Na U Hlompha Sebaka sa Hao sa Borapeli?
“Ho tloha qalehong ea kosepele, ka mehla Bakreste ba ’nile ba e-ba le sebaka se tsitsitseng se khethetsoeng borapeli ba Molimo.”—“Primitive Christianity,” ka William Cave.
KA MEHLA batho ba Molimo ba ’nile ba thabela ho bokana hammoho bakeng sa borapeli. Ho bile joalo esita le lekholong la pele la lilemo le kajeno. Bangoli ba pele ba libuka le liithuti tsa bolumeli, joaloka Lucian, Clement, Justin Martyr, le Tertullian, kaofela baa lumela hore Bakreste ba ne ba e-na le libaka tse tobileng tseo ka mehla ba neng ba bokana hammoho ho rapela ho tsona.
Bibele e tiisa ntlha e tšoanang, e fana ka litšupiso tse ngata mabapi le liboka tsa ka mehla tse neng li tšoaroa ke lihlopha tsa Bakreste. Lihlopha tsena li ne li tsebahala e le liphutheho. Hoo ho ne ho loketse hobane lentsoe “phutheho” ka lipuo tsa pele-pele tsa Bibele le bolela sehlopha sa batho ba bokaneng hammoho bakeng sa morero kapa mosebetsi o itseng ka ho khetheha.
Libaka tsa Pele tsa Bakreste tsa ho Rapela
Ke’ng seo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba se etsa ha ba bokane ’moho? Bibele e hlalosa liboka tse joalo tse ngata ’me e bontša hore ho ruta e ne e le tšobotsi ea bohlokoa. (Liketso 2:42; 11:26; 1 Ba-Korinthe 14:19, 26) Mananeo a thuto a ne a hlophisoa, ka lipuisano, ho phetoa ha liphihlelo tse khothatsang, le ho nahanisisa ka hloko mangolo a tsoang Jerusalema ho sehlopha se busang kapa ho moapostola.
Ho Liketso 15:22-35, re bala hore ka mor’a hore sehlopha sa Bakreste Antioke se balloe lengolo le leng le joalo, Juda le Silase “ba khothatsa baena ka lipolelo tse ngata, ’me ba ba tiisa.” Tlaleho e ’ngoe e bolela hore ha Pauluse le Barnabase ba fihla Antioke ba ile “ba phutha [phutheho], ba bolela tse khōlō tseo Molimo o li entseng ka bona.” Ho rapela Jehova e ne e boetse e le tšobotsi ea bohlokoa ea liboka tsa Bokreste.—Liketso 14:27.
Libaka tseo liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo li neng li kopanela ho tsona bakeng sa borapeli e ne e se mehaho e majaba-jaba joaloka e mengata ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana kajeno. Hangata, Bakreste ba pele ba ne ba kopanela malapeng a batho. (Ba-Roma 16:5; 1 Ba-Korinthe 16:19; Ba-Kolosse 4:15; Filemone 2) Hangata phaposi ea bolulo kapa ntlo e ka holimo lehaeng la motho e ne e sebelisoa. Ke ntlong e ka holimo moo Sejo sa Morena sa Mantsiboea se ileng sa tšoareloa teng. E boetse ke ntlong e ka holimo moo barutuoa ba 120 ba ileng ba tlotsoa ka moea o halalelang ka Pentekonta.—Luka 22:11, 12, 19, 20; Liketso 1:13, 14; 2:1-4; 20:7, 9.
Mehleng ena, Lipaki tsa Jehova li latela mohlala o behiloeng ke baapostola. Li sebelisa libaka tsa liboka tse tsejoang e le Liholo tsa ’Muso. Moo li koetlisetsoa ho ba baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 24:14) Holong ea ’Muso, li boetse li ithuta Mangolo, lia rapela, ’me lia khothatsana. Sena se tumellanong le taelo ea Bibele e ho Ba-Heberu 10:24, 25 (TLP): “A re hlokomelaneng, ’me re khothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla liphutheho tsa rōna, joalokaha ba bang ba tloaetse. Empa re khothatsane, haholo-holo kaha lea bona hore letsatsi la Morena le ntse le atamela.”
Ho Sebelisa Sebaka sa Rōna sa Borapeli ka Tsela e Loketseng
Na u sa hopola mantsoe a moapostola Pauluse: “Molimo hase Molimo oa mefere-fere empa e le oa khotso” le hore, “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao”? Haeba u hlahlobisisa taba e potolohileng mantsoe ana, u tla hlokomela hore Pauluse o ne a bua ka mokhoa oo ka oona liboka tsa Bokreste li tlamehang ho tsamaisoa ka oona. Joaloka mehleng ea baapostola, Bakreste kajeno ba tiisa hore liboka tsa bona ke tse laolehileng le tse hlophisitsoeng hantle.—1 Ba-Korinthe 14:26-40.
Tokollo ea Molula-Qhooa oa October 15, 1969, (ka Senyesemane) e ile ea hlalosa: “Tikoloho ea moea Holong ea ’Muso ke ea sebele, e kolla ho tsoa thahasellong ea sebele ea borapeli ba ’nete le taeo ea Bibele. ’Me mekhabiso e itekanetseng e ka holong e susumeletsa ba tlileng ho phuthuloha le ho ba le botsoalle, ba sa thibeloe ke mekhabiso e tšosang e etsang hore ba tebise maikutlo.” Ho hlakile hore hoa tiisoa hore ka mehla tšebeliso ea Holo ea ’Muso e bontša tlhompho le seriti.
Bokreste-’mōtoana bo bontšitse ho hloka tlhompho ka ho tebileng ntlheng ena. Mekhatlo e meng ea bolumeli e sebelisa libaka tsa eona tsa borapeli e le litsi tsa boithabiso tsa sechaba. Ba tšoarela ho tsona mekete ea ’mino oa bolumeli oa rock, sebaka sa ho haha ’mele ka ho phahamisa litšepe, sebaka sa papali ea billiard, sekolo sa likonyana le matlo ao ho etsetsoang libaesekopo ka har’a ’ona. Kereke e ’ngoe e ne e e-na le tlhōlisano ea ho nonyana matla ka ho betana e le karolo ea lenaneo la eona. Sena ho hang se hanana le mohlala o behiloeng ke baapostola.
Ha phutheho leha e le efe ea lekholong la pele la lilemo e ne e sa nke khato ka tšoanelo, ho ne ho fanoa ka khalemelo. Ka mohlala, ba bang ka phuthehong ea Bokreste ea Korinthe ba ne ba sebelisa Mokete oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea e le ketsahalo ea ho ja le ho noa. Ba ne ba tla le lijo tsa bona tsa mantsiboea bakeng sa ho ja pele kapa ha seboka se ntse se tsoela pele, haesita le hore ba bang ba je le ho noa ho tlōlisa. Ruri sena se ne se sa lokela. Moapostola Pauluse o ile a ba ngolla: “Ana ha le na matlo a ho jela le ho noela teng na?”—1 Ba-Korinthe 11:20-29.
Tumellanong le keletso ea Pauluse, Lipaki tsa Jehova li ikitlaetsa hore li sebeletse litaba tsa botho hae kapa sebakeng se seng ho e-na le Holong ea ’Muso. Ke ’nete, liboka tsa rōna tsa ka mehla li fana ka monyetla o loketseng oa ho teana le metsoalle e mengata ka nako e le ’ngoe. Leha ho le joalo, Holo ea ’Muso e nehetsoe ho Jehova, ka hona e lokela ho sebelisetsoa borapeli ba hae ka ho khetheha. Ha re nke monyetla oa ho ba teng ha rōna moo e le ho ntšetsa pele khoebo kapa ho hlokomela litaba tsa botho tsa lichelete.
Ho feta mona, Liholo tsa ’Muso ha li sebelisoe ke phutheho bakeng sa mananeo a boithabiso, mesebetsi ea ho etsa chelete, kapa litšebeletso tsa sechaba, joaloka moo ho hlokomelloang bana. Ho ntse ho e-na le libaka tse ling moo motho a ka hlokomellang litaba tse joalo tsa botho le tsa khoebo teng.
Holong e ’ngoe ea ’Muso baholo ba ile ba hlokomela hore litho tsa phutheho li ne li e-na le mokhoa oa ho alima kapa ho khutlisa lintho tse alimiloeng ha li le sebokeng. Hape li ne li itloaelitse ho fapanyetsana ka lik’hasete tsa video Holong ea ’Muso. Le hoja ketso ena e ne e se khoebo ka boeona, baholo ba ile ba li thusa ho bona bohlale ba ho hlokomella litaba tse joalo hae neng le neng ha ho khoneha.
E le ho qoba maemo a ka fanang ka kutloisiso e fosahetseng le ho tiisa hore Holo ea ’Muso e sebelisoa ka ho loketseng, motho ka mong o lokela ho ipotsa: ‘Na ho na le litaba tsa botho tseo ke ileng ka li sebeletsa Holong ea ’Muso tseo ke neng nka li sebeletsa hae?’ Ka mohlala, ha ho hlophisetsoa ho intša kapa ’moka oa botsoalle, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho bua ka litokisetso tse joalo hae? Na re ne re ke ke ra sebelisa thelefono kapa ra chakela mahaeng a bao re lakatsang ho kopana le bona? Ha re alima mantsoe a Pauluse re ne re ka re: ‘Ana ha re na matlo ao re ka tšoarelang litaba tse joalo ho ’ona na?’
Nako e Khethiloeng le Sebaka sa ho Rapela Jehova
Ho Moeklesia 3:1 (NW) Bibele ea hlalosa: “Ho na le nako e khethiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, esita le nako bakeng sa mosebetsi o mong le o mong tlas’a maholimo.” Ha re le libokeng Holong ea ’Muso, re ka itahlela ka setotsoana mesebetsing e amanang le tšebeletso ea Bokreste. Ke nako e khethiloeng ea ho rapela Jehova.
Jakobo, ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona o ile a fana ka keletso e khahlanong le ho bontša khethollo ka har’a phutheho ea Bokreste. (Jakobo 2:1-9) Re ka sebelisa keletso ena joang Liholong tsa rōna tsa ’Muso? Khethollo e ka hlahella ha ho abuoa ha limemo tse ngotsoeng bakeng sa ’moka oa botsoalle ho etsetsoa moo ka mokhoa o pepenene. Phuthehong e ’ngoe tloaelo e ne e le ho kenya limemo tse joalo ka mekotleng ea libuka kapa ka Libibeleng tsa ba teng. Ke ’nete, hore sena se ne se fana ka monyetla o loketseng ho feta ho romela limemo ka poso kapa ho li isa lehaeng ka leng. Leha ho le joalo, ba sa mengoang ba ikutloa joang ka mor’a ho bona limemo li ntse li fetisetsoa ho ba bang? Na sena hase bontše khethollo?
Ho hlakile hore ha ho hlokahale molao o thata-thata o reng ho se be motho ea ka nehang e mong molaetsa oa botho kapa sephutheloana ha ba le Holong ea ’Muso; kapa hona hore ho phoso ho bua ka Holong ea ’Muso ka mesebetsi ea letsatsi le letsatsi kapa liketsahalo, ho memela e mong lapeng la hao, kapa ho kōpa e mong ho ba le lōna boithabisong bo itseng. Empa sena se lokela ho etsahala ka seoelo ’me se etsoe ka bohlale le ka sephiring. Litokisetso tsa botho le ka mohla ha lia lokela ho re khelosa morerong oa sebele oa ho ba ha rōna ’moho Holong ea ’Muso, e leng, ho hahana moeeng.—Mattheu 6:33; Ba-Filippi 1:10.
Banna ba Behang Mohlala
Baholo le bahlanka ba sebeletsang ka cheseho ba beha mohlala ho bontšeng tlhompho bakeng sa Holo ea ’Muso. Hangata ho ba le moholo a le mong kapa ba babeli le bahlanka ba sebeletsang ba abetsoeng ho hlophisa litaba tsa boikarabelo ba ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle. Moo ho nang le phutheho tse fetang e le ’ngoe tse sebelisang holo e le ’ngoe, ke komiti ea baholo e hlokomelang sena.
Le hoja ka ho khetheha ho na le ba abetsoeng ho hlokomela boikarabelo bona, bahlanka bohle ba sebeletsang le baholo ba lokela ho bontša thahasello ea sebele ka holo. Baa tseba hore Holo ea ’Muso e nehetsoe ho Jehova ’me e sebelisetsoa borapeli ba hae.
Baholo ha baa lokela ho lieha ha ho e-na le litokiso tse hlokahalang. (2 Likronike 24:5, 13; 29:3; 34:8; Nehemia 10:39; 13:11) Liphuthehong tse ling litlhahlobo tsa ka mehla tsa Holo ea ’Muso lia etsoa e le ho fana ka tlhokomelo e potlakileng bakeng sa litokiso leha e le life tse hlokahalang. Ho bolokoa lethathamo la lintho tse teng ho tiisa hore thepa e hlokahalang e haufi ebile e ea fumaneha. Haeba ho e-na le sebaka se sebelisetsoang ho boloka thepa, lisebelisoa, le thepa ea tlhoekiso, baholo bohle le bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho bontša thahasello mabapi le boemo ba eona, ho tiisa hore e bolokiloe ka makhethe. Ba sebetsang libukeng le limakasineng ba ka bontša thahasello ka ho bona hore kapele-pele mabokose a sa tšelang letho ha a etse bohlasoa ka holong.
Ka ho beha mohlala, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka thusa phutheho eohle ho bonahatsa cheseho bakeng sa Holo ea ’Muso. (Ba-Heberu 13:7) Bohle ba ka bontša tlhompho e loketseng ka ho nka karolo ho hloekisoeng ha holo le ho bontšeng thahasello ea sebele ponahalong e akaretsang ea eona.
Ho Mattheu 18:20 Jesu o itse: “Moo ba babeli, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng har’a bona.” E, Jesu o thahasella seo re se etsang ha re bokana hammoho ho rapela Jehova. Sena se akarelletsa liboka leha e le life tse tšoareloang malapeng a batho le liboka tse khōlō joaloka likopano tse khōlō kapa tse nyenyane.
Ho Lipaki tsa Jehova tse limillione, ha ho sebaka seo li se ratang ka lipelo tsohle ho feta sebaka sa tsona sa ka mehla sa borapeli, Holo ea ’Muso. Li bontša tlhompho e loketseng bakeng sa sebaka seo. Li bonahatsa moea oa mafolo-folo bakeng sa ho e hlokomela, ’me ka mehla li ikitlaetsa ho e sebelisa ka ho nepahala. E se eka le uena u ka latela taelo eo Jehova ka boeena a faneng ka eona: “Lebela maoto a hao ha u kena ka tlung ea Molimo.”—Moeklesia 5:1.