Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 8/1 maq. 26-30
  • Jehova o Hopola ba Kulang le ba Hōlileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Hopola ba Kulang le ba Hōlileng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leka ho Utloisisa
  • Ho Bontša Tlhompho ho ba Kulang le ba Hōlileng
  • Thuso ea ho Fumana Matla a Moea
  • Kamoo Bakreste ba ka Thusang ba Hōlileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • ‘Ho Hlokomela’ Lithahasello tsa ba Hōlileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Hlokomela Batho ba Hōlileng—Ke Boikarabelo ba Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 8/1 maq. 26-30

Jehova o Hopola ba Kulang le ba Hōlileng

HO LOKELA ho talimana le ‘nako ea tlokotsi’ ho ka ba thata haholo. (Pesaleme ea 37:18, 19, NW) Nako e joalo e ka ’na ea tla ka tsela ea botsofali le mefokolo e tsamaisanang le bona. Ba bang ba kena nakong ea tlokotsi ha ba hlaseloa ke ho kula ho tebileng, leha nako e telele. Ba ka ’na ba ikutloa eka hoja boloetse bo tsamaisa bophelo ba bona, bo laola likhopolo le liketso tsohle tsa bona.

Leha ho le joalo, ke ho fanang ka tšepo, ho hopola hore mahlo a Jehova a lula a talimile bahlanka bohle ba hae. Ho thabisa pelo ea hae ha bahlanka ba hae ba inehetseng ba tsoela pele ho bontša botšepehi le bohlale ho sa tsotellehe botsofali, ho kula, kapa maemo a mang a lekang. (2 Likronike 16:9a; Liproverbia 27:11) Morena Davida oa re tiisetsa: “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, . . . o utloa mehoo ea bona.” E, o hlokomela ho loana ha bona; o ba matlafatsa ka moea oa hae. “’Me oa ba lopolla.” Oa ba hopola ’me o ba thusa ho mamella. (Pesaleme ea 145:18, 19) Empa ho thoe’ng ka rōna? Na le rōna, joaloka Jehova, re hopola ba kulang le ba hōlileng?

Mefokolo e tlisoang ke bokuli le botsofali ke linnete tsa bophelo tsamaisong ena ea hona joale. Ke maemo ao re tlamehang ho a loantša ho fihlela ha Jehova a phethahatsa morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho. Kajeno, batho ba eketsehileng haholo ba phela hore e be e be ba tsofetseng haholo, ka hona ba bangata haholo ba se ba tloaelane le mefokolo ea ba joalo. Ho phaella moo, ha ba sa le bacha, ba bangata ba hlaseloa ke mafu a sokelang bophelo kapa likotsi tse holofatsang. Ho fihlela lefatše lena la khale le feta, bokuli le botsofali li tla tsoela pele e le liphephetso tse khōlō.

Re ananela hakaakang bakuli ba rōna le ba hōlileng ba tsoelang pele e le mehlala ea ho “tiisetsa mathata le ho mamella”! E, “ba mameletseng re re ba lehlohonolo.” (Jakobo 5:10, 11, BPN) Ba bangata ba hōlileng bao hona joale matla a bona a seng a fokotsehile ba ile ba kopanela ka mashome a lilemo ho ruteng, ho koetliseng, le ho haheng bao hona joale ba nkang ketello-pele ka phuthehong. Ba bangata ba hōlileng ba boetse ba thabela ho bona hore bana ba bona ba kopanetse tšebeletsong ea nako e tletseng.—Pesaleme ea 71:17, 18; 3 Johanne 4.

Ka tsela e tšoanang, re ananela bao ba kulang haholo har’a rōna ’me ho ntse ho le joalo, ho sa tsotellehe mahloko a bona, ba khonang ho re khothatsa ka botšepehi ba bona. Ha bana ba fana ka bopaki ba tšepo ea bona ntle le ho thekesela, phello e ba e susumetsang le e matlafatsang tumelo ka ho fetisisa. Khotso ea bona ea kelello le khotsofalo li senola tumelo e lokeloang ke ho etsisoa e le kannete.

Ke ho nyarosang hore ka tšohanyetso motho e mong a tšoaroe ke kankere, stroke, kapa boemo bo bong boo ka ho feletseng bo ka fetolang bophelo ba motho eo. E boetse ke teko e boima ho batsoali ho bona bana ba bona ba kula kapa ho utloa bohloko ka lebaka la kotsi. Ke eng seo ba bang ba ka se etsang ho thusa? Nako e joalo ea tlokotsi ke teko ho boena bohle ba Bokreste. Ke monyetla oa ho bontša hore ‘motsoalle oa ’nete ke ngoan’abo motho ea tsoaletsoeng ho thusa ha ho e-na le tsietsi.’ (Liproverbia 17:17, NW) Ka tlhaho, hase bohle ba kulang le ba hōlileng ba ka lebellang thuso ea botho ho setho se seng le se seng sa phutheho. Empa Jehova ka moea oa hae o tla etsa bonnete ba hore ba bangata ba ikutloe ba susumeletseha ho thusa ka litsela tse sa tšoaneng. ’Me baholo ba ka falimehela lintho ho tiiseha hore ha ho ea hlokomolohuoang.—Bona Exoda 18:17, 18.

Leka ho Utloisisa

Boitekong ba ho thusa e mong, ho molemo ho ba le puisano e ntle, ’me hoo ho hloka nako, mamello, le kutloisiso. Joaloka mothusi, ka tlhaho u lakatsa ho ‘matlafatsa ka mantsoe’; empa mamela ka hloko pele u bua kapa u nka khato, ho seng joalo u ka ’na oa qetella u le ‘motšelisi ea khathatsang.’—Jobo 16:2, 5.

Ka linako tse ling ba kulang le ba hōlileng ba tla ho fumana ho le thata ho pata ho ferekana ha bona. Ba bangata ba ’nile ba baballa tšepo ea bona ea ho pholoha mahlomola a maholo ba phela, empa joale ba ikutloa ba tšohile hore nako ea ho shoa ha bona e tla tla pele ho mahlomola a maholo. Hape, boemo ba bona hangata bo ba etsa hore ba tepelle le ho tlala lipelaelo. Ho boloka tumelo e phela e le matla ke ntoa, haholo-holo ha motho a se a ke ke a phethahatsa takatso ea pelo ea ho kopanela ka ho feletseng tšebeletsong ea Bokreste. Moholo e mong oa Mokreste o kile a chakela khaitseli e mong ea hōlileng; ha a rapela le eena, o ile a kōpa hore Jehova a re tšoarele libe tsa rōna. Ka mor’a thapelo o ile a hlokomela hore khaitseli o ne a lla. Khaitseli o ile a hlalosa hore o ne a ikutloa hore o ne a hloka tšoarelo e khethehileng ea Jehova bakeng sa hore o ne a se a sa khone ho kopanela boboleling ba ntlo le ntlo ho hang. E, boikutlo ba ho se be ea khonang kapa ho ba ea sa tšoaneleheng, le hoja hangata bo se na motheo, bo ka nyahamisa pelo ea motho haholo.

Hlokomela hore ho belaela le mokhathala li ka ama ho leka-lekana ha kelello. Ka lebaka la mefokolo e tlisoang ke botsofali kapa khatello ea maikutlo e bakoang ke ho kula ho fokolisang, motho a ka ’na a ikutloa eka Jehova o mo lahlile, mohlomong a ka re: “Ebe ke entse’ng? ’Na hobane’ng?” Hopola mantsoe a Liproverbia 12:25: “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.” Leka ho fumana mantsoe a matle a tla tšelisa. Joaloka Jobo, ba hōlileng ba opeloang ba ka ba ba bolela hore ba lakatsa ho shoa. Ha ho hlokahale hore u nyarosoe ke sena; leka ho utloisisa. Hase hakaalo hore lipelaelo tse joalo ke bopaki ba ho haella ha tumelo kapa tšepo. Jobo o ile a rapela hore a ‘patoe nģalong ea bafu,’ leha ho le joalo mantsoe a hae a ileng a latela polelo eo a bontša tumelo ea hae e tiileng ea hore Jehova o ne a tla mo tsosa hamorao. Tumelo e matla e etsa hore ho khonehe hore motho a fete har’a linako tsa tsieleho le khatello a ntse a lutse haufi le Jehova.—Jobo 14:13-15.

Ho Bontša Tlhompho ho ba Kulang le ba Hōlileng

Ke habohlokoa ka ho khethehileng ho tšoara ba kulang le ba hōlileng ka tlhompho le ho ba fa seriti. (Ba-Roma 12:10) Haeba ba sa arabele ka potlako joaloka pele kapa ba se ba ke ke ba etsa ho eketsehileng, u se ke oa felloa ke mamello. U se ke oa potlakela ho ba etsetsa liqeto. Ho sa tsotellehe hore na re na le boikemisetso bo botle hakae, haeba re itšoara ka tsela e hatellang kapa e laelang, ke ho amoha motho e mong boitlhompho ba botho ka ho feletseng. Liphuputsong tsa bongaka tse ileng tsa hatisoa ka 1988, mofuputsi, Jette Ingerslev, o ile a hlalosa seo sehlopha sa batho ba lilemo li 85 ka bosona se se nkang e le sa bohlokoa bakeng sa boleng ba bophelo ba bona: “Ba ile ba fana ka mahlakore a mararo a ka holimo-limo: ho lula le beng ka bona; bophelo bo botle ’meleng; le ea ho qetela empa e le ea bohlokoa bo boholo, ho iketsetsa liqeto tsa bona.” Hlokomela hore mopatriareka Jakobo ha a ka a tšoaroa ka nyeliso ke bara ba hae ha a se a tsofetse; litakatso tsa hae li ne li hlomphuoa.—Genese 47:29, 30; 48:17-20.

Ba kulang le bona ba tlameha ho tšoaroa ka tlhompho. Moholo e mong o ile a lahleheloa ke ho khona ho bua, ho bala, le ho ngola ka lebaka la phoso e ileng ea etsoa nakong eo a neng a buuoa ka eona. Ena e ne e le tlhaselo e bohloko ka ho fetisisa, empa baholo-’moho le eena ba ile ba etsa qeto ea ho etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho thibela hore a se ke a ikutloa a se na thuso. Hona joale ba mo balla mangolo ’ohle a phutheho ’me ba mo kenyelletsa ho etsuoeng ha meralo bakeng sa litaba tse ling tsa phutheho. Libokeng tsa baholo, ba etsa boiteko ba ho fumana hore na eena maikutlo a hae ke afe. Ba mo tsebisa hore e ntse e le moholo-’moho le bona le hore ba ananela boteng ba hae. Ka phuthehong ea Bokreste, bohle re ka etsa boiteko e le hore ho se be ba kulang kapa ba hōlileng ba ka ikutloang ba ‘lahliloe’ kapa ba siiloe lepala-paleng.—Pesaleme ea 71:9.

Thuso ea ho Fumana Matla a Moea

Kaofela ha rōna re hloka lijo tsa moea ho boloka tumelo ea rōna e phela ebile e le matla. Ke ka lebaka lena re khothaletsoang ho bala Bibele le lingoliloeng tsa Bibele letsatsi le letsatsi le ho kopanela ka cheseho libokeng tsa Bokreste le mesebetsing ea boboleli. Hangata, ba kulang le ba hōlileng ba hloka thuso ea hore ba finyelle sena, ’me ho molemo ho etsa se ka sebetsang hantle boemong ba bona ka ho khetheha. Ka ho thabisang, ba bangata ba ntse ba ka ’na ba e-ba teng libokeng haeba ba ka fuoa thuso ka lipalangoang le thuso e fokolang ka Holong ea ’Muso. Ho ba teng ha bona libokeng tse joalo ke khothatso e khōlō ho phutheho. Mamello ea bona ke e susumetsang le ho matlafatsa tumelo.

Maemong a mangata ba kulang le ba hōlileng ba ka kopanela ka tsela e ntle tšebeletsong ea Bokreste. Ba bang ba ka akarelletsoa sehlopheng se tsamaeang ’moho ka koloi ho ea paka, ’me ha ho pelaelo hore ba tla ikutloa ba hlasimolohile ka ho pakela batho ba seng bakae. Ha sena se se se sa khonehe, ba fumana thabo ka ho pakela batho ka bomong ba ka kopanang le bona ka bopaki bo sa reroang. Khaitseli e mong ea ileng a tšoaroa ke kankere o ile a etsa qeto ea ho sebelisa bophelo bohle ba hae bo sa ntseng bo mo saletse ka boiteko bo khethehileng ba ho ntšetsa pele litaba tse molemo. Boboleli ba hae bo sebete e ne e le khothatso ho bohle. O ile a ba a lokisetsa phupu ea hae e le hore bopaki bo botle bo ne bo ka fanoa ho beng ka eena ba sa lumelang, basebetsi-’moho le eena, le baahisane. Kahoo maemo a hae a sithabetsang a “thusitse haholo ho ntšetsa Evangeli pele,” ’me boikemisetso ba hae ba ho bontša tumelo le tšepo bo ile ba neha litšiu tsa hae tsa ho qetela moelelo o khethehileng.—Ba-Filippi 1:12-14.

Ho molemo ho thusa ba kulang le ba hōlileng hore ba matlafale moeeng. Malapa a ka ba memela ho kopanela le ’ona mantsiboeeng ao a ithabisang a le ’moho, kapa ka linako tse ling karolo ea thuto ea bona ea lelapa e ka tšoareloa lelapeng la motho ea sa khoneng ho tsoa ka tlung. ’Mè e mong o ile a tlisa bana ba babeli ba hae ba banyenyane lelapeng la khaitseli ea hōlileng e le hore ba ne ba ka bala Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ba le ’moho. Sena se ile sa thabisa khaitseli ea hōlileng, ’me bana ba ile ba thabela kelo-hloko eo a ileng a ba fa eona.

Leha ho le joalo, ho na le linako tse ling, tseo ka tsona motho ea holofetseng a sa lokelang ho khathatsoa haholo, ’me joale ho ka ’na ha e-ba molemo ho ba balla boitsebiso bo bong ka nako ena le eane. Leha ho le joalo, hopola, hore haeba e mong a fokola haholo ’meleng hore a ka kopanela moqoqong, o ntse a ka ’na a hloka le ho lakatsa ho kopanela linthong tsa moea. Re ka rapela le ba joalo, ra ba balla, kapa ra ba phetela liphihlelo; empa re lokela ho hlokomela hore re se ke ra lula halelele ho feta kamoo ba ka thabelang.

Ho na le tšebeletso e ’ngoe e halalelang eo ba bangata ba kulang le ba hōlileng ba ntseng ba ka e etsa: ho rapella ba bang. Barutuoa ba pele ba ne ba nka tšebeletso ena e le ea bohlokoahali. Ka lekhetlo le leng ba ile ba aba boikarabelo ba mosebetsi ka phuthehong ka tsela eo baapostola ba neng ba ka khona ho tsepamisa maikutlo a bona thapelong. Epafrase ea tšepahalang o hlalosoa a ‘ikitlaetsa ka matla molemong oa ba bang lithapelong tsa hae.’ (Ba-Kolosse 4:12, NW; Liketso 6:4) Thapelo e joalo ke ea bohlokoa bo boholo ’me e molemo.—Luka 2:36-38; Jakobo 5:16.

Jehova o hopola ba kulang le ba hōlileng ’me oa ba hlokomela ha ba le tlokotsing. Ka ho loketseng o lebeletse hore le rōna re nahanisise hore na ke’ng seo re ka se etsang ho ba thusa le ho ba tšehetsa. Kameho eo re e bontšang e supa boikemisetso ba rōna ba ho boloka botšepehi. ’Me re thabisoa ke ho nahana ka mantsoe a Morena Davida: “Jehova o tseba matsatsi a ba lokileng, ba tiiselitsoe lefa la bona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:18.

[Lebokose le leqepheng la 28, 29]

Ho Fana ka Thuso e Sebetsang ka kutloisiso

METSOALLE le beng ka motho ba lokela ho ba le tsebo ea motheo empa e le tsebo e nepahetseng ea kamoo ba ka hlokomelang ba kulang le ba hōlileng. Ka holim’a tsohle, ba ka khothatsoa hore ba boloke boikutlo bo nepahetseng ka bophelo, hore ba ikutloe ba hlokahala ’me ba ananeloa, le hore ba ikutloe e ntse e le ba bohlokoa. Kahoo boleng ba bophelo ba bona bo tla lula bo tsitsitse ’me seo se boloke thabo ea bona ho Jehova, ho sa tsotellehe mahlaba le mahloko. Ho hlokomelehile hore ba bangata ba Lipaki tsa Jehova baa hōla ho fihlela e le bo-hlooho-putsoa. Ha ho pelaelo hore se tlatsetsang ka matla ho sena ke thahasello e phelang ea bona tšepong e larileng ka pele, mohopolo oa bona o khanyang, le ho kopanela ha bona mosebetsing oa ’Muso ho isa bohōleng boo ba ka khonang. Mofu Frederick W. Franz, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, ea ileng a ichoella ka khotso a le selemong sa hae sa bo100 ka mor’a ho ba le bophelo bo behang litholoana bo thabisang, e bile mohlala o motle ka ho fetisisa oa sena.—Bapisa le 1 Likronike 29:28.

Ka kakaretso, ho lebisa tlhokomelo linthong tsa motheo tlhokomelong ea letsatsi le leng le le leng e ka bolela ho hongata: bohloeki bo nepahetseng ba ’mele, phepo e nepahetseng, maro le matsoai a lekaneng, boikoetliso ba ’mele bo etsoang ka ho lekaneng, moea o hloekileng, ho sililoa hamonate, le moqoqo o susumetsang. Phepo e nepahetseng e ka tlatsetsa kutlong, ponong, ho sebetseng ha kelello, le boiketlong ba ’mele tse molemonyana, hammoho le ho thibeleng mafu ka tsela e khōloanyane. Ho batho ba hōlileng ntho e bonolo joalo ka phepo e nepahetseng le maro a mangata li ka etsa phapang lipakeng tsa boemo bo botle le ho fokola ha kelello ho tlisoang ke botsofali. Ho ka ’na ha hlokahala hore ho nahanisisoe ka ho fumana mofuta oa boikoetliso ba ’mele bo ka lokelang motho ka mong. Khaitseli e mong ea tlang bakeng sa ho tla balla khaitseli ea hōlileng le ea seng a batla a foufetse o qalisa le ho qetella ketelo ka ’ngoe ea beke le beke ka ho tantša habobebe le khaitseli eo ho potoloha ka phaposing. Ka mehla sebapala-lik’hasete se lula se se se ntse se lokile ka ’mino o hloailoeng, ’me bobeli ba thabela “tokisetso” ena.

Linaheng tse ngata, mekhatlo ea lithuso e ka fana ka thuso e sebetsang le ho fana ka boitsebiso le keletso mabapi le maemo a itseng ka ho khetheha le kamoo ho ka sebetsanoang le oona. (Leha ho le joalo, ka mehla Mokreste o lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a horelletsoa mesebetsing e khelohileng tšebeletsong ea rōna ea ’nete ea Bokreste.) Ka linako tse ling thuso e ka fanoa ka tsela ea ho alima bethe ea sepetlele, litšehetso tse thusang liqhoala ho tsamaea, litšehetso tse thusang ho boloka botsitso ba ’mele, setulo sa liqhoala, lithuso tsa kutlo, joalo-joalo. Kaha ba bangata ba hōlileng ba ikutloa hore ha ba hloke letho kapa hore ha ho na thuso ho fumana lintho tse joalo tse ncha, hangata beng ka bona ba tlameha ho ba fa keletso e utloahalang kapa esita le ho ba phehella. Seloto sa lemati se sebetsang hamolemo sa phaposi eo ho hlapeloang ho eona se ka tlisa thabo e khōlō le ea sebele ho feta mohlomelo oa lipalesa.

Ho hlokomela ba hōlileng ho ka baka khatello e khōlō kelellong, haholo-holo haeba motho e e-ba ea lahleheloang ke kelello ka lebaka la botsofali. Hangata ho lahleheloa ke kelello ho tlisoang ke botsofali hoa nanarela. Motho a ka ’na a leka ho ho beha tlas’a taolo ka ho thibela mokuli hore a inehelle hona ho sa hlokahale. Motho ea nang le ho lahleheloa ke kelello ho tlisoang ke botsofali ka tšohanyetso a ka ’na a hlonamela motho eo a neng a mo rata haholo. Beng ka motho ba tlameha ho elelloa hore motho ea hōlileng a ka ba a lebala ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le ’nete—e leng phello e utloisang bohloko ea ho kula ’meleng, eseng bopaki ba ho lahleheloa ke tumelo.

Haeba mokuli a le sepetlele kapa setsing seo ho alafuoang batho ba hōlileng kapa ba nang le lefu le sa foleng, puisano e ntle le botsamaisi e-ea hlokahala e le hore basebetsi ba tsebe se ka etsoang mabapi le matsatsi a tsoalo, Keresemese, kapa matsatsi a mang a phomolo ea lefatše. Haeba ho hlokahala tšebetso ea ho buuoa, beng ka motho ba ka hlalosa le ho fana ka pono ea bophelo bohle eo mokuli a nang le eona mabapi le litšelo tsa mali.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela