Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 10/15 maq. 4-7
  • Lefatše le se Nang Masholu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Masholu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ea Neng a Utsoa, a se ke a Hlola a Utsoa”
  • Tšireletseho Lefatšeng le Lecha la Molimo
  • Tšabo e Tla Fela Neng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ke Hobane’ng ha Bosholu bo Ntse bo Eketseha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Tšepo ea Hao—Ke Molimo Kapa Maruo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Tlōlo ea Molao Lefatšeng le Ferekaneng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 10/15 maq. 4-7

Lefatše le se Nang Masholu

HO ETSAHETSE kapele. Monna ea apereng hantle o ile a beha molomo oa sethunya hloohong ea Antônioa ka pele ho ntlo ea hae São Paulo, Brazil, a batla linotlolo le litokomane tsa koloi ea hae, ’me a tsamaea ka potlako.

Rio de Janeiro, monna ea bitsoang Paulo o ile a hlōloa ka likhoka ke banna ba bane ba hlometseng mahlong a morali oa hae ea lilemo li leshome. Joale, ka mor’a hore linokoane tseo li khanne koloi li ee ha hae, li ile tsa kena ’me tsa utsoa seo li neng li se batla, tsa tlatsa likoloi tsa Paulo tse peli. Ka ho sokela mosali oa Paulo ka ho ’molaea, li ile tsa mo nka le mohiruoa oa hae e le batšoaruoa ho ea lebenkeleng la mabenyane la Paulo le toropong, leo ho lona li ileng tsa utsoa sohle sa bohlokoa. Leha ho le joalo, ka ho sa lebelloang masholu ao a ile a letsa mohala hamorao, a bolela moo a siileng likoloi teng.

Ho khathatsa matla hakaakang ho utsoetsoa chelete le thepa tseo u li sebelelitseng ka thata! Le hoja Antônio kapa Paulo ba sa ka ba inkela molao matsohong, ba bang ba etsa joalo. Ba ka bolaea kapa ba holofatsa lesholu, kapa bona ba bolaoa. Ka mohlala, ha mocha e mong a hlōtha oache ea mosali e mong Brazil, mosali eo ea halefileng o ile a ntša sethunya ka mokotleng oa hae ’me a thunya lesholu leo, a le bolaea. Phello e ile ea e-ba efe? O Estado de S. Paulo ea tlaleha: “Batho ba ileng ba bona ketsahalo eo ba ile ba rorisa mosali eo ea sa tsejoeng ka seo a se entseng, ’me ha ho na motho ea neng a batla ho thusa mapolesa ho mo tseba.” Le hoja Bakreste ba laba-labela lefatše le se nang masholu, ha ba iphetetse joalokaha mosali eo a ile a etsa. Kaha phetetso ke ea Molimo, ba mamela mantsoe a ho Liproverbia 24:19, 20: “U se ke ua belaela ka baka la ba bolotsana, u se ke ua honohela baetsalibe; hobane ha ho moputso o boloketsoeng batho ba sa lokang.”

Empa haeba u hlaseloa, u ka etsa’ng? Ketsahalo e ’ngoe ea Rio de Janeiro e bontša kamoo e leng habohlokoa ka teng ho lula u khutsitse. Mokreste e mong, Heloísa, o ne a tsamaea ka bese a il’o khanna thuto ea Bibele. Banna ba babeli ba ile ba qala ho utsoetsa bapalami thepa ea bona. Ha bese e ema moo Heloísa a neng a lokela ho theoha teng, o ile a bolella masholu ao hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova le hore o ne a il’o khanna thuto ea Bibele. O ile a hlahisa Bibele ea hae le thuso ea ho ithuta eona. Ka ntle le ho mo utsoetsa letho, masholu ao a ile a mo lumella ho theoha. Leha ho le joalo, mopalami e mong ha aa ka a lumelloa ho tsoa. Hamorao mokhanni o ile a re ha a e-s’o bone ntho e joalo.

Regina le eena o ile a lula a khutsitse ha a laeloa ho kena ka koloing ea hae ke banna ba babeli ba hlometseng. Ha Regina a hlahisa kopi ea hae ea botho ea makasine oa Tsoha!, o ile a ba pakela. Kaha linokoane tseo li ne li tšohile, o ile a li kōpa ho bula sebaka sa polokelo koloing moo a neng a boloka lipompong. Empa ha li bona lik’hasete tsa Kingdom Melodies, li ile tsa qala ho mamela ’mino oo. Kaha ho ne ho se ho batla ho foka moea oa botsoalle, linokoane tseo li ile tsa etsa qeto ea ho siea Regina tseleng e khōlō li sa mo ntša kotsi, tsa mo kholisa hore o tla fumana motho ea mosa ea tla mo thusa. Ka mor’a ho tsamaea metsotso e leshome, o ile a fihla ntlong e ’ngoe, empa mong’a ntlo o ne a sa kholoe taba ea hae, a re: “Ha u bonahale eka u ile ua hlaseloa; u shebahala u khutsitse.”

Le hoja mohlaseluoa a ke ke a ntšoa kotsi ’meleng, phihlelo eo e sithabetsang e ka baka liphello tse tebileng hamorao. ‘Mohlaseluoa a ka ikutloa a sa sireletseha, a hloile litho tsa lelapa kapa ba lekang ho mo thusa, a sa khone ho tšepa ba bang, a tšoarehile ke ho hlophisa makolopetso, a ba le boikutlo ba hore lefatše ha lea loka,’ ho tlaleha O Estado de S. Paulo. Ho fapana le hoo, ho ka etsahala hore mohlaseluoa ea tšepang Jehova Molimo a pholohe tlhaselo eo a sa tsoa kotsi ’meleng le maikutlong. Leha ho le joalo, na u ke ke ua lumela hore e ne e ka ba tlhohonolofatso ha ho ne ho se na tlōlo ea molao kapa ntho leha e le efe e bakang tšabo?

“Ea Neng a Utsoa, a se ke a Hlola a Utsoa”

Le hoja ba bangata ba rata mokhoa oa bona oa bophelo ba meharo, Lentsoe la Molimo le thusitse masholu ho fetola litakatso tsa ’ona le botho ba ’ona. (Ba-Efese 4:23) Ka ho ba le morero oa sebele oa bophelo, o theiloeng Bibeleng, ba mamela mantsoe ana: “Leruo le lenyenyane le nang le ho loka, le molemo ho feta menono e mengata e nang le bokhopo.” (Liproverbia 16:8) Cláudio oa pheta: “Hoo e batlang e le bohle lelapeng leso e ne e le Lipaki, empa le ka mohla ke ne ke sa mamele seo ba neng ba mpolella sona ka Jehova le merero ea hae. Ha ke khutla leetong le etsang [lik’hilomithara tse 2 000] ka vene e utsoitsoeng, ke ile ka lokela ho feta libakeng tse ngata tsa ho hlahloba makoloi tsa sepolesa. Nakong eo ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho fetola bophelo ba ka. Ke ne ke lekile ho etsa joalo empa ke hlōlehile. Lekhetlong lena ke ile ka qala ho nahana ka beng ka ’na bao e leng Lipaki tsa Jehova le kamoo ba fapaneng ka teng, ba thabile, ’me ba na le khotso.” E le phello ea hoo, Cláudio o ile a qala ho ithuta Lentsoe la Molimo, a tlohela lithethefatsi le metsoalle ea hae ea pele, ’me ea e-ba mosebeletsi oa Mokreste.

Ba bang le bona hona joale ba mamela mantsoe ana: “Le se ke la tšepa botubo, le se ke la bea tšepo ea lōna tlatlapong.” (Pesaleme ea 62:10) Ka mor’a ho ahloleloa ho hlola chankaneng ka lebaka la teko ea polao nakong eo a neng a utsoa, José, ea neng a lemaletse lithethefatsi ’me a bile a li rekisa, o ile a fumana molemo ka ho ithuta Bibele le soare sa hae. O ile a khaotsa ho sebelisa le ho rekisa lithethefatsi ’me joale ke Paki e chesehang.

Leha ho le joalo, botho bo bocha ha bo itlele hang-hang, kapa ka mohlolo. Oscar, ea neng a ile a ameha ka ho teba lithethefatsing le bosholung, oa pheta: “Ke ne ke rapela Jehova ka tieo hoo hangata fatše ho neng ho bonahala eka ke letamo le lenyenyane la meokho ea ka e mengata.” E, ka ntle le ho ithuta Lentsoe la Molimo ka ho teba, ho hlokahala thapelo e phehellang, e tsoang pelong. Hlokomela bohlale ba pono ena e tletseng thapelo: “U se ke ua mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang; e se re mohlomong ha ke khotše, ka u latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utsoa, ’me ka tlaela ka lebitso la Molimo oa ka.”—Liproverbia 30:8, 9.

Boithati bo lokela ho nkeloa sebaka ke lerato la sebele: “Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa lintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ea hlokang.” (Ba-Efese 4:28) Joaloka tabeng ea Bakreste ba bang ba lekholo la pele la lilemo bao e neng e kile ea e-ba ‘masholu kapa batho ba meharo,’ Jehova, ka sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste, ka mohau o tšoarela ba sokolohang. (1 Ba-Korinthe 6:9-11) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore ho sa tsotellehe nako ea rōna e fetileng, re ka fetola mokhoa oa rōna oa bophelo ’me ra fumana kamohelo ea Molimo!—Johanne 3:16.

