Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 7/15 maq. 3-5
  • Jehova ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ke Mang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Phahametse Melimo ea Egepeta
  • ’Moloki oa Batho ba Hae
  • Lithuto tse Ithutoang ka Phihlelo Ena
  • ‘Jah ke Poloko ea Ka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Karolo 3:1942-1513 B.C.E.—Egepeta—Lebala la Ntoa la Melimo
    Tsoha!—1989
  • Likotlo Tse Tharo Tse Qalang
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Moshe le Arone ho Faro
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 7/15 maq. 3-5

Jehova ke Mang?

“JEHOVA ke mang?” Potso eo e ile ea botsoa lilemo tse 3 500 tse fetileng ke Faro ea ikhohomosang, morena oa Egepeta. Kamoo ho bonahalang ka teng, ho phephetsa ho ile ha mo susumeletsa ho eketsa ka hore: “Jehova ha ke mo tsebe.” Banna ba babeli ba neng ba eme pel’a Faro ba ne ba tseba hore na Jehova e ne e le mang. E ne e le bana ba motho Moshe le Aarone, ba leloko la Iseraele la Levi. Jehova o ne a ba romme ea ho bolella ’musi oa Egepeta hore a romele Baiseraele lefeelleng ho tšoara mokete oa bolumeli.—Exoda 5:1, 2.

Faro o ne a sa batle karabo potsong ea hae. Tlas’a taolo ea hae, baprista ba ne ba khothalletsa borapeli ba melimo e makholo ea bohata. E, Faro ka boeena o ne a nkoa e le molimo! Ho ea ka litšōmo tsa Baegepeta, e ne e le mor’a molimo oa letsatsi Ra le mothofatso oa molimo oa hlooho ea phakoe Horus. Faro o ne a bitsoa ka litlotla tse kang “molimo o matla” le “rabosafeleng.” Kahoo ho ne ho sa makatse hore a ka botsa ka nyeliso: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae?”

Ho ne ho sa hlokahale hore Moshe le Aarone ba arabe potso eo. Faro o ne a tseba hore Jehova ke Molimo ea rapeloang ke Baiseraele, ba neng ba le botlamuoeng Egepeta. Empa Faro le Egepeta eohle o ne a tla tseba haufinyane hore Jehova ke Molimo oa ’nete. Ka ho tšoanang le kajeno, Jehova o tla etsa hore lebitso la hae le Bomolimo ba hae li tsejoe ke batho bohle lefatšeng. (Ezekiele 36:23) Kahoo re ka rua molemo ka ho hlahloba hore na Jehova Molimo o ile a phahamisa lebitso la hae joang Egepeta ea boholo-holo.

O Phahametse Melimo ea Egepeta

Ha Faro a botsa ka ho phephetsa hore na Jehova e ne e le mang, o ne a sa lebella liphello tse ileng tsa mo hlahela. Jehova ka boeena o ile a arabela, a tlisa likotlo tse leshome Egepeta. Likotlo tseo e ne e se feela likotlo khahlanong le sechaba. E ne e le likotlo khahlanong le melimo ea Egepeta.

Likotlo li ne li bontša ho phahamela ha Jehova melimo ea Egepeta. (Exoda 12:12; Numere 33:4) Ak’u nahane lerata le bileng teng ha Jehova a fetola Nōka ea Nile le metsi ’ohle a Egepeta mali! Ka lebaka la mohlolo ona, Faro le batho ba hae ba ile ba ithuta hore Jehova o phahametse molimo oa Nile, Hapi. Ho shoa ha litlhapi tsa Nile le hona e ne e le kotlo bolumeling ba Egepeta, hobane mefuta e itseng ea litlhapi e ne e rapeloa.—Exoda 7:19-21.

Ka morao ho sena, Jehova o ile a tlisa kotlo ea lihohoana Egepeta. Sena se ile sa tlotlolla molimotsana oa sehohoana oa Baegepeta, Heqt. (Exoda 8:5-14) Kotlo ea boraro e ile ea hlabisa baprista ba linohe lihlong, ba ileng ba hlōleha ho etsisa mohlolo oa Jehova oa ho fetola lerōle linta. Ba ile ba re: “Ke monoana oa Molimo!” (Exoda 8:16-19) Molimo oa Baegepeta Thoth, ea fuoang tlotla ea ho sibolla boloi, o ile a hlōleha ho thusa baprista bao ba thetsang.

Faro o ne a ithuta hore na Jehova ke mang. Jehova e ne e le Molimo ea ka tsebahatsang morero oa hae ka Moshe ’me a o phethahatse ka ho tlisa likotlo tsa mohlolo ho Baegepeta. Hape Jehova o ne a ka qala le ho felisa likotlo ho ea ka ho rata ha hae. Leha ho le joalo, tsebo ena ha ea ka ea susumetsa Faro ho ikokobeletsa Jehova. Ho e-na le hoo, ’musi ea ikhohomosang oa Egepeta o ile a tsoela pele ho hanyetsa Jehova ka manganga.

Kotlong ea bone, menoang e ile ea senya naha, ea hlasela matlo, ’me mohlomong ea tlala moeeng, eo ka boeona e neng e le ntho e rapeloang e mothofalitsoeng ka molimo Shu kapa molimotsana Isis, mofumahali oa leholimo. Lentsoe la Seheberu bakeng sa kokoanyana ena le fetoleloa e le “monoang,” “letsetse,” le “khola-bolokoe.” (New World Translation; Septuagint; Young) Haeba khola-bolokoe e ne e ameha, Baegepeta ba ile ba otloa ka likokoanyana tseo ba neng ba li nka li halalela, ’me batho ba ne ba ke ke ba tsamaea ka ntle le hore ba li hatakele. Leha ho le joalo, kotlo ena e ile ea ruta Faro ntho e ncha ka Jehova. Le hoja melimo ea Egepeta e ne e sitoa ho sireletsa barapeli ba eona ho menoang, Jehova o ne a ka sireletsa batho ba hae. Kotlo ena le likotlo tse ling tse ileng tsa latela li ile tsa hlasela Baegepeta eseng Baiseraele.—Exoda 8:20-24.

Kotlo ea bohlano e ne e le lefu la seoa mehlapeng ea Baegepeta. Kotlo ena e ile ea nyelisa Hathor, Apis, le molimotsana oa leholimo ea hlahisoang e le khomo Nut. (Exoda 9:1-7) Kotlo ea botšelela e ile ea baka mathopa ho batho le ho liphoofolo, ea tlotlolla melimo Thoth, Isis, le Ptah, eo ka ho fosahetseng e neng e nkoa e na le matla a ho folisa.—Exoda 9:8-11.

Kotlo ea bosupa e ne e le sefako se matla, le mollo o halimang har’a sefako. Kotlo ena e ile ea hlabisa molimo Reshpu lihlong, ea neng a boleloa e le molaoli oa lehalima, le Thoth, eo ho neng ho lumeloa hore o okamela pula le lialuma. (Exoda 9:22-26) Kotlo ea borobeli, kotlo ea litsie, e ile ea bontša ho phahamela ha Jehova molimo oa tsoalo Min, ea neng a boleloa e le mosireletsi oa limela. (Exoda 10:12-15) Kotlo ea borobong, lefifi la matsatsi a mararo Egepeta, e ile ea nyelisa melimo ea Baegepeta e kang melimo ea letsatsi Ra le Horus.—Exoda 10:21-23.

Ho sa tsotellehe likotlo tse robong tse tšabehang, Faro o ’nile a hana ho lokolla Baiseraele. Ho thatafatsa pelo ha hae ho ile ha ba kotsi haholo bakeng sa Egepeta ha Molimo a tlisa kotlo ea leshome hape e le ea ho qetela—ho shoa ha matsibolo a batho le liphoofolo. Esita le mora oa letsibolo oa Faro o ile a shoa, le hoja a ne a talingoa e le molimo. Ka hona Jehova a “hlahisa likahlolo holim’a melimo ea Egepeta.”—Exoda 12:12, 29.

Joale Faro a bitsa Moshe le Aarone ’me a re: “Tlohang, le tsoe sechabeng sa ka, lōna le bana ba Iseraele, le ee, le sebeletse Jehova, joale ka ha le boletse. Le nke le manku a lōna, le makhomo a lōna, kamoo le boletseng kateng, le tsamaee, le be le ntlhohonolofatse.”—Exoda 12:31, 32.

