoantšo tsa liketsahalo tsa Bibele hamolemo e le lithuso tsa ho ruta. Hape, litšoantšo tsa liketsahalo tsa Bibele li ka sebelisetsoa ho khabisa mabota a matlo le meaho. Leha ho le joalo, Mokreste oa ’nete a ke ke a rata ho maneha setšoantšo se tsejoang e le se rapeloang ke ba bang, leha e le hore a ka fanyeha setšoantšo se emelang Bibele hampe leboteng la hae.—Ba-Roma 14:13.
Litšoantšo tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li hlahisa selika-likoe sa khanya ho potoloha lihlooho tsa Jesu, Maria, mangeloi, le “bahalaleli.” Se bitsoa halo. Halo e simolohile hokae? The Catholic Encyclopedia (khatiso ea 1987) ea lumela: “Tšimoloho ea eona hase ea Bokreste, hobane e ne e sebelisoa ke litsebi tsa ho etsa litšoantšo le babetli ba bahetene ho tšoantšetsa ka letšoao ho hlompheha ho hoholo le matla a maholo a melimo e sa tšoaneng.” Ho feta moo, buka The Christians, ea Bamber Gascoigne, e na le setšoantšo sa molimo oa letsatsi ea nang le halo se fumanoeng Capitoline Museum Roma. Molimo enoa o ne a rapeloa ke Baroma ba bahetene. Gascoigne o hlalosa hore hamorao, “halo ea letsatsi” e ile ea “alingoa ke Bokreste.” E, halo e amana le borapeli ba letsatsi ba bohetene.
Na litšoantšo tse kopanyang liketsahalo tsa Bibele le matšoao a borapeli ba litšoantšo ba bohetene li tšoanetse ho fanyehoa leboteng la ntlo ea Mokreste? Che. Bibele ea eletsa: “Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.”—2 Ba-Korinthe 6:16, 17.
Ka mor’a nako, ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba qala ho hlokomoloha keletso e joalo. Ho ile ha hlaha bokoenehi, joalokaha Jesu le baapostola ba hae ba ne ba boletse esale pele. (Mattheu 24:24; Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1) Mathoasong a lekholo la bone la lilemo C.E., moemphera oa Moroma Constantine o ile a etsa Bokreste ba bokoenehi bolumeli ba Naha. Bahetene ba bangata ba ile ba qala ho ipolela e le “Bakreste.” Borapeli ba litšoantšo tsa moemphera e ne e le tloaelo e atileng har’a bona. Ba ne ba boetse ba tloaetse ho fanyeha maboteng litšoantšo tsa baholo-holo ba bona le batho ba bang ba tummeng. John Taylor oa hlalosa bukeng ea hae Icon Painting: “Tumellanong le borapeli ba moemphera, batho ba ne ba rapela setšoantšo sa hae se ferefiloeng leseleng le lepolankeng, ’me ho tloha borapeling ba moemphera ho lebisa borapeling ba litšoantšo e ne e le ntho e fokolang.” Kahoo, borapeli ba litšoantšo ba bohetene bo ile ba nkeloa sebaka ke borapeli ba litšoantšo tsa Jesu, Maria, mangeloi, le “bahalaleli.”
Baeta-pele ba Kereke ba Ile ba Lokafatsa See Joang?
Ho latela The Encyclopedia of Religion, baeta-pele ba kereke ba ile ba sebelisa mabaka a tšoanang le a bo-rafilosofi ba bahetene. Banna ba kang Plutarch, Dio Chrysostom, Maxim oa Tyre, Celsus, Porphyry, le Julian ba ile ba lumela hore litšoantšo ha li phele. Empa bahetene bana ba ile ba lokafatsa tšebeliso ea litšoantšo ka ho bolela hore ke lithuso tsa ho rapela melimo ea bona e sa bonahaleng. Moetsi oa litšoantšo tsa bolumeli oa Russia Leonid Ouspensky oa lumela bukeng The Meaning of Icons: “Bo-ntate ba Kereke ba ile ba sebelisa mokhoa oa filosofi ea Segerike, ba kenya kutloisiso le puo ea eona thutong ea bolumeli ea Bokreste.”—Bapisa le Ba-Kolosse 2:8.
Batho ba bangata ba ile ba fumana ho le thata ho utloisisa tokafatso ea thuto ea bolumeli ea ho rapela litšoantšo. “Khethollo pakeng tsa ho rapela setšoantšo ka baka la seo se se emelang, kapa ho se rapela ka baka la seo se leng sona . . . e ne e fokola hoo e neng e ke ke ea bonoa ke mang kapa mang feela haese batho ba rutehileng haholo,” ho rialo John Taylor ho Icon Painting.
Ka lehlakoreng le leng, ho bonolo ho utloisisa seo Bibele e se bolelang ka litšoantšo tsa bolumeli. Nahana ka Emilia, ea lulang Johannesburg, Afrika Boroa. E ne e le Mok’hatholike ea inehetseng ’me o ne a tloaetse ho khumama le ho rapela ka pele ho litšoantšo. Eaba e mong oa Lipaki tsa Jehova o kokota monyako oa hae. O ne a hloletsoe ho bona ka Bibeleng ea Sepotoketsi hore Molimo o na le lebitso, Jehova. (Pesaleme ea 83:18, Almeida) Nakong ea lithuto tsa hae tsa Bibele, o ile a botsa: “Ke tlameha ho etsa joang hore ke qobe ho halefisa Jehova?” Paki eo e ile ea supa litšoantšo tse maboteng a hae ’me ea ’molella hore a bale Pesaleme ea 115:4-8. Bosiung bona boo ha monna oa hae a fihla hae, Emilia o ile a ’molella hore o batla ho lahla litšoantšo tsa hae tsa bolumeli. Monna oa hae o ile a lumela. Letsatsi le latelang, o ile a laela bara ba hae ba babeli, Tony le Manuel, ho senya litšoantšo tseo le ho li chesa. Kajeno, lilemo tse ka bang 25 hamorao, na Emilia oa ikoahlaea ka baka la ho etsa see? Che. Ha e le hantle, hammoho le lelapa la hae, o se a thusitse baahelani ba hae ba bangata ho ba barapeli ba thabileng ba Jehova.
Ho ’nile ha boleloa liphihlelo tse tšoanang ka makhetlo a mangata. Ka baka la mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa lefatše lohle oa Lipaki tsa Jehova, ba limillione ba ithuta ho rapela Molimo “ka moea le ka ’nete.” Le uena u ka latsoa litlhohonolofatso tsa tsela ena e phahameng ea ho rapela hobane, joalokaha Jesu a boletse, “Ntate o batla ba mo rapelang joalo.”—Johanne 4:23, 24.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Czar Nicholas II o hlohonolofatsa masole a hae ka setšoantšo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo by C.N.