Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 8/15 maq. 17-22
  • Le be le Boitšoaro ’me bo Khaphatsehe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le be le Boitšoaro ’me bo Khaphatsehe
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo Bohlokoa Empa ha bo Bonolo
  • Boitšoaro Mabapi le Maikutlo a Rōna
  • Maikutlo a Hao le Baena ba Hao
  • Ho ka Etsahala!
  • Boitšoaro—Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Boitšoaro bo Bohlokoa ho Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Hlaolela Tholoana ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • E le Hore U Hape Moputso, Sebelisa Boitšoaro!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 8/15 maq. 17-22

Le be le Boitšoaro ’me bo Khaphatsehe

“Ekeletsang tumelong ea lōna . . . boitšoaro.”—2 PETROSE 1:5, 6, NW.

1. Mokreste a ka ’na a iphumana a fana ka bopaki boemong bofe bo sa tloaelehang?

JESU o itse: “Le tla isoa pel’a babusisi, le pel’a marena, ka baka la ka, le be lipaki tsa ka ho ’ona le ho lichaba.” (Mattheu 10:18) Haeba u ne u ka isoa pel’a ’musisi, moahloli, kapa mopresidente, u ne u tla bua ka eng? Mohlomong pele u ne u tla bolela lebaka leo u tlileng ka lona, le seo u se qosetsoang. Moea oa Molimo o ne o tla u thusa hore u etse seo. (Luka 12:11, 12) Empa na u nahana hore u ka bua ka boitšoaro? Na u bo nka e le karolo ea bohlokoa ea molaetsa oa rōna oa Bokreste?

2, 3. (a) Ho tlile joang hore Pauluse a pakele Felixe le Drusilla? (b) Ke hobane’ng ha boitšoaro e le sehlooho se loketseng bakeng sa hore Pauluse a bue ka sona boemong boo?

2 Nahana ka mohlala oa taba ea sebele e ileng ea etsahala. E mong oa lipaki tsa Jehova o ile a tšoaroa ’me a tlisoa pel’a lekhotla. Ha a nehoa monyetla oa ho bua o ile a batla ho hlalosa litumelo tsa hae e le Mokreste, e le paki. U ka hlahloba tlaleho ena ’me u tla fumana hore o ile a fana ka bopaki bo utloahalang bo loketseng ho mameloa ka khotla “a ntse a bolela ho loka, le boitšoaro, le kahlolo e tla tla.” Re bua ka phihlelo ea moapostola Pauluse Cesarea. Ba ile ba qala ka ho mo hloma lipotso. “Hoba ho fete matsatsi a mang, Felixe a tla a e-na le Drusilla, mosali oa hae, e leng mo-Jode, ’me hobane a bitse Pauluse, a mo mamela ha a bolela tsa ho lumela ho Kreste.” (Liketso 24:24) Histori e tlaleha hore Felixe “o ne a le sehlōhō a bile a le meharo, a sebelisa matla a borena ka litšekamelo tsohle tsa lekhoba.” O ne a se a kile a nyala habeli pele a susumeletsa Drusilla hore a hlale monna oa hae (e leng ho tlōla molao oa Molimo) hore a fetohe mosali oa hae oa boraro. Mohlomong ke Drusilla ea neng a batla ho utloa ka bolumeli bo bocha, e leng Bokreste.

3 Pauluse o ile a tsoela pele a bua ka “ho loka, le boitšoaro, le kahlolo e tla tla.” (Liketso 24:25) Sena se ka be se entse hore phapang e hlake pakeng tsa litekanyetso tsa Molimo tsa ho loka le bokhopo le ho hloka toka tseo Felixe le Drusilla ba neng ba e-na le tsona. Mohlomong Pauluse o ne a tšepile hore o tla susumeletsa Felixe hore a bontše toka nyeoeng e tsoelang pele. Empa ke hobane’ng ha a ile a bua ka taba ea “boitšoaro, le kahlolo e tla tla”? Batho bana ba babeli ba itšoereng hampe ba ne ba botsa hore na “ho lumela ho Kreste” ho akareletsa eng. Kahoo ho ne ho hlokahala ba tsebe hore ho mo latela ho hlokahala hore motho a laole mehopolo, lipuo, le liketso tsa hae, e leng se boleloang ke boitšoaro. Batho bohle ba ikarabella ho Molimo bakeng sa tsela eo ba nahanang ka eona, mantsoe, le liketso tsa bona. Ka hona, ho neng ho le bohlokoa ho feta kahlolo eo Felixe a neng a tla fana ka eona tabeng ea Pauluse e ne e le kahlolo eo ’musisi le mosali oa hae ba neng ba tobane le eona pel’a Molimo. (Liketso 17:30, 31; Ba-Roma 14:10-12) Ka ho utloahalang, ka mor’a hore a utloe molaetsa oa Pauluse, “Felixe a tšoaroa ke tšabo.”

Bo Bohlokoa Empa ha bo Bonolo

4. Ke hobane’ng ha boitšoaro e le karolo ea bohlokoa ea Bokreste ba ’nete?

4 Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore boitšoaro ke karolo ea bohlokoa ea Bokreste. Moapostola Petrose, e mong oa metsoalle e haufi ea Jesu, o ile a tiisa sena. Ha Petrose a ne a ngolla ba neng ba tla ba “le kabelo ho seo Molimo a leng sona” leholimong, o ile a ba khothaletsa hore ba bonahatse litšoaneleho tse ling tsa bohlokoa, tse kang tumelo, lerato, le boitšoaro. Ka hona, boitšoaro bo ne bo ameha tabeng ena: “Haeba lintho tsena li le teng ho lōna, ’me li khaphatseha, li tla le thibela ho ba botsoa kapa ho se behe litholoana mabapi le tsebo e nepahetseng ea Morena Jesu Kreste.”—2 Petrose 1:1, 4-8, NW.

5. Ke hobane’ng ha ka ho khetheha re lokela ho ameha ka boitšoaro?

5 Leha ho le joalo, ua tseba hore ho bonolo ho bolela hore re lokela ho bonahatsa boitšoaro ho feta ho bo sebelisa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Lebaka le leng ke hore boitšoaro ke tšobotsi e fumanehang seoelo. Ho 2 Timothea 3:1-5 Pauluse o ile a hlalosa maikutlo a neng a tla ata linakong tsa rōna, “mehleng ea qetello.” Tšobotsi e ’ngoe e neng e tla tšoaea nako ea rōna ke hore ba bangata e ne e tla ba “ba sa tsebeng ho itšoara.” Re bona sena se etsahala ho re potoloha, na ha ho joalo?

6. Khaello ea boitšoaro e bonahatsoa joang kajeno?

6 Batho ba bangata ba nahana hore ha e le hantle ho tlatsetsa bophelong bo botle ba ’mele hore “u bolele maikutlo a hao u sa thijoe ke letho” kapa “u ntše bohale.” Pono ea bona e tiisoa ke likhalala tseo ho bonahalang li iphapanyetsa boitšoaro ba mofuta leha e le ofe, tseo ka ho bonolo feela li etsang lintho ho latela maikutlo a tsona. Ka mohlala: Batho ba bangata ba ratang lipapali ba se ba tloaetse ho bona maikutlo a bonahatsoa ka tsela e hlaha, esita le ka bohale bo tletseng mabifi. Na u ka hopola, mohlomong ho seo u se balileng koranteng, ka liketsahalo tseo ho tsona ho ileng ha qhoma lintoa tse mabifi kapa mofere-fere oa lihlopha tsa mahoo-hoo lipapaling? Leha ho le joalo, sepheo sa rōna ha se ho senya nako e ngata re ikhopotsa ka mehlala ea ho hloka boitšoaro. U ka etsa letoto la libaka tse ngata tseo ho tsona ho hlokahalang hore re bontše boitšoaro—tsela eo re jang le ho noa ka eona, boitšoaro ba rōna le batho ba bong bosele, le nako le chelete tseo re li senyang re etsa lintho tse re tlosang bolutu. Empa ho e-na le ho otla mabal’a nkoe feela libakeng tse joalo, a re hlahlobeng sebaka se seng sa bohlokoa seo re tlamehang ho bonahatsa boitšoaro ho sona.