’Moloki oa Batho ba Hae

Baiseraele ba ile ba tloha, empa ka potlako ho ile ha bonahala ho Faro eka ba ne ba lelera ka ho se nang morero lefeelleng. Joale eena le bahlanka ba hae ba ile ba ipotsa: “Re ne re etsa’ng ha re lokolla Baiseraele ba neng ba re sebeletsa?” (Exoda 14:3-5, BPN) Ho lahleheloa ke sechaba sena sa makhoba e ne e tla ba kotlo e boima moruong oa Egepeta.

Faro o ile a bokella lebotho la hae la sesole ’me a phallela Baiseraele ho fihlela Pi-Hahirothe. (Exoda 14:6-9) Ponong ea sesole, boemo bo ne bo bonahala bo le botle bakeng sa Baegepeta kaha Baiseraele ba ne ba thibeletsoe pakeng tsa leoatle le lithaba. Empa Jehova o ile a nka khato ho sireletsa Baiseraele ka ho beha leru pakeng tsa bona le Baegepeta. Ka lehlakoreng la Baegepeta, “ea e-ba [leru] le lefifi,” ka hona le thibela hore ba ka hlasela. Ka lehlakoreng le leng, leru le ne le khanya, le “bonesa bosiu” bakeng sa Iseraele.—Exoda 14:10-20.

Baegepeta ba ne ba ikemiselitse ho hapa le ho ripitla empa ba ile ba thibeloa ke leru. (Exoda 15:9) Ha le apoha, ba bona mohlolo o makatsang hakaakang! Metsi a Leoatle le Lefubelu a ne a arohantsoe, ’me Baiseraele ba ne ba tšelela lehlakoreng le leng ba tsamaea mobung o ommeng! Faro le mabotho a hae ba ile ba kena ka potlako mobung oa leoatle, ba ikemiselitse ho tšoara le ho hapa bao pele e neng e le makhoba a bona. Leha ho le joalo, ’musi ea ikhohomosang oa Egepeta ha aa ka a tšepa Molimo oa Baheberu. Jehova o ile a qala ho baka mofere-fere ho Baegepeta, ka ho ntša mabili makoloing a bona.—Exoda 14:21-25a.

Banna ba linatla ba Egepeta ba ile ba hooa: “A re baleheleng ba-Iseraele, hobane Jehova oa ba loanela, o loantša ba-Egepeta.” Ho elelloa hona ho etsahetse morao haholo bakeng sa Faro le banna ba hae. Ba sireletsehile ka lehlakoreng le leng, Moshe o ile a otlolla letsoho la hae holim’a leoatle, ’me metsi a ile a khutla, a bolaea Faro le mabotho a hae.—Exoda 14:25b-28.

Lithuto tse Ithutoang ka Phihlelo Ena

Joale, Jehova ke mang? Faro ea ikhohomosang o ile a fumana karabo potsong eo. Liketsahalo Egepeta li ile tsa bontša hore Jehova ke Molimo a le mong oa ’nete, ka ho feletseng ha a tšoane le ‘melimo ea litšoantšo’ ea lichaba. (Pesaleme ea 96:4, 5) Ka matla a hae a tšabehang, Jehova ke “ea entseng maholimo le lefatše.” Hape ke Mopholosi e Moholo, Ea ‘ntšitseng sechaba sa hae sa Iseraele lefatšeng la Egepeta ka lipontšo, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botšabeho bo boholo.’ (Jeremia 32:17-21) Hona ho bontšitse hantle hakaakang hore Jehova a ka sireletsa batho ba hae!

Faro o ile a ithuta thuto eo ka phihlelo e bohloko. Ha e le hantle, thuto ea ho qetela e ile ea mo nkela bophelo ba hae. (Pesaleme ea 136:1, 15) O ne a ka be a bile bohlale haholo haeba a ile a bontša boikokobetso ha a botsa hore, “Jehova ke mang?” Joale ’musi eo a ka be a nkile khato tumellanong le karabo eo a e fumaneng. Ka ho thabisang, batho ba bangata ba ikokobelitseng kajeno ba ithuta hore na Jehova ke mang. ’Me O na le botho ba mofuta ofe? O batla eng ho rōna? E se eka sehlooho se latelang se ka eketsa kananelo ea hao bakeng sa a le mong Eo lebitso la hae e leng Jehova.—Pesaleme ea 83:18.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela