Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 8/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Johanne Mokolobetsi e ne e le Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Tuma ho Feta Johanne
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 8/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Johanne ea ileng a kolobetsa Jesu o lokela ho bitsoa “Johanne Mokolobetsi” kapa “Johanne Ea Kolobetsang”?

Ka bobeli mabitso ao a nepahetse ’me a tšehetsoa ke Bibele.

Johanne o ne a lokela hore a “lokisetse Morena sechaba se hlekehileng hantle,” e leng seo a se entseng ha “a ntse a bolela kolobetso ea pako, ea ho tšoareloa libe.” (Luka 1:17; 3:3) Moapostola Mattheu o ngotse: “Ha hlaha Johanne Mokolobetsi a ruta feelleng la Judea. O ne a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse. . . . Eaba ba Jerusalema, le ba Judea eohle, . . . ba tsoela ho eena, ’me ba kolobetsoa ke eena Jordane, ba ntse ba ipolela libe tsa bona.”—Mattheu 3:1-6.

Hlokomela hore Mattheu o khetholla Johanne e le “Mokolobetsi.” Mattheu eo ka ho totobetseng a neng a entse hore tlaleho ea hae e lokele Bajode, o tlameha a ne a ikutloa hore Bajode ba ne ba tla tseba hore na “Mokolobetsi” e ne e le mang. O sebelisitse “Mokolobetsi” joaloka fane. Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba sebelisa lentsoe “Johanne Mokolobetsi,” joalokaha ho entse bahlanka ba Heroda.a—Mattheu 11:11, 12; 14:2; 16:14.

Morutuoa Mareka o tlaleha tšebeliso e tšoanang ea “Mokolobetsi.” (Mareka 6:25; 8:28) Empa ha a tsebisa ba bang Johanne, Mareka o ile a ’mitsa “Johanne ea kolobetsang [baptizer].” (Mareka 1:4, NW) Segerike se sebelisitsoeng ho Mareka 1:4 se fapana hanyenyane ho se litemaneng tse ling. Hape Mareka 1:4 (NW) e ka boetse ea fetoleloa e le “ea kolobetsang [the baptizing one].” Mareka o ne a totobatsa seo Johanne a neng a se etsa; ke eena ea neng a kolobetsa, ke eena ea kolobetsang.

Leha ho le joalo, ha ho na moo ho hlahisoang hore re tlameha ho hlalohanya lipakeng tsa mekhoa ea ho bitsa Johanne. Ho Mareka 6:24, 25 (NW) re bala ka Salome: “O ile a tsoa ’me a re ho ’m’ae: ‘Ke lokela ho kōpa eng?’ A re: ‘Hlooho ea Johanne ea kolobetsang.’ Hang-hang a kena ka potlako ka ho morena ’me a etsa kōpo ea hae, e reng: ‘Ke batla ka ntle ho tieho u mphe ka poleiti hlooho ea Johanne Mokolobetsi.’” Mabitso ana ka bobeli a ne a sebelisoa ka ho fapanyetsana.

Batho ba bang ba ne ba ka ’na ba utloisisa “Mokolobetsi” ho ea ka tlhaloso ea bobeli bukeng e hlalosang mantsoe: “Setho kapa molumeli oa mokhatlo oa evangeli oa Boprostanta ea tšoailoeng ka ho fuoa matla a puso ka phuthehong le ho kolobetsa ka ho qoelisa bao e leng balumeli feela.” Ka sebele Johanne o ne a se joalo.

Ka hona, ka bobeli “Johanne Mokolobetsi” le “Johanne ea Kolobetsang” li nepahetse ebile li loketse.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Rahistori oa Mojode Flavius Josephus o ile a ngola ka “Johanne, ea filoeng fane ea Mokolobetsi.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela