Tseba Jehova ka Lentsoe la Hae
“Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho fumana ha bona tsebo ka uena, Molimo a le mong oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—JOHANNE 17:3, NW.
1, 2. (a) “Tseba” le “tsebo” li bolela’ng joalokaha li sebelisitsoe Mangolong? (b) Ke mehlala efe e hlakisang tlhaloso ena?
HO TSEBA motho feela ka ho mo tloaela kapa ho ba le tsebo e sa tebang ka ntho e itseng hase tlhaloso e felletseng ea mantsoe “tseba” le “tsebo” kamoo a sebelisitsoeng ka teng Mangolong. Ka Bibeleng sena se ama “ketso ea ho tseba ka phihlelo,” tsebo e bonahatsang “kamano ea ho tšepana lipakeng tsa batho.” (The New International Dictionary of New Testament Theology) Seo se akareletsa ho tseba Jehova ka ho hlokomela liketso tsa hae tse tobileng, joaloka maemong a mangata bukeng ea Ezekiele moo Molimo a ileng a lihela kahlolo khahlanong le baetsalibe, a bolela: ‘’Me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’—Ezekiele 38:23, NW.
2 Litsela tse fapaneng tseo “tseba” le “tsebo” li ka sebelisoang ka tsona li ka hlakisoa ka mehlala e seng mekae. Ho ba bangata ba neng ba bolela hore ba ile ba sebetsa ka lebitso la hae, Jesu o itse, “Le ka mohla ha kea ka ka le tseba”; o ne a bolela hore le ka mohla o ne a sa ka a ba le kamano le bona. (Mattheu 7:23, NW) Ba-Korinthe ba Bobeli 5:21 e re Kreste ‘ha aa ka a tseba sebe.’ Seno ha se bolele hore o ne a sa hlokomele hore sebe se teng empa, ho e-na le hoo, hore o ne a se na kameho ea botho ho sona. Ka ho tšoanang, ha Jesu a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho fumana ha bona tsebo ka uena, Molimo a le mong oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste,” ho ne ho ameha ho hongata ho feta feela ho tseba ho itseng ka Molimo le Kreste.—Bapisa le Mattheu 7:21.
3. Ke’ng e pakang hore Jehova o bonahatsa letšoao le khethollang la Molimo oa ’nete?
3 Litšoaneleho tse ngata tsa Jehova li ka tsejoa ka Lentsoe la hae, Bibele. E ’ngoe ea tsona ke matla a hae a ho profeta ka nepo. Lena ke letšoao la Molimo oa ’nete: “Hlahisang ’me le re bolelle lintho tse tla etsahala. Lintho tsa pele—e ne e le life—bolelang, re tle re tsebe ho sebelisa lipelo tsa rōna ’me re tsebe bokamoso ba tsona. Kapa re utloiseng esita le lintho tse tlang. Bolelang lintho tse tla tla ka morao, re tle re tsebe hore le melimo.” (Esaia 41:22, 23, NW) Lentsoeng la hae, Jehova o bolela lintho tsa pele tse amang pōpo ea lefatše le bophelo bo ho lona. O ile a bolela khale lintho tse neng li tla etsahala hamorao le tse ileng tsa fela tsa etsahala. Esita le hona joale o ‘re utloisa lintho tse tla tla,’ haholo-holo lintho tse tla etsahala ‘mehleng ena ea qetello.’—2 Timothea 3:1-5, 13; Genese 1:1-30; Esaia 53:1-12; Daniele 8:3-12, 20-25; Mattheu 24:3-21; Tšenolo 6:1-8; 11:18.
4. Ke joang Jehova a ’nileng a sebelisa tšoaneleho ea hae ea matla, ’me o tla ’ne a e sebelise joang?
4 Tšoaneleho e ’ngoe ea Jehova ke matla. E bonahala maholimong moo linaleli tse sebetsang joaloka libōpi tse khōlō tsa liathomo tse kopaneng li ntšang matla a leseli le mocheso. Ha marabele a batho kapa a mangeloi a phephetsa bobusi ba Jehova, o sebelisa matla a hae joaloka “motho oa ntoa,” ho sireletsa lebitso la hae le letle le litekanyetso tsa hae tse lokileng. Mabakeng a kang ao ha a qea-qee ho lokolla matla a hae bakeng sa ho timetsa, joaloka Moroallong oa mehla ea Noe, timetsong ea Sodoma le Gomorrha, le ha Baiseraele ba lopolloa Leoatleng le Lefubelu. (Exoda 15:3-7; Genese 7:11, 12, 24; 19:24, 25) Haufinyane, Molimo o tla sebelisetsa matla a hae ho ‘robokela Satane ka tlas’a maoto a lōna.’—Ba-Roma 16:20.
5. Hammoho le matla a hae, ke tšoaneleho efe hape eo Jehova a nang le eona?
5 Leha ho le joalo, le hoja a e-na le matla ana a sa lekanyetsoang, o ntse a na le boikokobetso. Pesaleme ea 18:35, 36 (NW) e re: “Boikokobetso ba hao bo tla nkhōlisa. U tla etsetsa mehato ea ka ka tlaase ho ’na sebaka se boholo bo lekaneng.” Boikokobetso ba Molimo bo mo lumella ho “inamela ho nyarela maholimong le lefatšeng. O tsosa ea malimabe lerōleng, o ntša ea lesitsi thotobolong.”—Pesaleme ea 113:6, 7.
6. Ke tšoaneleho efe ea Jehova e pholosang bophelo?
6 Mohau oa Jehova ha a sebelisana le batho o pholosa bophelo. Le hoja Manasse a ne a entse sehlōhō se tšabehang, o ile a bontšoa mohau o mokaakang ha a ne a tšoareloa! Jehova o re: “Leha nka re ho molotsana: U fela u tla shoa! ha a ka baka sebeng sa hae, a ea ka taelo le ho loka, libe tsohle tsee a sitiloeng ka tsona, ha li sa na ho hopoloa ho mo tsoa: ke ea etsang ka ho loka le ka taelo; ka ’nete o tla phela.” (Ezekiele 33:14, 16; 2 Likronike 33:1-6, 10-13) Jesu o ne a bonahatsa ho tšoana le Jehova ha a ne a khothaletsa ho tšoarela ka makhetlo a 77, esita le ka makhetlo a 7 ka letsatsi le le leng!—Pesaleme ea 103:8-14; Mattheu 18:21, 22; Luka 17:4.
Molimo ea Nang le Maikutlo
7. Ke joang Jehova a fapaneng le melimo ea Bagerike, ’me ke tokelo efe ea bohlokoa eo re nang le eona?
7 Bo-rafilosofi ba Bagerike, ba kang Maepikure, ba ne ba lumela melimong empa ba ne ba e talima e le hōle haholo le lefatše bakeng sa ho ka bontša thahasello ho motho kapa ho angoa ke maikutlo a hae. Hoo ho fapana hakaakang le kamano e pakeng tsa Jehova le Lipaki tsa hae tse tšepahalang! “Jehova o thabela sechaba sa hae.” (Pesaleme ea 149:4) Batho ba khopo ba pele ho Moroallo ba ile ba etsa hore a ikoahlaee le ‘pelo ea hae e be ntšo.’ Baiseraele ba ile ba utloisa Jehova bohloko ka ho se tšepahale ha bona. Bakreste ka ho se mamele ha bona ba ka utloisa moea oa Jehova bohloko; leha ho le joalo, ka ho tšepahala ha bona ba ka mo thabisa. Ho hlolla hakaakang ho nahana hore motho ea fokolang ea lefatšeng a ka utloisa ’Mōpi oa bokahohle bohloko kapa a mo thabisa! Ha re talima sohle seo a re etsetsang sona, ke hantle hakaakang hore ebe re na le tokelo ee ea bohlokoa ea ho mo nyakallisa!—Genese 6:6; Pesaleme ea 78:40, 41; Liproverbia 27:11; Esaia 63:10; Ba-Efese 4:30.
8. Ke joang Abrahama a ileng a sebelisa tokoloho ea hae ea ho bua le Jehova?
8 Lentsoe la Molimo le bontša hore lerato la Jehova le re fa “tokoloho ea ho bua” e khōlō. (1 Johanne 4:17, NW) Hlokomela boemo ba Abrahama ha Jehova a ne a tl’o timetsa Sodoma. Abrahama o ile a re ho Jehova: “Hleka u ka timetsa ea lokileng hammoho le ea bolotsana na? Ekaba ba lokileng ba mashome a mahlano ba teng motseng; hleka u ka timetsa motse, u sa o baballe ka baka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ho oona na? . . . Taba eo e be hole le uena! Hleka Moahloli oa lefatše a ke ke a etsa ka ho loka na?” Ke mantsoe a makatsang hakaakang ho a bolella Molimo! Empa Jehova o ile a lumela ho boloka Sodoma haeba ho e-na le batho ba lokileng ba 50 teng. Abrahama o ile a tsoela pele ’me a theola palo eo ho tloha ho 50 ho isa ho 20. O ile a qala ho tšoha hore e ka ’na eaba u se a e-ba leqhoophe haholo. O ile a re: “Oho! Moren’a ka a se ke a halefa, ’me ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanoa teng ba lokileng ba leshome feela.” Jehova a boela a lumela: “Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.”—Genese 18:23-33.
9. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Abrahama ho bua kamoo a ileng a bua ka teng, ’me re ka ithuta eng ho seo?
9 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Abrahama tokoloho e kaalo ea puo, e le hore a ka bua ka tsela e joalo? Tabeng ea pele, Jehova o ne a hlokomela maikutlo a tšoenyehileng a Abrahama. O ne a tseba hore Lota mochana oa Abrahama o lula Sodoma, ’me Abrahama o ne a amehile ka tšireletseho ea hae. Hape, Abrahama e ne e le motsoalle oa Molimo. (Jakobo 2:23) Ha motho e mong a bua le rōna ka mokhoa o hatellang, na re leka ho batlisisa maikutlo a susumetsang mantsoe a hae ’me re utloisise boemo ba hae, haholo-holo haeba e le motsoalle ea leng tlas’a khatello ea maikutlo e itseng? Na ha ho re nehe boikutlo ba boiketlo ho bona hore Jehova o tla utloisisa ha re sebelisa ho lokoloha puong, joalokaha a ile a utloisisa Abrahama?
10. Ke joang tokoloho ea ho bua e re thusang thapelong?
10 Haholo-holo ha re mo batla joaloka “Ea utloang thapelo” ea rōna re batla ho lokoloha puong hona hore re tšollele liphefumolohi tsa rōna ho eena, ha re tšoenyehile haholo ’me re nyahame maikutlong. (Pesaleme ea 51:17; 65:2, 3) Esita le linakong tseo re ka haelloang ke mantsoe, “moea oona o re rapella ka mefehelo e ke keng ea boleloa,” ’me Jehova oa mamela. A ka tseba mehopolo ea rōna: “U tseba mohopolo oa ka, u le hōle. Hobane, ere lentsoe le e-so ho be lelemeng la ka, u se u le tseba kaofela, Jehova.” Ho ntse ho le joalo, re lokela ho tsoela pele ho kōpa, ho batla, le ho kokota.—Ba-Roma 8:26; Pesaleme ea 139:2, 4; Mattheu 7:7, 8.
11. Ke joang ho bontšoang hore Jehova o hlile oa re tsotella?
11 Jehova o-oa tsotella. O tšehetsa bophelo boo a bo bōpileng. “Mahlo a libopuoa kaofela a lebeletse uena, u li fa lijo ka nako e tšoanetseng. U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” (Pesaleme ea 145:15, 16) Re mengoa ho bona kamoo a fepang linonyana tse lihlahleng. Bona likhahla tsa naha, kamoo a li apesang hantle ka teng. Jesu o ile a eketsa ka hore Molimo o tla re etsetsa se tšoanang esita le ho feta kamoo a li etsetsang ka teng. Kahoo ke hobane’ng ha re lokela ho khathatseha? (Deuteronoma 32:10; Mattheu 6:26-32; 10:29-31) Petrose oa Pele 5:7 e u mema hore u ‘lahlele lipelaelo tsohle tsa hao holim’a hae, hobane oa u hlokomela.’
“Setšoantšo sa Sebele sa Boleng ba Hae”
12, 13. Ho phaella ho bona Jehova pōpong ea hae le liketsong tsa hae tse tlalehiloeng ka Bibeleng, ke joang hape re ka khonang ho ’mona le ho mo utloa?
12 Re ka bona Jehova Molimo ka pōpo ea hae; re ka ’mona ka ho bala liketso tsa hae Bibeleng; re ka boela ra ’mona ka mantsoe le liketso tse tlalehiloeng tse amang Jesu Kreste. Jesu ka boeena o rialo, ho Johanne 12:45: “Ea ntalimang, o talima ea nthomileng.” Hape, ho Johanne 14:9: “Ea mponang o bone Ntate.” Ba-Kolosse 1:15 e re: “[Jesu] ke eena e leng setšoantšo sa Molimo ea sa bonoeng.” Ba-Heberu 1:3 (NW) e re: “[Jesu] ke lehlaseli la khanya ea [Molimo] hape le setšoantšo sa sebele sa boleng ba hae.”
13 Jehova o romile Mor’a hae ho tla ba topollo hape le ho tla beha mohlala o lokelang ho lateloa, ka mantsoe le ka liketso. Jesu o ne a bua mantsoe a Molimo. O ile a re ho Johanne 12:50: “See ke se bolelang, ke se bolela joale ka ha Ntate a mpoleletse sona.” Ha aa ka a iketsetsa thato ea hae, empa o ile a etsa lintho tseo Molimo a ’moleletseng hore a li etse. Ho Johanne 5:30 o ile a re: “Ke sitoa ho etsa letho ke ’notši.”—Johanne 6:38.
14. (a) Ke lipono life tse ileng tsa etsa hore Jesu a susumetsoe ke kutloelo-bohloko? (b) Ke hobane’ng ha mokhoa oa Jesu oa ho bua o ile oa etsa hore batho ba phallele ho mo mamela?
14 Jesu o ile a bona batho ba neng ba e-na le lepera, ba holofetseng, bao e leng lithōlō, ba foufetseng, le ba nang le bademona le ba llelang bafu ba bona. A susumetsoa ke kutloelo-bohloko, o ile a phekola ba kulang ’me a tsosa bafu. O ile a bona matšoele a lapile ’me a hlomohile moeeng, ’me a qala ho a ruta lintho tse ngata. O ile a ruta ka mantsoe a nepahetseng hape le ka mantsoe a ratehang a tsoang pelong a ileng a ea ka ho toba lipelong tsa ba bang, a ba hohela ho eena, ’me a ba tlisa tempeleng hoseng ho tla mo mamela, a ileng a etsa hore ba phehelle ho mo latela le ho mo mamela, ho mamela ka nyakallo. Ba ne ba phallela ho mo mamela, ba bolela hore “ha ho e-so ho be motho ea buang joale ka motho eo.” Ba ne ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta. (Johanne 7:46; Mattheu 7:28, 29; Mareka 11:18; 12:37; Luka 4:22; 19:48; 21:38) ’Me ha lira tsa hae li batla ho mo tšoasa ka lipotso, o ne a etsa hore li itšoase, a li thōlisa.—Mattheu 22:41-46; Mareka 12:34; Luka 20:40.
15. Sehlooho se seholo sa boboleli ba Jesu e ne e le eng, ’me o ile a akareletsa ba bang ho se phatlalatsa ho isa bohōleng bofe?
15 O ile a bolela hore “’muso oa maholimo [o ne] o atametse” ’me a phehella bamameli ho tsoela pele ho ‘batla ’muso oa Molimo pele.’ O ile a roma ba bang ho bolela hore “’muso oa maholimo [o ne] o atametse,” ho “etsa barutuoa ba batho ba lichaba tsohle,” ho ba lipaki tsa Kreste “ho isa pheletsong ea lefatše.” Kajeno Lipaki tsa Jehova tse batlang li etsa limillione tse ’nè le halofo li tsamaea mehlaleng ea hae, li etsa lintho tseo.—Mattheu 4:17; 6:33; 10:7; 28:19, NW; Liketso 1:8.
16. Ke joang tšoaneleho ea Jehova ea lerato e ileng ea behoa tekong e khōlō, empa ke eng eo e ileng ea e finyella bakeng sa moloko oa batho?
16 Ho 1 Johanne 4:8 re bolelloa hore: “Molimo o lerato.” Tšoaneleho ena ea hae e hlollang e ile ea behoa tekong e khōlō ka ho fetisisa ha a romela Mor’a hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng ho tla shoa. Bohloko boo Mora enoa ea ratoang a ileng a bo utloa le likōpo tsa hae ho Ntate oa hae oa leholimo e tlameha ebe li ile tsa utloisa Jehova bohloko bo boholo, esita le hoja Jesu a ile a paka phephetso ea Satane e le leshano ha a re batho ba lefatšeng ba ke ke ba tšoarella botšepehing ba bona ho Eena ka tlas’a teko e boima. Re boetse re lokela ho ananela bohlokoa ba sehlabelo sa Jesu, hobane Molimo o mo rometse mona ho re shoela. (Johanne 3:16) Lefu leo e ne e se le bonolo, la kapele. Ho ananela kameho ea Molimo le Jesu e le hore re tle re hlokomele bohlokoa ba sehlabelo sa bona ho rōna, a re hlahlobeng tlaleho ea Bibele ea liketsahalo tse etelletseng ena pele.
17-19. Jesu o ile a hlalosa joang phihlelo e bohloko e neng e larile ka pele ho eena?
17 Bonyane ka makhetlo a mane, Jesu o ile a hlalosetsa baapostola ba hae se tla tloha se etsahala. Matsatsi a seng makae feela pele se etsahala, o ile a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, ’me Mor’a motho o tla neeloa baprista ba baholo le bangoli, ’me ba tla mo ahlolela lefu, ba mo neele ba-lichaba. Ba tla mo soma, ba mo shape, ba mo tšoele ka mathe, ba ’molaee.”—Mareka 10:33, 34.
18 Jesu o ne a utloa khatello ea se neng se larile ka pele ho eena, a utloisisa bohloko bo boholo ba chapo ea Baroma. Liphali tsa letlalo tse neng li sebelisetsoa ho shapa li ne li kentsoe likaroloana tsa litšepe le masapo a nku; kahoo ha chapo e tsoela pele, mokokotlo le maoto li ne li hlenhlana ’me li tsoa mali. Likhoeli pele ho moo, Jesu o ile a bontša khatello ea maikutlo eo phihlelo eo e bohloko e larileng ka pele ho eena e neng e ’makela eona, a re, joalokaha re bala ho Luka 12:50 (BPN): “Ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetsoa ka eona, ’me ke tla tšoenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!”
19 Khatello e ile ea eketseha ha nako e ntse e atamela. O ile a bua ka eona ho Ntate oa hae oa leholimo: “Joale, moea oa ka oa sisimoha; ’me ke tla re’ng? Na ke tla re: Ntate, u ntoele nakong ena? Empa ke eona ntho eo ke tletseng nako ena.” (Johanne 12:27) E tlameha ebe Jehova o ile a angoa ke kōpo ena ea Mor’a hae ea tsoetsoeng a ’notši hakaakang! Gethsemane, lihora feela pele ho lefu la hae, Jesu o ile a ameha ka ho tebileng ’me a re ho Petrose, Jakobo, le Johanne: “Moea [“sephefumolohi,” NW] oa ka o tšoeroe ka nģa tsohle ke masoabi a isang lefung.” Metsotso hamorao o ile a etsa thapelo ea hae ea ho qetela tabeng ena ho Jehova: “Ntate, hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena pel’a ka! empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao. Eitse ha a le matsoalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; ’me likhororo tsa hae tsa e-ba joale ka marotholi a mali a rothelang fatše.” (Mattheu 26:38; Luka 22:42, 44) Sena e ka ’na eaba e ne e le se tsejoang ke lingaka e le boemo boo letlalo le ntšang mali. Bo tla ka seoelo empa bo ka hlaha maemong a maholo a ho khathatseha maikutlong.
20. Ke eng e ileng ea thusa Jesu ho feta ka katleho phihlelong ea hae e bohloko?
20 Mabapi le nako ena Gethsemane, Ba-Heberu 5:7 (NW) e re: “Matsatsing a nama ea hae Kreste o ile a nyehela lithapeli haesita le likōpo ho Ea neng a khona ho mo pholosa lefung, kapa liboko tse matla le likhapha, ’me o ile a utluoa hamolemo ka lebaka la tšabo ea hae ea Molimo.” Kaha ha aa ka a pholosoa lefung ke “Ea neng a ka mo pholosa lefung,” ke ka kutloisiso efe thapelo ea hae e ileng ea utluoa hamolemo? Luka 22:43 ea araba: “Eaba lengeloi le hlaha ho eena, le e-tsoa leholimong, la mo matlafatsa.” Thapelo ea hae e ile ea arabeloa ka hore lengeloi leo Molimo a le romileng le ile la matlafatsa Jesu ho mamella tlas’a phihlelo eo e bohloko.
21. (a) Ke eng e bontšang hore Jesu o ile a feta ka katleho phihlelong eo e bohloko? (b) Ha liteko tsa rōna li e-ba boima, re tla batla ho khona ho bua joang?
21 Phello ea sena e ile ea bonahala. Ha bohloko ba hae ba ka hare bo se bo felile, Jesu o ile a phahama, a khutlela ho Petrose, Jakobo, le Johanne, ’me a re: “Emang, a re eeng.” (Mareka 14:42) Ha e le hantle o ne a re, ‘Ereng ke e’o ekoa ka ho akoa, ke tšoaroe ke mahoo-hoo, ke kene linyeoeng tseo eseng tsa molao, ke ahloloe ka ho fosahetseng. Ereng ke ee ke e’o songoa, ke tšoeloe ka mathe, ke utloisoe bohloko, ’me ke khokhotheloe thupeng ea tlhokofatso.’ O ile a leketla ho eona ka lihora tse tšeletseng, bohloko e le bo eang pelong, a mamella ho isa pheletsong. Ha a shoa, o ile a etsa mohoo oa tlhōlo: “Ho phethehile.” (Johanne 19:30) O ne a ile a lula a tiile ’me o ne a pakile botšepehi ba hae ka ho phahamisa bobusi ba Jehova. Sohle seo Jehova a neng a mo rometse lefatšeng ho se etsa o ne a se phethile. Ha re e-shoa kapa ha Armageddone e otla, na mabapi le thōmo ea rōna e tsoang ho Jehova re tla khona ho re: “Ho phethehile”?
22. Ke eng e bontšang bohōle ba ho nama ha tsebo ea Jehova?
22 Boemo leha e ka ba bofe, re ka kholiseha hore nakong ea Jehova e loketseng e atamelang ka potlako, ‘lefatše lohle le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.’—Esaia 11:9.
Na U sa Hopola?
◻ Ho bolela eng ho tseba le ho rua tsebo?
◻ Ke joang re ’nileng ra bontšoa mohau le tšoarelo tsa Jehova Lentsoeng la hae?
◻ Abrahama o ile a sebelisa tokoloho ea ho bua le Jehova joang?
◻ Ke hobane’ng ha re ka talima Jesu ’me ra bona litšoaneleho tsa Jehova ho eena?