Tšireletseho Lefatšeng le Lecha la Molimo

Ak’u nahane ka lefatše le se nang masholu. U ne u ke ke ua hloka tsamaiso e litšenyehelo li boima e tiisang hore melao ea mameloa, baahloli, babuelli ba molao, mapolesa, le literonko! E ne e tla ba lefatše le atlehang leo ho lona motho a neng a tla hlonepha ba bang le thepa ea bona! Na ho bonahala eka ho thata ho lumela seo? Na ka sebele Molimo o tla kena lipakeng litabeng tsa batho ’me a felise ho hloka molao? Re u mema hore u hlahlobisise bopaki ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore boprofeta ba eona boa tšepahala. U tla fumana motheo o tiileng oa ho kholiseha hore phetoho e tla ba teng. Ha ho na motho ea ka thibelang Molimo ho tlisa topollo e tšepisitsoeng ho bohle ba ratang ho loka: “U se ke ua hlora ha u bona ba bolotsana, u se ke ua honohela ba etsang ho hobe! Hobane, joale ka joang, ba ea phakisa ba heloe, ba se ba ea pona joale ka motalane.” (Pesaleme ea 37:1, 2) Mantsoe ao a ngotsoeng khale a tla phethahatsoa ka ho feletseng haufinyane.

’Muso oa Molimo o tla felisa ho utloa bohloko le ho hlokahala ha ho loka, tse bakang ho hloka tšepo le ho se kholisehe ho hongata. Ha ho motho ea tla hloka, a ikutloa a le tlas’a khatello ea ho utsoa. Rea kholisoa ka boprofeta: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase joale ka merokoli e lumang Lebanone [ea boholo-holo]; batho ba tla atleha metseng joale ka limela tsa naha.” (Pesaleme ea 72:16) Ka sebele, Paradeiseng e tsosolositsoeng, ha ho letho le tla sitisa khotso ea batho ba tsebang Molimo oa ’nete le ho mo rapela.—Esaia 32:18.

E tla ba moputso o moholo hakaakang oa hore ebe re ile ra hanela litsela tsa lefatše lee le meharo! Liproverbia 11:19 e re: “Ho loka ha sebele ho isa bophelong; ha e le ea latelang bobe, eena o titimela lefung.” E, ka mor’a hore ba khopo ba felisoe, ha ho ea tla ba le lebaka la ho tlala tšabo bakeng sa bophelo ba hae kapa thepa ea hae. Pesaleme ea 37:11 e re fa tšepiso ena: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e khōlō.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Ho Sebetsana le Bosholu

LAPENG—Kaha masholu a ka ikenela lapeng la hao ho sa tsotellehe hore na u teng kapa che, boloka mamati a koetsoe ’me a notletsoe. Litsebi li khothaletsa hore u be le alarm kapa ntja e lebelang. Tsebisa moahisani ea tšepahalang ha u e-ea phomolong. Lula u khutsitse—linokoane li sebetsa kapele, ho sa lebelloa, ’me li ka fetola merero hang-hang haeba li tšoha. Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, ba bolelle hore u Paki ea Jehova ’me u leke ho ba pakela. U ka ’na ua khona ho fumana botsoalle kapa kutloelo-bohloko. U se ke ua hana ntle le haeba u hlaseloa ’meleng.

HAR’A BATHO—E-ba hlokolosi ho hlokomela haeba motho a u setse morao. Tsamaea bohareng ba tselana ea maoto. Qoba literata tse lefifi kapa tseo ho se nang batho ba tsamaeang ho tsona. Boloka phese ea hao kapa lintho tsa bohlokoa li sireletsehile. Tsamaea ka kotloloho joalokaha eka ho na le moo u habileng. Qoba ho apara liaparo tse theko e boima kapa mabenyane a hapang thahasello. E-ea lebenkeleng le motsoalle ha ho hlokahala. Nka chelete eo u e hlokang feela, ’me u e kenye lipokothong kapa libakeng tse fapaneng.

KOLOING—Haeba ho utsoa koloi motho a ntse a le ka hare ho eona e le ntho e tloaelehileng sebakeng sa heno, u se ke ua lula koloing ea hao e pakiloeng. Tsamaea ka tsela e fapaneng ha u e-ea le ha u tsoa mosebetsing. Tsamaea ka tsela e sireletsehileng haholoanyane, esita leha e batla e le telele. Pele u paka, qamaka hore u bone haeba ho na le se belaetsang. Qoba ho bula sebaka sa polokelo sa koloi thoteng. U se ke ua siea lintho tsa bohlokoa li bonahala ka koloing. Ketane e notletsoeng e bonahalang kapa ntho e ’ngoe e sitisang masholu e ka khathatsa masholu matla.

[Lebokose le leqepheng la 6]

“Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoele le mafome a jang teng, le moo masholu a fatang teng, a utsoang. Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo tšoele le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng masholu a fatang, a utsoang.”—Mattheu 6:19, 20

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela