Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 5/15 maq. 3-4
  • Ho Batla Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tse Tšepahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tse Tšepahalang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tsa Bibele li Tšepahala Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Buka ea Boprofeta
    Buka ea Batho Bohle
  • Ke Hobane’ng ha ho na le Mekhosi e Mengata Hakaale ea Bohata?
    Tsoha!—1993
  • Bokamoso ba Hao—Tsela e Molemo ea ho Ithuta ka Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 5/15 maq. 3-4

Ho Batla Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tse Tšepahalang

“EA NENG a ka bona lintho esale pele matsatsi a mararo pele li etsahala o ne a tla rua ka lilemo tse likete.” Ho rialo maele a Sechaena.

Batho ba hlile ba batla ho tseba hore na bokamoso bo fupere eng, ’me ba bangata ba ka lefa chelete e ngata ba lokolohile bakeng sa boitsebiso bo joalo bo tšepahalang. Ba batla lintho tse boletsoeng esale pele tse tšepahalang. Joalokaha ho ka bonoa ho tloha boleping ba maemo a leholimo le lipalong tse supang maemo a moruo, re thahasella liketsahalo tse tla tla. Ho feta moo, tsebo e tšepahalang ea bokamoso e ka etsa hore re khone ho rera le ho hlophisa bophelo ba rōna.

Takatso ea ho tseba seo bokamoso bo se fupereng e susumeletsa ba bangata ho ea ho ba profetang mahlohonolo, litichere tsa botho tsa moea, balepi ba linaleli, le lingaka tsa litaola. Mabenkeleng a libuka le libakeng tseo ho rekisoang limakasine ho tsona, ho tletse lintho tse ngotsoeng khale le tse ngotsoeng morao tjena ke ba bolelang hore ba bolela esale pele ka bokamoso. Empa mefuta ena ea lintho tse boletsoeng esale pele e potolohiloe ke lipelaelo. Ho tlalehoa hore moeta-pele oa Moroma Cato o ile a re: ‘Kea makala hore ebe ea bolelang lintho tse e-s’o etsahale ha a tšehe nako le nako ha a bona e mong ea bolelang lintho tse e-s’o etsahale.’

Ke ’nete hore ho na le lintho tse boletsoeng esale pele tsa mefuta e mengata. Ka 1972 sehlopha sa machaba sa liithuti le bo-rakhoebo se tsejoang e le Club of Rome se ile sa phatlalatsa thuto e neng e bolela esale pele hore haufinyane lefatše le ne le tla felloa ke mehloli e ke keng ea nchafatsoa. Le ne le tla felloa ke gauda ka 1981, sekete ka 1985, lesenke ka 1990, mafura ka 1992, joalo-joalo. Hona joale rea bona hore ha ea netefala.

Lintho tse boletsoeng esale pele tse ngata li thehiloe liponong tsa bolumeli. Ho etsa mohlala: Mobishopo oa Saxon ea bitsoang Wulfstan o ne a lumela hore ho kena ha Engelane Denmark mathoasong a lekholo la bo11 la lilemo e ne e le pontšo ea hore ho fela ha lefatše ho haufi. Ka 1525, Thomas Münzer o ile a etella pele boiteko ba ho phethola ’muso ba balemi ba Jeremane hobane ponong o ne a ile a bona mangeloi a leotsa lisekele bakeng sa hoo a neng a nahana hore e tla ba kotulo e khōlō. Ka ho hlakileng, ho bolela esale pele hona ho ne ho sa nepahala.

Joalokaha u ka tseba, Bibele e na le lintho tse boletsoeng esale pele. Ho feta moo, bangoli ba Bibele ba ne ba bolela hore ba bululetsoe ke Molimo. Moapostola oa Mokreste Petrose o ile a re: “Ha ho boprofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho. Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”—2 Petrose 1:20, 21.

Har’a lintho tse ling, Bibele e ile ea bolela esale pele ka liketsahalo tse fapaneng tse khethollang moloko o neng o tla bona ho ba teng ha Jesu Kreste ka matla a ’Muso oa leholimo. Lintoa tse e-s’o bonoe, tlala, litšisinyeho tsa lefatše, le ho senyeha ha matla a boitšoaro a batho e ne e tla ba letšoao la seo Bibele e se hlalosang e le ‘mehla ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-5; Mattheu 24:3-14, 34) Ho latela Bibele, ho tlosoa ha tsamaiso ena ea lintho ho tla betla tsela bakeng sa ho thaba ha moloko oa motho lefatšeng le lecha la litlhohonolofatso tse sa khaotseng.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.

U talima lintho tse boletsoeng esale pele tse joalo tsa Bibele joang? Na ke likhopolo feela, joaloka ho boleloa esale pele ha lintho tse ngata? Re ka hlahloba ho tšepahala ha boprofeta bo e-song ho phethahale ba Bibele ka ho hlahloba hore na lintho tse boletsoeng esale pele tse amang liketsahalo tse fetileng li ne li tšepahala. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba tse ling tsa tsona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Courtesy National Weather Service

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela