Molao-motheo Kapa se Ratoang ke Bongata—Ke Sefe se U Tataisang?
NORIHITO ha a ne a le sehlopheng sa botšelela sekolong o ne a kopanela lipapaling. Kapele, o ile a talimana le ho etsa qeto. Ho ne ho hlokoa hore barutoana bohle ba kopanele moketeng oa ho bontša ho rata naha. Na o ne a lokela ho ikopanya le barutoana-’moho le eena ho sena se bonahalang e le mokhoa oa boitlhakiso ba ka mehla?
Norihito o ne a ithutile ka Bibeleng hore ho fosahetse ho kopanela ketsong leha e le efe ea borapeli ho molimo o mong ka ntle ho Jehova. (Exoda 20:4, 5; Mattheu 4:10) O ne a boetse a tseba hore Bakreste ba lokela ho lula ba sa nke lehlakore litabeng tsohle tsa lipolotiki tsa lefatše. (Daniele 3:1-30; Johanne 17:16) Kahoo esita le hoja barutoana-’moho le eena ba ile ba mo phehella hore a kopanele le bona, ka sebete le ka tlhompho ha a ka a inehela. U ka be u ile ua etsa’ng boemong bo tšoanang?
Takatso ea ho ba Setho sa Sehlopha
Mangolo a bontša hore Molimo o bōpile batho hore ba be botsoalle, hore ba sebelisane le ba bang, le ho thabela ho etsa lintho ’moho. Ke ha tlhaho hore motho a batle ho ba le lithaka tsa hae, hore a amohelehe, hore e be setho sa sehlopha. Maikutlo a joalo a etsa hore bophelo bo thabise haholoanyane ’me a tlatsetsa khotsong le tumellanong litšebelisanong tsa rōna le ba bang.—Genese 2:18; Pesaleme ea 133:1; 1 Petrose 3:8.
Takatso eo motho a tsoaloang le eona ea ho ba setho sa sehlopha e bonahala boikutlong bo khothaletsang ka matla hore motho a etse lintho ho tšoana le ba bang bo bonoang merabeng e meng esita le kajeno. Ka mohlala, bana ba Majapane ba rutoa ho tloha ba sa le lilemong tsa bona tse tlaase hore ba hlokomele le ho ikamahanya le seo bongata bo reng se etsoe. Neano ea bona e ba ruta hore e ’ngoe ea litšoanelo tsa bona tse khōlō ka ho fetisisa ke ho lumellana le sechaba. Eo e neng e le lenģosa la U.S. Japane ebile e le molebelli ea nang le taba-tabelo oa mekhoa ea Majapane, Edwin Reischauer o itse: “Mohlomong Majapane a sebetsa ka lihlopha haholoanyane ho feta batho ba Bophirimela.” O ile a phaella: “Moo batho ba Bophirimela ba ka ’nang ba bonahatsa boipuso le botho ba motho ka bomong, Majapane a mangata a tla khotsofalla ho iketsa hore a tšoane le ba bang ka moaparo, boitšoaro, tsela ea bophelo, esita le ka tsela ea ho nahana ha bona ka lintho tse tloaelehileng sehlopheng sa bona.” Leha ho le joalo, takatso ea ho etsa lintho ho tšoana le ba bang, ha e felle ho Majapane feela. E fumanoa hohle.
Likhatello tsa Hore U Tšoane le ba Bang
Esita le hoja e le ho lakatsehang ho ba ea sebelisanang le ba bang, ho na le kotsi ho etseng lintho ka bofofu ho tšoana le ba bang hobane e le ntho e ratoang. Hobane’ng? Hobane hangata se ratehang ho ba bangata se khahlanong le se amohelehang ho Molimo. Bibele ea re bolella: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Ka mano Satane o sebelisa sohle se matleng a hae—lerato la lintho tse bonahalang, boitšoaro bo hlephileng, lehloeo la morabe, boikaketsi ba bolumeli, bochaba, le tse ling—ho susumetsa matšoele hore a furalle Molimo. Ho ikamahanya le mekhoa e joalo, ho ka qetella ho entse hore motho a be khahlanong le Jehova Molimo le merero ea hae. Ke ka lebaka leo Bakreste ba eletsoang: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.”—Ba-Roma 12:2.
Ka ho phela tsamaisong ena ea lintho, Bakreste ba tlas’a khatello ka mehla ho ba etsa hore ba ikamahanye le se ratoang ke bongata. Haholo-holo bacha ke bona ba hlaseloang habonolo tabeng ena. Takatso ea ho shebahala le ho etsa lintho joaloka bao ba kenang sekolo le bona e matla ka ho fetisisa. Ho hlokahala hore ba be sebete e le kannete hore ba hlalosetse lithaka tsa bona hore na ke hobane’ng ha ba sa kopanele mesebetsing e itseng. Leha ho le joalo, haeba ba hlōleha ho hlalosa boemo ba bona ka sebete hoo ho ne ho ka bolela koluoa ea moea ho bona.—Liproverbia 24:1, 19, 20.
Ba baholo le bona ba tobana le likhatello tse joalo moo ba sebetsang teng. Ba ka ’na ba lebelloa hore ba kopanele mesebetsing ea botsoalle ka mor’a lihora tsa mosebetsi kapa ka matsatsi a itseng a phomolo. Ho hana ho etsa ho tšoanang le ba bang ho ka ’na ha ba etsa hore ba bonahale ba itšehla thajana ’me ba se na tšebelisano-’moho, ’me ha hlahisa mathata tikolohong ea moo ba sebetsang. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba qobelleha ho sebetsa lihora tse telele tsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi feela ka lebaka la hobane ba bang ba etsa joalo ’me ho lebeletsoe seo ho bona. Ho inehela litabeng tse joalo ho ka senya bomoea ba bona hammoho le ho ba thibela ho phethahatseng boikarabelo bo bong ba bona.—1 Ba-Korinthe 15:33; 1 Timothea 6:6-8.
Likhatello tsa ho etsa lintho ka tsela e tšoanang le ba bang li teng haesita le ka ntle ho sekolo kapa sebaka sa mosebetsing. ’Mè e mong oa Mokreste o bolela hore ka lekhetlo le leng o ile a lesa ho khalemela ngoana oa hae, le hoja ho ne ho hlokahala haholo, e le feela hobane a ne a ikutloa hore bo-’mamalapa ba bang bao a nang le bona ba ne ba sa tl’o amohela seo.—Liproverbia 29:15, 17.
Bongata bo ka Fosa
Bibele e fana ka likeletso tse ngata tse hlakileng mabapi le ho latela bongata. Ka mohlala, sechaba sa Iseraele se ile sa bolelloa: “U se ke ua latela bongata ho ea etsa tse mpe; hape nyeoeng u se ke ua bua u sekamela bongateng, ho khopamisa ho loka.” (Exoda 23:2; bapisa le Ba-Roma 6:16.) Hase ka mehla keletso ena e neng e sebelisoa. Hang feela hoba ho fete nakoana ba tlohile Egepeta, ha Moshe a le sieo, batho ba itseng ba ile ba susumetsa Aarone le sechaba hore a etse namane ea khauta hore ba e rapele bakeng sa “mokete oa Jehova.” Batho ba ile ba e-ja le ho noa ’me ba ithabisa ka pina le motjeko ha ba ntse ba etsetsa namane ea khauta mahlabelo. Baetelli-pele ba ka bang 3 000 ketsong ena ea ho hloka boitšoaro, le ea borapeli ba litšoantšo ba ile ba timetsoa. Empa ba bang ba bangata le bona Jehova o ile a ba otla ka lebaka la hobane ba ile ba latela bongata ka ntle le hore ba inahane.—Exoda 32:1-35.
Ketsahalo e ’ngoe ea ho latela bongata ho ea bobeng e ile ea etsahala lekholong la pele la lilemo mabapi le lefu la Jesu Kreste. Ba susumelitsoe ke baeta-pele ba mōna ba bolumeli, batho ba bangata ba ile ba kopanela mohoong oa hore Jesu a bolaoe. (Mareka 15:11) Ha Petrose a ba bontša phoso ea bona e tebileng ka Pentekonta e ileng ea latela tsoho ea Jesu le nyolohelo ea hae, ba bangata ba ile ba “hlajoa lipelo” ’me ba lemoha seo ba se entseng ka ho latela bongata.—Liketso 2:36, 37.
Melao-motheo ea Bibele e Molemo
Joalokaha litlaleho tsena li bontša ka ho hlakileng, ho latela ka bofofu se ratoang ke bongata ho ka lebisa liphellong tse tebileng. Ke ho molemo haholo hakaakang ho mamela Bibele le ho etsa hore melao-motheo ea eona e be tataiso bophelong ba rōna! Jehova o re: “Joalo ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo holimo ho litsela tsa lōna, le mehopolo ea ka holimo ho mehopolo ea lōna.” (Esaia 55:9) Litabeng tsa boitšoaro le likamano tsa batho—ka sebele, liqetong tsohle tsa bophelo—ho ’nile ha bonahala khafetsa hore ho sebelisa litsela tsa Jehova ho molemo haholo ho feta ho latela se ratoang ke bongata. Ke senotlolo se isang bophelong bo thabileng le tseleng ea bophelo bo botle haholoanyane ba ’mele.
Mohlala, nahana ka phihlelo ea Kazuya. Le hoja a ne a ithutile Bibele ka nako e telele, o ile a tsoela pele ho latela tsela e ratoang ke bongata—ho hahamalla ho rua le ho finyella katleho. Boiteko ba hae ba ho khahlisa baokameli ba hae le ho etsa hore a ratoe ke basebetsi-’moho le eena hangata bo ne bo mo etsa hore a ee meketjaneng ea boithabiso moo a neng a e-noa haholo ho fihlela ka meso. A qala ho etsa likōpo tse hatellang ba bang, a felloa ke mamello le ho ba sefela-peloana. Kapele tsela ea hae e feteletseng ea bophelo e ile ea etsa hore a tšoaroe ke stroke, se ileng sa mo siea a shoele lehlakore. Ha a ntse a hlaphoheloa a le liphateng tsa sepetlele, o ile a ba le nako ea ho thuisa ka seo a ithutileng sona ka Bibeleng le ka tsela eo a neng a phela ka eona. O ile a etsa qeto ea hore joale e ne e le nako ea hore a qale ho sebelisa seo a ithutileng sona. O ile a tlohela boemo ba hae ba bookameli ’me a fetola litloaelano tsa hae. A etsa boiteko bo tiileng ba ho apara botho ba Bokreste ’me a lokisa pono ea hae mabapi le ho ba le matlotlo a lintho tse bonahalang. Ka lebaka lena, lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho eena li ile tsa fetoha, ’me bophelo ba hae bo ile ba ntlafala. Qetellong, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa.
Hore motho a atlehe ho tsamaea tseleng e sa ratoeng ke bongata, o tlameha ho tseba melao-motheo e amehang ’me a kholisehe ka ho feletseng hore e nepahetse. Phihlelo eo Masaru a bileng le eona e bontša hore ho tlameha ho ba joalo. Ha a ne a le sehlopheng sa botšelela, sekolong sa praemari, barutoana bao a leng sehlopheng se le seng le bona ba ile ba mo buella hore e ka ba mokhethoa bakeng sa bopresidente lekhotleng la barutoana. O hopola ka masoabi hore ka lebaka la ho se utloisise ka botlalo melao-motheo ea Bibele e neng e ameha, o ile a hlōleha ho hlalosetsa barutoana bao a leng sehlopheng se le seng le bona hore na ke hobane’ng ha a ne a ke ke a amohela boemo boo ba lipolotiki. Ho tšaba batho ho ile ha mo etsa hore a pate hore ke Mokreste. Sohle seo a neng a ka se etsa e bile ho inama le ho bua a ntse a lla, “Nke ke ka etsa hoo.”
Phihlelo ena e bohloko e ile ea mo etsa hore a batlisise hore na ke hobane’ng ha Mokreste a sa ikamahanye mesebetsing ea lipolotiki. (Bapisa le Johanne 6:15.) Hamorao, ha a se a le sekolong sa sekondari, ho ile ha hlaha boemo bo tšoanang. Leha ho le joalo, lekhetlong lena, o ne a itokiselitse ho hlalosa boemo ba hae ka kholiseho ho tichere ea hae. Tichere e ile ea amohela tlhaloso ea hae, joalokaha ho ile ha etsa barutoana ba bangata ba leng sehlopheng se le seng le eena ba ileng ba mo botsa ka lintho tse theiloeng Bibeleng tseo a li lumelang.
Nakong eo Bohle ba Tlang ho Etsa se Lokileng
Lefatšeng le lecha le tlang tlas’a puso ea Kreste, ntho e ratehang e tla ba ho etsa ntho e lokileng. Ho fihlela nakong eo, re lokela ho itebela khahlanong le tšusumetso ea hore re etse se ratoang ke bongata. Re ka fumana khothatso keletsong ea Pauluse: “Joale he, le rōna ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tšoasang feela, ’me re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsoeng.”—Ba-Heberu 12:1.
Ha u tleloa ke litseko le liphephetso, u tla etsa’ng? Na u tla hlōloa ke tšabo ea batho ’me u inehele ho etseng se ratoang ke bongata? Kapa u tla retelehela Lentsoeng la Molimo, Bibele, ’me u latele melao-motheo ea eona? Ho retelehela Lentsoeng la Molimo ho ke ke ha u ruisa molemo hona joale feela empa ho tla boela ho u fe tebello ea ho ba har’a bao “ba ruileng lipallo ka tumelo le ka sebete.”—Ba-Heberu 6:12.