Boitšoaro Mabapi le Maikutlo a Rōna

7. Ke karolo efe ea boitšoaro eo re lokelang ho e hlahloba ka ho khetheha?

7 Ba bangata ba rōna re bile le katleho e itseng tabeng ea ho tataisa le ho laola liketso tsa rōna. Ha re utsoe, ha re inehelle boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, kapa ho bolaea; rea tseba hore na molao oa Molimo o re’ng ka litlōlo tse joalo. Leha ho le joalo, re atleha hakae ho laola maikutlo a rōna? Ha nako e ntse e feta, batho ba hlolelang ho hlaolela boitšoaro ba maikutlo hangata ba lahleheloa ke boitšoaro mabapi le liketso tsa bona. Kahoo, a re lebiseng tlhokomelo maikutlong a rōna.

8. Ke eng seo Jehova a se lebelletseng ho rōna mabapi le maikutlo a rōna?

8 Jehova Molimo ha a lebella hore re be liroboto, e leng hore ha re sa na maikutlo kapa hona ho a bontša. Lebitleng la Lazaro, Jesu o ile “a hlabeha moeeng, a sisimoha.” ’Me “Jesu ha a ’mona a lla.” (Johanne 11:32-38) O ile a bonahatsa maikutlo a fapaneng le ao haholo nakong ea ha a leleka batho ba neng ba sebetsana le lichelete tempeleng eseng hobane a hlotsoe ke maikutlo. (Mattheu 21:12, 13; Johanne 2:14-17) Le barutuoa ba hae ba tšepahalang ba ile ba bonahatsa maikutlo a tebileng. (Luka 10:17; 24:41; Johanne 16:20-22; Liketso 11:23; 12:12-14; 20:36-38; 3 Johanne 4) Leha ho le joalo, ba ile ba hlokomela hore ho hlokahala boitšoaro hore maikutlo a bona a se ke a ba isa sebeng. Ba-Efese 4:26 e hlakisa sena hantle: “Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna.”

9. Ke hobane’ng ha ho laola maikutlo a rōna ho le bohlokoa hakaale?

9 Ho na le kotsi ea hore ho ka ’na ha bonahala eka Mokreste o bonahatsa boitšoaro empa e le hore, ha e le hantle maikutlo a hae a tsoa taolong. Hopola tsela eo a ileng a arabela ka eona ha Molimo a amohela sehlabelo sa Abele: “Kaine a halefa haholo, ’me sefahleho sa hae sa sosobana. Jehova a re ho Kaine: U bohale ke’ng? ’me sefahleho sa hao se sosobanetse’ng? Ekare ha u etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? ’Me ha u sa etse hantle, sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena, u mpe u se buse.” (Genese 4:5-7) Kaine o ile a hlōleha ho laola maikutlo a hae, e leng ho ileng ha etsa hore a bolaee Abele. Ho se laole maikutlo ho ile ha lebisa ketsong e sa laoloeng.

10. U ithuta eng mohlaleng oa Hamane?

10 Nahana hape ka mohlala oa mehleng ea Mordekai le Esthere. Ofisiri e bitsoang Hamane e ile ea halefisoa ke hore Mordekai o ne a sa e khumamele. Hamorao, ka phoso Hamane o ile a nahana hore o tla ratoa. “Tsatsing lona leo, Hamane a tsoa a thabile, pelo ea hae e iketlile; empa eitse ha Hamane a bona Mordekai a le pel’a monyako oa morena, a eme, a sa mo suthele, a halefela Mordekai. Empa Hamane a itšoara.” (Esthere 5:9, 10) O ile a potlakela ho ba le maikutlo a thabo. Leha ho le joalo o ile a boela a potlakela ho halefa ka lebaka la ho bona motho eo a mo jereng ka pelo. Na u nahana hore ha Bibele e bolela hore Hamane o ile “a itšoara” e bolela hore o ile a beha mohlala o motle oa boitšoaro? Le hanyenyane. Ka nakoana, Hamane o ile a laola liketso tsa hae le pontšo leha e le efe ea maikutlo, empa o ile a hlōleha ho laola bohale ba hae bo tletseng lefufa. Maikutlo a ile a etsa hore a rere polao.

11. Phuthehong ea Filippi, ho ne ho na le bothata bofe, hona e ka ’na eaba bo bakiloe ke eng?

11 Ka ho tšoanang, ho haelloa ke boitšoaro ba maikutlo kajeno ho ka ntša Bakreste kotsi e khōlō. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore, ‘Sena e ke ke ea ba bothata ka phuthehong.’ Empa e bile bothata. Bakreste ba babeli ba tlotsitsoeng Filippi ba ile ba ba le phapang e tebileng, eo Bibele e sa e hlaloseng. Nahana ka sena se neng se ka ’na sa etsahala: Evodia o ile a memela baena ba bang le bo-khaitseli lijong kapa ’mokeng o monate. Syntike o ne a sa mengoa, ’me o ile a utloa bohloko. Mohlomong o ile a arabela ka hore le eena a se ke a mema Evodia hamorao ha a entse ’moka. Eaba e mong le e mong o qala ho batla liphoso tsa e mong; hamorao, eaba ha ba sa buisana. Boemong bo joalo, na bothata ba sebele e ne e le ho se memeloe lijong? Che. Hoo e ne e tla ba tlhase feela. Ha bo-khaitseli bana ba babeli ba tlotsitsoeng ba hlōleha ho laola maikutlo a bona, tlhase e ile ea fetoha khanare e khōlō ea mollo. Bothata bo ile ba hana ho fela ’me ba hōla ho fihlela moapostola a tlameha ho kenella.—Ba-Filippi 4:2, 3.

Maikutlo a Hao le Baena ba Hao

12. Ke hobane’ng ha Molimo a re fa keletso e fumanoang ho Moeklesia 7:9?

12 Rea lumela hore ha ho bonolo ho laola maikutlo ha motho a ikutloa a khopisitsoe, a utloisitsoe bohloko, kapa a bontšitsoe leeme. Jehova o tseba seo, hobane o ’nile a talima litšebelisano tsa batho ho tloha tšimolohong ea motho. Molimo oa re eletsa: “U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.” (Moeklesia 7:9) Hlokomela hore Molimo o lebisa tlhokomelo pele maikutlong eseng liketsong. (Liproverbia 14:17; 16:32; Jakobo 1:19) Ipotse, ‘Na ke lokela ho lebisa tlhokomelo e khōloanyane tabeng ea ho laola maikutlo a ka?’

13, 14. (a) Lefatšeng, ke eng seo ka tloaelo se bakoang ke ho hlōleha ho laola maikutlo? (b) Ke lintho life tse ka etsang hore Bakreste ba nkane ka lipelo?

13 Batho ba bangata lefatšeng ba hlōlehang ho laola maikutlo a bona ba baka lehloeo le lebe—phapang e mpe, esita le e mabifi ka liphoso tsa sebele kapa tse inahaneloang tse entsoeng ho bona kapa ho beng ka bona. Hang ha maikutlo a tsoa taolong, a ka fana ka tšusumetso e kotsi ka nako e telele. (Bapisa le Genese 34:1-7, 25-27; 49:5-7; 2 Samuele 2:17-23; 3:23-30; Liproverbia 26:24-26.) Ka sebele Bakreste, ho sa tsotellehe semelo sa bochaba kapa sa mokhoa oa bophelo, ba lokela ho nka liphapang tse mabifi le ho nkana ka pelo ho le phoso, ho le hobe, ho tlameha ho qojoa. (Levitike 19:17) Na u nka ho qoba ho nka batho ka pelo e le karolo ea boitšoaro ba hao mabapi le maikutlo?

14 Joalokaha ho bile joalo ho Evodia le Syntike, ho hlōleha ho laola maikutlo ho ka lebisa mathateng hona joale. Khaitseli a ka ’na a ikutloa eka o entsoe hampe ka hore ebe ha a mengoa moketeng oa lenyalo Kapa mohlomong ke ngoana oa hae kapa motsoala oa hae ea sa mengoang. Kapa mohlomong moena o rekile koloi e kileng ea sebelisoa ho Mokreste-’moho, ’me ea robeha ka mor’a nako e khutšoaane. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, sena se ile sa utloisa bohloko, maikutlo ha a ka a laoloa, ’me ba amehang ba ile ba utloa bohloko. Joale ebe ho tla etsahala joang?

15. (a) Ho nkana ka lipelo pakeng tsa Bakreste ho bile le liphello life tse soabisang? (b) Ke keletso efe ea Bibele e sebetsang tabeng ea tšekamelo ea ho nka motho ka pelo?

15 Haeba motho ea utloileng bohloko a sa sebeletse ho laola maikutlo a hae le ho bōpa khotso le ngoan’abo, ho ka etsahala hore a mo nke ka pelo. Ho na le maemo ao ho ’ona Paki e ileng ea kōpa hore e se ke ea abeloa Thutong ea Buka ea Phutheho e itseng hobane e sa “rate” Bakreste ba bang kapa lelapa le kopanelang teng. Ke ho soabisang hakaakang! Bibele e bolela hore etlaba Mokreste o hlōtsoe haeba a ka isa e mong makhotleng a lefatše, empa na ka ho tšoanang e ne e ke ke ea ba re hlōtsoe haeba re ka qoba moena ka lebaka la ketso e itseng e khopisang ea e entseng ho rōna kapa ho mong ka rōna? Na maikutlo a rōna a senola hore re beha batho bao re amanang le bona e le bona ba tlang pele ho khotso le baena le bo-khaitseli ba rōna? Na re bolela hore re ka ikemisetsa ho shoela khaitseli oa rōna, empa maikutlo a rōna a re laola hoo re sitoang le ho ’muisa hona joale? (Bapisa le Johanne 15:13.) Molimo o re bolella ka ho toba: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. . . . Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale ba lōna sebaka.”—Ba-Roma 12:17-19; 1 Ba-Korinthe 6:7.

16. Abrahama o ile a beha mohlala ofe o motle tabeng ea ho sebetsana le maikutlo?

16 Bohato ba ho laola maikutlo a rōna ke ho bōpa khotso kapa ho felisa lebaka la ho belaela, ho e-na le ho tlohella hore bora bo ’ne bo tsoele pele. Hopola ha naha e sitoa ho lekana mehlape e meholo ea Abrahama le ea Lota, ’me ka lebaka leo basebeletsi ba bona ba hiriloeng ba qala ho tsekisana. Na Abrahama o ile a lumella hore a laoloe ke maikutlo? Kapa na o ile a bonahatsa boitšoaro? Ka ho babatsehang, o ile a fana ka tlhahiso e tlisang khotso bothateng ba bona; e mong le e mong a be le naha ea hae. O ile a re Lota a khethe pele. E le ho paka hore Abrahama o ne a sa utloa bohloko le hore o ne a sa mo nka ka pelo, hamorao o ile a ea loanela Lota.—Genese 13:5-12; 14:13-16.

17. Pauluse le Barnabase ba ile ba hlōleha joang ka lekhetlo le leng, empa ke eng se ileng sa latela?

17 Re ka boetse ra ithuta ka boitšoaro ketsahalong e amang Pauluse le Barnabase. Ka mor’a hore ba tsamaee ’moho ka lilemo tse ngata, ba ile ba sitoa ho lumellana hore na ba tlameha ho tsamaea le Mareka kapa che. “Phapang ea hlaha ke hona, ba ba ba khaohana. Barnabase a nka Mareka, a tšelela Sipera ka sekepe.” (Liketso 15:39) Hore ebe banna bana ba hōlileng tsebong ba ile ba hlōleha ho laola maikutlo a bona lekhetlong leo e lokela ho ba temoso ho rōna. Haeba ba ile ba hlaheloa ke ntho e joalo, le rōna e ka re hlahela. Leha ho le joalo, ha baa ka ba lumella hore ho be le lekhalo le nkang nako e telele kapa lehloeo le lebe. Tlaleho e paka hore baena ba amehang ba ile ba laola maikutlo a bona ’me hamorao ba ile ba sebetsa ’moho ka khotso.—Ba-Kolosse 4:10; 2 Timothea 4:11.

18. Haeba Mokreste ea hōlileng moeeng a utloile bohloko, ke eng seo a ka se etsang?

18 Re ka lebella hore ho be teng ho utloa bohloko, esita le ho nkana ka pelo har’a batho ba Molimo. Boikutlo boo bo bile teng mehleng ea Baheberu le mehleng ea baapostola. Bo boetse ba ba teng har’a bahlanka ba Jehova mehleng ea rōna, hobane kaofela ha rea phethahala. (Jakobo 3:2) Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba nke khato ka potlako ho lokisa mathata a joalo pakeng tsa baena. (Mattheu 5:23-25) Empa ho molemo haholoanyane ho thibela hore a se be teng ka ho ntlafatsa boitšoaro ba rōna. Haeba u ikutloa u entsoe hampe kapa o khopisoa ke ntho e nyenyane e entsoeng kapa ea buuoa ke moena kapa khaitseli oa hao, ke hobane’ng ha u sa laole maikutlo a hao feela ebe u lebala ka hona? Na ehlile hoa hlokahala hore u buisane le motho eo, joalokaha eka u ke ke ua khotsofala ntle le hore a lumele hore o phoso? Hantle-ntle u khona ho laola maikutlo a hao hakae?

Ho ka Etsahala!

19. Ke hobane’ng ha ho loketse hore puisano ea rōna e lebisoe tabeng ea ho laola maikutlo a rōna?

19 Haholo-holo re sebetsane le tšobotsi e le ’ngoe ea boitšoaro, ho laola maikutlo a rōna. ’Me ke sebaka sa bohlokoa hobane ho hlōleha ho laola maikutlo a rōna ho ka lebisa ho hlōleheng ho laola leleme la rōna, kapa litšekamelo tsa botona le botšehali, mokhoa oa rōna oa ho ja, le litšobotsi tse ling tse ngata bophelong moo re tlamehang ho bonahatsa boitšoaro. (1 Ba-Korinthe 7:8, 9; Jakobo 3:5-10) Leha ho le joalo, e-ba sebete, hobane u ka ntlafatsa mokhoa oa hao oa ho ba le boitšoaro.

20. Re ka kholiseha joang hore ho ka etsahala hore re ntlafatse?

20 Jehova o ikemiselitse ho re thusa. Re ka kholiseha joang ka see? Boitšoaro ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea oa hae. (Ba-Galata 5:22, 23) Ka hona, re ka lebella ho bontša boitšoaro haholoanyane motheong oa hore na re sebeletsa ho tšoaneleha le ho fumana moea o halalelang o tsoang ho Jehova le ho bonahatsa litholoana tsa oona hakae. Le ka mohla u se ke ua lebala tiisetso ea Jesu: ‘Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea moea o halalelang ho ba o kōpang ho eena!’—Luka 11:13; 1 Johanne 5:14, 15.

21. U ikemiselitse ho etsa eng nakong e tlang ka boitšoaro le maikutlo a hao?

21 U se ke ua nahana hore ho tla ba bonolo. Ho ka ’na ha ba thata ho ba hōletseng har’a batho ba neng ba sa laole maikutlo a bona, ba halefang ka potlako, kapa bao le ka mohla ba e-song ho leke ho bonahatsa boitšoaro. Ho Bakreste ba joalo, ho lumella hore boitšoaro bo be teng ’me bo khaphatsehe e ka ba phephetso ea sebele. Leha ho le joalo, ke ntho e ka etsahalang. (1 Ba-Korinthe 9:24-27) Ha re ntse re atamela haufi-ufi le bofelo ba tsamaiso ena ea hona joale ea lintho, mathata le likhatello li tla eketseha. Ho e-na le ho hloka boitšoaro bo fokolang, re tla hloka bo bongata haholo! Itlhahlobe tabeng ea boitšoaro. Haeba u bona libaka tseo ho hlokahalang hore u ntlafatse ho tsona, sebeletsa ho tsona. (Pesaleme ea 139:23, 24) Kōpa Molimo moea oa hae o eketsehileng. O tla u utloa ’me o tla u thusa hore tšobotsi ea hao ea boitšoaro e be teng ’me e khaphatsehe.—2 Petrose 1:5-8.

Lintlha Tseo re ka Nahanang ka Tsona

◻ Ke hobane’ng ha ho laola maikutlo a hao ho le bohlokoa hakaale?

◻ Ke eng seo u ithutileng sona mohlaleng oa Hamane le Evodia le Syntike?

◻ U tla leka ho etsa eng ka botšepehi haeba ho e-ba le lebaka la ho khopeha?

◻ Boitšoaro bo ka u thusa joang hore u qobe ho nka motho ka pelo?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ha Pauluse a le ka pel’a Felixe le Drusilla, o ile a bua ka ho loka le boitšoaro

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela